Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 27

O se ke wa Nka o le wa Bohlokwa ho Feta Tekano

O se ke wa Nka o le wa Bohlokwa ho Feta Tekano

“Ke bolella e mong le e mong moo hara lona hore a se ke a inahana haholo ho feta ka moo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng.”​—BAR. 12:3.

PINA YA 130 Tshwarelanang

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ho ya ka Bafilipi 2:3, ke jwang boikokobetso bo ka re thusang hore re be le kamano e ntle le batho ba bang?

RE MAMELA Jehova ka boikokobetso hobane re a utlwisisa hore o dula a tseba se molemo bakeng sa rona. (Baef. 4:22-24) Ha re le batho ba ikokobeditseng, re tla nka seo Jehova a se batlang e le sa bohlokwa ho feta seo re se batlang ebile re tla nka batho ba bang ba re phahametse. Ka lebaka leo, re thabela ho ba le kamano e ntle le Jehova le Bakrestemmoho.​—Bala Bafilipi 2:3.

2. Moapostola Pauluse o ile a dumelang, hona re tlo ithutang sehloohong see?

2 Haeba re sa hlokomele, re ka susumetswa ke batho ba lefatshe lena ba itjhebileng bo bona ebile ba ikgohomosa. * Ho bonahala e ka Bakreste ba mehleng ya Pauluse ba ile ba susumetswa ke mokgwa ona, ka ha Pauluse o ile a ngolla phutheho ya Roma a re: “Ke bolella e mong le e mong moo hara lona hore a se ke a inahana haholo ho feta ka moo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng.” (Bar. 12:3) Pauluse o a dumela hore re lokela ho nka hore re batho ba bohlokwa. Le ha ho le jwalo, boikokobetso bo tla re thusa hore re se ke ra nka hore re ba bohlokwa ho feta batho ba bang. Sehlooho sena se tla hlahloba maemo a mararo ao ho ona boikokobetso bo ka re thusang hore re se ke ra ikgohomosa. Maemo ana ke (1) lenyalong, (2) ha re na le boikarabelo mokgatlong wa Jehova le (3) ha re sebedisa metjha ya puisano.

HO IKOKOBETSA LENYALONG

3. Ke hobaneng ha ho ka ba le mathata lenyalong, hona banyalani ba bang ba etsang ho rarolla mathata ao?

3 Jehova o batla hore banyalani ba thabele lenyalo la bona. Empa ka ha ha ba a phethahala ho tla ba le dintho tseo ba sa dumellaneng ka tsona. Haele hantle Pauluse o ile a re ba kenang lenyalong ba tla ba le mathata. (1 Bakor. 7:28) Banyalani ba bang ba dula ba lwantshana mme ba bona e ka ho ka be ho le molemo ha ba ne ba sa nyalana. Haeba ba se ba susumeditswe ke lefatshe lena, ba ka bona ho le molemo hore ba hlalane e le hore ba thabe hape. Ba ka nna ba nahana hore ntho ya bohlokwa ke hore ba nahanele bona feela.

4. Ke eng eo re tlamehang ho e qoba?

4 Re tlameha ho qoba ho nahana hore re hlolehile manyalong. Re a tseba hore Mangolo a dumella tlhalo feela haeba ho na le ya entseng bohlola. (Mat. 5:32) Ka hoo ha re ba le mathata jwalo ka ha Pauluse a bontshitse, ha re batle ho ikgohomosa mme re qale ho ipotsa re re: ‘Na ke kgotsofetse lenyalong lee? Na molekane wa ka o a nthata? Na ebe motho e mong a ka nthabisa ho mo feta?’ Haeba re nahana ka tsela eo, re nahana ka rona feela eseng balekane ba rona. Batho ba ka nna ba re o mamele pelo ya hao mme o etse se tla o thabisa le hoja seo se bolela hore le hlalane. Empa Bibele yona e re ha re a lokela ho ‘hlokomela dithahasello tsa ditaba tsa rona feela, empa hape re hlokomele dithahasello tsa ba bang.’ (Bafil. 2:4) Jehova o batla hore re dule re nyalane eseng re hlalane. (Mat. 19:6) O batla hore re nahane ka yena pele eseng ka rona.

5. Ho ya ka Baefese 5:33, monna le mosadi ba lokela ho tshwarana jwang?

5 Monna le mosadi ba lokela ho tshwarana ka lerato le tlhompho. (Bala Baefese 5:33.) Bibele e re kgothalletsa hore re amehe ka ho fana ho feta ho amohela. (Lik. 20:35) Ke eng e ka thusang banyalani hore ba bontshane lerato le tlhompho? Ke boikokobetso. Banyalani ba ikokobeditseng ha ba na batla se molemo bakeng sa bona empa “se molemo ho motho e mong.”​—1 Bakor. 10:24.

Banyalani ba bang ka boikokobetso ba a thusana ho e na le hore ba lwantshane (Sheba serapa sa 6)

6. O ithutang ho se builweng ke Steven le Stephanie?

6 Ntho e thusitseng banyalani ba bangata ba Bakreste hore ba thabe ke ikokobeditseng. Ka mohlala monna e mong ya nyetseng ya bitswang Steven o re: “Haeba le le thimi le tla sebetsa ha mmoho haholoholo ha le ba le mathata. Ho e na le hore o re ‘Ke eng se molemo bakeng sa ka?’ o tla re ‘Ke eng se molemo bakeng sa rona?’” Mosadi wa hae Stephanie o ikutlwa ka tsela e tshwanang. O re: “Ha hona motho ya batlang ho dula le motho ya dulang a mo lwantsha. Ha re sa utlwane re leka ho fumana hore na keng e etsang hore re se ke ra utlwana. Ka mora moo re a rapela, re etsa dipatlisiso ebe re a buisana hore na re ka rarolla bothata boo jwang. Ka hoo re leka ho rarolla bothata eseng re lwantshane.” Banna le basadi ba tla thaba haeba ba sa nahane hore ke ba bohlokwa ho feta balekane ba bona.

SEBELETSA JEHOVA O ‘IKOKOBEDITSE HAHOLO’

7. Morabo rona o lokela ho etsang haeba a ba le boikarabelo mokgatlong wa Jehova?

7 Re nka e le monyetla ho sebeletsa Jehova ka tsela eo re ka kgonang ka yona. (Pes. 27:4; 84:10) Ke ntho e ntle haeba morabo rona a batla boikarabelo bo eketsehileng mokgatlong wa Jehova. Haele hantle Bibele e re: “Haeba motho le haele ofe a hahamalla boemo ba molebedi, o lakatsa mosebetsi o motle.” (1 Tim. 3:1) Le ha ho le jwalo ha a fuwa boikarabelo ha a lokela ho nka hore ke motho wa bohlokwa ho feta batho ba bang. (Luka 17:7-10) Ka boikokobetso o lokela ho ikemisetsa ho thusa batho ba bang.​—2 Bakor. 12:15.

8. Ke eng seo re ithutang sona mohlaleng wa Diotrefe, Uzia le Absalome?

8 Bibele e na le mehlala e re lemosang ya batho ba neng ba nahana hore ke ba bohlokwa ho feta batho ba bang. Diotrefe o ne a sa ikokobetsa mme o ile a leka ho fumana “sebaka sa pele” ka phuthehong. (3 Joh. 9) Ka boikgohomoso Uzia o ile a etsa mosebetsi oo Jehova a neng a sa laela hore a o etse. (2 Likron. 26:16-21) Absalome o ne a batla ho ba morena, ka hoo o ile a etsa eka o rata batho e le hore ba be ka lehlakoreng la hae. (2 Sam. 15:2-6) Jwalo ka ha ditlaleho tsena tsa Bibele di bontsha, Jehova ha a thabiswe ke batho ba ratang ho hlahella. (Liprov. 25:​27) Ha nako e ntse e ya batho ba ikgohomosang le ba batlang hore batho ba ba nke e le ba bohlokwa ba tla ba le mathata.​—Liprov. 16:18.

9. Jesu o re behetse mohlala ofe?

9 Jesu o ne a sa tshwane le batho bao ba ikgohomosang ka ha Bibele ha e bua ka yena e re: “Eo, le hoja a ne a le teng ka sebopeho sa Modimo, a sa kang a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Modimo.” (Bafil. 2:6) Le hoja Jesu a na le matla, ha a a ka a nahana hore ke wa bohlokwa ho feta dibopuwa tse ding. O ile a bolella barutuwa ba hae a re: “Ya itshwarang jwalo ka e monyenyane hara lona kaofela ke yena e moholo.” (Luka 9:​48) Ka nnete ke tlhohonolofatso ho sebetsa le bopulamadiboho, bahlanka ba sebeletsang, baholo le balebedi ba potoloho ba ikokobeditseng jwalo ka Jesu. Ha Jesu a ne a bua ka bahlanka ba Modimo o ile a re ba ne ba tla bontshana lerato. Ka hoo haeba re ikokobeditse re tla rata batho ba bang.​—Joh. 13:35.

10. Ke eng seo o lokelang ho se etsa haeba o bona eka baholo ha ba rarolle mathata ka tsela eo ba lokelang ho a rarolla ka yona?

10 Ke eng seo o lokelang ho se etsa ha o bona e ka ho na le bothata ka phuthehong mme baholo ha ba nke bohato ka taba eo? Ho e na le hore o tletlebe, o ka bontsha boikokobetso ka hore o tshehetse ba etellang pele. (Baheb. 13:17) E le hore o etse seo o ka ipotsa dipotso tsena: ‘Na bothata boo bo boholo hoo bo hlokang hore bo lokiswe? Na ke nako e nepahetseng ya hore bothata boo bo lokiswe? Na ke boikarabelo ba ka hore ke bo lokise? Na ka nnete ke leka ho etsa hore phutheho e momahane kapa na ke leka ho etsa hore batho ba nke ke le motho wa bohlokwa ho ba feta?’

Batho ba nang le boikarabelo ba lokelaho tsebahala e le batho ba ikokobeditseng le hoja ba na le bokgoni (Sheba serapa sa 11) *

11. Ho ya ka Baefese 4:2, 3, ditlamorao tsa ho sebeletsa Jehova ka boikokobetso ke dife?

11 Jehova o nka batho ba ikokobeditseng e le ba bohlokwa ho feta ba nang le bokgoni. Ka hoo etsa sohle ho sebeletsa Jehova ka boikokobetso mme ha o etsa jwalo o tla etsa hore ho be le bonngwe ka phuthehong. (Bala Baefese 4:2, 3.) Bolela ditaba tse molemo ka hohle ka moo o ka kgonang. Batla ditsela tsa ho bontsha batho ba bang mosa. Eba le kamohelo ya baeti ho batho bohle esita le ba se nang boikarabelo ka phuthehong. (Mat. 6:1-4; Luka 14:12-14) Ha o dula o le motho ya ikokobeditseng mme o sebetsa le bara le baradibabo rona batla hlokomela hore o na le bokgoni empa ha bohlokwa le ho feta hore o motho ya ikokobeditseng.

BONTSHA BOIKOKOBETSO HA O SEBEDISA METJHA YA PUISANO

12. Na Bibele e re kgothalletsa hore re be le metswalle? Hlalosa.

12 Jehova o batla hore re thabele ho qeta nako le ba lelapa le metswalle. (Pes. 133:1) Jesu o ne a na le metswalle. (Joh. 15:15) Bibele e hlalosa melemo eo re e fumanang ha re na le metswalle ya nnete. (Liprov. 17:17; 18:24) Hape e re bolella ka moo ho seng hotle ka teng hore re ikarole ho batho ba bang. (Liprov. 18:1) Batho ba bangata ba nahana hore metjha ya puisano ke tsela ya hore motho a be le metswalle e mengata le hore a se ke a ikutlwa e ka o mong. Le ha ho le jwalo re lokela ho sebedisa metjha ena ya puisano ka bohlale.

13. Ke hobaneng ha batho ba bang ba sebedisang metjha ya puisano ba ikutlwa e ka ba bang ebile ba na le kgatello ya maikutlo?

13 Dipatlisiso di bontsha hore batho ba qetang nako e ngata ba sheba dinepe le dintho tseo batho ba di ngotseng metjheng ya puisano, ba ka qetella ba ikutlwa e ka ba bang le ho ba le kgatello ya maikutlo. Hobaneng? Lebaka ke hore batho ba beha dinepe tsa dintho tsa bohlokwa tse kileng tsa ba etsahalla, tsa metswalle ya bona le dibaka tse ntle tseo ba kileng ba ba ho tsona. Motho ya shebang dinepe tse jwalo a ka nna a bapisa bophelo ba hae le ba batho bao mme a bona e ka ha se wa bohlokwa le hore bophelo ba hae ha bo tswele pele. Moradiwabo rona ya nang le dilemo tse 19 o re: “Ke ile ka utlwa ke sa thaba ha ke bona batho ba bang ba ithabisa mafelobeke ha nna ke dutse hae mme ke jewa ke bodutu.”

14. Ke jwang 1 Petrose 3:8 e ka re thusang ha re sebedisa metjha ya puisano?

14 Ke nnete hore re ka sebedisa metjha ya puisano ho bua le ba lelapa le metswalle. Le ha ho le jwalo na o hlokometse hore batho ba bang ba beha dinepe, divideo le ho ngola dintho tse tla etsa hore batho ba ba nke e le ba bohlokwa ho feta ba bang? Ho bonahala hore ka mehla ba batla hore batho ba ba shebe. Ebile ba bang ba bua hampe ka dinepe tseo ba di behileng kapa tseo batho ba bang ba di behileng. Sena se fapane le seo Bakreste ba lokelang ho se etsa e leng ho bontsha boikokobetso le ho nahanela batho ba bang.​—Bala 1 Petrose 3:8.

Ha o beha dintho metjheng ya puisano na seo se fana ka maikutlo a hore o a ithorisa kapa o ikokobeditse? (Sheba serapa sa 15)

15. Bibele e ka re thusa jwang hore re se ke ra nka hore re ba bohlokwa ho feta batho ba bang?

15 Haeba o sebedisa metjha ya puisano ipotse: ‘Na dinepe, divideo kapa dintho tseo ke di ngolang di ka fa batho ba bang maikutlo a hore ke a ithorisa? Na nka etsa hore batho ba bang ba be mona?’ Bibele e re: “Ntho e nngwe le e nngwe e lefatsheng takatso ya nama le takatso ya mahlo le pontsho ya mponeng ya mokgwa wa motho wa boiphediso ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatsheng.” (1 Joh. 2:16) Bibele e nngwe ha e hlalosa polelo e reng “pontsho ya mponeng ya mokgwa wa motho wa boiphediso” e re ke “ho batla ho hlaha o le motho wa bohlokwa.” Bakreste ha ba batle hore ba ikutlwe e ka ke ba bohlokwa kapa hore batho ba bang ba ba nke e le ba bohlokwa. Ba mamela keletso ya Bibele e reng: “A re se keng ra fetoha ba ipoledisang, ba hlohlelletsang tlhodisano, ba honohelanang.” (Bagal. 5:26) Ka hoo haeba re le batho ba ikokobeditseng re ke ke ra tshwana le batho ba lefatshe lena ba ikgohomosang le ba batlang hore batho ba bang ba ba nke e le ba bohlokwa.

‘NAHANA E LE HORE O BE LE KELELLO E HLAPHOHILENG’

16. Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho ikgohomosa?

16 Re hloka ho ikokobetsa hobane batho ba ikgohomosang ha ba na “kelello e hlaphohileng.” (Bar. 12:3) Batho ba ikgohomosang ba hlodisana le batho ba bang ebile ba iketelletsa pele. Hangata tsela eo ba nahanang ka yona le eo ba etsang dintho ka yona e ba utlwisa bohloko le ho utlwisa batho ba bang bohloko. Ka hoo haeba ba sa fetole tsela eo ba nahanang ka yona Satane a ka nna a ba susumetsa. (2 Bakor. 4:4; 11:3) Ka lehlakoreng le leng motho ya ikokobeditseng o etsa dintho ka bohlale. Ha a inke a phahametse batho ba bang empa o a hlokomela hore ka ditsela tse ngata batho ba bang ba mo phahametse. (Bafil. 2:3) Ebile o a tseba hore “Modimo o hanyetsa ba ikgohomosang, empa o fana ka mosa o sa tshwanelang ho ba ikokobeditseng.” (1 Pet. 5:5) Hape batho ba ikokobeditseng ha ba batle ho ba dira tsa Jehova.

17. Ke eng seo re lokelang ho se etsa e le hore re dule re ikokobeditse?

17 E le hore re be batho ba ikokobeditseng re tlameha ho mamela keletso ya Bibele e reng: “Hlobolang botho ba kgale le ditlwaelo tsa bona, mme le ikapese botho bo botjha.” Ho etsa jwalo ha ho bonolo. Ka hoo re hloka ho ithuta mohlala wa Jesu le ho leka ho mo etsisa ka hohle ka moo re ka kgonang. (Bakol. 3:​9, 10; 1 Pet. 2:​21) Empa haeba re etsa jwalo re tla fumana melemo e mengata. Ha re le batho ba ikokobeditseng ba malapa a rona ba tla thaba, re tla kgothalletsa bonngwe ka phuthehong hape re ke ke ra sebedisa metjha ya puisano hobane re batla hore batho ba bang ba re nke re le batho ba bohlokwa. Ho feta tse ding tsohle Jehova o tla re amohela le ho re hlohonolofatsa.

PINA YA 117 Jehova o Molemo

^ par. 5 Kajeno re phela lefatsheng le nang le batho ba itjhebileng bo bona feela le ba ikgohomosang. Re lokela ho hlokomela hore re se ke ra tshwana le bona. Sehloohong sena re tlo bua ka dintlha tse tharo tseo ho tsona re sa lokelang ho nka hore re batho ba bohlokwa ho feta tekano.

^ par. 2 TLHALOSO YA LENTSWE: Motho ya ikgohomosang o nka hore ke wa bohlokwa ho feta batho ba bang. Hape o nahanela yena feela. Ka lehlakoreng le leng, boikokobetso bo thusa motho hore a nahanele batho ba bang. Motho ya ikokobeditseng ha a ikgohomose hape ha a nahane hore ke wa bohlokwa ho feta batho ba bang.

^ par. 56 SETSHWANTSHO SE A HLALOSWA: Morabo rona ya nang le bokgoni ba ho bua dikopanong tse kgolo le ho thusa bara ba bang babo rona, o ananela monyetla wa ho etella pele mosebetsing wa boboledi le ho hlwekisa Holo ya Mmuso.