Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 28

Kgodiseha Hore Seo o se Dumelang ke Nnete

Kgodiseha Hore Seo o se Dumelang ke Nnete

“Tswela pele dinthong tseo o ileng wa ithuta tsona le tseo o ileng wa susumelletswa hore o di dumele.”​—2 TIM. 3:14.

PINA YA 56 Phelela Nnete

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Lentswe “nnete” le bolelang?

O FUMANE nnete jwang? Na o hotse o tseba nnete? O na le nako e kae o tseba nnete? Mohlomong o kile wa botswa dipotso tsena kapa wa di botsa batho ba bang. Lentswe “nnete” le bolelang? Hangata ha re re “nnete” re bua ka dintho tseo re di dumelang, seo re se etsang ha re rapela Modimo le tsela eo re phelang ka yona. Batho ba tsebang “nnete” ba tseba seo Bibele e se rutang ebile ba phela ka melaomotheo ya yona. Ka lebaka la sena ha ba sa dumela dithutong tsa bohata mme ba dula ba thabile lefatsheng lena le buswang ke Satane.​—Joh. 8:32.

2. Ho ya ka Johanne 13:34, 35, ke eng e ka etsang motho hore a rate ho ithuta nnete?

2 Ke eng e entseng hore o rate ho ithuta nnete? Mohlomong ke tsela e ntle eo bahlanka ba Jehova ba itshwarang ka yona. (1 Pet. 2:12) Kapa lerato leo ba le bontshang batho ba bang. Batho ba bangata ba tlang dibokeng ka lekgetlo la pele ba bona lerato leo mme ke yona ntho eo ba e hopolang ho feta se neng se buuwa dibokeng letsatsing leo. Sena ha se makatse hobane Jesu o ile a re barutuwa ba hae ba tla bonahala ka lerato leo ba nang le lona. (Bala Johanne 13:34, 35.) Empa e le hore re be le tumelo e matla, ho na le dintho tse ding tseo re hlokang ho di etsa.

3. Ho tla etsahalang haeba tumelo ya rona e thehilwe feela leratong leo Bakrestemmoho ba nang le lona?

3 Ha re a lokela ho theha tumelo ya rona feela leratong leo bahlanka ba Modimo ba le bontshang. Hobaneng? A re re moholo kapa pulamadiboho o etsa sebe se tebileng kapa Mokrestemmoho o o utlwisa bohloko ka tsela e itseng. Kapa mohlomong Mokreste e mong e ba mokwenehi mme o re seo re se dumelang ha se nnete. Haeba dintho tse jwalo di etsahala na di tla o kgopisa mme o tlohele ho sebeletsa Jehova? Ka hoo ke eng seo re ithutang sona? Tumelo ya rona ha e na ba matla haeba e thehilwe dinthong tseo batho ba bang ba di etsang eseng kamanong ya rona le Jehova. Tsela eo o ikutlwang ka yona ka Jehova le bahlanka ba hae e tla o thusa hore o be le tumelo e matla ho ya boholeng bo itseng. Empa ke ha bohlokwa hore o ithute Bibele, o utlwisise seo o ithutang sona mme o etse dipatlisiso tse tla o kgodisa hore seo o ithutang sona ka yena ke nnete.​—Bar. 12:2.

4. Ho ya ka Matheu 13:3-6, 20, 21, batho ba bang ba etsang ha tumelo ya bona e lekwa?

4 Jesu o itse batho ba bang ba ka amohela nnete “ka thabo” empa ha ba na le mathata tumelo ya bona e ka fokola. (Bala Matheu 13:3-6, 20, 21.) Mohlomong ba ne ba sa utlwisise hore balatedi ba Jesu ba ne ba tla ba le mathata. (Mat. 16:24) Kapa mohlomong ba ne ba nahana hore ho ba Mokreste ho bolela hore ha ho mohla ba tla ba le mathata. Empa lefatshe lena leo re phelang ho lona, ho tla ba le mathata hobane maemo a ka fetoha e leng se ka fokotsang thabo ya rona.​—Pes. 6:6; Moek. 9:11.

5. Ke jwang bara le baradibabo rona ba bangata ba bontshang hore ba kgodisehile hore ba fumane nnete?

5 Bara le baradibabo rona ba bangata ba a bontsha hore ba kgodisehile hore ba fumane nnete. Jwang? Tumelo ya bona ha e fokodiswe ke ha Bakrestemmoho ba ba utlwisa bohloko kapa ba etsa dintho tse sa dumellaneng le melao ya Modimo. (Pes. 119:165) Ka mehla ha ba na le mathata seo ha se fokodise tumelo ya bona empa e ba matla. (Jak. 1:2-4) Ke jwang re ka bang le tumelo eo e matla?

FUMANA “NNETE YA DITABA TSE MOLEMO”

6. Tumelo ya barutuwa ba mehleng ya baapostola e ne e thehilwe hokae?

6 Mehleng ya baapostola tumelo ya barutuwa ba Jesu e ne e thehilwe dinthong tseo ba ithutileng tsona le ka mangolong, e leng “nnete ya ditaba tse molemo.” (Bagal. 2:5) Nnete ena ke dintho tsohle tseo re di dumelang re le Bakreste tse akarelletsang sehlabelo sa Jesu sa thekollo le ho tsoswa ha hae. Moapostola Pauluse o ne a kgodisehile hore dithuto tseo ke nnete. Hobaneng? Hobane o sebedisitse mangolo ho bontsha “ka ditshupiso hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utlwe bohloko le hore a tsohe bafung.” (Lik. 17:2, 3) Bakreste ba mehleng eo ba ile ba amohela dithuto tseo le ho itshetleha ka moya o halalelang hore o ba thuse ho utlwisisa Lentswe la Modimo. Ba ile ba etsa dipatlisiso ho etsa bonnete ba hore dithuto tseo di thehilwe mangolong. (Lik. 17:11, 12; Baheb. 5:14) Tumelo ya bona e ne e sa thehwa tseleng eo ba ikutlwang ka yona ebile ba ne ba sa sebeletse Jehova hobane feela ba thabela ho ba le Bakrestemmoho. Ho e na le hoo tumelo ya bona e ne e thehilwe “tsebong e nepahetseng ya Modimo.”​—Bakol. 1:9, 10.

7. Tumelo ya rona ka seo Bibele e se rutang e tla re thusa jwang?

7 Nnete e ka Bibeleng ha e fetohe. (Pes. 119:160) Ka mohlala, ha e fetohe haeba Mokrestemmoho a re utlwisa bohloko kapa a etsa sebe se tebileng. Hape nnete eo ha e fetohe ha re ba le mathata. Ka hoo re hloka ho tseba hantle seo Bibele e se rutang mme re etse bonnete ba hore seo re ithutang sona ke nnete. Haeba re na le tumelo e matla ho seo Bibele e se rutang re tla dula re tshepahalla Jehova le ha re na le mathata. Ke jwang o ka dulang o kgodisehile hore seo o ithutang sona ke nnete?

“SUSUMELLETSWA HORE O DI DUMELE”

8. Jwalo ka ha 2 Timothea 3:14, 15 e bontsha, ke eng e ileng ya kgodisa Timothea hore o fumane nnete?

Timothea o ne a kgodisehile hore o fumane nnete. Empa ke eng e mo kgodisitseng hore o e fumane? (Bala 2 Timothea 3:14, 15.) Mme wa hae le nkgono wa hae ke bona batho ba pele ba ho mo ruta “dingodilweng tse halalelang.” Empa le yena o ile a nka nako a ntse a ithuta dingolwa tseo. Ka lebaka leo o ile a susumelletseha hore a dumele hore dingolwa tseo di bua nnete. Timothea, Mme wa hae le nkgono wa hae ba ile ba ithuta nnete. Ha ho pelaelo hore Timothea o ile a thabiswa ke lerato leo balatedi ba Jesu ba neng ba na le lona, hape o ne a thabela ho thusa Bakrestemmoho le ho qeta nako le bona. (Bafil. 2:19, 20) Le ha ho le jwalo tumelo ya hae e ne e thehilwe dinthong tseo a ithutileng tsona ka Bibeleng, tse ileng tsa etsa hore a be le kamano e ntle le Jehova eseng leratong leo a neng a rata Bakrestemmoho ka lona. Ka hoo le wena o tlameha ho ithuta Bibele mme o kgodisehe hore seo e se rutang ka Jehova ke nnete.

9. Ke dithuto dife tse tharo tsa motheo tseo o lokelang ho kgodiseha ka tsona?

9 E le hore o kgodisehe hore o fumane nnete o hloka ho tseba ka dithuto tsena tse tharo tsa motheo. Ya pele, o lokela ho kgodiseha hore Jehova Modimo ke Mmopi wa dintho tsohle. (Ex. 3:14, 15; Baheb. 3:4; Tšen. 4:11) Ya bobedi, o tlameha ho kgodiseha hore Bibele ke molaetsa o tswang ho Modimo oo a o fileng batho. (2 Tim. 3:16, 17) Ya boraro, o lokela ho kgodiseha hore ho na le batho ba rapelang Jehova ba tataiswa ke Kreste mme batho bao ke Dipaki Tsa Jehova. (Esa. 43:10-12; Joh. 14:6; Lik. 15:14) Ho kgodiseha ka dithuto tsena tsa motheo ha ho bolele hore o tlameha ho tseba ntho e nngwe le e nngwe ka Bibele. Ka hoo ntho eo o lokelang ho e etsa ke hore o sebedise ‘matla a hao a ho nahana’ e le hore o kgodisehe hore o fumane nnete.​—Bar. 12:1.

IKEMISETSE HO THUSA BATHO BA BANG HORE BA KGODISEHE HORE BA FUMANE NNETE

10. Ka mora hore re tsebe nnete ke eng seo re lokelang ho se etsa?

10 Ka mora hore o kgodisehe hore dithuto tsa motheo ka Modimo, Bibele le bahlanka ba hae ke nnete o lokela ho sebedisa Bibele ho thusa ba bang hore le bona ba fumane nnete. Hobaneng? Ka ha re Bakreste re na le boikarabelo ba ho ruta batho ba re mamelang nnete. * (1 Tim. 4:16) Hape ha re ntse re leka ho thusa batho ba bang ho dumela hore seo Bibele e se rutang ke nnete re boetse re matlafatsa tumelo ya rona ka dithuto tseo.

11. Moapostola Pauluse o re behetse mohlala ofe wa ho ruta, hona re ka mo etsisa jwang?

11 Ha moapostola Pauluse a ne a ruta batho o ne a ba “susumetsa malebana le Jesu ho tswa molaong wa Moshe ha mmoho le Baprofeteng, ho tloha hoseng ho fihlela ka shwalane.” (Lik. 28:23) Ke jwang re ka etsisang Pauluse ha re ruta batho ba bang nnete? Re lokela ho etsa se fetang feela ho ba bolella hore na Bibele e rutang. Re tlameha ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba nahanisise haholo ka seo ba ithutang sona ka Bibeleng, e le hore ba be le kamano e ntle le Jehova. Ka hoo ha re batle hore ba amohele nnete hobane feela ba re rata empa hobane ba kgodisehile hore seo ba ithutang sona ka Modimo wa rona ya lerato ke nnete.

Batswadi, thusang bana ba lona hore ba be le tumelo ka hore le ba rute “dintho tse tebileng tsa Modimo” (Sheba serapa sa 12 le 13) *

12, 13. Batswadi ba ka thusa bana ba bona jwang hore ba dule nneteng?

12 Ha ho pelaelo hore batswadi ba batla hore bana ba bona ba dule nneteng. Ba ka nna ba nahana hore haeba bana ba bona ba na le metswalle e hantle ka phuthehong ba tla ba le tumelo e matla. Le ha ho le jwalo haeba batswadi ba batla hore bana ba bona ba kgodisehe hore seo ba ithutang sona ka Bibeleng ke nnete, ba hloka ho fetang ho ba le metswalle e hantle. Ba hloka hore e be metswalle ya Modimo mme ba kgodisehe hore seo Bibele e se rutang ke nnete.

13 Haeba batswadi ba batla ho ruta bana ba bona nnete ka Modimo, ba tlameha hore ba ba behele mohlala ka hore ba ithute Bibele. Hape batswadi ba tlameha hore ba iphe nako ya ho nahanisisa ka seo ba ithutang sona. Ka ho etsa jwalo, batla kgona ho ruta bana ba bona hore le bona ba etse se tshwanang. Ba lokela ho ruta bana ba bona hore ba iketsetse dipatlisiso jwalo ka ha ba ruta batho bao ba ithutang Bibele le bona. Haeba ba etsa jwalo ba tla be ba thusa bana ba bona hore ba rate Jehova le ho tshepa hore Jehova o sebedisa “lekgoba le tshepahalang le le masene” ho re thusa hore re utlwisise Bibele. (Mat. 24:45-47) Batswadi le lokela ho etsa se fetang feela ho ruta bana ba lona dithuto tsa motheo tsa Bibele. Ba thuseng hore ba be le tumelo ‘dinthong tse tebileng tsa Modimo’ ho ya ka bokgoni le dilemo tsa bona.​—1 Bakor. 2:10.

ITHUTE BOPROFETA BA BIBELE

14. Ke hobaneng ha re lokela ho ithuta boprofeta ba Bibele? (Sheba lebokose le reng, “ Na o ka Hlalosa Boprofeta Boo?”)

14 Boprofeta ba Bibele ke karolo ya bohlokwa e re thusang hore re be le tumelo e matla. Ke boprofeta bofe bo matlafaditseng tumelo ya hao? O ka nna wa re ke boprofeta bo buang ka ‘matsatsi a ho qetela.’ (2 Tim. 3:1-5; Mat. 24:3, 7) Empa ke boprofeta bofe bo seng bo phethahetse bo ka matlafatsang tumelo ya hao? Ka mohlala na o ka hlalosa hore boprofeta bo ho Daniele kgaolo ya 2 kapa bo ho kgaolo ya 11 bo phethahetse jwang nakong e fetileng le hore bo ntse bo tswela pele bo phethahala jwang kajeno? * Ha tumelo ya hao e thehilwe Bibeleng e ke ke ya fokola. Nahana ka mohlala wa barababo rona ba ileng ba hloriswa haholo ka Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe Germany. Le hoja ba ne ba sa utlwisise boprofeta kaofela bo buang ka matsatsi a ho qetela ba ne ba na le tumelo e matla Lentsweng la Modimo.

Ha re ithuta Bibele le boprofeta ba yona e tla re thusa hore re dule re tshepahalla Jehova ha re na le mathata (Sheba serapa sa 15-17) *

15-17. Ho ithuta Bibele ho ile ha matlafatsa bara le baradibabo rona jwang ha ba ne ba hloriswa ke mmuso wa Manazi?

15 Ha Manazi a ne a busa Germany, bara le baradibabo rona ba dikete ba ile ba iswa dikampong tsa mahloriso. Hitler le SS Chief Heinrich Himmler ba ne ba hloile Dipaki Tsa Jehova. Ho ya ka moradiwabo rona e mong, Himmler o ile a re ho sehlopha sa baradibabo rona ba neng ba le kampong e nngwe ya mahloriso: “Jehova wa lona e ka nna yaba o busa lehodimong empa mona lefatsheng ke rona ba busang! Re tla bona hore na ke bo mang ba tla mamella nako e telele, ke lona kapa ke rona!” Ke eng e thusitseng bahlanka bao ba Jehova hore ba dule ba tshepahala?

16 Diithuti tseo tsa Bibele di ne di tseba hore Mmuso wa Modimo o qadile ho busa ka 1914. Ha di a ka tsa makatswa ke mahloriso ao. Le ha ho le jwalo bahlanka ba Jehova ba ne ba kgodisehile hore ha hona mmuso wa batho o ka thibelang Modimo hore a phethahatse morero wa hae. Hitler ha a a ka a kgona ho fedisa borapedi ba nnete kapa hona ho theha mmuso o neng o tla ba matla ho feta Mmuso wa Modimo. Ka hoo bara le baradibabo rona ba ne ba kgodisehile hore mmuso wa Hitler o tla fela.

17 Seo bara le baradi bana babo rona ba neng ba se dumela e ne e le nnete. Ka mora dilemo tse mmalwa mmuso wa Manazi o ile wa fela mme Heinrich Himmler ya ileng a re “mona lefatsheng ke rona ba busang” o ile a tlameha ke hore a balehe. Ha a ntse a baleha o ile a kopana le morabo rona Lübke eo e kileng ya ba motshwaruwa mme o ne a tseba hore ke Paki ya Jehova. Himmler eo mmuso wa hae o neng o hlotswe, o ile a botsa Morabo rona Lübke a re: “Seithuti sa Bibele ho tla etsahalang jwale?” Morabo rona Lübke o ile a hlalosetsa Himmler hore Dipaki Tsa Jehova esale di tseba hore mmuso wa Manazi o tla fela mme Dipaki di tla lokollwa. Himmler o ile a bua dintho tse ngata tse mpe ka Dipaki Tsa Jehova empa ka nako eo o ne a se a sa tsebe hore a reng. Nakwana ka mora moo o ile a ipolaya. Re ithutang ho see? Ha re ithuta Bibele ho akarelletsa le boprofeta ba yona e ka re thusa hore re be le tumelo e matla ho Modimo le hore re eme re tiile ha re hloriswa.​—2 Pet. 1:19-21.

18. Jwalo ka ha Johanne 6:67, 68 e bontsha, ke hobaneng ha re hloka ho ba le “tsebo e nepahetseng le temoho e feletseng” eo Pauluse a buileng ka yona?

18 Re hloka hore re bontshane lerato e le hore batho ba ka bona hore re Bakreste ba nnete. Empa re boetse re hloka “tsebo e nepahetseng le temoho e feletseng.” (Bafil. 1:9) Ho seng jwalo re tla susumetswa “ke moya o mong le o mong wa thuto ka ho qhekella ha batho” ho akarelletsa le bakwenehi. (Baef. 4:14) Ha barutuwa ba bangata ba Jesu ba tlohela ho mo latela, moapostola Petrose o ile a bontsha hore o na le tumelo e matla ya hore Jesu o na le “bophelo bo sa feleng.” (Bala Johanne 6:67, 68.) Le hoja ka nako eo Petrose a ne a sa utlwisise hantle se bolelwang ke mantswe ao, o ile a dula a tshepahala hobane o ne a tseba nnete ka Kreste. Le wena o ka matlafatsa tumelo ya hao ka seo Bibele e se rutang. Haeba o etsa jwalo tumelo ya hao e tla dula e le matla ho sa tsotellehe hore na ho etsahalang, hape o tla kgona ho thusa batho ba bang hore le bona ba be le tumelo e matla.​—2 Joh. 1, 2.

PINA YA 72 Ho Tsebahatsa Nnete ya Mmuso

^ par. 5 Sehlooho sena se tlo re thusa ho utlwisisa hore seo Bibele se rutang ke sa bohlokwa. Se tlo boela se re bontshe hore na re ka etsa jwang hore re kgodisehe hore seo re se dumelang ke nnete.

^ par. 10 E le hore o kgone ho thusa batho ba bang hore ba tsebe dithuto tsa motheo tsa Bibele, sheba dihlooho tse reng “Moqoqo le Moahelani” tse ho Molula-Qhooa wa 2010 ho ya ho 2015. Tse reng “Jesu ke Modimo?” “Mmuso wa Modimo o Qadile Neng ho Busa?” le “Na Modimo o Ahlolela Batho Dihele?

^ par. 14 E le hore o tsebe dintlha tse eketsehileng ka boprofeta boo, sheba Molula-Qhooa wa June 15, 2012 le Tora ya ho Lebela ya May 2020.

^ par. 60 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Nakong ya borapedi ba lelapa batswadi ba ithuta le bana ba bona boprofeta ba Bibele bo buang ka matshwenyeho a maholo.

^ par. 62 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Nakong ya matshwenyeho a maholo lelapa leo le ke ke la makatswa ke dintho tse tla beng di etsahala.