Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Na “ditholwana tsa moya” di akarelletsa feela makgabane a ho Bagalata 5:22, 23?

Ditemana tseo di bua ka makgabane a robong mme di re “ditholwana tsa moya ke lerato, thabo, kgotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitshwaro.” Empa makgabane ana ha se ona feela ao moya wa Modimo o ka re thusang hore re be le ona.

Re tseba seo jwang? Haele hantle pele moapostola Pauluse a bua ka ditholwana tsa moya o ile a re: “Mesebetsi ya nama . . . ke bohlola, ho se hlweke, boitshwaro bo hlephileng, borapedi ba ditshwantsho, tshebedisano le meya, bora, ho qabana, poulelo, ho tlakoloha ka bohale, ho rata dikgang, dikarohano, maqulwana, mohono, ho inehella botahwa, mekete e lerata, le dintho tse jwalo ka tsena.” (Bagal. 5:19-21) Pauluse o ile a qetella mantswe a hae ka hore “dintho tse jwalo ka tsena,” ka hoo ha a a ka a bua ka dintho kaofela tseo e leng “mesebetsi ya nama” jwalo ka e hlahang ho Bakolose 3:5. O ile a etsa se tshwanang ha a ne a bua ka makgabane a robong. Temaneng ya 23 o ile a re: “Ha ho molao o kgahlanong le dintho tse jwalo.” Ka hoo Pauluse ha a a ka a bua ka makgabane ohle ao re ka bang le ona ka thuso ya moya o halalelang.

Re utlwisisa sena ha re bapisa ditholwana tsa moya le ditholwana tsa lesedi tseo Pauluse a ileng a bua ka tsona phuthehong ya Efese, ha a ne a re: “Ditholwana tsa lesedi di entswe ka molemo wa mofuta o mong le o mong le ho loka le nnete.” (Baef. 5:8, 9) “Molemo” ha mmoho le ho loka le nnete ke karolo ya “ditholwana tsa lesedi” hape ke karolo ya “ditholwana tsa moya.”

Re ka boela ra utlwisisa sena ha re bapisa ditholwana tsa moya le makgabane a tsheletseng ao Pauluse a ileng a re Timothea a be le ona, e leng “ho loka, boinehelo ba bomodimo, tumelo, lerato, mamello, maikutlo a bonolo.” (1 Tim. 6:11) Makgabaneng ao a tsheletseng ke makgabane a mararo e leng tumelo, lerato le bonolo a hlaloswang e le karolo ya “ditholwana tsa moya.” Empa Timothea o ne a tseba hore o ne a ntse a lokela ho ba le makgabane a kang ho loka, boinehelo ba bomodimo le mamello le hore o hloka thuso ya moya o halalelang e le hore a be le ona.​—Bapisa le Bakolose 3:12; 2 Petrose 1:5-7.

Ka hoo Bagalata 5:22, 23, ha e bue ka makgabane kaofela ao Bakreste ba lokelang ho ba le ona. Moya wa Modimo o ka re thusa hore re be le makgabane a robong a hlaloswang e le “ditholwana tsa moya.” Empa ho na le makgabane a mang ao re lokelang ho ba le ona e le hore re be Bakreste ba hodileng tsebong le ho ‘apara botho bo botjha bo ileng ba boptjwa ho ya ka thato ya Modimo ho lokeng ha nnete le botshepehing.’​—Baef. 4:24.