Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 36

Na o Itokiseditse ho ba Motshwasi wa Batho?

Na o Itokiseditse ho ba Motshwasi wa Batho?

“Kgaotsa ho ba le tshabo. Ho tloha jwale ho ya pele o tla tshwasa batho ba phela.”​—LUKA 5:10.

PINA YA 73 O re fe Sebete

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Jesu o ile a kopa hore batshwasi ba ditlhapi ba etseng, hona ba ile ba etsang?

BARUTUWA ba Jesu e leng Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne e ne e le batshwasi ba ditlhapi. A ko nahane hore na ba ile ba makala hakaakang ha Jesu a re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.” * Banna bao ba ile ba etsang? Bibele e re: “Hanghang ha ba tlohela matlowa, ba mo latela.” (Mat. 4:18-22) Qeto eo e ile ya fetola bophelo ba bona ka ho feletseng. Ho e na le hore ba tshwase ditlhapi ba ne ba “tshwasa batho ba phela.” (Luka 5:10.) Kajeno Jesu o kopa batho ba tshepahalang le ba ratang Bibele hore ba etse se tshwanang. (Mat. 28:​19, 20) Na o amohetse kopo ya Jesu ya hore o be motshwasi wa batho?

2. Ke hobaneng ha re lokela ho nka qeto ya ho ba batshwasi ba batho e le ya bohlokwa, hona ke eng e tla re thusa hore re etse qeto eo?

2 Mohlomong e se e le nako o ithuta Bibele mme o hloka ho etsa diphetoho tse itseng. Hona jwale o hloka ho etsa qeto ya hore o rute batho ba bang Bibele. Haeba o utlwa o tshaba ho ba morutuwa wa Jesu o se ke wa nyahama. E ka nna yaba o tshoswa ke hobane o a tseba hore qeto eo ke ya bohlokwa. Bibele e re Petrose le metswalle ya hae ba ile ba tlohela matlowa “hanghang.” Le ha ho le jwalo, Petrose le ngwana wa bo ha ba a ka ba etsa qeto eo hanghang. Ba ile ba ithuta ka Jesu le ho amohela hore Jesu ke Mesia dikgwedi tse tsheletseng pele ba etsa qeto eo. (Joh. 1:35-42) Ka tsela e tshwanang mohlomong le wena o ithutile ka Jehova le Jesu mme o batla ho tswela pele o atamela haufi le Jehova. Empa pele o etsa qeto ya hore o be mohweletsi o lokela ho nahana ka hloko ka taba eo. Ke eng e ileng ya thusa Petrose, Andrease le ba bang hore ba etse qeto eo ba ileng ba e etsa?

3. Ke makgabane afe a tla o thusa hore o se ke wa tshaba ho ba morutuwa wa Jesu?

3 Barutuwa ba Jesu ba pele e ne e le batho ba ikemiseditseng, ba tsebang mosebetsi wa bona hantle, ba sebete ebile ba ne ba etsa dintho tseo ba tsebang hore ba ne ba tlameha ho di etsa. Makgabane ana a ne a ba thusa hore ba kgone ho bolela ditaba tse molemo. Sehlooho sena se tla bontsha hore na ke jwang o ka bang le makgabane ao e le hore o atlehe ho ruta batho Bibele.

IKEMISETSE HO RUTA BATHO BIBELE

Petrose le ba bang e ile ya ba batshwasi ba batho. Mosebetsi oo wa bohlokwa o ntse o tswela pele le kajeno (Sheba serapa sa 4 le 5)

4. Ke hobaneng ha Petrose a ne a etsa mosebetsi wa ho tshwasa ditlhapi?

4 E le hore Petrose a hlokomele lelapa la hae o ne a tshwasa ditlhapi mme o ne a rata mosebetsi oo haholo. (Joh. 21:3, 9-15) O ile a boela a ithuta ho rata mosebetsi wa ho ba motshwasi wa batho. Ka hoo Petrose o ile a tseba ho etsa mosebetsi oo hantle ka ha Jehova o ne a mo tsheheditse.​—Lik. 2:14, 41.

5. Ho ya ka Luka 5:8-11, ke eng e ileng ya tshosa Petrose, hona re ka thuswa ke eng haeba re na le maikutlo a tshwanang le a hae?

5 Ka ha re rata Jehova seo se etsa hore re rute batho ka yena. Hape lerato leo le re thusa ho hlola maikutlo a hore ha re tshwanelehe ho etsa mosebetsi oo a re fileng ona. Ha Jesu a ne a kopa Petrose hore e be motshwasi wa batho o ile a re ho yena: “Kgaotsa ho ba le tshabo.” (Bala Luka 5:8-11.) Petrose o ne a sa tshoswe ke hore na ho tla etsahalang haeba e ba morutuwa wa Kreste. Ho e na le hoo, o ile a makatswa ke ditlhapi tseo Jesu a ba thusitseng hore ba di tshwase. O ne a tseba hore ke Jesu ya ba thusitseng hore ba etse mohlolo ona mme o ile a ikutlwa a sa tshwanelehe hore a sebetse le yena. Ka lehlakoreng le leng, jwalo ka Petrose mohlomong o ka tshoswa ke dintho tseo o lokelang ho di etsa e le hore o be morutuwa wa Kreste. Haeba ho jwalo, matlafatsa lerato leo o ratang Jehova, Jesu le moahelani wa hao ka lona mme seo se tla o susumelletsa hore o be motshwasi wa batho.​—Mat. 22:37, 39; Joh. 14:15.

6. Ke eng hape e etsang hore re bolele ditaba tse molemo?

6 Hlokomela mabaka a mang a etsang hore re batle ho ruta batho ba bang ka Jehova. Re batla ho mamela taelo ya Jesu e reng: “E yang mme le etse . . . barutuwa.” (Mat. 28:19, 20) Re boetse re bolela ditaba tse molemo hobane batho ba ‘sohlokehile mme ba qhalakane’ hape ba hloka ho ithuta nnete ka Mmuso wa Modimo. (Mat. 9:36) Jehova o batla hore batho ba mefuta yohle ba tsebe nnete mme ba pholohe.​—1 Tim. 2:4.

7. Baroma 10:13-15 e bontsha jwang hore mosebetsi oo re o etsang ke wa bohlokwa?

7 Ha re nahana ka moo mosebetsi wa rona o ka thusang batho ka teng sena se tla etsa hore re batle ho o etsa. Ho fapana le batshwasi ba ditlhapi ba jang le ho rekisa ditlhapi tseo ba di tshwasitseng rona re tshwasa batho e le hore ba pholohe.​—Bala Baroma 10:13-15; 1 Tim. 4:16.

NTLAFATSA TSELA EO O RUTANG KA YONA

8, 9. Motshwasi wa ditlhapi o lokela ho tsebang, hona hobaneng?

8 Mehleng ya Jesu, motshwasi wa ditlhapi wa Moiseraele o ne a lokela ho tseba hore ke ditlhapi tsa mofuta ofe tse sebakeng seo a leng ho sona. (Lev. 11:9-12) O ne a boetse a lokela ho tseba hore na o tla di fumana hokae. Hangata ditlhapi di rata ho dula sebakeng se itseng ka metsing le moo ho nang le dijo tse ngata. Nako eo motshwasi wa ditlhapi a yang ho ilo tshwasa ka yona le yona ke ya bohlokwa. Moromuwa e mong ya dulang sehlekehlekeng sa Pacific o ile a ithuta hore ho na le nako e nepahetseng ya ho tshwasa ditlhapi. Morabo rona e mong ya dulang sebakeng seo o ile a mo kopa hore ba tsamaye le yena ba ilo tshwasa ditlhapi. Morabo rona wa moromuwa o ile a re: “Re tla kopana hosane hoseng ka hora ya borobong.” Morabo rona eo o ile a re: “Ha o utlwisise. Ha re a lokela ho ya ka nako eo rona re e batlang empa re lokela ho ya ka nako eo re tla fumana ditlhapi ka yona.”

9 Ka tsela e tshwanang barutuwa ba Jesu ba ne ba ya moo batho ba leng teng, ebile ba ya ka nako eo ba tsebang hore ba tla ba fumaneha ka yona. Ka mohlala, balatedi ba Jesu ba ne ba bolela ditaba tse molemo tempeleng, disynagogeng ka ntlo le ntlo le di mmarakeng. (Lik. 5:42; 17:17; 18:4) Ka hoo le rona re hloka ho tseba hore batho ba tshimong ya ha bo rona ba fumaneha hokae. Re lokela ho ikemisetsa ho fetofetoha e le hore re ye ho batho ka nako eo ba fumanehang ka yona.​—1 Bakor. 9:19-23.

BATSHWASI BA DITLHAPI BA NANG LE TSEBO . . . 1. ba sebetsa moo ho nang le ditlhapi le ka nako eo ba ka di fumanang ka yona (Sheba serapa sa 8 le 9)

10. Ke dithulusi dife tseo mokgatlo wa Jehova o re fang tsona?

10 Motshwasi wa ditlhapi o lokela ho tshwara dithulusi tse nepahetseng mme a tsebe ho di sebedisa. Le rona re lokela ho ba le dithulusi tse nepahetseng e le hore re rute batho Bibele. Hape re lokela ho tseba hore na di sebetsa jwang. Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae hore na ke jwang ba ka tshwasang batho. O ile a ba bolella hore na ba nke eng, ba ye hokae le hore na ba reng. (Mat. 10:5-7; Luka 10:1-11) Kajeno mokgatlo wa Jehova o fana ka Dithulusi Tsa ho Ruta tse re thusang hore re etse mosebetsi ona hantle. * Hape o re thusa hore re tsebe hore na re di sebedise jwang. Kwetliso eo e re thusa hore re kgodisehe ka seo re se rutang le hore re rute ka tsela e molemo.​—2 Tim. 2:15.

BATSHWASI BA DITLHAPI BA NANG LE TSEBO . . . 2. ba tseba ho sebedisa dithulusi tse nepahetseng (Sheba serapa sa 10)

EBA SEBETE

11. Ke hobaneng ha batshwasi ba batho ba tlameha ho ba sebete?

11 Batho ba etsang kgwebo ka ho tshwasa ditlhapi ba hloka ho ba sebete. Ka dinako tse ding ba hlahelwa ke mathata ao ba sa a lebellang ha ba ntse ba tshwasa ditlhapi ka ha hangata ba etsa mosebetsi ona bosiu. Batshwasi ba batho le bona ba hloka ho ba sebete. Ha re qala ho bolella batho ba bang hore re Dipaki Tsa Jehova ba lelapa le metswalle ba ka re hanyetsa le ho re soma mme batho ba bang ba se ke ba mamela molaetsa wa rona. Empa sena ha se re makatse. Jesu o ile a bolella balatedi ba hae hore batho ba ne ba ka nna ba ba hanyetsa ha ba ba bolella ditaba tse molemo.​—Mat. 10:16.

12. Ho ya ka Joshua 1:7-9, ke eng e ka o thusang hore o dule o le sebete?

12 Ke jwang o ka dulang o le sebete? Ntlha ya pele, o tlameha ho dumela hore Jesu o tswela pele ho tataisa mosebetsi wa boboledi a le lehodimong. (Joh. 16:33; Tšen. 14:14-16) Ka mora moo, matlafatsa tumelo ya hao tshepisong ya Modimo ya hore o tla o hlokomela. (Mat. 6:32-34) Ha tumelo ya hao e le matla o tlaba sebete le ho feta. Petrose le metswalle ya hae ba ile ba bontsha hore ba na le tumelo ha ba ne ba tlohela kgwebo ya bona ya ho tshwasa ditlhapi mme e eba balatedi ba Jesu. Ka tsela e tshwanang o bontshitse hore o na le tumelo ha o ne o bolella metswalle le ba lelapa hore o se o ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova ebile o se o ya dibokeng. Ha ho pelaelo hore o entse diphetoho tse ngata bophelong e le hore o phele ka melao ya Jehova. Ka hoo ho etsa jwalo ho ne ho hloka hore o be le tumelo le sebete. Ha o ntse o tswela pele ho ba sebete, o ka kgodiseha hore “Jehova Modimo wa hao o na le wena kae kapa kae moo o yang teng.”​—Bala Joshua 1:7-9.

BATSHWASI BA DITLHAPI BA NANG LE TSEBO . . . 3. ba sebetsa ka sebete le ha maemo a fetoha (Sheba serapa sa 11 le 12)

13. Ke jwang ho nahanisisa le ho rapela ho ka o thusang hore o be sebete?

13 Ke ka tsela efe hape re ka bang sebete? Rapella hore o be sebete. (Lik. 4:29, 31) Jehova o tla arabela thapelo ya hao mme a ke ke a tlohela ho o thusa. Hape o ka nahanisisa ka moo Jehova a ileng a thusa batho ba bang nakong e fetileng. Nahana hape ka moo a ileng a o thusa ha o ne o na le mathata le ho o matlafatsa e le hore o fetole bophelo ba hao. Ka hoo Modimo ya ileng a thusa batho ba hae hore ba fete Lewatleng le Lefubedu o ka o thusa hore o be morutuwa wa Kreste. (Ex. 14:13) Ka ho tshwanang o ka ba le tumelo e matla ho Jehova jwalo ka mopesaleme ya ileng a re: “Jehova o ka lehlakoreng la ka; nke ke ka tshoha. Motho wa lefatshe a ka nketsang?”​—Pes. 118:6.

14. O ithutang ho se ileng sa etsahalla moradiwabo rona Masae le Tomoyo?

14 Tsela e nngwe eo re ka bang sebete ka yona ke ka ho ithuta ka moo Jehova a ileng a thusa batho ba neng ba le dihlong hore ba be sebete. Hlokomela se ileng sa etsahalla moradiwabo rona e mong ya bitswang Masae. O ne a le dihlong ebile a utlwa e ka a ke ke a kgona ho ruta batho Bibele. O ne a utlwa e ka ho bua le batho bao a sa ba tsebeng ho thata jwalo ka ho hlwella lebota le le lelele. Ka hoo o ile a etsa boiteko ba hore a rate Jehova le baahelani ba hae le ho feta. O ile a nahana ka moo mosebetsi wa boboledi o potlakileng ka teng mme a rapela Jehova hore a mo thuse ho rata mosebetsi wa boboledi le ho feta. O ile a hlola tshabo eo mme hona jwale e se e le pulamadiboho ya ka mehla. Jehova a ka boela a thusa bahweletsi ba sa tswa fihla ka phuthehong hore ba ‘be sebete.’ Nahana ka se ileng sa etsahalla moradiwabo rona ya bitswang Tomoyo. Ha a ne a qala ho ya tshimong ntlo ya pele eo ba ileng ba kena ho yona mongantlo o ile a re: “Ha ke batle ho bua le Dipaki Tsa Jehova.” Ka mora moo a kgahlela lemati. Seo Tomoyo a ileng a se bua ho motho ya neng a tsamaya le yena se ile sa mo bontsha hore ha a tshoha ha a ne a re: “O utlwile hore na Mme eo o reng? Ha ke a re letho empa o ile a hlokomela hore re Dipaki Tsa Jehova mme seo se a nthabisa.” Hona jwale Tomoyo ke pulamadiboho ya ka mehla.

EBA MOTHO YA ITELANG

15. Haeba ho le thata ho bolela ditaba tse molemo ke jwang re ka tshwanang le batshwasi ba ditlhapi, hona ke hobaneng ha see e le sa bohlokwa ho Bakreste?

15 Batshwasi ba ditlhapi ba atlehang ba a itela e le hore ba etse dintho tseo ba lokelang ho di etsa. Ka mohlala ba tsoha hoseng mme ba sebetsa ho fihlela mosebetsi o fedile ebile ba tswela pele ho sebetsa ho sa tsotellehe hore na maemo a lehodimo a jwang. Ka hoo le rona re hloka ho itela e le hore re mamelle le ho qeta mosebetsi wa rona.​—Mat. 10:22.

16. Ke eng e ka re thusang hore re etse dintho tseo ho ka bang thata hore re di etse?

16 Ha re hlahe re se ntse re le batho ba itelang. Hangata re rata ho etsa dintho tseo ho leng bonolo ho di etsa. Empa ka dinako tse ding ha ho bonolo ho etsa dintho tsa bohlokwa, ka hoo re hloka ho ba le boitshwaro. Ka lebaka leo re hloka thuso e le hore re etse dintho tseo ho ka bang thata ho di etsa. Ke ka hoo Jehova a re thusang ka moya wa hae o halalelang.​—Bagal. 5:22, 23.

17. Ho ya ka 1 Bakorinthe 9:25-27, Pauluse o re o ile a lokela ho etsang e le hore a etse se nepahetseng?

17 Moapostola Pauluse o ile a etsa dintho tseo ho neng ho le thata hore a di etse. Le ha ho le jwalo o ile a dumela hore o ne a lokela ho “teteka” mmele wa hae e le hore a etse se nepahetseng. (Bala 1 Bakorinthe 9:25-27.) O ile a kgothalletsa ba bang hore ba be le boitelo le ho etsa dintho tsohle ka tsela e “hlomphehang le ka tlhophiso.” (1 Bakor. 14:40) Ka hoo re tlameha ho sebetsa ka thata e le hore re tswele pele ho sebeletsa Jehova e leng se akarelletsang hore re rute batho Bibele ka mehla.​—Lik. 2:46.

O SE KE WA SENYA NAKO

18. Re lokela ho etsang haeba re batla hore Jehova a re nke re atlehile mosebetsing wa boboledi?

18 Motshwasi wa ditlhapi o ikutlwa a atlehile haeba a tshwasitse ditlhapi tse ngata. Empa mosebetsing wa boboledi ha o atlehe ka hore na o thusitse batho ba bakae hore e be Dipaki Tsa Jehova. (Luka 8:11-15) Haeba re tswela pele ho ruta batho Bibele Jehova o tla re nka re atlehile. Hobaneng? Hobane re etsa seo Jehova le Mora wa hae ba reng re se etse.​—Mar. 13:10; Lik. 5:28, 29.

19, 20. Re na le lebaka lefe la bohlokwa la hore re bolele ditaba tse molemo hona jwale?

19 Dibakeng tse ding batshwasi ba ditlhapi ba dumellwa ho tshwasa ditlhapi ka dikgwedi tse itseng feela. Dibakeng tse kang tseo, batshwasi ba ditlhapi ba nka mosebetsi wa bona o potlakile, haholo ha nako ya ho di tshwasa e se e tlo fela. Jwalo ka batshwasi ba batho le rona re susumelletseha ho ruta batho Bibele hona jwale ka ha bofelo ba lefatshe bo atamela ka potlako. Nako ya hore re etse mosebetsi ona o pholosang batho e ntse e fokotseha. Ha re a lokela ho emela hore dintho di be hantle bophelong pele re ka etsa mosebetsi ona wa bohlokwa.​—Moek. 11:4.

20 Tswela pele ho ikemisetsa ho ruta batho Bibele, ithute ho eketsehileng ka Bibele, dula o le sebete mme o be le boitelo. Sebetsa ha mmoho le batho ba ka hodimo ho 8 milione ba bolelang ditaba tse molemo lefatsheng lohle mme o fumane thabo eo Jehova a fanang ka yona. (Neh. 8:10) Ka hoo ikemisetse ho etsa sohle seo o ka se kgonang ho etsa mosebetsi ona ho fihlela Jehova a re o fedile. Sehlooho se latelang se tla bua ka ditsela tse tharo tse tla re thusa hore re tswele pele ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo.

PINA YA 66 Phatlalatsang Ditaba Tse Molemo

^ par. 5 Jesu o ile a kopa batshwasi ba ditlhapi ba ikokobeditseng le ba sebetsang ka thata hore e be barutuwa ba hae. Kajeno Jesu o ntse a tswela pele ho kopa batho ba nang le makgabane a tshwanang le ao hore e be barutuwa ba hae mme ba rute batho Bibele. Sehlooho sena se tla bontsha hore na keng eo batho ba ntseng ba ithuta Bibele ba lokelang ho e etsa haeba ba batla ho amohela kopo ya Jesu empa ba tshaba.

^ par. 1 TlHALOSO YA LENTSWE: Ha ho buuwa ka “batshwasi ba batho” ho bolelwa batho bohle ba rutang batho Bibele e le hore e be barutuwa ba Kreste.

^ par. 10 Sheba sehlooho se reng, “Ha re Ruteng Batho Nnete” ho Tora ya ho Lebela ya October 2018, leq. 11-16.