Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 35

Hlompha Motho e Mong le e Mong ka Phuthehong

Hlompha Motho e Mong le e Mong ka Phuthehong

“Leihlo le ke ke la re ho letsoho: ‘Ha ke o hloke’; kapa, hape, hlooho e ke ke ya re ho maoto: ‘Ha ke le hloke.’”​—1 BAKOR. 12:21.

PINA YA 124 Tshepahalang Kamehla

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Jehova o dumelletse e mong le e mong wa bahlanka ba hae hore ba etseng?

KA LERATO Jehova o dumelletse hore e mong le e mong wa bahlanka ba hae ba tshepahalang a be ka phuthehong. Le hoja re etsa dintho tse fapaneng ka phuthehong, kaofela re ba bohlokwa ebile re a hlokana. Moapostola Pauluse o re thusa ho utlwisisa thuto ena ya bohlokwa. Jwang?

2. Ho ya ka Baefese 4:16, ke hobaneng ha re tlameha ho hlomphana le ho sebetsa ha mmoho?

2 Jwalo ka ha lengolo la sehlooho le bontsha, Pauluse o ile a hlakisa hore re ke ke ra re ho mohlanka e mong wa Jehova “ha ke o hloke.” (1 Bakor. 12:21) Haeba re batla hore ho be le kgotso ka phuthehong re tlameha ho hlomphana le ho sebetsa ha mmoho. (Bala Baefese 4:16.) Ha re sebetsa ha mmoho motho e mong le e mong ka phuthehong o tla ikutlwa a ratwa mme re tla momahana.

3. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

3 Re ka bontsha jwang hore re hlompha Bakrestemmoho ka phuthehong? Sehlooho sena se tla bontsha hore na ke jwang baholo ba ka hlomphang baholo ba bang. Ka mora moo re tla bona hore na ke jwang re ka hlomphang bara le baradibabo rona ba seng lenyalong. Qetellong re tla ithuta hore na ke jwang re ka hlomphang bara le baradibabo rona ba sa bueng puo ya rona hantle.

BAHOLO BA LOKELA HO HLOMPHANA

4. Ke keletso efe ya Pauluse e ho Baroma 12:10 eo baholo ba lokelang ho e mamela?

4 Jehova o kgetha baholo ka moya o halalelang. Le ha ho le jwalo e mong le e mong o na le bokgoni ba hae. (1 Bakor. 12:17, 18) Ba bang e ka nna yaba e sa tswa ba baholo ka hoo ha bana tsebo e tshwanang le ya baholo ba bang. Ba bang e ka nna yaba ha ba kgone ho etsa dintho tse ding ka lebaka la ho kula le ho tsofala. Le ha ho le jwalo ha ho na moholo ya ka reng ho moholo e mong “ha ke o hloke.” Haele hantle moholo e mong le e mong o lokela ho mamela keletso ya Pauluse e ho Baroma 12:10.​E bale.

Baholo ba bontsha hore ba hlompha baholo ba bang ka hore ba ba mamele ka hloko (Sheba serapa sa 5 le 6)

5. Baholo ba bontsha jwang hore ba hlompha baholo ba bang, hona ke hobaneng ha seo e le sa bohlokwa?

5 Baholo ba bontsha hore ba hlompha baholo ba bang ka hore ba ba mamele. Sena ke sa bohlokwa haeba baholo ba kopane e le hore ba buisane ka dintho tse tebileng. Hobaneng? Sena ke seo Molula-Qhooa wa October 1, 1988 o ileng wa se bua: “Baholo ba tla hlokomela hore Kreste ka moya o halalelang, a ka tataisa kelello ya moholo le ha e le ofe sehlopheng sa baholo ho fana ka molaomotheo wa Bibele o hlokahalang, ho lwana ka katleho le boemo le ha e le bofe kapa ho etsa qeto le ha e le efe ya bohlokwa. (Lik. 15:6-15) Moya o halalelang o thusa baholo kaofela eseng a le mong feela.”

6. Ke eng e ka thusang baholo hore ba sebetse ha mmoho, hona seo se tswela phutheho molemo jwang?

6 Moholo ya hlomphang baholo ba bang ha a dule a batla ho bua pele ha baholo ba tshwere seboka. Ha a dule a buile nako ena kaofela ebile ha a nahane hore maikutlo a hae a dula a nepahetse. Ho e na le hoo ka boikokobetso o ntsha maikutlo a hae. O mamela maikutlo a batho ba bang ka hloko. Ha bohlokwa le ho feta o ikemisetsa ho arolelana le ba bang keletso ya Bibele le ho mamela “lekgoba le tshepahalang le le masene.” (Mat. 24:45-47) Ha baholo ba bontshana lerato le tlhompho ha ba tshwere seboka moya o halalelang o tla ba le bona mme o tla ba tataisa hore ba etse diqeto tse tla matlafatsa phutheho.​—Jak. 3:17, 18.

HLOMPHA BAKRESTE BA MASOHA

7. Jesu o ne a ikutlwa jwang ka masoha?

7 Ka phuthehong ho na le malapa le bara le baradibabo rona ba bangata ba masoha. Jwale re lokela ho ikutlwa jwang ka bara le baradi bana babo rona ba masoha? Re lokela ho ba le maikutlo a tshwanang le a Jesu ka bona. Ha Jesu a ne a le lefatsheng ha a a ka a nyala. E ne e le lesoha mme o ne a amehile ka mosebetsi oo a neng a o fuwe. Jesu ha a a ka a ruta hore ho hlokahala hore Mokreste a nyale kapa e be lesoha. Le ha ho le jwalo o ile a re Bakreste ba bang ba tla kgetha ho se kene lenyalong. (Mat. 19:11, 12) Hape Jesu o ne a hlompha batho ba neng ba sa nyala. O ne a sa nyatse masoha kapa ho nahana hore ho na le ntho e haellang ka bona hobane feela ba sa nyala.

8. Ho ya ka 1 Bakorinthe 7:7-9, Pauluse o ile a kgothalletsa Bakreste hore ba etseng?

8 Jwalo ka Jesu, moapostola Pauluse le yena e ne e le lesoha. Pauluse ha a a ka a ruta hore ke phoso hore Mokreste a nyale. O ne a tseba hore motho o lokela ho iketsetsa qeto eo. Le ha ho le jwalo, Pauluse o ile a kgothalletsa Bakreste hore ba nahane ka ho sebeletsa Jehova e le masoha. (Bala 1 Bakorinthe 7:7-9.) Ho hlakile hore Pauluse ha a a ka a nyatsa Bakreste ba masoha. Haele hantle o ile a kgetha Timothea eo e neng e le lesoha hore a etse mesebetsi ya bohlokwa tshebeletsong ya Jehova. * (Bafil. 2:19-22) Ka hoo ke phoso ho nahana hore morabo rona ha a tshwanelehe ho etsa mesebetsi e itseng ka phuthehong hobane feela e le lesoha.​—1 Bakor. 7:32-35, 38.

9. Re lokela ko ikutlwa jwang ka lenyalo le bosoha?

9 Jesu le Pauluse ha ba a ka ba ruta hore Bakreste ba tlameha ho kena lenyalong kapa e dule e le masoha. Ka hoo re lokela ho ikutlwa jwang ka lenyalo le bosoha? Molula-Qhooa wa October 1, 2012 o ile wa araba potso ena ka ho re: “Ka sebele, lenyalo le bosoha ke dimpho tse tswang ho Modimo. . . . Jehova ha a nke bosoha e le sesosa sa ho hlajwa ke dihlong kapa ho sarelwa.” Ka hoo re lokela ho hlompha bara le baradibabo rona ba masoha.

Ka ha re hlompha bara le baradibabo rona ba masoha re tla qoba ho etsang? (Sheba serapa sa 10)

10. Ke jwang re ka bontshang hore re hlompha bara le baradibabo rona ba masoha?

10 Re ka bontsha jwang hore re hlompha maikutlo a bara le baradibabo rona ba masoha? Re lokela ho hopola hore Bakreste ba bang ba entse qeto ya hore e dule e le masoha. Ha ba bang bona ba batla ho kena lenyalong empa ha ba fumane molekane eo ba mo batlang. Ho ntse ho le jwalo ba bang bona ba hlokahalletswe ke balekane ba bona. Ho sa tsotellehe lebaka, na ho loketse hore ba bang ka phuthehong ba botse bara le baradibabo rona ba masoha hore na ba nyala neng kapa ba ithaopele ho ba batlela balekane? Ke nnete hore ba bang ba bara le baradibabo rona ba ka kopa thuso ya hore ba fumane balekane. Empa haeba ba sa kopa hore o ba thuse ba tla ikutlwa jwang ha o re o tla ba batlela balekane? (1 Bathes. 4:11; 1 Tim. 5:13) A re ke re utlwe hore na ba bang ba bona ba ile ba ikutlwa jwang.

11, 12. Ke eng eo re ka e etsang e ka nyahamisang bara le baradibabo rona ba masoha?

11 Molebedi e mong wa potoloho wa lesoha ya sebetsang ka thata o re ho na le melemo eo o e fumanang ha o le lesoha. O re ho a nyahamisa ha bara le baradibabo rona ba leka ho mo thusa ka hore ba mo botse hore na ke hobaneng ha a sa nyale. Morabo rona e mong wa lesoha ya sebetsang Bethele o re: “Ka dinako tse ding bara le baradi ba bang babo rona ba utlwela masoha bohloko. Sena se ka etsa ho bonahale e ka ho ba lesoha ha se mpho empa ke bothata.”

12 Moradiwabo rona e mong wa lesoha ya sebetsang Bethele o ile a re: “Bara le baradi ba bang babo rona ba nahana hore masoha kaofela a batla balekane kapa hore ha ba le moo Dipaki di leng ngata teng ba nka hoo e le monyetla wa hore ba fumane balekane. Ka letsatsi le leng ke ile ka ya naheng e nngwe ka lebaka la mosebetsi wa ka wa Bethele mme ka fihla ka letsatsi la diboka. Moradiwabo rona eo ke neng ke fihletse ha hae o ile a mpolella hore phuthehong ya habo ho na le barababo rona ba babedi ba dilemong tsa ka. O ile a re ha se hore o leka ho mpatlela molekane. Empa ha re fihla Holong ya Mmuso o ile a nkisa ho bara bao babo rona e le hore re tsebane. Ho bua nnete feela seo se ile sa re hlabisa dihlong.”

13. Moradi e mong wabo rona wa lesoha o ile a kgothatswa ke eng?

13 Moradi e mong wabo rona ya sa nyalwang ya sebetsang Bethele o re: “Ke tseba bara le baradibabo rona ba bopulamadiboho ba masoha ba itetseng, ba ikemiseditseng ho thusa batho ba bang ebile ba thabile. Ka nnete ke batho ba bohlokwa ka phuthehong. Ba na le maikutlo a nepahetseng ka bosoha mme ha ba nahane hore ke batho ba bohlokwa ho feta batho ba bang hobane e le masoha ebile ha ba nahane hore ba ke ke ba thaba hobane feela ba se na balekane le bana.” Ke ka hoo ho thabisang ho ba phuthehong eo ho yona re hlomphanang. Ka ha o a tseba hore ha ba utlwe ba hloka ho o qenehela hobane feela o se na molekane, ho o honohela, ho iphapanyetsa wena le ho nka hore ke ba bohlokwa ho o feta. Ka hoo sena se etsa hore o tsebe hore ba a o rata.

14. Re ka bontsha jwang hore re hlompha bara le baradibabo rona ba masoha?

14 Re lokela ho hlompha bara le baradibabo rona ba masoha hobane ba na le makgabane a matle. Ho e na le hore re nahane hore ba na le bothata, re lokela ho ananela hore ba a tshepahala. Ha re etsa jwalo bara le baradibabo rona ba masoha ba ke ke ba nahana hore re re ho bona: ‘Ha re le hloke.’ (1 Bakor. 12:21) Ho e na le hoo ba tla bona hore re a ba hlompha le hore re nka e le ba bohlokwa ka phuthehong.

HLOMPHA BARA LE BARADIBABO RONA BA SA BUENG PUO YA HAO HANTLE

15. Ke diphetoho dife tseo ba bang ba di entseng e le hore ba ka sebeletsa Jehova haholwanyane?

15 Bara le baradibabo rona ba bangata ba entse qeto ya ho ithuta puo e nngwe e le hore ba ka eketsa tshebeletso ya bona. E le hore ba etse seo, ho na le dintho tseo ba ileng ba lokela ho di fetola. Bara le baradi bana babo rona ba tlohile diphuthehong tseo ho buuwang puo ya bona ho tsona e le hore ba ka tla diphuthehong tseo ho nang le tlhokahalo. (Lik. 16:9) Ena ke qeto eo Bakreste bana ba iketseditseng yona e le hore ba ka sebeletsa Jehova haholwanyane. Le hoja ba ka nka dilemo hore ba tsebe puo e buuwang moo hantle, ba thusa phutheho ka ditsela tse ngata. Mehlala le makgabane a bona di matlafatsa phutheho. Ka nnete re nka bara le baradi bana babo rona ba itetseng e le ba bohlokwa.

16. Baholo ba lokela ho shebang pele ba kgetha morabo rona hore e be mohlanka ya sebeletsang kapa moholo?

16 Baholo ba ke ke ba etsa qeto ya hore morabo rona ha a tshwanelehe ho ba moholo kapa mohlanka ya sebeletsang hobane feela a sa kgone ho bua puo e buuwang phuthehong eo hantle. Empa ba tla mo hlahloba ho latela hore na Bibele e re moholo kapa mohlanka ya sebeletsang e lokela ho ba motho ya jwang.​—1 Tim. 3:1-10, 12, 13; Tite 1:5-9.

17. Batswadi ba lokela ho etsa qeto efe ha ba fallela naheng e nngwe?

17 Malapa a mang a Bakreste a ile dinaheng tse ding ka lebaka la mathata kapa ho batla mesebetsi. Ka lebaka leo bana ba bona ba tla lokela ho kena sekolo se rutang ka puo e buuwang naheng eo. Hape batswadi ba ka nna ba hloka ho ithuta puo e buuwang naheng eo e le hore ba fumane mosebetsi. Empa ho tla etsahalang haeba ho na le phutheho e buang puo ya habo bona? Na ba tla ya phuthehong eo ho buuwang puo ya habo bona kapa e buang puo ya naha eo ba fihletseng ho yona?

18. Ho ya ka Bagalata 6:5 re ka bontsha jwang hore re hlompha qeto eo hlooho ya lelapa e e entseng?

18 Hlooho ya lelapa e tla etsa qeto ya hore na lelapa le tla ya dibokeng dife. O lokela ho etsa qeto ya hore na keng se molemo bakeng sa lelapa la hae. (Bala Bagalata 6:5.) Ka hoo re lokela ho hlompha qeto eo a e entseng. Ho sa tsotellehe hore na ba lelapa leo ba ya phuthehong efe re lokela ho le hlompha ka hore re le amohele le ho le bontsha mohau.​—Bar. 15:7.

19. Ke eng seo hlooho ya lelapa e lokelang ho nahana ka sona le ho se rapella?

19 Maemong a mang malapa a ya diphuthehong tseo ho buuwang puo eo ba e tsebang empa bana ba sa e tsebe hantle. Haeba phutheho eo lelapa le leng ho yona e le sebakeng seo ho buuwang puo eo bana ba e etsang sekolong ho ka ba thata hore bana ba utlwisise le hore ba be le kamano e ntle le Jehova. Hobaneng? Hobane e ka nna yaba bana ba kena sekolo seo ho buuwang puo ya naha eo e seng ya batswadi. Maemong ana hlooho ya lelapa e lokela ho nahana ka hloko le ho rapella bohlale e le hore a etse qeto e ka thusang bana ba hae hore ba be le kamano e ntle le Jehova le bahlanka ba hae. Batswadi ba tla hloka ho ruta bana ba bona puo ya bona kapa ba ye phuthehong eo ho sebediswang puo eo bana ba e utlwisisang. Ho sa tsotellehe hore na hlooho ya lelapa e etsa qeto efe, phutheho eo a tla ya ho yona e lokela ho amohela lelapa la hae le ho le hlompha.

Re ka bontsha jwang hore re hlompha bara le baradibabo rona ba ithutang puo e nngwe? (Sheba serapa sa 20)

20. Ke jwang re ka bontshang hore re hlompha bara le baradibabo rona ba ithutang puo e ntjha?

20 Ka lebaka la mabaka ao re seng re buile ka ona, diphuthehong tsa rona ho tla ba le bara le baradibabo rona ba sa tsebeng puo ya rona hantle. Ho ka nna ha ba thata hore ba ntshe maikutlo a bona. Ka hoo haeba re sa nahane feela ka hore ha ba tsebe puo ya rona hantle re tla bona hore ba rata Jehova ebile ba batla ho mo sebeletsa. Haeba re sheba makgabane ao ba nang le ona re tla ba rata le ho ba hlompha. Re ke ke ra re ‘ha re le hloke’ hobane feela ba sa tsebe ho bua puo ya rona hantle.

KAOFELA RE BATHO BA BOHLOKWA HO JEHOVA

21, 22. Jehova o re fileng ya bohlokwa?

21 Re leboha Jehova hore ebe o file e mong le e mong mosebetsi wa bohlokwa ka phuthehong. Ho sa tsotellehe hore na o monna, mosadi, lesoha, o lenyalong, o tsofetse, o tseba ho bua puo e itseng hantle kapa ha o tsebe ho e bua, kaofela re ba bohlokwa ho Jehova le ho bara le baradibabo rona.​—Bar. 12:4, 5; Bakol. 3:10, 11.

22 E se e ka re ka tswela pele ho sebedisa seo re ithutileng sona papisong ya Pauluse e buang ka mmele wa motho. Sena se tla re thusa ho hlokomela hore na keng seo re lokelang ho se etsa ho kgothatsa bara le baradibabo rona. Hape se tla re thusa hore re dule re ba rata le ho ba hlompha.

PINA YA 90 Le Kgothatsane

^ par. 5 Bahlanka ba Jehova ba hodisitswe ka ditsela tse fapaneng ebile ba etsa dintho tse sa tshwaneng ka phuthehong. Sehlooho sena se tla re thusa ho bona hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re hlomphe motho e mong le e mong ka phuthehong.

^ par. 8 Ha re tsebe haeba ha nako e ntse e ya Timothea o ile a nyala.