Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 36

Na U Malala-a-Laotsoe Hore U be Motšoasi oa Batho?

Na U Malala-a-Laotsoe Hore U be Motšoasi oa Batho?

“Khaotsa ho ba le tšabo. Ho tloha joale ho ea pele u tla tšoasa batho ba phela.”​—LUKA 5:10.

PINA EA 73 U re fe Sebete

SELELEKELA *

1. Ke memo efe eo Jesu a ileng a e fa banna ba bane, hona ba ile ba etsa’ng?

BARUTUOA bana, Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne e ne e le batšoasi ba litlhapi. U nahana ba ile ba ikutloa joang ha ba utloa memo ea Jesu e reng: “Ntšaleng morao ’me ke tla le etsa batšoasi ba batho”? * Ba ile ba etsa’ng? Bibele e re: “Hang-hang ha ba tlohela matlooa, ba mo latela.” (Mat. 4:​18-22) Qeto eo e ile ea ama bophelo bohle ba bona. Ho e-na le hore ba tšoase litlhapi, lekhetlong lena ba ne ba tl’o “tšoasa batho ba phela.” (Luka 5:​10) Le mehleng ena, Jesu o ntse a tsoela pele ho mema batho ba lipelo li ntle hore ba amohele memo eo. (Mat. 28:​19, 20) Na u se u amohetse memo ea Jesu ea hore u be motšoasi oa batho?

2. Ke hobane’ng ha re lokela ho nka ka botebo qeto ea ho ba batšoasi ba batho, hona re ka thusoa ke’ng hore re etse qeto eo?

2 Mohlomong u se u hatetse pele haholo ho ithuteng Bibele ’me joale u se u le mothating oo ho oona o lokelang ho etsa qeto ea hore na u batla ho ba mohoeletsi kapa che. Haeba ha oa kholiseha hantle hore na u batla ho amohela memo ea Jesu, u se ke oa nyahama. Ho ba leqe hoo ho bontša hore u utloisisa hantle hore na qeto eo ke ea bohlokoa hakae. Ke ’nete hore Bibele e re Petrose le metsoalle ea hae ba ile ba tlohela matlooa a bona “hang-hang.” Leha ho le joalo, Petrose le ngoan’abo ha baa ka ba etsa qeto eo ba sa nahana ka eona pele. Ba ile ba tseba Jesu le ho lumela hore ke Mesia likhoeli tse fetang tse tšeletseng pele ho moo. (Joh. 1:​35-42) Le uena ka tsela e tšoanang, u ithutile lintho tse ngata ka Jehova le Jesu ’me u batla hore u ’ne u tsoele pele u atamela haufi le Jehova. Empa e ka ba phoso e kholo ha u ka etsa qeto ena u sa nahanisisa ka eona pele. Petrose, Andrease le ba bang ba ile ba thusoa ke’ng hore ba etse qeto eo?

3. Ke makhabane afe a tla u thusa hore u holise takatso eo u nang le eona ea ho amohela memo ea Jesu?

3 Barutuoa ba Jesu ba pele ba ne ba le morolo, ba tseba mosebetsi oa bona hantle, ba le sebete hape ba khona ho etsa lintho tseo ba batlang ho li etsa. Ha ho potang hore makhabane ana ke ’ona a ileng a ba thusa hore e be batšoasi ba hloahloa ba batho. Sehlooho sena se tl’o u thusa ho bona na u ka etsa’ng hore u be le makhabane ao e le hore u be morutuoa oa Kreste ea hloahloa.

HOLISA TAKATSO EA HAO EA HO BOLELA

Petrose le ba bang e ile ea e-ba batšoasi ba batho. Mosebetsi oo oa bohlokoa o ntse o tsoela pele le mehleng ena (Sheba serapa sa 4 le 5)

4. Petrose o ile a susumetsoa ke’ng hore e be motšoasi oa litlhapi?

Petrose o ne a tšoasa litlhapi e le hore a hlokomele lelapa la hae empa oo e ne e se mosebetsi feela tjee ho eena. Petrose o ne a rata ho tšoasa litlhapi haholo. (Joh. 21:​3, 9-15) O ile a boela a ithuta ho rata ho ba motšoasi oa batho. Kaha Jehova o ile a mo thusa, o ile a ipabola mosebetsing oo.​—Lik. 2:​14, 41.

5. Ho ea ka Luka 5:​8-11, ke hobane’ng ha Petrose a ne a tšohile, hona re ka thusoa ke eng hore re hlole bothata bo tšoanang?

5 Lebaka le ka sehloohong le re susumeletsang hore re etse mosebetsi oa boboleli ke hobane re rata Jehova. Ho rata Jehova ho ka re thusa hore re hlole maikutlo a hore ha re tšoanelehe. Ha Jesu a ne a mema Petrose hore e be motšoasi oa batho, o ile a re ho eena: “Khaotsa ho ba le tšabo.” (Bala Luka 5:​8-11.) Petrose ha aa ka a tšosoa ke taba ea hore na ho tla etsahala’ng ka eena ha e ka ba morutuoa. Ho e-na le hoo, o ile a tšosoa ke mohlolo oo Jesu a ileng a o etsa ha a ba thusa ho tšoasa litlhapi ’me ntho eo e ile ea etsa hore a ikutloe a sa tšoanelehele hore a ka sebetsa le Jesu. Joaloka Petrose, u ka ’na oa tšoha ha u hlokomela hore na ho ba morutuoa oa Kreste ho akareletsang. Haeba ho joalo, matlafatsa tsela eo u ratang Jehova, Jesu le moahelani oa hao ka eona ’me u tla susumetseha hore u amohele memo ea Jesu ea hore u be motšoasi oa batho.​—Mat. 22:​37, 39; Joh. 14:15.

6. Ke eng hape e re susumeletsang hore re bolele?

6 Ak’u nahane ka mabaka a mang a re susumeletsang hore re bolele. Re batla ho mamela taelo ea Jesu e reng: “E eang . . . ’me le etse barutuoa.” (Mat. 28:​19, 20) Re boetse re batla ho bolela hobane batho ba sohlokehile hape ba qhalakane ’me ba nyoretsoe ho ithuta ’nete ka ’Muso oa Molimo. (Mat. 9:​36) Jehova o batla hore batho ba mefuta eohle ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete e le hore ba pholohe.​—1 Tim. 2:4.

7. Baroma 10:​13-15 e bontša joang hore mosebetsi oa boboleli ke oa bohlokoa?

7 Ha re hopola hore mosebetsi ona oo re o etsang o pholosa maphelo a batho, re tla susumeletseha hore re bolele. Ho fapana le motšoasi oa litlhapi ea tšoasang ka morero oa ho ja kapa ho rekisa, rona re tšoasa batho e le hore ba fumane bophelo.​—Bala Baroma 10:​13-15; 1 Tim. 4:16.

EKETSA TSEBO EA HAO

8-9. Motšoasi oa litlhapi o lokela ho tseba’ng, hona hobane’ng?

8 Mehleng ea Jesu, Moiseraele ea tšoasang litlhapi o ne a lokela ho tseba hore na o lokela ho tšoasa eng leoatleng. (Lev. 11:​9-12) O ne a boetse a lokela ho tseba hore na litlhapi li fumaneha hokae. Hangata litlhapi li lula sebakeng seo metsi a loketseng bakeng sa tsona le moo lijo li leng ngata. Na ke taba ea bohlokoa hore na motšoasi oa litlhapi o etsa mosebetsi oa hae ka nako efe? Tabeng eo, ak’u utloe hore na mor’abo rona e mong ea lulang sehlekehlekeng sa Pacific o ile a re’ng ha a ne a mema mor’abo rona e mong oa moromuoa hore a il’o tšoasa litlhapi le eena. Moromuoa eo o ile a re: “Ke tla kopana le uena hosane hoseng ka hora ea borobong.” Mor’abo rona o ile a re ho eena: “Che boo! re lokela ho ea moo ha e le nako e loketseng ea ho tšoasa litlhapi eseng ka nako eo rona re batlang ho ea ka eona.”

9 Ka tsela e tšoanang, barutuoa ba mehleng ea Jesu ba ne ba ea moo “litlhapi” li ka bang hona teng ebile e le ka nako eo e leng hore ba tla li fumana ka eona. Ka mohlala, balateli ba Jesu ba ne ba bolela tempeleng, ka lisynagogeng, ka ntlo le ntlo le limmarakeng. (Lik. 5:​42; 17:​17; 18:4) Le rona re lokela ho tloaelana le mekhoa le liketso tsa batho ba tšimong ea rona. Re lokela ho feto-fetola maemo a rona e le hore re bolele ka nako le libakeng tseo re ka khonang ho fumana batho.​—1 Bakor. 9:​19-23.

BATŠOASI BA ATLEHANG . . . 1. ba sebetsa ka nako le libakeng tseo ba ka fumanang litlhapi ka bongata (Sheba serapa sa 8 le 9)

10. Mokhatlo oa Jehova o re file thepa efe?

10 Motšoasi oa litlhapi o lokela ho ba le thepa e loketseng a be a tsebe ho e sebelisa hantle. Le rona re lokela ho ba le thepa e loketseng bakeng sa mosebetsi oa rona. Hape re lokela ho tseba ho e sebelisa. Jesu o ile a fa barutuoa ba hae litaelo tse hlakileng tsa hore na ba lokela ho tšoasa batho joang. O ile a ba bolella hore na ba nke eng, ba bolele hokae le hore na ba re’ng. (Mat. 10:​5-7; Luka 10:​1-11) Mehleng ena, mokhatlo oa Jehova o fane ka Teaching Toolbox e nang le thepa e sebetsang hantle haholo. * Re boetse re rutoa hore na re ka sebelisa thepa eo joang. Koetliso eo e etsa hore re itšepe hape re be mesuoe e hloahloa.​—2 Tim. 2:15.

BATŠOASI BA ATLEHANG . . . 2. ba koetliselitsoe ho sebelisa thepa e nepahetseng (Sheba serapa sa 10)

E-BA SEBETE

11. Ke hobane’ng ha batšoasi ba batho ba lokela ho ba sebete?

11 Batšoasi ba litlhapi ba lokela hore ba be sebete. Ka linako tse ling, ba ba har’a maemo ao ba sa a lebellang leoatleng. Hangata ba sebetsa bosiu ’me ho ka etsahala hore ho be le lifefo tseo ba sa li lebellang. Batšoasi ba batho le bona ba lokela ho ba sebete. Ha re qala ho bolela ’me re itsebahatsa re le Lipaki Tsa Jehova re ka ’na ra ba har’a “lifefo” tsa ho hanyetsoa ke beng ka rona, ho sonngoa ke metsoalle ea rona le ho se ratoe ha molaetsa oa rona. Empa lintho tseo ha li re makatse. Jesu o ile a lemosa balateli ba hae hore o tla ba romela ho batho ba tla ba hloea.​—Mat. 10:16.

12. Ho ea ka Joshua 1:​7-9, ke eng e ka re thusang hore re be sebete?

12 U ka etsa’ng e le hore u be sebete? Taba ea pele, u lokela ho kholiseha hore Jesu o ntse a tsoela pele ho etella mosebetsi ona pele a le leholimong. (Joh. 16:​33; Tšen. 14:​14-16) Hape u lokela ho matlafatsa tumelo ea hao tšepisong eo Jehova a e entseng ea hore u tla u hlokomela. (Mat. 6:​32-34) Kahoo, ha tumelo ea hao e ntse e ba matla, u tla ba sebete le ho feta. Petrose le metsoalle ea hae ba ile ba bontša tumelo e matla ha ba ne ba tlohela mokhoa oa bona oa ho iphelisa ’me ba latela Jesu. Ka tsela e tšoanang, u bontšitse tumelo e matla ha u ne u tsebisa metsoalle ea hao le litho tsa lelapa hore u se u qalile ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova le ho ea libokeng. Ha ho potang hore u entse liphetoho tse kholo boitšoarong ba hao le tseleng eo u phelang ka eona e le hore u phele ka melao ea Jehova. Ho etsa joalo ho ile ha hloka hore u be le tumelo le sebete. Ha u ntse u tsoela pele ho matlafatsa sebete seo u nang le sona, u ka kholiseha hore “Jehova Molimo oa hao o na le uena kae kapa kae moo u ea teng.”​—Bala Joshua 1:​7-9.

BATŠOASI BA ATLEHANG . . . 3. ka sebete ba sebetsa le har’a maemo a feto-fetohang (Sheba serapa sa 11 le 12)

13. Ho thuisa le ho rapela ho ka u thusa joang hore u be sebete?

13 U ka etsa’ng hape e le hore u be sebete? Rapella ho ba sebete le ho se tšabe letho. (Lik. 4:​29, 31) Jehova o tla arabela lithapelo tsa hao ’me a ke ke a u tlohela. O tla lula a u tšehetsa. Hape u ka thuisa ka hore na Jehova o ile a sireletsa batho ba bang joang nakong e fetileng. U ka boela oa nahana ka hore na o u thusitse joang hore u hlole mathata a itseng le hore ebe o u file matla a ho etsa liphetoho bophelong ba hao. Kannete Molimo ea ileng a ntša batho ba hae Leoatleng le Lefubelu, a ka u thusa hore u be morutuoa oa Kreste. (Ex. 14:​13) E-ba le tumelo e tšoanang le ea Mopesaleme ea ileng a re: “Jehova o ka lehlakoreng la ka; nke ke ka tšoha. Motho oa lefatše a ka nketsang?”​—Pes. 118:6.

14. Re ithuta’ng mohlaleng oa Morali’abo rona Masae le Morali’abo rona Tomoyo?

14 Ntho e ’ngoe e ka u thusang hore u be sebete ke ho ithuta hore na Jehova o ile a thusa batho ba leng lihlong ka tlhaho joang hore ebe hona joale ha ba tšabe letho. Ak’u nahane ka mohlala oa Morali’abo rona Masae. O ne a le lihlong ’me a utloa eka a ke ke a khona ho bua phatlalatsa ka tumelo ea hae. Maikutlo a hore a ke ke a khona ho bua le batho bao a sa ba tsebeng a ne a tšoana le lerako le leholohali leo a neng a bona hore a ke ke a lehloa lekhale. Kahoo, o ile a etsa boiteko bo matla ba ho matlafatsa tsela eo a ratang Jehova le moahelani ka eona. O ile a nahana ka mehla ena eo re phelang ho eona hore na ho potlakile hakae hore re bolele eaba o rapela Jehova hore a mo thuse a be le takatso e matla ea ho bolela. O ile a hlola bothata boo a ba a sebeletsa e le pula-maliboho ea kamehla. Jehova o boetse a ka thusa bahoeletsi ba bacha hore ‘ba be sebete.’ Nahana ka mohlala oa Morali’abo rona Tomoyo. Ha a ne a a qala ho bolela ka ntlo le ntlo, ntlo ea pele eo a ileng a kena ho eona, mong’a ntlo o ile a re: “Ha ke batle ho utloa letho le tsoang ho lona Lipaki Tsa Jehova!” eaba o khahlela lemati. Morali’abo rona Tomoyo o ne a sa tšoha eaba o re ho motsoalle oa hae: “Na u utloile ntho eo ke e utloileng? Ha ho na ntho eo ke e buileng empa o khonne ho bona hore ke Paki ea Jehova. Ke thabile ho re!” Hona joale Morali’abo rona Tomoyo ke pula-maliboho ea kamehla.

TSEBA LINTHO TSEO U TLAMEHANG HO LI ETSA

15. Bakreste ba lokela ho etsa’ng, hona ke hobane’ng ha taba eo e le bohlokoa?

15 Batšoasi ba litlhapi ba atlehang mosebetsing oa bona, ba tseba lintho tseo ba tlamehang ho li etsa. Taba eo e akareletsa ho ba le boitšoaro le ho etsa lintho tse loketseng. Batšoasi ba litlhapi ba lokela ho tseba lintho tseo ba tlamehang ho li etsa e leng ho tsoha hoseng, ho sebetsa ho fihlela mosebetsi o phethiloe le ho peselletsa feela le har’a maemo a mabe a leholimo. Le rona re lokela ho ba ka tsela eo haeba re batla hore re mamelle mosebetsing oa rona le ho o phetha.​—Mat. 10:22.

16. Re ka thusoa ke’ng hore re khone ho etsa lintho tseo ho ka bang thata hore re li etse?

16 Ha re hlahe re na le bokhoni ba ho itšoara le ho etsa lintho tse loketseng. Ha e le hantle, ka tlhaho re rata ho etsa lintho tse seng thata kapa tse bonahalang li le bonolo ho li etsa. Ho hlokahala hore re be le boitšoaro e le hore re khone ho etsa lintho tseo re batlang ho li etsa ebile e le tse loketseng. Kahoo, re hloka thuso e le hore re ka ikoetlisa bakeng sa ho etsa lintho tseo ho ka bang thata hore re li etse. Jehova o re thusa ka ho re fa moea o halalelang.​—Bagal. 5:​22, 23.

17. Ho 1 Bakorinthe 9:​25-27, moapostola Pauluse o ile a hlalosa boiteko boo a bo entseng ba hore o tlameha ho tseba lintho tseo a tlamehang ho li etsa joang?

17 Moapostola Pauluse o ne a tseba lintho tseo a lokelang ho li etsa. Empa o ile a lumela hore o ile a tlameha ho “teteka” ’mele oa hae e le hore a etse ntho e nepahetseng. (Bala 1 Bakorinthe 9:​25-27.) O ile a khothaletsa batho ba bang hore le bona ba tsebe hore na ba tlameha ho etsa’ng le hore ba etse lintho tsohle “ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.” (1 Bakor. 14:​40) Re tlameha ho ipabola mokhoeng oa ho tseba hore na re tlameha ho etsa’ng e le hore re lule re sebeletsa Jehova le ho kenya letsoho mosebetsing oa rona oa ho tšoasa batho.​—Lik 2:46.

U SE KE OA LIEHA

18. Re lokela ho etsa’ng e le hore Jehova a nke re atlehile mosebetsing oa rona?

18 Motšoasi oa litlhapi o bona katleho ea hae ho latela hore na o tšoasitse litlhapi tse ngata hakae. Empa rona ha re shebe katleho ea rona ka hore na re thusitse batho ba bakae hore batle ka mokhatlong oa Jehova. (Luka 8:​11-15) Jehova o tla nka re atlehile haeba feela re lula re mameletse ha re ntse re bolela le ho ruta batho ba bang. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Hobane re tla be re mametse eena le Mora oa hae.​—Mar. 13:​10; Lik. 5:​28, 29.

19-20. Re na le lebaka lefe la bohlokoa la ho bolela hona joale?

19 Linaheng tse ling, mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi o lumeletsoe ka likhoeli tse itseng feela. Linaheng tse joalo, motšoasi oa litlhapi o tl’o bona ho potlakile le ho feta hore a sebetse ka matla haholo nakong eo ba leng metsotsong ea ho qetela. Joaloka batšoasi ba batho, re na le lebaka le leng la hore re potlakele ho bolela: La hore tsamaiso ena e haufi le ho fela. Nako eo re nang le eona ea ho kenya letsoho mosebetsing ona o pholosang bophelo e fokotsehile hoo! U se ke oa lieha kapa oa utloa eka u lokela ho emela maemo a loketseng e le hore u ka kenya letsoho mosebetsing ona oa bohlokoa.​—Moek. 11:4.

20 Nka khato hona joale hore u matlafatse boikemisetso ba hao le tsebo eo u nang le eona ka Bibele, hape u be sebete ’me u tsebe hore na ke lintho life tse u lokelang ho li etsa. Ikamahanye le batšoasi ba batho ba ka holimo ho limilione tse robeli ’me u tla ba le thabo ea Jehova. (Neh. 8:​10) E-ba le sepheo sa ho kenya letsoho kahohle-hohle mosebetsing ona ho fihlela ha u bona o phetheloa. Sehloohong se latelang, re tl’o bua ka litsela tse tharo tseo ka tsona re ka matlafatsang boikemisetso ba rona ba ho tsoela pele mosebetsing oa ho ruta ka ’Muso oa Molimo re le batšoasi ba batho.

PINA EA 66 Phatlalatsang Litaba Tse Molemo

^ ser. 5 Jesu o ile a mema batšoasi ba litlhapi ba sebetsang ka thata le ba ikokobelitseng hore e be balateli ba hae. Le mehleng ena, Jesu o mema batho ba nang le makhabane ao hore e be batšoasi ba batho. Sehlooho sena se tl’o bua ka liithuti tsa Bibele tse lesisitheho ho amohela memo ea Jesu hore na li lokela ho etsa’ng.

^ ser. 1 TLHALOSO: Poleloana e reng “batšoasi ba batho,” e bua ka batho bohle ba etsang mosebetsi oa boboleli le ho ruta batho hore e be barutuoa ba Kreste.

^ ser. 10 Sheba sehlooho se reng “Ruta ’Nete” se ho Molula-Qhooa oa, October 2018, leq. 11-16.