Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 32

Ikokobetse Hape U Inyenyefatse ha U Tsamaea le Molimo

Ikokobetse Hape U Inyenyefatse ha U Tsamaea le Molimo

“U inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao.”​—MIK. 6:8.

PINA EA 31 Le Tsamaee le Molimo

SELELEKELA *

1. Davida o ile a re’ng ka boikokobetso ba Jehova?

NA KANNETE re ka re ehlile Jehova o ikokobelitse? E! re ka cho. Davida o ile a re: “U tla mpha thebe ea hao ea poloko, ke boikokobetso ba hao bo nketsang hore ke be moholo.” (2 Sam. 22:​36; Pes. 18:​35) E ka ’na eaba Davida o ne a nahanne ka moprofeta Samuele ha a ne a ea ha bo a il’o tlotsa morena oa ka moso oa Iseraele. Baneng ba robeli, Davida e ne e le oa ho qetela empa Jehova o ile a mo khetha hore a tle a hlahlame Morena Saule boreneng.​—1 Sam. 16:​1, 10-13.

2. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

2 Davida o ile a lumellana le mantsoe a ileng a buuoa ke mopesaleme e mong ha a ne a bua ka Jehova ’me a re: “O itheola boemong hore a talime leholimong le lefatšeng, o phahamisa ea tlaase leroleng. O phahamisa ea futsanehileng. . . . Ho mo lulisa le bahlomphehi.” (Pes. 113:​6-8) Sehloohong sena, re tl’o qala pele ka ho hlokomela lithuto tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona ka boikokobetso ka ho sheba maemo ao ho ’ona Jehova a ileng a bontša hore o ikokobelitse. Ka mor’a moo, re tla bona hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa Morena Saule, moprofeta Daniele le oa Jesu tabeng ena ea boikokobetso.

RE KA ITHUTA’NG MOHLALENG OA JEHOVA?

3. Jehova o re tšoara joang, hona taba eo e bontša’ng?

3 Jehova o bontšitse hore o ikokobelitse tseleng eo a sebetsanang le batho ba sa phethahalang ka eona. O amohela borapeli ba rona hape o re nka re le metsoalle ea hae. (Pes. 25:​14) E le hore re be metsoalle ea hae, Jehova o ile a qala pele ka hore a re fe Mora oa hae e le sehlabelo bakeng sa libe tsa rona. Kannete Jehova o mohau ebile o na le kutloelo-bohloko.

4. Jehova o re file’ng, hona hobane’ng?

4 Ak’u nahane ka boemo bo bong boo ho bona Jehova a bontšitseng hore o ikokobelitse. Kaha Jehova ke ’Mopi, a ka be a re bopile re se na bokhoni ba ho ikhethela hore na re batla ho etsa’ng ka bophelo ba rona. Empa ha aa etsa joalo. O re bopile ka setšoantšo sa hae a ba a re fa bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto. O batla hore batho ba mo sebeletse ka lipelo tsohle tsa bona hobane ba mo rata ebile ba bona melemo eohle eo ba e fumanang ka ho mo mamela. (Deut. 10:​12; Esa. 48:​17, 18) Kannete re ananela taba ea hore ebe Jehova ke motho ea ikokobelitseng!

Jesu o leholimong. O eme le ba bang ba babusi-’moho le eena. Ba shebile manyeloi a mangata. Manyeloi a mang a ea lefatšeng ho ea phetha likabelo tsa ’ona. Bohle ba setšoantšong ba fuoe mosebetsi ke Jehova (Sheba serapa sa 5)

5. Jehova o re thusa hore re be le boikokobetso joang? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

5 Jehova o re ruta hore re ikokobetse ka tsela eo a re tšoarang ka eona. Ha ho na motho ea bohlale joaloka Jehova bokahohleng. Ho ntse ho le joalo, o thabela ho utloa maikutlo a batho ba bang. Mohlala, Jehova o ile a lumella Mora oa hae ho mo thusa ho bopa lintho tsohle. (Liprov. 8:​27-30; Bakol. 1:​15, 16) Hape le hoja Jehova a le matla ’ohle, o ntse a fana ka boikarabelo ho batho ba bang. Mohlala, o khethile Jesu hore e be Morena oa ’Muso oa hae hape o file batho ba 144 000 ba tla ea busa le Jesu matla a itseng. (Luka 12:​32) Ke ’nete hore Jehova o koetlisitse Jesu hore e be Morena le Moprista ea Phahameng. (Baheb. 5:​8, 9) O boetse o koetlisa babusi-’moho le Jesu empa ha aa ba eme ka morao mosebetsing oo a ba fileng oona kapa ho ba sala-sala morao e le ho bona hore na ba ntse ba etsa’ng. Ho e-na le hoo, oa ba tšepa hore ba tla etsa thato ea hae.​—Tšen. 5:10.

Re etsisa Jehova ha re koetlisa batho ba bang ebile re ba fa mosebetsi (Sheba serapa sa 6 le 7) *

6-7. Re ka ithuta’ng ho Jehova tabeng ea ho fa batho ba bang boikarabelo?

6 Haeba Ntate oa rona ea sa hlokeng ho thusoa ke mang kapa mang a khona ho fana ka boikarabelo ho batho ba bang, na rona ha rea lokela hore re etse ntho e tšoanang? Mohlala, na u hlooho ea lelapa kapa u moholo phuthehong? Etsisa Jehova ka ho fa ba bang boikarabelo ’me u se ke oa ba sala-sala morao ka ho sheba hore na ba ntse ba etsa mosebetsi joang. Ha u etsisa Jehova, o tla etsa hore mosebetsi o phethoe hape u tla be u koetlisa ba bang ’me u tla etsa hore ba itšepe haholoanyane. (Esa. 41:​10) Batho ba nang le boikarabelo bo itseng ba ka ithuta eng hape ho Jehova?

7 Bibele e bontša hore Jehova o rata ho mamela maikutlo a bara ba hae ba mangeloi. (1 Mar. 22:​19-22) Batsoali le ka etsisa Jehova joang? Ha maemo a lumela u ka kopa bana ba hao hore ba fane ka maikutlo a hore na mosebetsi o itseng o ka etsoa joang. Joale ha maemo a loketse, latela litlhahiso tseo tsa bona.

8. Jehova o ile a bontša mamello joang ha a ne a sebetsana le Abrahama le Sara?

8 Tsela e ’ngoe eo Jehova a bontšang hore o ikokobelitse ka eona ke ka ho ba le mamello. Mohlala, Jehova o ba le mamello ha ka tlhompho bahlanka ba hae ba mo botsa lipotso ka liqeto tseo a li entseng. O ile a mamela Abrahama ha a ntša maikutlo a hae ka qeto eo a e entseng ea ho felisa Sodoma le Gomora. (Gen. 18:​22-33) Hape na u sa hopola hore na Jehova o ile a tšoara Sara mosali oa Abrahama joang? Ha aa ka a utloa eka o hlompholotsoe kapa hona hore a halefe nakong eo Sara a neng a tšeha ha a ne a fana ka tšepiso ea hore Sara o ne a tla ba le ngoana botsofaling ba hae. (Gen. 18:​10-14) Ho e-na le hoo, o ile a tšoara Sara ka tlhompho.

9. Batsoali le baholo ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Jehova?

9 Batsoali le baholo le ka ithuta’ng mohlaleng oa Jehova? Na u ka hopola hore na u ee u etse’ng ha batho ba leng boikarabelong ba hao ba sa lumellane le liqeto tsa hao? U etsa’ng, na u nahana pele ka ho ikemela? Kapa na u leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba nahana joalo? Liphutheho le malapa lia thaba ha bohle ba nang le boikarabelo ba etsisa Jehova. Ho fihlela mothating ona re se re buile ka hore na re ka ithuta’ng ka ho ba le boikokobetso mohlaleng oa Jehova. Hona joale a re ke re boneng hore na re ka ithuta’ng ka ho ba le boikokobetso mehlaleng e hlahang ka Bibeleng.

RE KA ITHUTA’NG MEHLALENG EA BATHO BA BANG?

10. Jehova o re ruta ka tsela efe a sebelisa mehlala ea batho ba bang?

10 Kaha Jehova ke ‘Morupeli oa rona e Moholo,’ o re file mehlala e ka Bibeleng e le ho re ruta. (Esa. 30:​20, 21) Ha re thuisa ka litlaleho tsa Bibele tsa batho ba ileng ba bontša makhabane a kang boikokobetso, ho ba le hoo re ithutang hona. Re boetse re ithuta ho hong ha re hlahloba mehlala ea batho ba ileng ba hloleha ho bontša makhabane ana.​—Pes. 37:​37; 1 Bakor. 10:11.

11. Re ka ithuta’ng nthong e ileng ea etsahalla Saule?

11 Na u sa hopola hore na Morena Saule o ile a hlaheloa ke’ng? Ha a sa le mocha, e ne e le motho ea ikokobelitseng. O ne a hlokomela moo matla a hae a fellang teng a bile a le lesisitheho hore a ka amohela boikarabelo bo eketsehileng. (1 Sam. 9:​21; 10:​20-22) Empa ha nako e ntse e-ea, o ile a qala ho etsa lintho tseo a neng a se na tokelo ea ho li etsa. O ile a bontša sebopeho sena se sebe nakoana ka mor’a hore e be morena. Athe boemong bo bong teng o ile a felloa ke pelo ha a ntse a emetse moprofeta Samuele. Ho e-na le hore ka boikokobetso a tšepe hore Jehova o tla etsa lintho bakeng sa sechaba sa hae, Saule o ile a etsa nyehelo ea secheso eo a neng a se na matla kapa tokelo ea ho e etsa. Kahoo, Jehova ha aa ka a hlola a amohela Saule eaba le borena boa mo fella. (1 Sam. 13:​8-14) Re tla be re bontša hore re bohlale haeba re ithuta mohlaleng ona hore re qobe ho etsa lintho tseo re se nang tokelo ea ho li etsa.

12. Daniele o ile a bontša joang hore o ikokobelitse?

12 Ka mor’a hore re bue ka Saule, a re ke re hlahlobeng mohlala o motle oa moprofeta Daniele. Bophelong bohle ba hae, Daniele o ile a lula a ikokobelitse hape a tseba moo matla a hae a fellang teng ’me o ile a lula a kopa tataiso ho Jehova. Mohlala, nakong eo Jehova a neng a mo sebelisa hore a hlalose toro ea Nebukadnezare, ha aa ka a re o khonne ho etsa joalo ka matla a hae. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso bohle o ile a isa khanya le tlhompho ho Jehova. (Dan. 2:​26-28) Re ithuta’ng tabeng ee? Haeba Bakreste-’moho le rona ba rata ho mamela lipuo tsa rona kapa re e-na le katleho e itseng mosebetsing oa boboleli, re lokela ho hopola hore tseo tsohle re li khonne ka lebaka la Jehova. Re lokela hore ka boikokobetso re lumele hore lintho tsena tsohle re khona ho li etsa ka lebaka la thuso ea Jehova. (Bafil. 4:​13) Ha re etsa joalo re tla be re etsisa mohlala o motle oa Jesu. Ka tsela efe?

13. Re ithuta’ng ka boikokobetso boo Jesu a neng a e-na le bona ha re sheba Johanne 5:​19, 30?

13 Le hoja Jesu a ne a phethahetse, o ile a itšetleha ka Jehova. (Bala Johanne 5:​19, 30.) Ha aa ka a leka ho inkela bolaoli ba Jehova. Bafilipi 2:6 e re bolella hore Jesu ke ea “sa kang a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo.” Kaha e ne e le Mora ea mamelang, Jesu o ile a tseba moo matla a hae a fellang teng ’me o ne a hlompha bolaoli ba Ntate oa hae.

Jesu o ne a tseba moo matla a hae a fellang teng (Sheba serapa sa 14)

14. Ha Jesu a ne a koptjoa hore a etse ntho eo a neng a se na matla holim’a eona, o ne a etsa’ng?

14 Na u sa hopola hore na Jesu o ile a re’ng ha a araba Jakobo le Johanne hammoho le ’mè oa bona ha ba ne ba mo kopa hore a ba fe tokelo eo Jesu a neng a se na matla holim’a eona? Ntle ho tika-tiko, Jesu o ile a hlalosa hore ke Ntate oa hae feela ea nang le matla a ho khetha hore na ke mang ea tla lula ka letsohong la Jesu le letona kapa le letšehali ’Musong oa Molimo. (Mat. 20:​20-23) Jesu o ile a bontša hore o tseba ka ho hlaka hore na matla a hae a fella kae. O ne a ikokobelitse. Ha aa ka a etsa ntho le ha e le efe eo Jehova a neng a sa mo laela hore a e etse. (Joh. 12:​49) Re ka etsisa mohlala o babatsehang oa Jesu joang?

Re ka etsisa mohlala oa Jesu joang oa ho tseba moo matla a rona a fellang teng? (Sheba serapa sa 15 le 16) *

15-16. Re ka latela keletso e ho 1 Bakorinthe 4:6 joang?

15 Re etsisa mohlala oa Jesu oa boikokobetso ka hore re mamele keletso e hlahang ho 1 Bakorinthe 4:6. E re: “Le se ke la fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngoliloeng.” Kahoo, ha motho e mong a re kopa keletso, ha re batle hore re fane ka maikutlo a rona kapa re bue ntho le ha e le efe e itsoelang ka likelellong tsa rona. Ho e-na le hoo, ha re fana ka keletso re sebelise Bibele le lingoliloeng tsa rona. Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore re tseba moo matla a rona a fellang teng. Ka ho etsa joalo, re tla be re bontša hore re ikokobelitse hape rea utloisisa hore keletso e tsoang ho Jehova e bohlokoa ho feta eo rona re ka fanang ka eona.​—Tšen. 15:​3, 4.

16 Ntle le ho hlompha Jehova, re na le mabaka a mang ao ka ’ona re lokelang ho ikokobetsa. Hona tjena re tl’o bona hore na boikokobetso le ho tseba moo matla a rona a fellang teng li ka etsa hore re thabe joang le hore re utloane le batho ba bang.

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA HORE RE IKOKOBETSE?

17. Ke hobane’ng ha batho ba ikokobelitseng ba bile ba tseba moo matla a bona a fellang teng e le batho ba thabileng?

17 Haeba re ikokobelitse hape re tseba moo matla a rona a fellang teng, re tla ba le menyetla e mengata ea ho lula re thabile. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ha re tseba moo matla a rona a fellang teng, re tla thaba ebile re tla ananela thuso eo batho ba bang ba re fang eona. Mohlala, na u sa hopola ha Jesu a ne a folisa balepera ba leshome? Ke ea le mong feela ea ileng a khutlela ho Jesu ho ea mo leboha ka hore ebe o mo folisitse boloetseng boo bo bohloko e leng lefu leo motho a ke keng a khona ho le phekola ka boeena. Monna eo ea ikokobelitseng a bile a tseba moo matla a hae a neng a fella teng o ile a leboha hore ebe o ile a thusoa a ba a tlotlisa Molimo.​—Luka 17:​11-19.

18. Ho ikokobetsa le ho tseba moo matla a rona a fellang teng ho re thusa joang hore re utloane le batho ba bang? (Baroma 12:10)

18 Batho ba ikokobelitseng ebile ba lumela hore ha ba tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ba khona ho utloana le batho ba bangata hape ba ba le metsoalle e haufi-ufi. Hobane’ng? Baa lumela hore batho ba bang ba na le makhabane hape baa ba tšepa. Batho ba ikokobelitseng hape ba tseba moo matla a bona a fellang teng baa thaba ha batho ba bang ba atleha mesebetsing eo ba e etsang ebile ha ba leqe ho ba babatsa le ho ba hlompha.​—Bala Baroma 12:10.

19. Ke mabaka afe ao re nang le ’ona a hore re tlohele ho ikhohomosa?

19 Ka lehlakoreng le leng batho ba ikhohomosang le ba ipatlang bona ba thatafalloa ke hore ba babatse batho ba bang hobane ba batla hore e be bona ba lulang ba babatsoa. Maemong a mangata ba ipapisa le batho ba bang ba be ba hlohlelletse moea oa tlholisano. Ho e-na le hore ba koetlise batho ba bang le ho ba fa boikarabelo, ba tloaetse ho re: “Haeba u batla hore ntho e etsoe hantle, iketsetse eona.” Hangata motho ea ikhohomosang o inka a le bohlokoa hape o mona. (Bagal. 5:​26) Ha se hangata batho ba joalo ba bang le metsoalle e tšoarellang halelele. Haeba re hlokomela hore ekare re na le bothata ba ho ikhohomosa, re lokela ho kopa Jehova ho tsoa pelong hore a re thuse re ‘fetole likelello tsa rona’ e le hore re ka loantša mokhoa oo o mobe o se ke oa mela ka metso lipelong tsa rona.​—Bar. 12:2.

20. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikokobetsa re be re tsebe moo matla a rona a fellang teng?

20 Kannete re ananela hore ebe re na le mohlala o babatsehang oa Jehova! Re bona kamoo a ikokobelitseng kateng ha a sebelisana le bahlanka ba hae ’me re batla ho mo etsisa. Ho phaella moo, re batla ho etsisa mehlala e metle e hlahang ka Bibeleng ea batho ba neng ba ikokobelitse ba ileng ba e-ba le monyetla oa ho sebeletsa Jehova kapa ho tsamaea le eena. E se eka kaofela ha rona re ka fa Jehova tlhompho le khanya tse mo lokelang kamehla. (Tšen. 4:​11) Ka tsela eo, le rona re tla tšoaneleha hore re tsamaee le Molimo oa rona ea ratang batho ba ikokobelitseng le ba tsebang moo matla a bona a fellang teng.

PINA EA 123 Lulang le Ikokobeletsa Molimo

^ ser. 5 Motho ea ikokobelitseng o mohau hape o na le kutloelo-bohloko. Kahoo, re tla be re nepa ha re re Jehova o ikokobelitse. Joalokaha sehlooho sena se tla bontša, re tl’o ithuta ho ba le boikokobetso mohlaleng oa Jehova. Re tla boela re ithute hore na re ka ba le boikokobetso joang ha re hlahloba mohlala oa Morena Saule, moprofeta Daniele le oa Jesu.

^ ser. 58 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Moholo o ipha nako ea ho koetlisa mor’abo rona ea mocha hore a hlokomele tšimo ea phutheho. Hamorao moholo eo ha a sale-sale mor’abo rona ea mocha morao ho bona hore na o ntse a etsa mosebetsi joang empa oa mo tlohela hore a o phethe.

^ ser. 62 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Morali’abo rona o botsa moholo hore na e tla ba phoso ha a amohela memo ea lenyalo le tla tšoareloa kerekeng. Moholo eo ha a mo fe maikutlo a hae empa ba shebisana melao-motheo ea Bibele ’moho.