Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 27

U se ke oa Inahana Haholo ho Feta Kamoo ho Hlokahalang

U se ke oa Inahana Haholo ho Feta Kamoo ho Hlokahalang

“Ke bolella e mong le e mong moo har’a lona hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng.”​—BAR. 12:3.

PINA EA 130 Tšoarelanang

SELELEKELA *

1. Ho ea ka Bafilipi 2:​3, boikokobetso bo re thusa joang hore re be le setsoalle se setle le batho ba bang?

KA BOIKOKOBETSO re mamela melao ea Jehova hobane re utloisisa hore kamehla o tseba se molemong oa rona. (Baef. 4:​22-24) Ha re ikokobelitse, re tla nka thato ea Jehova e le bohlokoa ho feta lintho tseo re li batlang hape re tla nka batho ba bang ba re phahametse. Taba ena e tla etsa hore re be le setsoalle se setle le Jehova le bara le barali babo rona.​—Bala Bafilipi 2:3.

2. Moapostola Pauluse o ile a re’ng, hona re tl’o hlahloba eng sehloohong see?

2 Haeba re se hlokolosi, batho bao re phelang le bona ba ka ’na ba re susumetsa hore re ikhohomose hape re inahane borona. * Ho bonahala eka bothata bona bo ne bo ntse bo le teng le mehleng ea baapostola kaha moapostola Pauluse ha a ngolla Baroma o ile a re: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng.” (Bar. 12:3) Ke ’nete hore Pauluse o ile a re re lokela ho ba le boitšepo. Leha ho le joalo, boikokobetso bo tla re thusa hore re se ke ra itšepa ho tlola. Sehloohong sena re tl’o hlahloba lintho tse tharo tseo ho tsona boikokobetso bo ka re thusang hore re se ke ra ikakasa. E leng (1) lenyalong, (2) ha motho a na le boikarabello ka mokhatlong le (3) tšebeliso ea rona ea mecha ea puisano.

E-BA EA IKOKOBELITSENG LENYALONG

3. Ke hobane’ng ha ho ka ’na haeba le mathata lenyalong, hona batho ba bang ba leka ho sebetsana le ’ona joang?

3 Jehova o thehile lenyalo hore ebe mohloli oa thabo bakeng sa monna le mosali. Leha ho le joalo, kaha ha rea phethahala, banyalani ba tla lula ba e-na le liqabang maemong a itseng. Ha e le hantle, Pauluse o ile a re batho ba kenang lenyalong ba tla ba le mathata. (1 Bakor. 7:​28) Batho ba bang ba lula ba ngangisana le balekane ba bona nako le nako ’me ba ee ba nahane hore ekare ba ka be ba sa nyalana. Teng joale haeba ba se ba susumelitsoe ke batho ba lefatše lena ba ka ’na ba nahana hore ba lokela ho hlalana. Ba ka ’na ba inahana bobona feela, hape ba ka ’na ba nahana hore e le hore ba thabe, ba lokela ho hlalana.

4. Banyalani ba lokela ho qoba eng?

Batho ba lenyalong ba lokela ho qoba ho nahana hore lenyalo la bona le hlolehile. Rea tseba hore Bibele e fana ka lebaka le le leng feela la tlhalo e leng bofebe. (Mat. 5:​32) Kahoo, ha banyalani ba tobane le mathata ao Pauluse a ileng a bua ka ’ona ha baa lokela ho ikhohomosa ebe ba qala ho ipotsa lipotso tse kang: ‘Na lenyalo lee le ea nkhotsofatsa? Na molekane oa ka o nthata ka tsela eo ke utloang hore ke lokeloa ho ratoa ka eona? Na ke ne ke tla thaba haholoanyane ha ke ne ke nyalane le motho e mong?’ Haeba banyalani ba nahana ka tsela eo, ba tla be ba bontša hore ba inahana bobona. Batho ba bangata hona tjena ba fana ka keletso ea hore motho a mamele pelo ea hae ’me a etse se mo thabisang le haeba taba eo e bolela hore o lokela ho qhala lenyalo la hae. Empa Bibele e re ha rea lokela ho ameha ka ‘lithahasello tsa litaba tsa rona feela, empa hape re hlokomela lithahasello tsa ba bang.’ (Bafil. 2:4) Jehova o batla hore banyalani ba lule ba nyalane e seng ba hlalane. (Mat. 19:6) O batla hore banyalani ba nahane ka eena pele ho e-na le ho inahana bobona.

5. Ho ea ka Baefese 5:​33, banyalani ba lokela ho tšoarana joang?

5 Banyalani ba lokela ho lula ba ratana le ho hlomphana. (Bala Baefese 5:​33.) Bibele e re re lokela ho nahana haholo ka ho fana ho feta ho amohela. (Lik. 20:​35) Ke eng e ka thusang banyalani ho re ba lule ba ratana le ho hlomphana? Ke boikokobetso. Banyalani ba ikokobelitseng ha ba nahane ka lithahasello tsa bona feela empa baa nahanelana.​—1 Bakor. 10:24.

Banyalani ba ikokobelitseng ba tla thusana ho hlola mathata ho e-na le hore ba loantšane (Sheba serapa sa 6)

6. Re ithuta’ng ho ntate Steven le mohatsa oa hae?

6 Boikokobetso bo thusitse banyalani ba Bakreste ba bangata hore ba thabe lenyalong. Mohlala, Ntate Steven o re: “Haeba le momahane, le tla sebetsa ’moho mahetla a bapile, haholo-holo ha le e-na le mathata. Ho e-na le hore motho a nahane feela ka hore na ke eng e ka mo tsoelang molemo, o tla nahana ka hore na ke eng e tla re tsoela molemo.” Mohats’ae Stephanie o ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “Ha ho na motho ea ratang ho lula le motho eo ba sa utloaneng le eena. Ha mathata a hlala, re leka ho fumana hore na ke eng e bakileng bothata boo. Ka mor’a moo, rea rapela, re etsa lipatlisiso ebe re leka ho bona hore na re rarolla bothata boo joang. Ho e-na le hore joale re loantšane, re etsa sohle ho leka ho rarolla bothata.” Banyalani ba tla lula ba thabile haeba e mong a sa nahane hore o bohlokoa ho feta e mong.

SEBELETSA JEHOVA KA “BOIKOKOBETSO BOHLE”

7. Barab’abo rona ba lokela ho etsa’ng ha ba fumana boikarabelo ka mokhatlong?

7 Re nka e le tlotla ho sebeletsa Jehova ka tsela le ha e le efe eo re ka khonang. (Pes. 27:4; 84:​10) Re babatsa barab’abo rona ba lakatsang ho ba le boikarabelo bo itseng ka mokhatlong oa Jehova. Ha e le hantle Bibele e re: “Haeba motho leha e le ofe a hahamalla boemo ba molebeli, o lakatsa mosebetsi o motle.” (1 Tim. 3:1) Leha ho le joalo, ha mor’abo rona a fumana boikarabelo bo itseng, ha aa lokela ho nahana hore e se e le oa bohlokoa ho feta batho ba bang. (Luka 17:​7-10) Sepheo sa hae e lokela ho ba ho sebeletsa batho ba bang ka boikokobetso.​—2 Bakor. 12:15.

8. Re ithuta’ng ho Diotrefe, Uzia le Absalome?

8 Bibele e bua ka batho ba bang ba neng ba inahana bobona ho feta tekano. E mong oa bona ke Diotrefe ea neng a se na boikokobetso. O ile a leka ho hlahella ka phuthehong. (3 Joh. 9) Uzia eena o ile a ikhohomosa ’me a leka ho etsa mosebetsi oo Jehova a neng a sa re a o etse. (2 Likron. 26:​16-21) Ha Absalome eena a ne a batla borena eaba o etsa eka o rata sechaba e le hore se ka mo tšehetsa. (2 Sam. 15:​2-6) Joalokaha litlaleho tseo tsa Bibele li bontša, Jehova ha a rate batho ba batlang ho hlahella. (Liprov. 25:​27) Ha nako e ntse e-ea, batho ba ikhohomosang le ba ratang ho nkoa e le ba bohlokoa ba tla ba le mathata.​—Liprov. 16:18.

9. Jesu o re behetse mohlala ofe?

9 Jesu o ne a fapane hole le batho bao ba ikhohomosang. Bibele e re le hoja Jesu a ‘a ne a le teng ka sebopeho sa Molimo, ha aa ka a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo.’ (Bafil. 2:6) Le hoja Jesu e le motho oa bobeli ea matla ka ho fetisisa, ha aa ka a inahana ho feta kamoo ho hlokehang kateng. O ile a re ho barutuoa ba hae: “Ea itšoarang joaloka e monyenyane har’a lona kaofela ke eena e moholo.” (Luka 9:​48) Ke ntho e thabisang ho sebetsa le bahlanka ba ikokobelitseng joaloka Jesu, ba kang bo-pula-maliboho, bahlanka ba sebetsang, baholo le bapotolohi. Bahlanka ba Jehova ba ikokobelitseng ba tlatsetsa hore ho be le lerato e leng eona ntho e khethollang mokhatlo oa Molimo.​—Joh. 13:35.

10. U lokela ho etsa’ng haeba u bona eka ho na le mathata ao baholo ba sa a eleng hloko ka phuthehong?

10 U lokela ho etsa’ng haeba u bona eka ho na le mathata ka phuthehong ’me u bona eka baholo ha baa sebetse? Ho e-na le hore u tletlebe, u ka bontša hore u ikokobelitse ka hore u tšehetse ba etellang pele. (Baheb. 13:​17) E le hore u khone ho etsa joalo, u lokela ho ipotsa lipotso tsena: ‘Na mathata aa a tebile hoo a lokeloang ho eloa hloko? Na ee ke nako e nepahetseng ea ho a lokisa? Na ke boikarabelo ba ka ho a lokisa? Ha e le ho bua ’nete, na ke tla be ke etsa hore phutheho e momahane kapa ke batla ho hlahella?’

Batho ba fuoeng boikarabelo ka mokhatlong ba lokela ho tsebahala ka ho ikokobetsa e seng ka hore na ba khona ho etsa’ng (Sheba serapa sa 11) *

11. Ho ea ka Baefese 4:​2, 3 ho tla etsahala’ng haeba re sebeletsa Jehova re ikokobelitse?

11 Jehova o rata boikokobetso e seng bokhoni boo re nang le bona, o boetse o rata bonngoe e seng lintho tseo re li finyeletseng. Kahoo, leka kahohle hore u sebeletse Jehova u ikokobelitse. Ha u etsa joalo, u tla etsa hore ho be le bonngoe ka phuthehong. (Bala Baefese 4:​2, 3.) E-ba mahlahahlaha tšebeletsong ea tšimo. Batla litsela tseo ka tsona u ka bontšang mosa ho batho ba bang. Bontša kamohelo ea baeti, ho akareletsa le ho ba se nang boikarabelo ka phuthehong. (Mat. 6:​1-4; Luka 14:​12-14) Ha u sebetsa le bara le barali babo rona u ikokobelitse, ha ba na bona bokhoni boo u nang le bona feela empa ba tla ananela le hore u motho ea ikokobelitseng.

BONTŠA BOIKOKOBETSO HA U SEBELISA MECHA EA PUISANO

12. Na Bibele e re khothaletsa ho ba le metsoalle? Hlalosa.

12 Jehova o batla hore re thabele ho qeta nako le ba lelapa la rona le metsoalle ea rona. (Pes. 133:1) Jesu o ne a e-na le metsoalle. (Joh. 15:​15) Bibele e hlalosa bohlokoa ba ho ba le metsoalle ea ’nete. (Liprov. 17:​17; 18:​24) E boetse e re bolella hore ha rea lokela ho itšehla thajana. (Liprov. 18:1) Batho ba bangata ba na le boikutlo ba hore mecha ea puisano e ba thusa hore ba be le metsoalle e mengata hape e ba thusa hore ba qobe ho itšehla thajana. Leha ho le joalo, re lokela ho ba hlokolosi ha re sebelisa mecha ea puisano.

13. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba sebelisang mecha ea puisano ba ikutloa ba nyahame hape eka bophelo ba bona bo bolutu?

13 Lipatlisiso li bontša hore batho ba qetang nako e ngata ba sheba melaetsa le lifoto tseo batho ba bang ba li behileng mecheng ea puisano ba ikutloa e le metoaitoai hape ba nyahame. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hobane batho ba khetha ho beha lifoto tse bontšang hore na ba finyeletse’ng bophelong hape ba khetha ho beha tse ntle feela, tsa bona le metsoalle ea bona le tsa libaka tse ntle tseo ba kileng ba e-ba ho tsona. Hangata batho ha ba bona lifoto tseo ba ka etsa qeto ea hore ha ba ipapisa le mong’a lifoto tseo, bona bophelo ba bona ke bo tloaelehileng feela kapa bo bolutu. Morali’abo rona e mong ea lilemo li 19 o re: “Ke ile ka qala ho utloa ke sa thaba ha ke bona kamoo lithaka tsa ka li ithabisang kateng mafelo a beke ha ’na ke lutse hae ho se na ntho eo ke e etsang.”

14. Keletso e fumanoang ho 1 Petrose 3:8 e ka re thusa joang ha re sebelisa mecha ea puisano?

14 Ke ’nete hore re ka sebelisa mecha ea puisano hantle joaloka ho bua le ba lelapa la rona le metsoalle. Empa na u hlokometse hore hangata ha batho ba beha lifoto kapa livideo mecheng ea puisano, ba li beha ka morero oa hore batho ba bang ba ba rate kapa ba ba nke e le ba bohlokoa? Ho bonahala hore sepheo sa bona ke hore feela batho ba ba bone. Batho ba bang bona ebile ba sebelisa puo e tala ho araba melaetsa lifotong tsa bona kapa lifotong tseo batho ba bang ba li behileng. Empa Bakreste bona ba khothaletsoa hore ba ikokobetse le hore ba utloelane bohloko, kahoo ba ke ke ba sebelisa mecha ea puisano ka tsela ena.​—Bala 1 Petrose 3:8.

Ha u beha lintho mecheng ea puisano, na u fa batho ba bang maikutlo a hore oa ikakasa kapa u bontša hore u ikokobelitse? (Sheba serapa sa 15)

15. Bibele e ka re thusa joang hore re qobe ho inka re le ba bohlokoa ho feta tekano?

15 Haeba u sebelisa mecha ea puisano, ipotse: ‘Na lintho tseo ke li ngolang kapa lifoto le livideo tseo ke li behang li fa batho ba bang boikutlo ba hore kea ikakasa? Na ke tl’o etsa hore batho ba bang ba be mona?’ Bibele e re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng, takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso, ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.” (1 Joh. 2:​16) Bibele e ’ngoe e hlalosa poleloana ena ea “pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso” e le ho batla ho nkoa u le oa bohlokoa. Bakreste ha baa lokela ho ba le boikutlo ba hore ke ba bohlokoahali kapa ho batla ho ratoa ke batho ba bang ka tsela e feteletseng. Ba mamela keletso ena ea Bibele e reng: “A re se keng ra fetoha ba ipolelisang, ba hlohlelletsang tlholisano, ba honohelanang.” (Bagal. 5:​26) Boikokobetso bo tla re thusa hore re se ke ra tšoana le batho ba lefatše lena ba ikhohomosang le ba ratang ho nkoa e le ba bohlokoa ho feta tekano.

“LE NAHANE KA TSELA E TLA ETSA HORE LE BE LE KELELLO E HLAPHOHILENG”

16. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ikhohomosa?

16 Re lokela ho loanela ho ikokobetsa hobane batho ba ikhohomosang ha ba na “kelello e hlaphohileng.” (Bar. 12:3) Batho ba ikhohomosang ba rata likhang ebile ba nahana hore ke ba bohlokoa ho feta batho ba bang. Tsela eo ba nahanang ka eona le lintho tseo ba li etsang, hangata li ba utloisa bohloko ebile li utloisa le batho ba bang bohloko. Haeba ba sa fetole tsela eo ba nahanang ka eona, Satane o tla senya likelello tsa bona a be a li foufatse. (2 Bakor. 4:4; 11:3) Empa motho ea ikokobelitseng eena ka lehlakoreng le leng o hlaphohetsoe kelellong. O ipona ka tsela e nepahetseng hape o nka batho ba bang ba mo phahametse. (Bafil. 2:3) Hape oa tseba hore “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.” (1 Pet. 5:5) Batho ba ikokobelitseng ha ba batle ho etsa Jehova sera sa bona.

17. Re lokela ho etsa’ng e le hore re lule re ikokobelitse?

17 E le hore re lule re ikokobelitse, re lokela ho mamela keletso ea Bibele e reng re ‘hlobole botho ba khale le litloaelo tsa bona ’me re ikapese botho bo bocha.’ Taba ena ha se mosebetsi oa letsatsi le le leng. Re lokela ho hlahloba mohlala oa Jesu ’me re leke kahohle-hohle ho mo etsisa. (Bakol. 3:​9, 10; 1 Pet. 2:​21) Ha re etsa joalo re tla rua molemo haholo. Ha re loanela hore re be batho ba ikokobelitseng, bophelo ba lelapa la rona bo tla ntlafala, re tla etsa hore ho be le bonngoe ka phuthehong hape re tla qoba ho sebelisa mecha ea puisano ka tsela e etsang hore batho ba bang ba re nke re le ba bohlokoa ho feta tekano. Ka holimo ho tsohle, Jehova o tla re hlohonolofatsa hape o tla re amohela.

PINA EA 117 Jehova o Molemo

^ ser. 5 Mehleng ena re phela har’a batho ba ikhohomosang le ba inahanang bobona feela. Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra qetella re tšoana le bona. Sehloohong sena re tl’o hlahloba maemo a mararo ao ho ’ona re sa lokelang ho inka re le ba bohlokoa ho feta tekano.

^ ser. 2 TLHALOSO: Motho ea ikhohomosang ke eo hangata a tloaetseng ho inahana boeena a sa tsotelle batho ba bang. Kahoo, motho ea ikhohomosang ke ea sa nahaneleng batho ba bang. Ka lehlakoreng le leng boikokobetso bo re thusa hore re se ke ra inahana borona feela. Motho ea ikokobelitseng ha a ikhohomose ebile ha a inke a le bohlokoa ho feta batho ba bang.

^ ser. 56 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Moholo ea nang le bokhoni ba ho fana ka lipuo likopanong hape a e-na le boikarabelo ba ho hlokomela linku tsa Molimo o boetse o ananela tokelo ea ho etella pele tšimong le ho hloekisa Holong.