Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 30

Tsoela Pele ho Tsamaea ’Neteng

Tsoela Pele ho Tsamaea ’Neteng

“Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.”​—3 JOH. 4.

PINA EA 54 “Tsela ke Eona Ena”

SELELEKELA *

1. Ke’ng e re thabisang ho ea ka 3 Johanne 3, 4?

U NAHANA hore moapostola Johanne o ile a thaba hakae ha a utloa hore batho bao a ba rutileng ka Jehova ba ntse ba tsoela pele ho mo sebeletsa ka botšepehi? Bakreste bao ba ne ba thulane le mathata a mangata ’me Johanne o ne a ntse a sebetsa ka thata ho matlafatsa tumelo ea batho bao ba tšepahalang bao a neng a ba nka joaloka bana ba hae. Ka tsela e tšoanang, le rona rea thaba haeba bana ba rona e bang ke ba letsoele kapa bao re ba rutileng Bibele, ba inehela ho Jehova ’me ba loanela ho lula ba mo sebeletsa.​—Bala 3 Johanne 3, 4.

2. Johanne o ile a ngola mangolo a hae ka sepheo sefe?

2 E ka ’na eaba ka selemo sa 98, Johanne o ne a lula Efese kapa haufi le teng. Ho ka etsahala hore ebe o ile a ea moo ka mor’a hore a tsoe teronkong koana sehlekehlekeng sa Patmose. Ka nako eo, moea o halalelang oa Jehova o ile oa mo susumetsa hore a ngole mangolo a mararo. Sepheo sa ho ngola mangolo ao, e ne e le ho khothaletsa Bakreste ba tšepahalang hore ba lule ba e-na le tumelo ho Jesu le hore ba tsoele pele ho tsamaea ’neteng.

3. Re tl’o araba lipotso life?

Johanne e ne e le eena feela moapostola oa ho qetela ea ntseng a phela, kahoo, o ne a tšoenyehile ka tšusumetso e mpe eo baruti ba bohata ba neng ba ntse ba e jala ka phuthehong ea Bokreste. * (1 Joh. 2:​18, 19, 26) Bakoenehi bao ba ne ba re ba tseba Molimo empa ba ne ba sa mamele melao ea hae ho hang. A re ke re bueng ho se hokae ka keletso e bululetsoeng eo Johanne a ileng a fana ka eona. Ha re ntse re etsa joalo, re tla araba lipotso tsena tse tharo: Ho tsamaea ’neteng ho bolela’ng? Re ka sitisoa ke’ng ho tsamaea ’neteng? Hona re ka thusana joang e le hore re tsoele pele re tsamaea ’neteng?

HO TSAMAEA ’NETENG HO BOLELA’NG?

4. Ho ea ka 1 Johanne 2:​3-6 le 2 Johanne 4, 6, ho tsamaea ’neteng ho akareletsa’ng?

4 E le hore re tsoele pele ho tsamaea ’neteng, re lokela ho tseba ’nete e ka Lentsoeng la Molimo. Ho phaella moo, re lokela ho ‘boloka litaelo tsa’ Jehova, ka mantsoe a mang, re li mamele. (Bala 1 Johanne 2:​3-6; 2 Johanne 4, 6.) Jesu o re behetse mohlala tabeng ea ho mamela Jehova. Ka hona, tsela e ’ngoe e molemo haholo eo re mamelang Jehova ka eona, ke ka ho latela mehato ea Jesu haufi-ufi kahohle kamoo re ka khonang.​—Joh. 8:​29; 1 Pet. 2:21.

5. Re lokela ho kholiseha ka’ng?

5 E le hore re lule re sebeletsa Jehova, re lokela ho kholiseha hore ke Molimo oa ’nete le hore lintho tsohle tseo a re bolellang tsona ka Bibeleng ke ’nete. Hape, re lokela ho kholiseha hore Jesu e fela e le Mesia ea tšepisitsoeng. Batho ba bangata mehleng ena ba belaella taba ea hore Jesu o tlotselitsoe hore e be Morena oa ’Muso oa Molimo. Johanne o ile a lemosa batho hore ho ne ho e-na le “bathetsi ba bangata” ba neng ba tla khelosa batho ba neng ba ke ke ba khona ho sireletsa ’nete eo ba e tsebang ka Jehova le Jesu. (2 Joh. 7-11) Johanne o ile a re: “Ke mang ea leshano haeba e se ea latolang hore Jesu ke Kreste?” (1 Joh. 2:​22) Tsela feela eo ka eona re ka qobang ho thetsoa, ke haeba re ithuta Lentsoe la Molimo. Ka ho etsa joalo, re tla tseba Jehova le Jesu. (Joh. 17:3) Hape ke ka tsela eo feela re tlang ho kholiseha hore re fumane ’nete.

RE KA SITISOA KE’NG HO TSAMAEA ’NETENG?

6. Bacha ba Lipaki ba ka sitisoa ke’ng hore ba tsamaee ’neteng?

6 Bakreste bohle ba lokela ho itebela e le hore ba se ke ba thetsoa ke filosofi kapa lithuto tsa batho. (1 Joh. 2:​26) Bakreste ba bacha lilemong ke bona bao ka ho khetheha ba lokelang ho elelloa sefi sena. Morali’abo rona Alexia * ea lilemo li 25 ea lulang Fora o re: “Ha ke ntse ke kena sekolo, ke ile ka ithuta ka ho iphetola ha lintho le ka filosofi’me lintho tsena li ne li mpherekanya. Ka linako tse ling, ke ne ke utloa lintho tseo li utloahala. Leha ho le joalo, ke ne ke utloa ke sa tlameha ho mamela lithuto tseo ke neng ke li rutoa sekolong feela empa ke sa fe Jehova monyetla oa hore le eena a itlhalose.” Morali’abo rona Alexia o ile a bala buka ea Life​—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? Ka mor’a libeke tse ’maloa o ile a khaotsa ho ba le lipelaelo. O re: “Ke ile ka ikholisa hore ha e le hantle, Bibele e bua ’nete. Ke ile ka boela ka elelloa hore ho phela ka melao ea eona ho entse hore ke be le thabo le khotso.”

7. Re lokela ho ba hlokolosi ka’ng, hona hobane’ng?

7 Bakreste bohle e bang ba baholo kapa ba banyane, ba lokela ho hana ho phela bophelo bo habeli. Johanne o ile a bontša hore re ke ke ra tsamaea ’neteng empa ka nako e tšoanang re phela bophelo bo sa hloekang. (1 Joh. 1:6) Haeba re batla ho amoheloa ke Jehova hona joale esita le nakong e tlang, re lokela hore re itšoare joalokaha eka re pooaneng moo re bonoang ke bohle. Ka ho cho joalo, re bontša hore esita le haeba batho ba sa bone hore na re etsa’ng moo re leng bang, Jehova eena o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re etsang.​—Baheb. 4:13.

8. Re lokela ho qoba’ng?

8 Re lokela ho qoba ho nka sebe ka tsela eo batho ba lefatše lena ba se nkang ka eona. Moapostola Johanne o ile a re: “Haeba re re: “Ha re na sebe,” rea ithetsa ’me ’nete ha e eo ho rona.” (1 Joh. 1:8) Mehleng ea Johanne, bakoenehi ba ne ba re motho e ka ba motsoalle oa Molimo le haeba a etsa lintho tseo Molimo a sa li rateng. Le mehleng ena, re phela har’a batho ba nang le maikutlo a tšoanang le ao. Ba bangata ba ipolela hore ba lumela ho Molimo empa ba hanyetsana le maikutlo ao Molimo a nang le ’ona ka sebe haholo-holo tabeng ea thobalano. Ntho eo Jehova a reng ke sebe kapa boitšoaro bo sa hloekang, batho bana bona ba re taba eo e ea ka maikutlo a motho hore na eena o batla ho etsa’ng.

Bacha, matlafatsang kholiseho eo le nang eona ea lithuto tsa Bibele tsa hore na ntho e nepahetseng le e fosahetseng ke efe ha ho tluoa boitšoarong e le hore le ka emela tumelo ea lona (Sheba serapa sa 9) *

9. Bacha ba rua molemo ofe ha ba khomarela lithuto tseo ba ithutileng tsona Bibeleng?

9 Ka ho khetheha, bacha ba ka ba tlas’a khatello ea ho amohela maikutlo a bana ba bang ba sekolo kapa basebetsi-’moho le bona a buang ka thobalano. Mor’abo rona Aleksandar ea lilemo li 30 o ile hlaheloa ke ntho e joalo. O re: “Banana ba bang bao ke neng ke kena sekolo le bona ba ne mphehella hore ke robale le bona. Ba ile ba re kaha ha ke na kharebe, e tlameha ebe ke ratana le bashanyana.” Haeba u etsahalloa ke ntho e kang ena, u lule u hopola hore ho lula u tiile linthong tseo u ithutileng tsona Bibeleng, ho tla sireletsa seriti sa hao, bophelo ba hao, pelo ea hao le kamano ea hao le Jehova. Hape, nako le nako ha u hana ho etsa ntho e fosahetseng, ho tla ba bonolo hore u etse e nepahetseng. U lule u hopola hape hore maikutlo a fosahetseng ao batho ba nang le ’ona ka thobalano a tsoa ho Satane. Kahoo, ha u hana ho inehella ho nahana joaloka batho ba lefatše lena, u tla be u ‘hlola ea khopo.’​—1 Joh. 2:14.

10. 1 Johanne 1:9 e re thusa ho sebeletsa Jehova ka letsoalo le hloekileng joang?

10 Re lumella Jehova hore e be eena ea re bolellang hore na ntho eo a e nkang e le sebe ke efe. Ka hona, re leka kahohle hore re se ke ra etsa sebe. Empa haeba re etsa sebe, re bolella Jehova ka thapelo phoso eo re entseng. (Bala 1 Johanne 1:9.) Athe haeba teng re entse sebe se tebileng haholo, re kopa thuso ho baholo bao Jehova a ba khethileng hore ba re hlokomele. (Jak. 5:​14-16) Leha ho le joalo, ha rea lokela ho lula re ipeha molato ka lintho tseo re ileng ra li etsa nakong e fetileng. Hobane’ng? Hobane Ntate oa rona ea lerato o re file sehlabelo sa Mora oa hae sa thekollo e le hore libe tsa rona li ka tšoareloa. Jehova o phelela mantsoe a hae ha a re o tla tšoarela batho ba baketseng libe tsa bona. Kahoo, ha ho na letho le ka re sitisang ho sebeletsa Jehova ka letsoalo le hloekileng.​—1 Joh. 2:​1, 2, 12; 3:​19, 20.

11. Re ka sireletsa likelello tsa rona joang khahlanong le lithuto tse ka thefulang tumelo ea rona?

11 Re lokela ho hana lithuto tsa bakoenehi. Haesale ho tloha ha phutheho ea Bokreste e ne e thehoa, Diabolose o ’nile a sebelisa bathetsi ba bangata ho jala lipelaelo ka likelellong tsa bahlanka ba tšepahalang ba Jehova. Ka lebaka leo, re lokela ho tseba phapang pakeng tsa hoo e leng ’nete le hoo e leng leshano. * Lira tsa rona li ka sebelisa Inthanete kapa mecha ea puisano ho leka ho thefula tumelo ea rona ho Jehova le lerato leo re ratang Bakreste-’moho le rona ka lona. U hopole hore na ke mang motho ea ikarabellang linthong tsena kaofela ’me u se ke oa li lumela!​—1 Joh. 4:​1, 6; Tšen. 12:9.

12. Ke hobane’ng ha re lokela ho matlafatsa tumelo ea rona lithutong tseo re ithutileng tsona ka Bibeleng?

12 E le hore re hlole liteko tsa Satane, re lokela ho matlafatsa tumelo ea rona ho Jesu le karolong eo a e phethang mererong ea Jehova. Re boetse re lokela ho tšepa mocha oo Jehova a o sebelisang mehleng ena. (Mat. 24:​45-47) Re matlafatsa tumelo ea rona ka hore nako le nako re ithute Lentsoe la Molimo. Ka tsela ena, tumelo ea rona e tla tšoana le sefate seo methapo ea sona e tebetseng tlaase haholo. Pauluse o ile a bua ntho e tšoanang le eo ha a ne a ngolla phutheho ea Kolose. O ile a re: “Joalokaha le amohetse Kreste Jesu Morena, le tsoele pele le tsamaea bonngoeng le eena, le metse ka metso ’me le ntse le hahuoa ho eena ’me le ntse le tsitsisoa tumelong.” (Bakol. 2:​6, 7) Ha ho na letho leo Satane kapa batho ba susumetsoang ke eena ba ka le etsang ho fokolisa motho ea matlafalitseng tumelo ea hae.​—2 Joh. 8, 9.

13. Re lokela ho lebella eng, hona hobane’ng?

13 Re lokela ho lebella hore batho ba lefatše lena ba re hloee. (1 Joh. 3:​13) Johanne o ile a re hopotsa hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Joh. 5:​19) Ha tsamaiso ena e khopo e ntse e-ea bofelong, Satane o tla koata le ho feta. (Tšen. 12:​12) O sebelisa maraba a poteletseng ho re hlasela a kang, boitšoaro bo bobe le mashano a buuoang ke bakoenehi. Empa o boetse o re hlasela ka tsela e tobileng ka ho re hlorisa hampe. Satane oa tseba hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane haholo ea hore a leke ho thibela mosebetsi oa rona le ho fokolisa tumelo ea rona. Kahoo, ha ho makatse hore ebe linaheng tse ling likarolo tse itseng tsa mosebetsi oa rona li thibetsoe kapa ebe o thibetsoe ka ho feletseng. Ho ntse ho le joalo, bara le barali babo rona ba lulang libakeng tseo ba ntse ba mameletse. Ba fana ka bopaki ba ho re, ho sa tsotellehe hore na Satane o re hlasela ka’ng, re lula re le bahloli!

THUSANANG HORE LE TSOELE PELE ’NETENG

14. Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka thusang balumeli-’moho le rona hore ba lule ba tsamaea ’neteng ka eona ke efe?

14 E le hore re thuse bara le barali babo rona hore ba lule ba sebeletsa Jehova, re lokela hore re ba bontše kutloelo-bohloko. (1 Joh. 3:​10, 11, 16-18) Re lokela ho ratana, e seng ha lintho li tsamaea hantle feela empa le ha ho nyolosetsa. Ka mohlala, na ho na le motho eo u mo tsebang ea oeleng ka phatla ea hlokang ho tšelisoa kapa ho thusoa ka litsela tse ling tse itseng? Kapa, na u utloetse ka balumeli-’moho le uena ba lahlehetsoeng ke lintho tsa bona ka lebaka la koluoa ea tlhaho ’me ba hloka ho lokisetsoa Liholo Tsa ’Muso kapa mahae a bona? Re bontša kamoo re ratang banab’abo rona le ho ba utloela bohloko kateng ka lintho tseo re li buang empa haholo-holo ka tseo re li etsang.

15. Joalokaha ho bontšitsoe ho 1 Johanne 4:​7, 8, re lokela ho etsa’ng?

15 Re tla be re etsisa ntate oa rona ea lerato ha re bontšana lerato. (Bala 1 Johanne 4:​7, 8.) Tsela e ’ngoe ea bohlokoa haholo ea ho bontša hore re rata banab’abo rona ke ka ho ba tšoarela. Mohlala, motho a ka ’na a u utloisa bohloko empa eaba o kopa tšoarelo. Re bontša hore rea mo rata ka hore re mo tšoarele re be re mo leballe phoso ea hae. (Bakol. 3:​13) Mor’abo rona Aldo ea lilemo li 29 o ile a thulana le bothata bo tšoanang ha a ne a utloa mor’abo e mong eo a neng a mo hlompha a bua mantsoe a bohloko ka morabe oa habo. O re: “Nako le nako ke ne ke kopa Jehova hore a nthuse hore ke se ke ka ba le maikutlo a fosahetseng ka mor’abo rona.” Mor’abo rona Aldo ha aa ka fella moo feela. O ile a kopa mor’abo rona hore a ee tšimong le eena. Ha ba ntse ba sebetsa ’moho, o ile a hlalosetsa eo mor’abo rona hore na mantsoe a hae a ne a mo utloisitse bohloko hakae. O re: “Ha a utloa hore na ke ne ke utloile bohloko hakae ke mantsoe ao, o ile a kopa tšoarelo. Tsela eo a ileng a bua ka eona, e ile ea etsa hore ke utloe hore o ne a itšola hore ebe o ile a bua lintho tseo. Re ile ra arohana re ntse re le metsoalle ’me re ile ra lebala ka taba eo.”

16-17. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

16 Moapostola Johanne o ne a e-na lerato le tebileng haholo bakeng sa barab’abo ’me lerato leo le ile la bonahala hantle nakong eo a neng a ba fa keletso mangolong a mararo ao a ileng a a ngola. Ke ntho e khothatsang kannete ho tseba hore ho na le banna le basali ba tšoanang le Johanne ba tlotsitsoeng hore e il’o ba marena hammoho le Kreste!​—1 Joh. 2:27

17 E se eka re ka nahana ka ho teba ka likeletso tseo re buileng ka tsona. A re ikemisetseng ho tsamaea ’neteng re be re mameleng Jehova likarolong tsohle tsa bophelo ba rona. Ithute Lentsoe la hae, u be u le tšepe. E-ba le tumelo e matla ho Jesu. U hane filosofi le lithuto tsa bakoenehi. Loanela hore u se ke oa phela bophelo bo habeli le hore u se ke oa itumella ho etsa sebe. U phele ka melao ea Jehova ea boitšoaro. Hape, u ikemisetse ho thusa Bakreste-’moho le uena hore ba lule ba le matla ka ho tšoarela ba u utloisitseng bohloko le ho thusa ba hlokang ho thusoa. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re thulana le mathata afe, re tla lula re tsamaea ’neteng.

PINA EA 49 Re Thabise Jehova

^ ser. 5 Re phela lefatšeng le busoang ke ntate oa leshano e leng Satane. Ka lebaka leo, re thulana le bothata bo boholo ba hore re lule re tsamaea ’neteng. Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba e-na le bothata bo tšoanang. Jehova o ile a bululela moapostola Johanne hore a ngole mangolo a mararo a neng a tla ba thusa a be a thuse le rona mehleng ena. Mangolo ao a tla re thusa ho tseba mathata ao re ka thulanang le ’ona le ho re thusa ho tseba hore na re ka a hlola joang.

^ ser. 6 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 11 Sheba sehlooho se reng “Na U Tseba Lintlha Kaofela?” se ho Molula-Qhooa oa August 2018.

^ ser. 59 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ha mocha e mong a le sekolong, o iphumana a kene moo ho nang le lintho tsohle tse buellang ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang. (Litsong tse ling, mebala ea mookoli e sebelisoa e le letšoao la batho ba bong bo tšoanang ba ratanang.) Hamorao, mocha eo o ba le nako ea ho etsa lipatlisiso e le hore a matlafatse tumelo ea hae. Ho etsa joalo, ho mo thusa hore a etse qeto e nepahetseng.