Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 33

Tsoho e Bontsha Bohlale, Mamello le Lerato la Modimo

Tsoho e Bontsha Bohlale, Mamello le Lerato la Modimo

“Ho tla ba le tsoho.”​—LIK. 24:15.

PINA YA 151 O Tla Howa

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke hobaneng ha Jehova a bopile dintho tsohle?

HO NA le nako eo Jehova a neng a le mong. Empa seo se ne se sa mo utlwise bohloko, ka ha ha a hloke hore a be le motho e mong e le hore a thabe. Ho ntse ho le jwalo, Modimo o batla hore batho ba bang ba thabe. Ka hoo lerato leo a nang le lona le ile la mo susumelletsa hore a bope dintho tsohle.​—Pes. 36:9; 1 Joh. 4:19.

2. Jesu le mangeloi ba ile a ikutlwa jwang ha Jehova a ne a bopa dintho tse ding?

2 Jehova o qadile ka ho bopa Mora wa hae e leng Jesu. Ka mora moo Jehova le Mora wa hae ba ile ba bopa “dintho tse ding tsohle” ho akarelletsa le mangeloi. (Bakol. 1:16) Jesu o ne a thabela ho sebetsa le Ntate wa hae. (Liprov. 8:30) Hape mangeloi a ne a thabile ka ha a bone ha Jehova le Jesu e leng Mosebetsi wa Hae ya Hlwahlwa ba bopa lehodimo le lefatshe. Jwale mangeloi a ile a etsang ho bontsha hore a thabile? Ha Jehova a ne a bopa lefatshe mangeloi a ile a “qala ho hlaba ditlatse” mme a tswela pele ho mo rorisa ha a ntse a bopa dintho tse ding tsohle haholoholo batho. (Jobo 38:7; Liprov. 8:31) Dintho tseo Jehova a di bopileng di bontsha hore o lerato ebile o bohlale.​—Pes. 104:24; Bar. 1:20.

3. Jwalo ka ha 1 Bakorinthe 15:21, 22 e bontsha, sehlabelo sa Jesu sa thekollo se thusa batho jwang?

3 Jehova o ne a batla hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatsheng le letle leo a le bopileng. Empa Adama le Eva ba ile ba fosetsa Jehova, ka hoo ba ne ba sa tlo kgona ho phela ka ho sa feleng mme sena se ne se tla etsa hore ba shwe ha mmoho le bana ba bona. (Bar. 5:12) Jwale Jehova o ile a etsang? Hanghang o ile a bontsha hore na o tla pholosa batho jwang. (Gen. 3:15) Jehova o ne a tla fana ka thekollo e neng e tla etsa hore bana ba Adama le Eva ba lokollwe sebeng le lefung. Ka mora moo o ne a tla fa motho e mong le e mong ya neng a kgetha ho mo sebeletsa bophelo bo sa feleng.​—Joh. 3:16; Bar. 6:23; bala 1 Bakorinthe 15:21, 22.

4. Re tlo araba dipotso dife sehloohong see?

4 Ho na le dipotso tse ngata tseo re ka ipotsang tsona ka ho tsoswa ha bafu. Ka mohlala re ka nna ra ipotsa: Bafu ba tla tsoswa jwang? Na re tlo kgona ho ba tseba ha ba tsoswa? Tsoho ya bafu e tla re thabisa jwang? Hona tsoho ya bafu e re rutang ka bohlale, mamello le lerato leo Jehova a re ratang ka lona? Sehloohong sena re tlo araba dipotso tsena.

BAFU BA TLA TSOSWA JWANG?

5. Ke hobaneng ha re ka re bafu ba ke ke ba tsoswa kaofela ka nako e le e nngwe?

5 Jehova o tla sebedisa Jesu ho tsosa bafu ba dimilione mme re ka lebella hore ba ke ke ba tsoha kaofela ka nako e le nngwe. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Hobane haeba batho ba ne ba ka tsoswa kaofela ka nako e le nngwe seo ne se ka baka moferefere. Hape ha ho mohla Jehova a etsang dintho ka tsela e sa hlophisehang. O a tseba hore ho hlokahala hore dintho di hlophisehe e le hore batho ba phele ka kgotso. (1 Bakor. 14:33) Jehova Modimo o ile a bontsha hore o bohlale ebile o na le mamello ha a ntse a sebetsa le Jesu ho etsa hore lefatshe ebe sebaka seo batho ba ka dulang ho sona. Jesu le yena o tla bontsha hore o bohlale ebile o na le mamello nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete ha a ntse a sebetsa le batho ba tla pholoha Armagedone ho lokisa lefatshe e le hore batho ba tlo tsoswa ba le fumane le le hantle.

Batho ba pholohileng Armagedone ba tla ruta ba tsositsweng ka Mmuso wa Modimo le melao ya hae (Sheba serapa sa 6) *

6. Ho ya ka Liketso 24:15, ke bo mang ba tla ba hara batho ba tla tsoswa ke Jehova?

6 Ntho ya bohlokwa le ho feta eo batho ba tla pholoha Armagedone ba tla e etsa ke ho ruta batho ba tsositsweng bafung melao ya Jehova le ka Mmuso wa hae. Hobaneng? Hobane bongata ba batho ba tla tsoswa e tla be e le karolo ya batho bao Bibele e ba bitsang “ba sa lokang.” (Bala Liketso 24:15.) Batho bana ba lokela ho fetola bophelo ba bona e le hore ba fumane molemo sehlabelong sa Kreste. A ko nahane feela hore e tla be e le mosebetsi o mongata hakaakang ho ruta batho ba dimilione ba sa tsebeng letho ka Jehova. Na motho e mong le e mong o tla ba le motho eo a mo rutang jwalo ka ha re ruta batho Bibele kajeno? Na batho bana ha ba se ba rutilwe ba tla abelwa phutheho e itseng le ho kwetlisetswa hore ba rute batho ba tla tsoswa ka mora bona? Re tla tlameha re emele nako eo mme re bone hore na ho tla etsahalang. Le ha ho le jwalo re a tseba hore qetellong ya Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete “lefatshe le tla tlala tsebo ya Jehova.” (Esa. 11:9) Ka hoo re tla ba le mosebetsi o mongata o tla re thabisa nakong eo ya dilemo tse sekete.

7. Ke hobaneng ha bahlanka ba Modimo ba tla ba le qenehelo ha ba ruta batho ba tsositsweng?

7 Nakong ya Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete bahlanka bohle ba Jehova ba tla lokela ho tswela pele ba fetola bophelo ba bona e le hore ba mo thabise. Ka hoo kaofela ha bona ba tla qenehela le ho thusa batho ba tsositsweng hore ba fetole menahano le ditakatso tsa bona tse fosahetseng le hore ba phele ka melao ya Jehova. (1 Pet. 3:8) Ha batho bana ba tsositsweng ba bona ka moo batho ba Modimo ba ikokobeditseng ka teng ha ba ntse ba ‘sebeletsa poloko ya bona,’ ba tla ba tla ho sebeletsa Jehova le bona.—Bafil. 2:12.

NA RE TLO KGONA HO TSEBA BATHO BA TSOSITSWENG?

8. Ke hobaneng ha re ka lebella hore re tla tseba ba lelapa le metswalle ha ba tsoswa bafung?

8 Re na le mabaka a ho dumela hore batho ba tla tseba baratuwa ba bona ha ba tsoswa. Ka mohla, Jehova o ile a tsosa batho nakong e fetileng re ka lebella hore ha a tsosa bafu o tla etsa hore ba bue, ba nahane le ho shebahala jwalo ka ha ba ne ba shebahale pele ba hlokahala. Hopola hore o ile a tshwantsha lefu le boroko mme a re tsoho e tshwana le ha motho a tsoswa borokong. (Mat. 9:18, 24; Joh. 11:11-13) Ha motho a tsoha borokong o shebahala, o bua le ho hopola dintho tseo a neng a di etsa pele a robala. Nahana ka mohlala wa Lazaro. O ne a se a na le matsatsi a mane a hlokahetse mme mmele wa hae o ne o se o qadile ho bola. Ho ntse ho le jwalo, ha Jesu a mo tsosa bafung bana babo ba ile ba bona hore ke yena mme le Lazaro a ba tseba.​—Joh. 11:38-44; 12:1, 2.

9. Ke hobaneng ha bafu ba ke ke ba tsoswa ba phethahetse?

9 Jehova o tshepisa hore ha Kreste a busa, ha ho motho ya tla re: “Ke a kula.” (Esa. 33:24; Bar. 6:7) Ka hoo batho ba tsositsweng ba tla be ba sa kule. Le ha ho le jwalo, ha ba na phethahala hanghang. Haeba ba ne ba ka tsoswa ba phethahetse, ba malapa ba ne ba ka nna ba se ke ba ba tseba. Ho bonahala e ka batho ba tla phethahala hanyane hanyane nakong ya Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete. Jesu o tla kgutlisetsa Mmuso ho Ntate wa hae qetellong ya dilemo tseo. Ka hoo Mmuso oo o tla be o entse dintho tsohle tseo Jehova a neng a batla hore o di etse ho akarelletsa le hore batho ba phethahale.​—1 Bakor. 15:24-28; Tšen. 20:1-3.

KE JWANG TSOHO YA BAFU E TLANG HO RE THABISA?

10. Tsoho ya bafu e tla etsa hore o ikutlwe jwang?

10 A ko nahane hore na ho tla ba jwang ha re se re bona baratuwa ba rona ba se ba tsositswe. Na o tla thaba haholo hoo o tla tsheha kapa o lle? Na o tla thaba hoo o tla binelang Jehova? Re ka kgodiseha hore re tla rata Ntate wa rona ya lerato le Mora wa hae le ho feta ka ha ba entse hore ho be le tsoho.

11. Ho ya ka seo Jesu a se buileng ho Johanne 5:28, 29, ho tla etsahalang ka batho ba mamelang Modimo?

11 Nahana hore na batho ba tsositsweng ba tlo thaba hakaakang ha ba fetola bophelo ba bona hore ba phele ka melao ya Modimo. Seo se tla ba fa monyetla wa hore ba phele ka ho sa feleng Paradeiseng. Ka lehlakoreng le leng, Jehova a ke ke a dumella hore batho ba sa batleng ho phela ka melao ya hae ba senye kgotso e teng Paradeiseng.​—Esa. 65:20; bala Johanne 5:28, 29.

12. Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba tlo phela tlasa Mmuso wa hae jwang?

12 Tlasa Mmuso wa Modimo bahlanka bohle ba hae ba tla bona hore seo Liproverbia 10:22 e se buang ke nnete ha e re: “Tlhohonolofatso ya Jehova ya ruisa, mme ha a e phaelle ka bohloko.” Moya o halalelang o tla ba thusa hore ba tshwane le Kreste mme hanyane hanyene ba tla phethahala. (Joh. 13:15-17; Baef. 4:23, 24) Hape letsatsi le leng le le leng ba tla phela hantle mmeleng mme ba be le matla. Bo na e tla ba bophelo bo thabisang. (Jobo 33:25) Ka hoo ho nahanisisa ka tsoho ho tla o thusa jwang?

ANANELA LERATO LEO JEHOVA A O RATANG KA LONA

13. Ke jwang Pesaleme ya 139:1-4 e bontshang hore Jehova o re tseba hantle, hona tsoho e tla tiisa see jwang?

13 Jwalo ka ha re se re ithutile, ha Jehova a tsosa bafu ba tla be ba ntse ba tshwana le pele ba hlokahala ebile ba hopola dintho tse ileng tse etsahala. A ko nahane feela hore na sena se bolelang. Jehova o o rata haholo hoo a hopolang tsela eo o nahanang, o ikutlwang, o buang le ho etsa dintho ka yona. Ka hoo o tla o tsosa ka tsela eo o neng o le ka yona pele. Morena Davida o ne a hlokometse hore Jehova o tseba e mong le e mong wa rona hantle. (Bala Pesaleme ya 139:1-4.) O ikutlwa jwang ha o hlokomela hore Jehova o a o tseba?

14. Re lokela ho ikutlwa jwang ha re nahana ka hore Jehova o re tseba hantle?

14 Ho nahanisisa ka taba ya hore Jehova o re tseba hantle seo ha se a lokela ho re tshwenya. Hobaneng? Hopola hore Jehova o re kgathalla haholo mme o nka e mong le e mong e le wa bohlokwa ho yena. O tseba ntho e nngwe le e nngwe e re etsahalletseng e etsang hore re be ka tsela eo re leng ka yona. Sena se a re kgothatsa. Hape le ka mohla ha re a lokela ho nahana hore re bang. Ka hoo Jehova o dula a na le rona hape o batla ho re thusa.​—2 Likron. 16:9.

ANANELA BOHLALE BA JEHOVA

15. Tshepiso ya tsoho e bontsha jwang hore Jehova o bohlale?

15 Haeba motho a tshaba ho shwa, ho ba bonolo hore dira tsa hae di mo tshose ka hore di tla mo bolaya. Batho ba laolwang ke Satane ba tshosa batho ka hore ba tla ba bolaya haeba ba sa etse ntho eo ba reng ba e etse. Empa rona re ke ke ra tshoswa ke seo, hobane re a tseba hore haeba dira tsa rona di ka re bolaya Jehova o tla re tsosa. (Tšen. 2:10) Re kgodisehile hore ha ho letho leo ba ka le etsang ho re thibela ho sebeletsa Jehova. (Bar. 8:35-39) Jehova o re bontshitse hore o bohlale ka ho re tshepisa ho re tsosa bafung. Ka lebaka la tshepiso ena, ha re tshohe ha batshehetsi ba Satane ba re tshosa ka hore ba tla re bolaya haeba re sa etse dintho tseo ba reng re di etse. Hape tshepiso ena e re thusa hore re be sebete le ho dula re tshepahalla Jehova.

Na diqeto tseo re di etsang di a bontsha hore re a tshepa hore Jehova o tla re hlokomela jwalo ka ha a re tshepisitse? (Sheba serapa sa 16) *

16. Ke dipotso dife tseo o hlokang ho ipotsa tsona, hona ke jwang karabo ya hao dipotsong tseo e tla o bontsha hore o tshepa Jehova hakae?

16 Ha dira tsa Jehova di re di tla o bolaya, na o tla mo tshepa hore o tla o tsosa? O ka tseba jwang hore o tla tshepa Jehova ka nako eo? O ka tseba sena ka hore o ipotse: ‘Na diqeto tse nyane tseo ke di etsang letsatsi le letsatsi di bontsha hore ke tshepa Jehova?’ (Luka 16:10) O ka boela wa ipotsa: ‘Na tsela eo ke sebedisang nako le tjhelete ya ka ka yona e bontsha hore ke tshepa hore Jehova o tla ntlhokomela haeba ke batla Mmuso pele?’ (Mat. 6:31-33) Haeba dikarabo tsa hao dipotsong tsena ke ‘e,’ sena se bontsha hore o tshepa Jehova e leng se tla o lokisetsa diteko tse ka o hlahelang nakong e tlang.​—Liprov. 3:5, 6.

ANANELA MAMELLO YA JEHOVA

17. (a) Ke jwang tsoho ya bafu e re bontshang hore Jehova o na le mamello? (b) Re ka bantsha jwang hore re ananela mamello ya Jehova?

17 Jehova o se a ntse a entse qeto ya hore na o tla fedisa lefatshe lena le kgopo neng. (Mat. 24:36) Le ha ho le jwalo, a ke ke a le fedisa pele nako eo e fihla. Le hoja a batla ho tsosa bafu empa o na le mamello. (Jobo 14:14, 15) Jehova o emetse nako e loketseng ya hore a tsose bafu. (Joh. 5:28) Re na le mabaka a ho leboha hore Jehova o na le mamello. Nahana ka sena, batho ba bangata ba na le monyetla wa hore “ba fihle pakong” ka lebaka la mamello ya Jehova. (2 Pet. 3:9) Jehova o batla hore batho ba bangata ka moo ho ka kgonehang ba fumane monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. Ka hoo a re bontsheng hore re ananela mamello ya hae. Re ka etsa seo jwang? Ka ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho fumana batho ba nang le “tshekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” le ho ba thusa hore ba rate le ho ba le kamano e ntle le Jehova. (Lik. 13:48) Jwalo ka rona le bona ba tla fumana molemo mamellong eo Jehova a nang le yona.

18. Ke hobaneng ha re lokela ho mamella batho ba bang?

18 Ka mamello Jehova o tla emela hore dilemo tse sekete di fete pele a ka lebella hore re phethahale. Jehova o ikemiseditse ho re tshwarela dibe ho fihlela re phethahala. Ka hoo re lokela ho mo etsisa ka hore re shebe makgabane ao Bakrestemmoho ba nang le ona le ho ba mamella. Hlokomela mohlala wa moradiwabo rona eo monna wa hae a ileng a tlohela ho ya dibokeng ka lebaka la ho tshwenyeha haholo. O re: “Sena se ne se nkutlwisa bohloko haholo. Bophelo ba rona bo ile a fetoha ka tshohanyetso mme re ne re se re sa kgone ho etsa dintho tseo re neng re batla ho di etsa.” Empa moradi enwa wabo rona o ile a tswela pele ho bontsha monna wa hae mamello. Ha a a ka a tela mme o ne a tshepile Jehova. Jwalo ka Jehova o ile a sheba dintho tse ntle tseo monna wa hae a neng a di etsa. O boetse o re: “Ho na le dintho tse ntle tseo monna wa ka a di etsang ebile o etsa sohle seo a se kgonang ho hlola ho tshwenyeha hanyane hanyane.” Ka hoo ke ha bohlokwa hore re mamelle Bakrestemmoho kapa ba lelapa ba ntseng ba leka ho lwantsha mathata a itseng.

19. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

19 Jesu le mangeloi ba ne ba thabile ha lefatshe le ne le qala ho boptjwa. A ko nahane hore na ba tla be ba thabile hakaakang ha ba bona lefatshe le tletse batho ba phethahetseng, ba ratang Jehova le ho mo sebeletsa. Le ho le jwalo, batho ba tlo busa le Kreste ba tla thaba le ho feta ha ba bona hore mosebetsi oo ba o etsang o tswela batho molemo. (Tšen. 4:4, 9-11; 5:9, 10) Nahana o se o phela lefatsheng leo ho lona o llang ka lebaka la thabo eseng hobane o utlwile bohloko, o sa kule ebile ho se na lefu. (Tšen. 21:4) Ho fihlela nako eo e fihla, ikemisetse ho etsisa Ntate wa hao ya lerato, ya bohlale le ya nang le mamello. Haeba o etsa jwalo, o tla dula o thabile ho sa tsotellehe hore na o ba le mathata afe. (Jak. 1:2-4) Re a leboha hore ebe Jehova o re tshepisa hore “ho tla ba le tsoho.”​—Lik. 24:15.

PINA YA 141 Mohlolo wa Bophelo

^ par. 5 Jehova ke Ntate ya lerato, ya bohlale le ya nang le mamello. Re bona makgabane ana tseleng eo a ileng a bopa lefatshe ka yona le tshepisong ya hae ya ho tsosa bafu. Sehlooho sena se tlo bua ka dipotso tseo re ka ipotsang tsona ka tsoho. Se tla boela se bue ka hore na tsoho e re rutang ka bohlale, mamello le lerato leo Jehova a re ratang ka lona le hore na tsoho e re ama jwang.

^ par. 59 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Nakong ya Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete monna ya hlahetseng America ya ile a hlokahala dilemo tse makgolo tse fetileng o tsositswe. Morabo rona ya pholohileng Armagedone o thabela ho ruta monna eo ya tsositsweng hore na keng seo a hlokang ho se etsa e le hore sehlabelo sa Kreste sa thekollo se mo tswele molemo.

^ par. 61 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Morabo rona o bolella mohiri wa hae hore ho na le matsatsi ao a sa tlo kgona ho sebetsa dihora tse eketsehileng ka ona. O a mo hlalosetsa hore matsatsing ao ho na le dintho tse amanang le bodumedi ba hae tseo a di etsang. Le ha ho le jwalo, haeba ka matsatsi a mang ba mo hloka a ka kgona ho sebetsa dihora tse eketsehileng.