Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Jesu e bile Moprista ya Phahameng neng, hona na ho na le phapang pakeng tsa ha selekane se setjha se ne se tiiswa le ha se ne se qala?

Ho na le bopaki bo bontshang hore Jesu e bile Moprista ya Phahameng ha a ne a kolobetswa ka selemo sa 29. Re tseba seo jwang? Ha Jesu a ne a kolobetswa o ile a bontsha hore o ikemiseditse ho fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo aletareng ya tshwantshetso e emelang “thato” ya Modimo. (Bagal. 1:4; Baheb. 10:5-10) Ka ha aletare ke karolo ya bohlokwa ya tempele, e ka nna ya ba tempele ya Modimo e ile ya qala ho ba teng ha Jesu a ne a kolobetswa. Tempele ena ya Modimo e emela ntho e nngwe le e nngwe e etsang hore re kgone ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang motheong wa sehlabelo sa Jesu.​—Mat. 3:16, 17; Baheb. 5:4-6.

Tempele ena ya Modimo e ne e hloka moprista ya phahameng. Ka hoo Jehova o ile a kgetha Jesu ka “moya o halalelang le matla” hore e be moprista ya phahameng. (Lik. 10:37, 38; Mar. 1:9-11) Ho ntse ho le jwalo, re tseba jwang hore Jesu o ile a kgethwa hore e be Moprista ya Phahameng pele a shwa le ho tsoswa? Mohlala wa Arone le batho bao e ileng ya ba baprista ba phahameng ka mora hae o tla re thusa ho araba potso eo.

Molao oo Jehova a neng a o file Moshe o ne o re ke moprista ya phahameng feela ya neng a ka kena ka Sehalaledisisong sa tabernakele mme ha morao o ne a ka kena ka Sehalaledisisong sa tempele. Sehalaledisiso se ne se arotswe ho Sehalalelo ka lesira kapa kgaretene. Ke feela ka Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe moprista ya phahameng a neng a ka fetela ka nqane ho kgaretene. (Baheb. 9:1-3, 6, 7) Arone le baprista ba phahameng ba ileng ba tla ka mora hae, e bile baprista ba phahameng pele ba ka feta kgareteneng e le hore ba kene ka Sehalaledisisong. Ka hoo e tlameha e be Jesu le yena o ile a kgethwa hore e be Moprista ya Phahameng pele a shwa ka mora moo a feta “lesira, ke hore, nama ya hae” ho ya phela lehodimong. (Baheb. 10:20) Ka lebaka lena moapostola Pauluse o ile a re Jesu ke “moprista ya phahameng” ya tlang le ya tla feta ‘tenteng e kgolo le e phethahetseng haholo e sa etswang ka matsoho,’ mme a kene “lehodimong.”​—Baheb. 9:11, 24.

Ka hoo ha ho na phapang pakeng tsa ha selekane se setjha se ne se tiiswa le ha se ne se qala. Hobaneng? Ha Jesu a ne a nyolohela lehodimong le ho fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng bakeng sa rona, o ile a nka mohato wa pele ho e meraro e neng e tla tiisa selekane se setjha. Mehato eo e meraro e ne e boetse e etsa hore selekane se qale. Mehato eo e meraro ke efe?

Mohato wa pele, Jesu o ile a hlaha ka pela Jehova. Wa bobedi, o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo ho Jehova. Wa ho qetela, Jehova o ile a amohela sehlabelo sa Jesu sa bohlokwa. Ka hoo selekane sena se setjha se ile sa sebetsa ka mora hore mehato ena e meraro e etswe.

Bibele ha e re bolelle hore na Jehova o ile a amohela sehlabelo sa Jesu neng. Ka hoo re ke ke ra tseba nako eo selekane sena se ileng sa qala le ho tiiswa ka yona. Le ha ho le jwalo, re a tseba hore Jesu o nyolohetse lehodimong matsatsi a leshome pele ho Pentekonta. (Lik. 1:3) E leng hore nakong eo e kgutshwane, o ile a hlahisa sehlabelo sa hae mme Jehova a se amohela. (Baheb. 9:12) Se ileng sa etsahala ka Pentekonta se ile sa bontsha hore selekane se setjha se ne se qadile ho sebetsa. (Lik. 2:1-4, 32, 33) Ka hoo, ho ile ha hlaka hore selekane se setjha se teng ebile se a sebetsa.

Ka kakaretso, selekane se setjha se ile sa qala le ho tiiswa ka mora hore Jehova a amohele sehlabelo sa Jesu le ho etsa hore batlotsuwa e be karolo ya selekane seo. Ka hoo Jesu e bile Moprista ya Phahameng le Mokenadipakeng wa sona.​—Baheb. 7:25; 8:1-3, 6; 9:13-15.