Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 33

Tsoho e Bontša Hore Jehova o Lerato, o Mosa Hape o na le Mamello

Tsoho e Bontša Hore Jehova o Lerato, o Mosa Hape o na le Mamello

“Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.”​—LIK. 24:15.

PINA EA 151 O Tla Hooa

SELELEKELA *

1. Jehova o ile a susumetsoa ke eng hore a bope lintho?

NA U ne u tseba hore ho na le nako eo ka eona Jehova a kileng a ba mong feela? Leha ho le joalo, ho ne ho se mohla a jeoang ke bolutu. Jehova o ne a sa hloke ho ba le motho e mong e le hore a thabe. Empa o ne a batla hore batho ba thabele bophelo. A susumetsoa ke lerato o ile qala ho bopa lintho.​—Pes. 36:9; 1 Joh. 4:19.

2. Jesu le mangeloi ba ne ba ikutloa joang ka lintho tseo Jehova a li bopileng?

2 Qalong feela, Jehova o ile a bopa mosebetsi-’moho le eena. Eaba o sebelisa Mora eo oa hae oa pele “ho bopa lintho tse ling tsohle” ho akareletsa le mangeloi a limilione. (Bakol. 1:​16) Jesu o ile a thabela monyetla oo oa ho sebetsa le ntate oa hae haholo. (Liprov. 8:​30) Mangeloi le ’ona a ne a e-na le lebaka la hore a thabe. A ne a le joaloka batho ba lutseng litulong tse kapele-pele lebaleng la liketsahalo ha Jehova le Mosebetsi oa hae ea hloahloa ba ne ba bopa leholimo le lefatše. Mangeloi a ile a etsa’ng? A ile a “qala ho hlaba litlatse” ha lefatše le ne le thehoa ’me ha ho potang ho re a ile a tsoela pele ho rorisa Jehova ka mesebetsi e babatsehang eo a ileng a e etsa ho akareletsa le o ka sehloohong oa ho bopa batho. (Jobo 38:7; Liprov. 8:​31) Lintho tsena kaofela tseo Jehova a li bopileng li ile tsa bontša hore o lerato hape o bohlale.​—Pes. 104:​24; Bar. 1:20.

3. Joalokaha 1 Bakorinthe 15:​21, 22 e bontša, sehlabelo sa thekollo se re fa monyetla ofe?

3 Jehova o ne a rerile hore batho ba thabele ho phela ka ho sa feleng lehaeng le letle leo a ba etselitseng lona. Empa nakong eo Adama le Eva ba neng ba fetohela ntate oa bona ea lerato, sebe le lefu li ile tsa aparela lefatše lohle. (Bar. 5:​12) Jehova o ile a etsa’ng? Kapele-pele o ile a hlakisa hore na o tla pholosa batho ka tsela efe. (Gen. 3:​15) Jehova o ne a tla fana ka thekollo e neng e tla etsa hore bana ba Adama ba tle ba lokolohe sebeng le lefung. Ka tsela eo, o ne a tla lumella motho e mong le e mong a khethe hore na o batla ho mo sebeletsa kapa che e le hore a tle a fumane bophelo bo sa feleng.​—Joh. 3:​16; Bar. 6:​23; bala 1 Bakorinthe 15:​21, 22.

4. Re tl’o bua ka lipotso life sehloohong see?

4 Tšepiso eo Molimo a faneng ka eona ea ho tsosa bafu e etsa hore re be le lipotso tse ’maloa. Mohlala, tsoho e ka ’na ea etsahala joang? Na re tla khona ho tseba baratuoa ba rona ba tsositsoeng bafung? Tsoho e tl’o re fa thabo ka litsela life? Hape, ho nahanisisa ka tsoho ho ka re ruta eng ka lerato la Jehova, bohlale ba hae le mamello tseo a nang le tsona? A re ke re bueng ka lipotso tseo ho se hokae.

TSOHO E KA ’NA EA ETSAHALA JOANG?

5. Ke hobane’ng ha ho utloahala ho lumela hore batho ba tla tsosoa ka tsela e nang le taolo ebile e se ka nako e le ’ngoe?

5 Nakong eo Jehova a sebelisang Mora oa hae ho tsosa batho ba limilione tse se nang palo, re ka ’na ra lumela hore ho ke ke ha tsosoa batho bao ka nako e le ’ngoe. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Hobane haeba lefatše le ka tlala ka batho ba bangata ka tsela eo, e ka ’na ea e-ba moluba-lube le moferefere feela. Hape ha ho le ka mohla Jehova a etsang eng kapa eng ka tsela e sa hlophisehang kapa e se nang taolo. Oa tseba hore e le hore ho lule ho e-na le khotso, ho tlameha ho be le taolo. (1 Bakor. 14:​33) Jehova Molimo o ne a le bohlale hape a e-na le mamello ha a ntse a sebetsa le Jesu, ha butle-butle ba ntse ba etsa hore lefatše e be sebaka se setle pele a bopa batho. Jesu le eena o tla bontša makhabane a tšoanang nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete ha a ntse a sebetsa le batho ba tla pholoha Armagedone hore ba lokise lefatše e le hore ba amohele batho ba tsositsoeng.

Batho ba tla pholoha Armagedone ba tla ruta ba tsositsoeng bafung ka ’Muso oa Molimo le ka hore na Jehova o batla’ng (Sheba serapa sa 6) *

6. Ho ea ka Liketso 24:​15, ke bo-mang hape ba tla tsosoa ke Jehova?

6 Ka holim’a lintho tsohle, batho ba tla pholoha Armagedone ba tla lokela ho ruta batho ba tsositsoeng bafung ka ’Muso oa Molimo le ka hore na Jehova o lebeletse’ng ho bona. Hobane’ng? Hobane boholo ba batho ba tla tsosoa bafung e tla ba ba oelang tlas’a batho “ba sa lokang.” (Bala Liketso 24:​15.) Ba tla tlameha ho etsa liphetoho tse ngata e le hore ba ka rua molemo sehlabelong sa Jesu. U nahana hore e tl’o ba mosebetsi o mo kae ho ruta batho ba limilione ka Jehova eo ba neng ba sa tsebe letho ka eena? Na motho e mong le e mong o tla ba le motho eo a mo rutang Bibele joalokaha re etsa mehleng ee? Na batho baa ba tla abeloa hore ba ee liphuthehong tse itseng ebe ba koetlisetsoa hore ba rute batho ba bang ba tsositsoeng ka mor’a bona? Re se re tla boka ha li oroha. Leha ho le joalo, ntho eo re e tsebang ke hore qetellong Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete “lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova.” (Esa. 11:9) Kannete nako ea lilemo tse sekete e tla ba e maphatha-phathe le e monate haholo.

7. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba tla bontša kutloelo-bohloko ha ba ruta batho ba tsositsoeng bafung?

7 Nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, bana bohle ba Jehova ba tla be ba le lefatšeng ba tla lokela ho etsa liphetoho e le hore ba mo khahlise. Kahoo, kaofela ha bona ba tla bontša kutloelo-bohloko ha ba ntse ba thusa batho ba tsositsoeng hore ba hlole litloaelo tsa sebe le hore ba phele ka melao ea Jehova. (1 Pet. 3:8) Ha ho potang hore batho ba tla tsosoa ba tla atamela haufi le bahlanka ba Jehova ba ikokobelitseng ba tla beng ba ntse ba ‘sebeletsa poloko ea bona.’​—Bafil. 2:12.

NA RE TLA KHONA HO TSEBA BATHO BA TSOSITSOENG?

8. Ke hobane’ng ha ho utloahala ho lumela hore batho ba tsositsoeng ba ka ’na ba tsejoa ke beng ka bona?

8 Re na le mabaka a ’maloa ao ka ’ona re ka lumelang hore batho ba tla amohela ba tsositsoeng ba tla khona ho tseba baratuoa ba bona. Mohlala, re ipapisitse le tsoho tse kileng tsa etsahala, ho bonahala eka Jehova o tla bopa batho ba shebahala, ba bua le ho nahana ka tsela e tšoanang le eo ba neng ba le ka eona nakoana pele ba hlokahala. U hopole hore Jesu o ile a tšoantša lefu le boroko eaba o tšoantša tsoho le ho tsosoa borokong. (Mat. 9:​18, 24; Joh. 11:​11-13) Ha motho a tsosoa borokong, o shebahala le ho etsa lintho ka tsela e tšoanang le ha a ne a il’o robala hape o tsoha a ntse a e-na le mehopolo e tšoanang. Na u sa hopola Lazaro? O ne a se a e-na le matsatsi a mane a shoele, kahoo ’mele oa hae o ne o se o qalile ho bola. Empa nakong eo Jesu a neng a tsosa Lazaro, likhaetseli tsa hae li ile tsa mo elelloa hang-hang ’me Lazaro le eena o ile a hopola bana bao ba bo.​—Joh. 11:​38-44; 12:​1, 2.

9. Ke hobane’ng ha batho ba tsositsoeng ba sa tl’o tsoha ba e-na le ’mele le kelello e phethahetseng?

9 Jehova o tšepisa hore batho bohle ba tla phela tlas’a puso ea Kreste ba ke ke ba re: “Kea kula.” (Esa. 33:​24; Bar. 6:7) Kahoo, batho bohle ba tla tsosoa bafung ba tla tsosoa ba e-na le ’mele e phetseng hantle. Leha ho le joalo, ba ke ke ba phethahala ka nako le motsotso feela. Haeba ba ka tsoha ba phethahetse, ho ka ’na haeba thata ho beng ka bona ho ba tseba. Ho bonahala eka batho bohle ba tla phethahala butle-butle nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Ha lilemo tse sekete li fela, Jesu o tla khutlisetsa marapo a ’Muso ho ntate oa hae. Ka nako eo, ’Muso o tla be o finyeletse sepheo sa oona ho akareletsa le ho etsa hore batho bohle ba phethahale.​—1 Bakor. 15:​24-28; Tšen. 20:​1-3.

TSOHO E TLA RE TLISETSA THABO JOANG?

10. Tsoho e tl’o etsa hore u ikutloe joang?

10 Ak’u nahane hape hore na e tla ba ntho e joang ha u amohela ba ratuoa ba hao ba tsositsoeng. Na thabo eo u tla ba le eona e tla etsa hore u tšehe kapa u lle? Na u tla hlaba litlatse ebe u rorisa Jehova ka pina? Ntho eo re kholisehileng ka eona ke hore, u tla bona kamoo Ntate oa rona a re ratang kateng le kamoo Mora oa hae a ileng a itela kateng e le hore re ka fumana mpho ena e babatsehang ea tsoho.

11. Ho latela mantsoe a Jesu a ho Johanne 5:​28, 29, batho ba tla phela ka melao ea Molimo ba tla thabela eng?

11 Ak’u nahane feela hore na batho ba tsositsoeng ba tla thaba hakaakang ha ba hlobola botho ba bona ba khale ’me ba phela ho latela melao ea Molimo. Batho ba tla lumela ho etsa liphetoho tseo ba tla ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Ka lehlakoreng le leng, batho ba ke keng ba mamela Molimo ba ke ke ba lumelloa hore ba tl’o senya khotso e tla ba teng Paradeiseng.​—Esa. 65:​20; bala Johanne 5:​28, 29.

12. Jehova o tla hlohonolofatsa batho bohle ba lefatšeng ka tsela efe?

12 Batho ba tla phela tlas’a ’Muso oa Molimo ba tla bona hore Liproverbia 10:​22 ke ’nete ha e re: “Tlhohonolofatso ea Jehova ea ruisa ’me ha a e phaelle ka bohloko.” Kaha moea oa Jehova o tla be o sebetsa ho bona, batho ba Molimo ba tla ba le kamano e ntle haholo le eena, ka mantsoe a mang, butle-butle ba tla ba tšoana le Jesu hape ba tla phethahala. (Joh. 13:​15-17; Baef. 4:​23, 24) Letsatsi ka leng, ba tla ba le ’mele e phetseng hantle le e ntseng e ba matla. Kannete bophelo e tla ba bo thabisang haholo ka nako eo! (Jobo 33:​25) Empa ho thuisa ka tsoho ho ka u thusa joang hona joale?

RE ITHUTA’NG KA LERATO LA JEHOVA?

13. Re nahanne ka Pesaleme ea 139:​1-4, tsoho e tl’o bontša joang hore na Jehova o re tseba hantle hakae?

13 Joalokaha re bone pejana, ha Jehova a tsosa batho o tl’o khutlisa mehopolo le botho boo batho bao ba neng ba e-na le bona pele. Ak’u nahane ho se hokae ka hore na taba ena e bolela’ng. Jehova o u rata hoo a khonang ho hopola litho tseo u li nahanang, tseo u li buang, tseo u li utloang le tseo u li etsang. Kahoo, haeba a ne a tlameha ho u tsosa, u ne a tla khutlisa mehopolo ea hao, tsela eo u neng u itšoara ka eona le sebopeho sa hao habonolo feela. Morena Davida o ile a utloisisa hore Jehova o thahasella motho e mong le e mong. (Bala Pesaleme ea 139:​1-4.) Ho utloisisa taba ea hore na Jehova o re tseba hantle hakae, ho etsa hore re ikutloe joang?

14. Re lokela ho ikutloa joang ha re nahana ka hore na Jehova o re tseba hantle hakae?

14 Ha re nahana ka hore na Jehova o re tseba hantle hakae, ha rea lokela ho tšoenyeha. Hobane’ng? U hopole hore Jehova o re tsotella haholo. O nka motho ka mong a ikhetha a bile a le bohlokoa ho eena. O ela hloko hore na ke lintho life tse etsang hore re be batho bao re leng bona bophelong. Taba ena ea khothatsa kannete. Ha ho le ka mohla re lokelang ho utloa eka re bang. Motsotso o mong le o mong, Jehova o lula a e-na le uena a batlana le menyetla ea ho u thusa.​—2 Likron. 16:9.

RE ITHUTA’NG KA BOHLALE BA JEHOVA?

15. Tsoho e bontša joang hore Jehova o bohlale?

15 Ho tšosoa ka lefu ke sebetsa se kotsi ka ho fetisisa. Batho ba busoang ke Satane ba sebelisa leraba lena ho qobella batho hore ba fetohele metsoalle ea bona kapa ba etse lintho tseo ba tsebang hore li fosahetse. Empa leraba leo ha le na thuso ho rona. Rea tseba hore haeba lira tsa rona li re bolaea, Jehova o tla re tsosa. (Tšen. 2:​10) Re kholisehile hore ha ho na letho leo li ka le etsang ho re sitisa ho sebeletsa Jehova. (Bar. 8:​35-39) Kannete Jehova o bontšitse hore o bohlale ka ho re fa tšepo ea tsoho! Ka lebaka la eona, ha re tšabe batšehetsi ba Satane ha ba re tšosa ka hore ba tla re bolaea haeba re sa ba bolelle lintho tseo ba batlang re ba bolelle tsona. Hape e re fa matla le sebete sa ho lula re tšepahalla Jehova.

Na liqeto tseo re li etsang li bontša hore re tšepa tšepiso eo Jehova a re etselitseng eona ea hore o tla re fa litlhoko tsa rona tsa mantlha? (Sheba serapa sa 16) *

16. Ke lipotso life tseo u ka ipotsang tsona, hona likarabo tseo u tla fana ka tsona li ka bontša joang hore na u tšepa Jehova hakae?

16 Haeba lira tsa Jehova li u kenyetsa litšoso tsa hore li tla u bolaea, na u tla ba le tšepo ea hore Jehova o tla u tsosa? U ka tseba joang hore u ka tšepa Jehova ka nako eo? Tsela e ’ngoe e ka ba ho ipotsa lipotso tsena, ‘Na liqeto tse nyane tseo ke li etsang letsatsi le letsatsi, li fana ka bopaki ba hore ke tšepa Jehova?’ (Luka 16:​10) U ka boela oa ipotsa, ‘Na tsela eo ke phelang ka eona e bontša hore ke tšepa Jehova hore o tla ntlhokomela ka litlhoko tsa ka tsa mantlha ha ke batla ’Muso pele?’ (Mat. 6:​31-33) Haeba u arabile lipotso tseo ka E! taba eo e bontša hore u tšepa Jehova le hore u itokisitse bakeng sa teko le ha e le efe e ka u hlahelang nakong e tlang.​—Liprov. 3:​5, 6.

RE KA ITHUTA’NG KA MAMELLO EA JEHOVA?

17. (a) Tsoho e bontša joang hore Jehova o na le mamello? (b) Re ka bontša joang hore re leboha mamello ea Jehova?

17 Jehova o na le hora le letsatsi le tsitsitseng la hore na o tla felisa lefatše lena le khopo neng. (Mat. 24:​36) A ke ke a felloa ke mamello ebe o nka khato pele nako eo e fihla. O labalabela ho tsosa bafu empa o ntse a letile. (Jobo 14:​14, 15) O emetse nako e loketseng eo ka eona a tla ba tsosa ’me a ba fe bophelo hape. (Joh. 5:​28) Re na le mabaka ba mangata a ho leboha Jehova ka mamello ea hae. Ak’u nahane feela, kaha Jehova o na le mamello, batho ba bangata ho akareletsa le rona re na le monyetla oa ho “fihla pakong.” (2 Pet. 3:9) Jehova o batla hore batho ba bangata kahohle kamoo ho ka khonehang ba fumane bophelo bo sa feleng. Kahoo, a re tsoeleng pele ho mo bontša hore rea mo leboha ka mamello ea hae. Re ka etsa joalo joang? Ka ho etsa boiteko bohle ba hore re batle ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ le ho ba thusa ho rata Jehova le ho mo sebeletsa. (Lik. 13:​48) Ka tsela eo, ba tla una molemo oa hore ebe Jehova o na le mamello joalokaha le rona re ile ra o fumana.

18. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamella batho ba bang?

18 Jehova o tla leta ho fihlela qetellong ea lilemo tse sekete pele a ka lebella hore batho bohle ba phethahale. Ho fihlela ka nako eo, Jehova o ikemiselitse ho re tšoarela liphoso tsa rona. Kahoo, taba ena e etsa hore re be le lebaka la ho sheba lintho tse ntle tseo batho ba bang ba nang le tsona re be re ba mamelle. Nahana ka mohlala oa morali’abo rona e mong eo monna oa hae a ileng a hlaseloa ke ho tšoenyeha haholo a ba a khaotsa le ho ea libokeng. O re: “Ntho ena e ne e nkutloisa bohloko hona hoo. Lintho tseo re neng re batla ho li etsa re le lelapa, li ile tsa boholoa ke lintja.” Empa ho sa tsotellehe maemo ana ’ohle, ’mè enoa ea lerato o ile a mamella monna oa hae, a tšepa Jehova hape ha aa ka a tela. Joaloka Jehova, o ile a hlokomoloha bothata boo eaba o nahana haholo ka lintho tse ntle tseo monna oa hae a neng a e-na le tsona. O re, “Monna oa ka o na le lintho tse ntle tseo a ipabolang ka tsona hape o ntse a leka hore a hlaphoheloe butle-butle.” Ke habohlokoa hore re be le mamello ho litho tsa malapa a rona kapa batho ba bang ka phuthehong ba ntseng ba leka ho hlola mathata a boima.

19. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

19 Jesu le mangeloi ba ne ba thabile haholo ha lefatše le ne le qaloa ho boptjoa. Empa u nahana ba tla thaba hakaakang ha ba bona lefatše le tletse ka batho ba phethahetseng ba ratang Jehova ebile ba mo sebeletsa? U nahana hore batho ba tla ea busa le Jesu leholimong ba tla ikutloa joang ha ba bona batho ba rua molemo mosebetsing oo ba o entseng? (Tšen. 4:​4, 9-11; 5:​9, 10) Hape, u nahana hore ho tla ba joang ha likeleli tsa ho utloa bohloko li fetoha tsa thabo ’me re se re sa kule, re sa utloe bohloko ebile re sa shoe ka ho hang? (Tšen. 21:4) Ho fihlela ka nako eo, ikemisetse ho etsisa Ntate oa hao ea lerato, ea bohlale le ea nang le mamello. Haeba u etsa joalo, u tla lula u thabile ho sa tsotellehe hore na u thulana le mathata afe. (Jak. 1:​2-4) Kannete rea leboha le ho ananela hore ebe Jehova o tšepisitse hore ‘ho tl’o ba le tsoho.’​—Lik. 24:15.

PINA EA 141 Mpho ea Bophelo

^ ser. 5 Jehova ke Ntate ea lerato, ea bohlale le ea nang le mamello. Re khona ho bona makhabane ao tseleng eo a bopileng lintho tsohle ka eona le tšepisong eo a faneng ka eona ea ho tsosa bafu. Sehloohong sena, re tl’o araba tse ling tsa lipotso tseo re ka ’nang ra ipotsa tsona ka tsoho hape se tla boela se re thuse ho ananela lerato la Jehova, bohlale ba hae le mamello tseo a nang le tsona.

^ ser. 59 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Moindia oa Amerika ea hlokahetseng lilemo tse makholo-kholo tse fetileng o tsositsoe bafung nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Mor’abo rona ea pholohileng Armagedone o thusa monna eo ea tsositsoeng hore na o lokela ho etsa’ng e le hore a rue molemo sehlabelong sa Jesu.

^ ser. 61 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o bolella mohiri oa hae hore ho na le matsatsi a mang a beke ao ka ’ona a ke keng a khona ho sebetsa lihora tseo e seng tsa mosebetsi. O mo hlalosetsa hore mantsiboea a matsatsi ao o a sebelisa bakeng sa borapeli ba hae ho Jehova. Empa haeba a hlokoa ka tšohanyetso matsatsing a mang, ha a na bothata ba ho etsa ho eketsehileng.