Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Jesu e bile Moprista ea Phahameng neng, hona ho na le phapang efe pakeng tsa hore na selekane se secha se tiisitsoe neng le hore na se qalile neng?

Bopaki bo bontša hore Jesu e bile Moprista ea Phahameng nakong eo a neng a kolobetsoa ka selemo sa 29. Re tseba joang? Ha Jesu a ne a kolobetsoa, o ile a itlhahisa e le sehlabelo aletareng ea tšoantšetso ea ho etsa “thato ea Molimo.” (Bagal. 1:4; Baheb. 10:​5-10) Kaha aletare ke karolo ea bohlokoa haholo ka tempeleng, ho ka etsahala hore ebe tempele ena ea tšoantšetso kapa ea moea e ile ea qala ho ba teng ha Jesu a ne a kolobetsoa. Tempele ena ea Jehova e emela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsang hore re khone ho mo rapela le ho mo tlotlisa ka lebaka la sehlabelo sa Jesu.​—Mat. 3:​16, 17; Baheb. 5:​4-6.

Haeba tempele ea moea e le teng, ho hlakile hore le Moprista ea Phahameng le eena o lokela ho ba teng. Kahoo, Jehova o ile “tlotsa [Jesu] ka moea o halalelang le matla” hore a phethe karolo eo. (Lik. 10:​37, 38; Mar. 1:​9-11) Empa, re ka kholisoa ke’ng hore Jehova o ile a tlotsa Jesu hore ebe Moprista ea Phahameng pele ho lefu la hae le tsoho ea hae? Re tla khona ho fumana karabo ea potso ena haeba re ka hlahloba mohlala oa Arone le baprista ba ileng ba mo latela.

Molao oo Jehova a neng a o file Moshe o ne o re ke moprista ea phahameng feela ea neng a lokela ho kena ka Sehalalelisong sa tabernakele ’me hamorao o ne a tla kena ka Sehalalelisong sa tempele. Sehalalelo se ne se arotsoe ho Sehalalelisiso ka lesira. Moprista ea phahameng o ne a kena ka Sehalalelisisong mohlang e le Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe feela. (Baheb. 9:​1-3, 6, 7) Feela joalokaha Arone le batho ba neng ba tla mo latela ba ne ba lokela ho tlotsoa pele ba kena ka Sehalalelisong sa tabernakele, e ka ’na eaba Jesu le eena o ile a tlotsoa hore ebe Moprista ea Phahameng oa tempele ea Jehova pele a shoa ’me a ‘phunyeletsa lesira, ke hore nama hae’ ’me a ea leholimong. (Baheb. 10:​20) Ka lebaka lena, moapostola Pauluse o ile a hlalosa Jesu “e le moprista ea phahameng” ea tla feta “tente e kholo le e phethahetseng haholo e sa etsoang ka matsoho,” ’me a kene ‘leholimong.’​—Baheb. 9:​11, 24.

Ha ho na phapang pakeng tsa hore na selekane se secha se tiisitsoe neng kapa hore na se qalile ho sebetsa neng. Hobane’ng? Ha Jesu a ne a khutlela leholimong ’me a hlahisa ’mele oa hae o phethahetseng ka pel’a Jehova molemong oa rona, o ile a nka mohato oa pele ho e meraro e neng e etsa hore selekane se tiisoe kapa se be molaong. Mehato eo e ile ea boela ea etsa hore selekane seo se sebetse kapa se qale ho kenngoa tšebetsong. Ke efe mehato eo?

Mohato oa pele ke hore, Jesu o ile a hlaha ka pel’a Jehova; oa bobeli ke hore, o ile a fana ka bohlokoa ba sehlabelo sa hae ho Jehova; eaba qetellong Jehova o amohela bohlokoa ba mali a sehlabelo sa Jesu. Selekane se secha se ne se sa sebetse pele mehato ena e phethoa.

Bibele ha e re bolelle ka ho toba hore na Jehova o ile a amohela bohlokoa ba sehlabelo sa Jesu neng. Kahoo, re ke ke ra bua ka ho toba hore na selekane se secha se ile sa tiisoa le ho kenngoa tšebetsong neng. Leha ho le joalo, ntho eo re e tsebang ke hore Jesu o ile a nyolohela leholimong matsatsi a leshome pele ho Pentekonta. (Lik. 1:3) Ho ka etsahala hore nakong eo e khutšoanyane o ile a hlahisa bohlokoa ba sehlabelo sa hae ka pel’a Jehova ’me Jehova o ile a se amohela. (Baheb. 9:​12) Ntho e ileng ea etsahala ka Pentekonta, e ne e le bopaki bo totobetseng ba taba ena. (Lik. 2:​1-4, 32, 33) Ka lebaka leo, ho ile ha hlaka hore selekane se secha se teng ebile sea sebetsa.

Ha re phethela, re re selekane se secha se ile sa tiisoa le ho kenngoa tšebetsong feela ka mor’a hore Jehova a amohele bohlokoa ba mali a sehlabelo sa Jesu. Ka tsela ena selekane se ile sa sebetsa se e-na le Moprista ea Phahameng e leng Jesu a bile a sebetsa e le Mokena-lipakeng oa sona.​—Baheb. 7:​25; 8:​1-3, 6; 9:​13-15.