Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 28

Na U Kholisehile Hore Lintho Tseo U li Lumelang ke ’Nete?

Na U Kholisehile Hore Lintho Tseo U li Lumelang ke ’Nete?

“U tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le tseo u ileng oa susumelletsoa hore u li lumele.”​—2 TIM. 3:14.

PINA EA 56 Rata Jehova, U mo Mamele

SELELEKELA *

1. Ha re bua ka “ ’nete” re bua ka’ng?

“U TSEBILE ’nete joang?” “Na u holisitsoe ke batsoali ba Lipaki?” “U na le nako e kae u tseba ’nete?” Ho ka etsahala hore ebe u kile oa botsoa lipotso tsena kapa mohlomong ebe uena u kile oa li botsa batho ba bang. Ha re bua ka “ ’nete” re bua ka’ng? Hangata re bua ka eona ha re hlalosa tumelo ea rona, borapeli ba rona le tsela eo re phelang ka eona. Batho ba tsebang ’nete baa tseba hore na Bibele e ruta’ng ’me le tsela eo ba phelang ka eona e tumellanong le melao-motheo ea eona. Ka lebaka leo, ba lokolohile lithutong tsa bolumeli ba bohata ’me ba thabile haholo le hoja ba ntse ba phela lefatšeng lena la Satane.​—Joh. 8:32.

2. Ho ea ka Johanne 13:​34, 35 ke’ng e ka ’nang ea etsa hore motho a batle ho ithuta ’nete?

2 Ke’ng e ileng ea etsa hore u batle ho tseba ’nete? E ka ’na eaba e bile boitšoaro bo botle ba bahlanka ba Jehova. (1 Pet. 2:​12) Kapa mohlomong e bile lerato leo ba nang le lona ho batho ba bang. Batho ba bangata ba tlang libokeng ka lekhetlo la pele ba bontšoa lerato ’me ba le hopola ho feta ntho le ha e le efe e neng e buuoa libokeng. Taba ena ha e makatse hobane Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba tla tsebahala ka lerato. (Bala Johanne 13:​34, 35.) Empa ntle le ho bontšana lerato, ho na le lintho tse ngata tseo ba lokelang ho li etsa e le hore ba be le tumelo e matla.

3. Ho ka ’na ha etsahala’ng ka tumelo ea rona haeba e thehiloe holim’a lerato leo bara le barali babo rona ba le bontšang?

3 Tumelo ea rona ha ea lokela ho thehoa feela holim’a lerato leo re nang le lona ho bara le barali babo rona. Hobane’ng? A re re mohlomong molumeli-’moho le uena, ebang ke moholo kapa pula-maliboho, o etsa sebe se tebileng. Kapa a re re mohlomong mora kapa morali’abo rona o u utloisitse bohloko ka tsela e itseng. Kapa mohlomong motho e mong e ba mokoenehi ’me o fana ka maikutlo a hore lintho tseo re li lumelang ke mashano. Haeba lintho tsa mofuta oo li etsahala, na tumelo ea hao e tla thefuloa e be u khaotsa ho sebeletsa Jehova? Re ithuta’ng tabeng ee? Haeba u na le tumelo ho Jehova hobane feela u shebile hore na batho ba bang ba etsa’ng ho e-na le hore uena u etse hore kamano ea hao le Jehova e be matla, tumelo ea hao e tla fokola. Tsela eo u ikutloang ka eona ka Jehova le batho ba hae e ka u thusa hore u be le tumelo ho isa boholeng bo itseng, empa ho boetse ho bohlokoa hore u ithute Bibele ka ho teba, u utloisise lintho tseo u ithutang tsona u be u etse lipatlisiso e le hore u ikholise hore lintho tseo u ithutang tsona ka Jehova ke ’nete. U lokela ho ikholisa ka bouena hore Bibele e bua ’nete ka Jehova.​—Bar. 12:2.

4. Ho ea ka Matheu 13:​3-6, 20, 21 batho ba bang ba etsa’ng ha tumelo ea bona e lekoa?

4 Jesu o ile a re ba bang ba ne ba tla amohela ’nete “ka thabo” empa ebe tumelo ea bona ea fokola ha ba thulana le liteko. (Bala Matheu 13:​3-6, 20, 21.) Mohlomong ha baa ka ba elelloa hore ha re latela Jesu, re tla kopana le mathata le liteko tse itseng. (Mat. 16:​24) Kapa mohlomong ba ile ba nahana hore ho ba Mokreste ho bolela hore re tl’o phela bophelo bo se nang mathata, bo tletseng ka mahlohonolo feela le bo se nang liteko ho hang. Empa lefatšeng lena leo re phelang ho lona, re tla lula re e-na le mathata. Ka linako tse ling, ho na le lintho tse fetohang bophelong ba rona tse etsang hore thabo eo re nang le eona e fele.​—Pes. 6:6; Moek. 9:11.

5. Bara le barali babo rona ba bangata ba bontša joang hore ba kholisehile hore ba fumane ’nete?

5 Bara le barali babo rona ba bangata ba fane ka bopaki bo kholisang ba hore ba fumane ’nete. Joang? Kholiseho eo ba nang le eona ha e sisinyehe esita le nakong eo molumeli-’moho le bona a ba utloisang bohloko kapa a etsang boitšoaro bo sa lumellaneng le melao ea Molimo. (Pes. 119:​165) Nako le nako ha ba e-ba le mathata, tumelo ea bona e ba matla le ho feta. (Jak. 1:​2-4) U ka etsa’ng e le hore u be le tumelo e matla joalo?

FUMANA “TSEBO E NEPAHETSENG EA MOLIMO”

6. Bakreste ba mehleng ea moapostola Pauluse ba ne ba thehile tumelo ea bona holim’a eng?

6 Bakreste ba mehleng ea moapostola Pauluse ba ile ba theha tumelo ea bona holim’a tsebo eo ba nang le eona ea Mangolo le lithuto tsa Jesu, ke hore “ ’nete ea litaba tse molemo.” (Bagal. 2:5) ’Nete ena ke lintho tseo re li lumelang re le Bakreste, tse akarelletsang sehlabelo sa Jesu sa thekollo le ho tsoha ha hae. Moapostola Pauluse o ne a kholisehile hore lithuto tsena ke ’nete. Hobane’ng? Hobane o ile a sebelisa Mangolo “ho paka ka litšupiso hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utloe bohloko le hore a tsohe bafung.” (Lik. 17:​2, 3) Bakreste ba ka nako eo ba ile ba lumela lithuto tseo ba ba ba itšetleha ka moea o halalelang e le hore o ba thuse ho utloisisa Lentsoe la Molimo. Ba ile ba etsa lipatlisiso e le ho ikholisa hore lithuto tseo li thehiloe Mangolong. (Lik. 17:​11, 12; Baheb. 5:​14) Ha baa ka ba theha tumelo ea bona maikutlong a bona feela hape ba ne ba sa sebeletse Jehova hobane feela ba thabisoa ke ho ba har’a Bakreste-’moho le bona. Ho e-na le hoo, tumelo ea bona e ne e thehiloe holim’a ‘tsebo e nepahetseng ea Molimo.’​—Bakol. 1:​9, 10.

7. Ho ba le tumelo lithutong tsa Bibele ho ka re thusa joang?

7 Lithuto tse ka lentsoeng la Molimo ha li fetohe. (Pes. 119:​160) Mohlala, ha li fetohe le haeba Mokreste-’moho le rona a re utloisa bohloko kapa a etsa sebe se tebileng. Li boetse ha li fetohe leha re thulana le mathata. Kahoo, re hloka hore re tsebe lithuto tsa Bibele hantle le hore re kholisehe hore ke ’nete. Haeba re e-na le tumelo e matla linthong tseo Bibele e li rutang, re tla lula re tšepahalla Jehova le linakong tse thata. U ka matlafatsa kholiseho eo u nang le eona joang ea hore u fumane ’nete?

SUSUMETSEHA HORE U LUMELE

8. Joalokaha 2 Timothea 3:​14, 15 e bontša, Timothea o ile a kholisoa ke eng hore lintho tseo a ithutileng a ithuta tsona ke ’nete?

Timothea o ne a kholisehile hore lintho tsoe a ithutileng tsona ke ’nete. O ile a kholisoa ke eng? (Bala 2 Timothea 3:​14, 15.) ’Mè oa hae le nkhono oa hae ba ile ba mo ruta “lingoliloeng tse halalelang.” Empa ha ho potang hore le eena o ile a sebelisa nako le matla a hae e le hore a ithute lingoliloeng tseo. Ka lebaka leo, o ile a susumetsoa hore a lumele hore lithuto tseo ke ’nete. Hamorao, Timothea, ’mè oa hae le nkhono oa hae ba ile ba ithuta lithuto tsa Kreste. Ha ho potang hore Timothea o ile hlolloa ke tsela eo balateli ba Kreste ba neng ba bontšana lerato ka eona ’me o ile a ba le takatso e matla ea hore a itsoakanye le bona a be a thuse bara le barali babo. (Bafil. 2:​19, 20) Leha ho le joalo, tumelo ea hae e ne e sa thehoa maikutlong a ho rata Bakreste-’moho le eena empa e ne e thehiloe linneteng tse tsoang ka Bibeleng tse ileng tsa mo thusa hore ebe motsoalle oa Jehova. Le uena u lokela ho ithuta Bibele ’me ha u qeta u ikholise hore lintho tseo u ntseng u ithuta tsona ka Jehova ke ’nete.

9. Ke lintho life tse tharo tsa mantlha tseo u lokelang ho kholiseha ka tsona?

9 Empa pele, u lokela ho kholiseha ka lithuto tsena tse tharo tsa mantlha. Ea pele, u lokela ho kholiseha hore Jehova Molimo ke ’Mopi oa lintho tsohle. (Ex. 3:​14, 15; Baheb. 3:4; Tšen. 4:​11) Ea bobeli, u lokela ho ikholisa ka bouena hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng leo a le fileng batho. (2 Tim. 3:​16, 17) Ea boraro, u lokela ho kholiseha hore Jehova o na le sehlopha se hlophisitsoeng sa batho ba mo sebeletsang e leng batho tataisoang ke Kreste ’me Lipaki Tsa Jehova ke sehlopha seo. (Esa. 43:​10-12; Joh. 14:6; Lik. 15:​14) Empa taba ena ha e bolele hore e le hore u be le kholiseho e joalo, u lokela ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ngotsoeng ka har’a Bibele. Sepheo sa hao e lokela ho ba ho sebelisa matla a hao a ho nahana ho matlafatsa kholiseho eo u nang le eona ea hore lintho tseo u li lumelang ke ’nete.​—Bar. 12:1.

E-BA BOEMONG BA HO KHOLISA BATHO BA BANG

10. Ho phaella tabeng ea ho tseba ’nete, re boetse re lokela ho etsa’ng?

10 Ka mor’a hore u kholisehe ka lintho tse tharo tseo re buileng ka tsona ka Molimo, Bibele le bahlanka ba hae, u lokela ho ba boemong ba hore u sebelise Mangolo ho kholisa batho ba bang hore lithuto tseo ke ’nete. Hobane’ng? Hobane kaha re Bakreste, re na le boikarabelo ba ho ruta lithuto tseo re ithutang tsona ho batho ba batlang ho re mamela. * (1 Tim. 4:​16) Ha re leka ho kholisa batho ba bang ka lithuto tsa Bibele, re matlafatsa kholiseho eo rona re nang le eona ka lithuto tseo.

11. Moapostola Pauluse o re behetse mohlala ofe ha a ne a ruta batho, hona re ka mo etsisa joang?

11 Nakong eo moapostola Pauluse a neng a ruta batho, o ne a “ba susumetsa malebana le Jesu ho tsoa molaong oa Moshe hammoho le Baprofeteng.” (Lik. 28:​23) Re ka etsisa Pauluse joang ha re ruta batho ba bang Bibele? Ha rea lokela ho ba bolella feela hore na Bibele e ruta’ng. Re lokela ho thusa lithuto tsa rona hore li khone ho beha mabaka ka Mangolo ha li ntse li e-ba le kamano e ntle le Jehova. Re batla hore li lumele lithuto tse tsoang ka Bibeleng, e seng hobane li re hlompha kapa li re rata empa hobane li ikholisitse hore lintho tseo li ithutileng tsona ka Bibeleng ke ’nete ka Molimo oa rona ea lerato.

Batsoali, thusang bana ba lona hore ba be le tumelo, ka hore le ba rute “lintho tse tebileng tsa Molimo” (Sheba serapa sa 12 le 13) *

12-13. Batsoali ba ka thusa bana ba bona hore ba lule ba sebeletsa Jehova joang?

12 Re kholisehile hore batsoali ba batla hore bana ba bona ba lule ba sebeletsa Jehova. U ka ’na oa lumela hore haeba ba e-na le metsoalle e hantle ka phuthehong ba tla lula ba e-na le tumelo e matla. Empa haeba bana ba hloka hore ba kholisehe hore lintho tseo Bibele e li rutang ke ’nete, ba hloka hore ba etse ho hong ho feta ho ba le metsoalle e hantle feela. Ba lokela ho ba metsoalle ea Jehova ba be ba kholisehe hore lintho tseo Bibele e li rutang ke ’nete.

13 E le hore batsoali ba tle ba khone ho nolofalloa ho ruta bana ba bona ka Molimo, ba lokela hore e be mehlala ho bana ba bona ka hore ba ithute Bibele. Ba lokela ho nahanisisa ka lintho tseo ba ithutang tsona. Ka tsela eo, ho tla ba bonolo hore ba rute bana ba bona hore le bona ba etse ntho e tšoanang. Ba lokela ho ruta bana ba bona mekhoa e fapa-fapaneng ea ho etsa lipatlisiso, joalokaha ba khona ho thusa lithuto tsa bona hore li etse joalo. Ha batsoali ba etsa joalo, ba tla thusa bana ba bona hore ba ananele mocha oo Jehova a o sebelisang e leng lekhoba le tšepahalang le le masene le re fang lijo tse re thusang ho ba le kamano e ntle le eena. (Mat. 24:​45-47) Batsoali ha baa lokela ho khotsofalla ho ruta bana ba bona lithuto tsa motheo feela tsa Bibele. Empa ba lokela ho ba thusa hore ba be le tumelo e matla ka ho ba ruta “lintho tse tebileng tsa Molimo” ho itšetlehile ka hore na ba lilemo li kae kapa hore na ba na le bokhoni bo bokae.​—1 Bakor. 2:10.

ITHUTE BOPROFETA BA BIBELE

14. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta boprofeta ba Bibele? (Sheba le lebokose le reng “ Na U ka Hlalosa Boprofeta Boo?”)

14 Boprofeta ba Bibele ke karolo e ’ngoe ea bohlokoa ea Lentsoe la Molimo e re thusang hore re be le tumelo e matla ho Jehova. Ke boprofeta bofe bo entseng hore tumelo ea hao e be matla? U ka ’na oa bua ka boprofeta bo buang ka “matsatsi a ho qetela.” (2 Tim. 3:​1-5; Mat. 24:​3, 7) Empa ke boprofeta bofe ba Bibele bo ka matlafatsang tumelo ea hao? Mohlala, na u ka hlalosa hore na boprofeta bo hlalang ho Daniele khaolo ea bobeli le khaolo ea 11 bo ile ba phethahala joang le hore na bo ntse bo tsoela pele ho phethahala joang? * Haeba tumelo ea hao e thehiloe ka ho feletseng Bibeleng, e ke ke ea sisinyeha ho hang. Ak’u nahane ka mohlala oa bara le barali babo rona ba ileng ba hlorisoa ka sehloho naheng ea Jeremane ka Ntoa ea Bobeli ea Lefatše. Le hoja ba ne ba sa utloisise boprofeta ba Bibele bo buang ka matsatsi a ho qetela hantle, ba ne ba e-na le tumelo e matla lentsoeng la Molimo.

Ho ithuta Bibele le boprofeta ba eona ho ka re thusa hore re be le tumelo le ha re thulana le mathata (Sheba serapa sa 15 ho ea ho sa 17) *

15-17. Ho ithuta Bibele ho ile hoa matlafatsa bara le barali babo rona ba neng ba hlorisoa ke Manazi joang?

15 Nakong eo Manazi a neng a busa Jeremane, bara le barali babo rona ba likete-kete ba ile ba isoa likampong tsa mahloriso. Hitler le moofisiri ea neng a hlahelletse e leng Heinrich Himmler, ba ne ba hloile Lipaki Tsa Jehova. Morali’abo rona e mong o re Himmler o ile a bua le baralib’abo rona ba neng ba le kampong eaba o re: “Jehova enoa oa lona e ka ’na eaba oa busa leholimong koana empa lefatšeng mona seeta ho lla sa rona! Re tla le bontša hore na ke bo-mang ba tla hlola ka nako e telele, hore na ke rona Manazi kapa lona Lipaki Tsa Jehova.” Lipaki Tsa Jehova li ile tsa thusoa ke eng hore li lule li tšepahala?

16 Liithuti tseo tsa Bibele li ne li tseba hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka 1914. Kahoo, li ne li sa makala ha li ne li hlorisoa ka sehloho joalo. Leha ho le joalo, bahlanka ba Jehova ba ne ba kholisehile hore ha ho na ’muso ofe kapa ofe o tla etsa hore morero oa Molimo o se ke oa phethahala. Hitler o ne a ke ke a felisa bolumeli ba ’nete kapa a theha ’muso o neng o tla ba matla ho feta ’Muso oa Molimo. Bara le barali babo rona ba ne ba kholisehile hore ka tsela ena kapa eane, ’muso oa Hitler o ne o tla hloleha.

17 Ntho eo bara le barali babo rona ba neng ba e lumela e ne e le ’nete. Ho e-s’o ee kae, puso oa Manazi e ile ea fela ’me Heinrich Himmler, monna ea kileng a re: “Mona lefatšeng seeta ho lla sa rona,” o ne a se a fetohile ’mutla oa lintjeng. Ha a ntse a le palehong, o ile a kopana le Mor’abo rona Lübke eo e neng e kile ea e-ba motšoaruoa. Himmler ha a bona hore ba hlolehile, o ile a botsa mor’abo rona a re: “Ak’u mpolelle hee Seithuti sa Bibele, ho tl’o etsahala’ng hona tjee?” Mor’abo rona Lübke o ile a hlalosetsa Himmler hore haesale Lipaki Tsa Jehova li tseba hore puso ea Manazi e tla hloleha le hore tsona li ne tla lokoloha. Himmler, monna eo pele a neng a tontontša Lipaki Tsa Jehova, o ne a se a sa tsebe hore na o nka eng o e kopanya le eng, a se a sa tsebe hore na a ka re’ng. Nakoana ka mor’a moo Himmler o ile a ipolaea. Re ithuta’ng? Ha re ithuta Bibele ho akareletsa le boprofeta, re ka ba le tumelo e matla e sa thekeseleng ho Molimo ’me ra ema re tiile leha re thulana le liteko.​—2 Pet. 1:​19-21.

18. Ho ea ka Johanne 6:​67, 68, ke hobane’ng ha re hloka “tšebo e nepahetseng le temoho” tseo Pauluse a buileng ka tsona?

18 Kaofela ha rona re lokela ho bontšana lerato, e leng letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete. Empa re boetse re hloka “tsebo e nepahetseng le temoho.” (Bafil. 1:9) Ho seng joalo, re tla hahlameloa “ke moea o mong le o mong oa thuto ka ho qhekella ha batho,” ho akarelletsa le bakoenehi. (Baef. 4:​14) Ha barutuoa ba bangata ba Kreste ba khaotsa ho mo latela, moapostola Petrose o ile a bontša hore o kholisehile hore Jesu o na le “lipolelo tsa bophelo.” (Bala Johanne 6:​67, 68.) Le hoja ka nako eo Petrose a ne a sa utloisise lintlha hantle, o ile a lula a tšepahala hobane o ne a utloisisa lithuto tse buang ka Kreste. Le uena u ka matlafatsa kholiseho eo u nang le eona linthong tseo Bibele e li rutang. Haeba u etsa joalo, u tla lula u e-na le tumelo e matla ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng hape u tla thusa batho ba bang hore le bona ba be le tumelo e matla.​—2 Joh. 1, 2.

PINA EA 72 Re Bolella Batho ka ’Muso

^ ser. 5 Sehlooho sena se tl’o re thusa ho ananela linnete tse tsoang ka Lentsoeng la Molimo. Se tl’o boela se hlalosa litsela tseo ka tsona re ka matlafatsang kholiseho eo re nang le eona ea hore lintho tseo re li lumelang ke ’nete.

^ ser. 10 E le ho u thusa hore u behelane mabaka le batho ba bang ka lithuto tsa mantlha tsa Bibele, sheba lihlooho tse hlahang tlas’a karolo ea “Moqoqo le Moahelani” e hlahang ho Molula-Qhooa oa 2010 ho ea ho 2015. Ho na le lihlooho tse kang “Na Jesu ke Molimo?” le “ ’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa?

^ ser. 14 Ho fumana lintlha tse ling tse buang ka boprofeta bona sheba Molula-Qhooa oa June 15, 2012, le oa May 2020.

^ ser. 60 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Nakong ea borapeli ba lelapa, batsoali ba ithuta boprofeta ba Bibele le bana ba bona bo buang ka matšoenyeho a maholo.

^ ser. 62 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Nakong ea matšoenyeho a maholo, lelapa leo ha le makatsoe ke lintho tse etsahalang.