Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 39

Kgothatsa Baradibabo Rona ka Phuthehong

Kgothatsa Baradibabo Rona ka Phuthehong

“Basadi ba bolelang ditaba tse molemo ke lebotho le leholo.”​—PES. 68:11.

PINA YA 137 Basadi ba Tshepahalang, Baradibabo Rona ba Bakreste

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

Baradibabo rona ka mafolofolo ba arabela dibokeng, ba tshebeletsong ya tshimo, ba hlokomela Holo ya Mmuso hape ba bontsha hore ba kgathalla Bakrestemmoho (Sheba serapa sa 1)

1. Baradibabo rona ba etsang ho tshehetsa mokgatlo wa Jehova, hona bongata ba bona ba ba le mathata afe? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

RE THABA haholo hore ebe re na le baradibabo rona ba bangata ba sebetsang ka thata ka phuthehong. Ka mohlala, ba nka karolo ha ba le dibokeng hape ba ruta batho Bibele. Ba bang ba etsa mosebetsi wa ho hlokomela Holo ya rona ya Mmuso mme ba bontsha hore ba kgathalla Bakrestemmoho. Le ha ho le jwalo ba ba le mathata. Baradibabo rona ba bang ba hlokomela batswadi ba bona ba seng ba hodile. Ba bang ba mamelletse ho hanyetswa ke ba malapa a bona. Ha ba bang bona ba hodisa bana ba le bang mme ba sebetsa ka thata hore ba hlokomele bana ba bona.

2. Ke hobaneng ha re lokela ho tshehetsa baradibabo rona?

2 Ke hobaneng ha re lokela ho tshehetsa baradibabo rona? Hobane batho ba bangata lefatsheng ha ba nke basadi e le batho ba bohlokwa. Ho ekelletsa moo, Bibele e re kgothalletsa hore re ba tshehetse. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a bolella phutheho ya Roma hore e amohele Fibi le ho mo ‘thusa tabeng le ha e le efe eo a ka hlokang ho yona.’ (Bar. 16:1, 2) Ha Pauluse e ne e le Mofarisi, ho ka etsahala hore e ne e le karolo ya sehlopha se neng se nka basadi ba se na thuso ebile se ba tshwara hampe. Empa ka mora hore e be Mokreste o ile a etsisa Jesu ka hore a hlomphe basadi le ho ba tshwara ka mosa.​—1 Bakor. 11:1.

3. Jesu o ne a tshwara basadi jwang, hona o ne a nka basadi ba neng ba etsa thato ya Modimo jwang?

3 Jesu o ne a hlompha basadi bohle. (Joh. 4:27) O ne a sa tshware basadi jwalo ka baetapele ba Bajuda ba mehleng ya hae. Haele hantle, buka e nngwe e hlalosang Bibele e re: “Ha ho mohla Jesu a kileng a bua ntho le ha e le efe e hlomphollang basadi.” Le ha ho le jwalo, Jesu o ne a hlompha basadi ba neng ba etsa thato ya Ntate wa hae le ho feta. Hape o ne a ba bitsa baradibabo mme o ile a bua ka bona ha mmoho le banna bao a neng a ba nka e le karolo ya lelapa labo.​—Mat. 12:50.

4. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

4 Jesu o ne a dula a ikemiseditse ho thusa basadi ba neng ba sebeletsa Modimo. O ne a ba nka e le batho ba bohlokwa ebile a ba emela ha batho ba ba bua hampe. Sehlooho sena se tla re bontsha hore na re ka etsisa Jesu jwang ka hore re tshware baradibabo rona hantle.

NKA BARADIBABO RONA E LE BA BOHLOKWA

5. Ke hobaneng ha ho ka ba thata hore baradi ba bang babo rona ba be le metswalle e molemo?

5 Kaofela ha rona ebang re bara kapa baradibabo rona re hloka ho ba le metswalle e molemo. Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding ho ka ba thata hore baradibabo rona ba fumane metswalle e molemo. Hobaneng? Nahana ka seo ba bang ba ileng ba se bua. Moradi e mong wabo rona ya bitswang Jordan * o re: “Ka ha ha ke a nyalwa hangata ho ba thata hore ke ikutlwe ke le karolo ya phutheho.” Pulamadiboho e mong e leng Kristen, ya ileng a fallela sebakeng se seng e le hore a ilo sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng o re: “Ha o qeta ho fihla phuthehong o ikutlwa e ka o mong.” Bara le baradibabo rona ba bang ba ka nna ba ikutlwa ka tsela e tshwanang. Batho bao malapa a habo bona e seng Dipaki Tsa Jehova ba ka utlwa ho le thata hore ba be haufi le ona hape ho ka ba thata hore ba tlwaele bara le baradibabo rona ka phuthehong. Baradibabo rona ba bang ba ka hlora hobane ba sa kgone ho tswa ka tlung ka lebaka la ho kula kapa hobane ba hlokometse e mong wa lelapa ya kulang. Annette o re: “Ke ne ke sa kgone ho qeta nako le bara le baradibabo rona hobane ke ne ke hlokomela Mme wa ka.”

Jwalo ka Jesu, re ka bontsha hore re kgathalla baradibabo rona ba tshepahalang (Sheba serapa sa 6-9) *

6. Ho ya ka Luka 10:38-42, Jesu o ile a thusa Maretha le Maria jwang?

6 Jesu o ne a qeta nako le baradibabo ba neng ba sebeletsa Modimo mme e ne e le motswalle wa nnete ho bona. Nahana ka setswalle sa hae le Maria le Maretha, bao ho bonahalang ba ne ba sa nyalwa. (Bala Luka 10:38-42.) Ho hlakile hore Jesu o ne a etsa hore ba ikutlwe ba phutholohile ha ba na le yena ka seo a neng a se bua le ho se etsa. Ka mohlala, Maria o ile a ikutlwa a phutholohile hore a dule maotong a Jesu jwalo ka morutuwa wa hae. * Hape ha Maretha a ne a kwatetse hore Maria ha a mo thuse ka ho lokisa dijo o ile a ikutlwa a phutholohile hore a bolelle Jesu ka moo a neng a ikutlwa ka teng. Ka yona nako eo Jesu o ile a ruta basadi bao dithuto tsa bohlokwa. Hape o ile a bontsha hore o a ba kgathalla ha mmoho le abuti wa bona Lazaro ka hore a ba etele le ka dinako tse ding. (Joh. 12:1-3) Ha ho makatse hore ha Lazaro a ne a kula haholo, Maria le Maretha ba ne ba tseba hore ba ka kopa Jesu hore a ba thuse.​—Joh. 11:3, 5.

7. E nngwe ya ditsela tseo re ka kgothatsang baradibabo rona ka yona ke efe?

7 Ho ya dibokeng ke yona feela tsela eo baradi ba bang babo rona ba fumanang monyetla wa ho kopana le Bakrestemmoho le bona. Ka hoo ha re le dibokeng re lokela ho etsa bonnete ba hore re a ba amohela, re bua le bona le ho ba bontsha hore re a ba kgathalla. Moradiwabo rona Jordan eo re buileng ka yena qalong o re: “Ke kgothala haholo ha ba bang ka phuthehong ba mpabatsa ka dikarabo tseo ke fanang ka tsona, ba kopa hore ke tsamaye le bona ha ba ilo ruta batho Bibele kapa ba etsa dintho tse ding tse bontshang hore ba a nkgathalla.” Re tlameha ho bontsha baradibabo rona hore ke batho ba bohlokwa ho rona. Kia o re: “Ha ke sa ya dibokeng ke a tseba hore bara le baradibabo rona ba tlo nthomella molaetsa ho mpotsa hore na ke ntse ke ya jwang. Sena se a mpontsha hore ba a nkgathalla.”

8. Re ka etsisa Jesu ka ditsela dife?

8 Jwalo ka Jesu re ka ipha nako ya ho ba le baradibabo rona. Mohlomong re ka ba memela malapeng a rona bakeng sa dijo kapa boithabiso bo bong bo itseng. Ha re ba memme re lokela ho etsa bonnete ba hore dintho tseo re di buang di a ba kgothatsa. (Bar. 1:11, 12) Baholo ba lokela ho ba le maikutlo a tshwanang le a Jesu. O ne a tseba hore ho ba lesoha ho ka ba thata ho batho ba bang. Empa o ile a hlakisa hore ho kena lenyalong kapa ho ba le bana ha se yona ntho e tla etsa hore motho a dula a thabile. (Luka 11:27, 28) Ho e na le hoo, hore motho a dule a thabile o tlameha hore a nke ho sebeletsa Jehova e le yona ntho e tlang pele bophelong ba hae.​—Mat. 19:12.

9. Baholo ba ka etsang hore ba thuse baradibabo rona?

9 Baholo ka ho kgetheha ba lokela ho tshwara baradibabo rona jwalo ka dikgaitsedi le bomme ba bona. (1 Tim. 5:1, 2) Ba etsa hantle haeba ba ipha nako ya ho bua le baradibabo rona pele kapa ka mora diboka. Kristen eo re buileng ka yena qalong o re: “Moholo e mong o ile a hlokomela hore ha ke na nako mme o ne a batla ho tseba hore na nka ba le nako neng. Ke ile ka thaba haholo hore ebe o ne a nkgathalla ka tsela ena.” Ha baholo ba ipha nako ya hore ba bue le baradibabo rona seo se a bontsha hore ba a ba kgathalla. * Annette eo re buileng ka yena qalong o hlalosa molemo wa ho dula re bua le baholo. O re: “Ke kgona ho ba tseba ha molemo le bona ba kgona ho ntseba. Ha ke ba le bothata ho ba bonolo hore ke ba kope hore ba nthuse.”

ANANELA SEO BARADIBABO RONA BA SE ETSANG

10. Baradibabo rona ba thabiswa ke eng?

10 Kaofela ha rona ebang re banna kapa basadi re a thaba ha batho ba bang ba hlokomela bokgoni ba rona ebile ba re bolella hore ba ananela mosebetsi oo re o etsang. Ka lehlakoreng le leng re a nyahama haeba ho se na motho ya bontshang hore o ananela bokgoni ba rona kapa mosebetsi oo re o etsang. Pulamadiboho e sa nyalwang eo lebitso la hae e leng Abigail o re ka dinako tse ding o utlwa e ka ha ho na motho ya mo kgathallang, o re: “Batho ha ba ntsebe hore na ke mang ba tseba banabeso kapa batswadi ba ka. Ka dinako tse ding ke utlwa eka ha ke bonahale.” Le ha ho le jwalo, hlokomela hore na moradiwabo rona Pam yena o ikutlwa jwang. E ne e le moromuwa ka dilemo tse ngata e ntse e le lesoha. Qetellong o ile a tlameha ho kgutlela habo ho ya hlokomela batswadi ba hae. Hona jwale o na le dilemo tse ka bang tse 70 mme e ntse e le pulamadiboho. Moradiwabo rona Pam o re: “Ntho e nthusitseng haholo ke ha ba bang ba mpolella hore ba ananela mosebetsi oo ke o etsang.”

11. Jesu o ile a bontsha jwang hore o ananela mosebetsi wa basadi ba tshepahalang ba neng ba sebetsa le yena?

11 Jesu o ne a ananela thuso eo a neng a e fuwa ke basadi ba tshepahalang ba neng ba mo sebeletsa “ka dintho tsa bona.” (Luka 8:1-3) Ha a a ka a ba dumella feela hore ba be le monyetla wa ho mo sebeletsa empa o ile a boela a ba ruta dithuto tsa bohlokwa mabapi le thato ya Modimo. Ka mohlala o ile a ba bolella hore o tla shwa mme a tsoswe. (Luka 24:5-8) O ile a thusa basadi bana hore ba itokisetse diteko tseo ba tla ba le tsona jwalo ka ha a ile a thusa baapostola ba hae. (Mar. 9:30-32; 10:32-34) Le hoja baapostola ba Jesu ba ile ba baleha ha a ne a tshwarwa, ba bang ba basadi bao ba ile ba mo tshehetsa mme ba ne ba le haufi le yena ha a ne a shwa thupeng ya tlhokofatso.​—Mat. 26:56; Mar. 15:40, 41.

12. Jesu o ile a fa basadi mosebetsi ofe?

12 Jesu o ne a tshepa basadi mme o ile a ba fa mosebetsi wa bohlokwa. Ka mohlala, basadi ba neng ba tshepahala ke bona ba pele ba ileng ba bona hore o tsositswe. O ile a fa basadi bao mosebetsi wa hore ba ilo bolella baapostola ba hae hore o tsositswe bafung. (Mat. 28:5, 9, 10) Ho ka etsahala hore ka Pentekonta ya 33, ha barutuwa ba ne ba tlotswa ka moya o halalelang basadi ba ne ba le teng. Haeba ho jwalo, e ka nna yaba le bona ka mohlolo ba ile ba kgona ho bua dipuo tse ding mme ba bolella ba bang “dintho tse hlollang tsa Modimo.”​—Lik. 1:14; 2:2-4, 11.

13. Kajeno baradibabo rona ba etsang, hona o ka bontsha jwang hore o ananela seo ba se etsang?

13 Baradibabo rona ba lokela ho babatswa ka mosebetsi wohle oo ba o etsang tshebeletsong ya Jehova. Mosebetsi oo o akarelletsa ho haha le ho hlokomela mehaho, ho ruta batho Bibele ka dipuo tse ding ha mmoho le ho ithaopela ho sebeletsa Bethele. Ba thusa mosebetsing wa diphallelo, ho fetolela dingolwa tsa rona, hape ba sebeletsa e le bo pulamadiboho le baromuwa. Jwalo ka barababo rona, baradibabo rona le bona ba ya sekolong sa bopulamadiboho, Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso le Sekolong sa Gileade. Ho feta moo baradibabo rona ba thusa banna ba bona e le hore ba kgone ho etsa mosebetsi wa bona o boima ka phuthehong le mokgatlong wa Modimo. Bara bana babo rona ba nang le boikarabelo ke “dimpho [tseo e leng] banna” empa ba ne ba ke ke ba kgona ho sebeletsa haeba basadi ba bona ba ne ba sa ba tshehetse. (Baef. 4:8) Na o ka nahana ka ditsela tseo o ka thusang baradibabo rona ka mosebetsi oo ba o etsang?

14. Jwalo ka ha Pesaleme ya 68:11 e bontsha, ke eng seo baholo ba lokelang ho se etsa?

14 Baholo ba a utlwisisa hore baradibabo rona ke “lebotho le leholo” la batho ba ikemiseditseng ho sebetsa mme hangata ba a atleha ho ruta batho Bibele. (Bala Pesaleme ya 68:11.) Ka hoo baholo ba leka ho ithuta ho baradibabo rona. Abigail eo re buileng ka yena qalong o a kgothala ha barababo rona ba mo botsa hore na ke tsela efe e atlehang eo a e sebedisang ho qadisa moqoqo le batho tshimong. O re: “Sena se a mpontsha hore ho na le mosebetsi wa bohlokwa oo Jehova a batlang hore ke o etse mokgatlong wa hae.” Ho feta moo, baholo ba a hlokomela hore baradibabo rona ba tshepahalang ba seng ba hodile ba tseba ho kgothatsa baradibabo rona ba batjha ha ba na la mathata. (Tite 2:3-5) Ka sebele re tlameha ho ananela baradibabo rona!

BUELLA BARADIBABO RONA

15. Ke neng baradibabo rona ba ka hlokang motho ya ba buellang?

15 Ka dinako tse ding baradibabo rona ba ka hloka motho ya ka ba buellang haeba ba na le bothata bo itseng. (Esa. 1:17) Ka mohlala mohlolohadi kapa moradiwabo rona ya hlalaneng le monna wa hae a ka nna a hloka hore ho be le motho ya mo buellang kapa ya mo thusang ka dintho tse ding tseo monna wa hae a neng a tlwaetse ho di etsa. Moradiwabo rona ya hodileng a ka hloka thuso ya hore a bue le dingaka. Kapa moradiwabo rona wa pulamadiboho ya etsang mesebetsi e meng mokgatlong wa Jehova a ka hloka hore ho be le motho ya mo buellang haeba ba bang ba re ha a dule a le teng tshimong jwalo ka bopulamadiboho ba bang. Re ka thusa baradibabo rona jwang hape? A re boele re nahane ka mohlala wa Jesu.

16. Ho ya ka Mareka 14:3-9, Jesu o ile a buella Maria jwang?

16 Jesu o ne a potlakela ho buella baradibabo ba neng ba sebeletsa Modimo haeba batho ba ne ba sa ba utlwisise. Ka mohlala o ile a buella Maria ha Maretha a ne a re ha a mo thuse. (Luka 10:38-42) O ile a buella Maria hape ha batho ba bang ba ne ba nahana hore o entse qeto e fosahetseng. (Bala Mareka 14:3-9.) Jesu o ne a utlwisisa hore na ke hobaneng ha Maria a ne a entse qeto eo mme a mo babatsa a re: “O nketseditse ketso e ntle. . . . O entse seo a neng a ka se kgona.” O ile a ba a profeta hore ntho e mosa eo Maria a e entseng e ne e tla bolelwa “kae kapa kae moo ditaba tse molemo di bolelwang teng lefatsheng lohle,” jwalo ka ha sehlooho sena se bua ka yona kajeno. Ke ntho e thabisang hore ebe ha Jesu a ne a babatsa Maria ka ntho eo a e entseng o ile a e amahanya le ho bolelwa ha ditaba tse molemo lefatsheng lohle. E tlameha ebe Maria o ile a kgothala haholo ha a utlwa mantswe ana a Jesu ka mora hore batho ba re o entse qeto e fosahetseng.

17. Fana ka mohlala o bontshang nako e loketseng ya hore re buelle baradibabo rona.

17 Na le wena o buella baradibabo rona ha ho hlokahala? Ka mohlala nahana ka boemo bona. Bahweletsi ba bang ba a hlokomela hore moradiwabo rona eo monna wa hae e seng Paki ya Jehova, hangata o fihla lata dibokeng hape o tsamaya hanghang ha di tswa. Ba a hlokomela hore hangata ha a tle le bana ba hae dibokeng. Ka hoo ba mo bua hampe hobane ba nahana hore o tlameha ho tsitlella hore monna wa hae a mo dumelle hore a tle le bana dibokeng. Le ha ho le jwalo ntho eo ba sa e tsebeng ke hore moradiwabo rona o etsa sohle seo a ka se kgonang ho tla dibokeng. Hape ha a etse qeto a le mong mabapi le hore na o sebedisa nako ya hae jwang kapa hore na o ya kae le bana ba hae. O ka etsang haeba o utlwa ba bang ba bua jwalo ka moradiwabo rona? Haeba o babatsa moradiwabo rona mme o bolella ba bang ka dintho tse ntle tseo a di etsang, seo se tla etsa ba bang ba kgaotse ho bua hampe ka yena.

18. Ke ditsela dife tse ding tseo re ka thusang baradibabo rona ka tsona?

18 Re ka bontsha baradibabo rona hore re a ba kgathalla ka hore re ba thuse ka dintho tseo ba di hlokang. (1 Joh. 3:18) Moradiwabo rona Annette ya neng a hlokomela Mme wa hae ya kulang o re: “Metswalle ya ka e meng e ne e tla lapeng hore e tlo nthusa ho hlokomela Mme wa ka e le hore nka kgona ho etsa dintho tse ding kapa ba re tlisetsa dijo. Sena se ne se etsa ke ikutlwe ke ratwa ebile ke le karolo ya phutheho.” Jordan le yena o ile a thuswa. Morabo rona o ile a ithaopela ho mo bolella hore na a ka etsang hore a hlokomele koloi ya hae. O re: “Ho a thabisa ho tseba hore bara le baradibabo rona ba batla hore ke sireletsehe ha ke kganna koloi.”

19. Ke ka ditsela dife tse ding tseo baholo ba ka thusang baradibabo rona ka tsona?

19 Baholo le bona ba leka ho bontsha hore ba kgathalla baradibabo rona. Ba a tseba hore Jehova o batla hore baradibabo rona ba hlokomelwe. (Jak. 1:27) Ka hoo baholo ba etsisa Jesu mme ba a ba nahanela, ha ba etse melao le maemong ao ho hlokahalang hore ba be mosa. (Mat. 15:22-28) Ha baholo ba leka ho thusa baradibabo rona ba etsa hore ba ikutlwe ba ratwa ke Jehova le mokgatlo wa hae. Ha Kia a ne a fallela ntlong e nngwe, molebedi wa sehlopha sa hae o ile a utlwela ka seo mme hanghang a lokisetsa ho mo thusa. Kia o re: “Sena se ile sa etsa hore ke se ke ka hlola ke tshwenyeha haholo. Baholo ba ile ba mpontsha hore ke motho wa bohlokwa ka phuthehong le hore ba ikemiseditse ho nthusa ha ke na le mathata ka hore ba nkgothatse le ho nthusa ka dintho tseo ke di hlokang.”

BARADIBABO RONA BOHLE BA HLOKA HORE RE BA TSHEHETSE

20, 21. Re ka bontsha jwang hore re rata baradibabo rona bohle?

20 Diphuthehong tsa habo rona kajeno ho na le baradibabo rona ba bangata ba sebetsang ka thata ba hlokang hore re ba tshehetse. Jwalo ka ha re se re ithutileng mohlaleng wa Jesu re ka ba thusa ka hore re qete nako le bona le ho ba tseba haholwanyane. Re ka bontsha hore re ananela seo ba se etsang ha ba sebeletsa Modimo. Hape re ka ba buella ha ho hlokahala.

21 Qetellong ya lengolo la hae le yang ho Baroma, moapostola Pauluse o ile a bua ka basadi ba Bakreste ba robong ka ho kgetheha. (Bar. 16:1, 3, 6, 12, 13, 15) Ha ho pelaelo hore basadi bao ba ile ba kgothala ha ba utlwa a ba dumedisa le ho ba babatsa. E se eka le rona re ka tshehetsa baradibabo rona bohle ka phuthehong. Ha re etsa jwalo re tla be re bontsha hore re a ba rata jwalo ka karolo ya lelapa la bo rona.

PINA YA 136 “Moputso o Phethahetseng” o Tswang ho Jehova

^ par. 5 Baradibabo rona ba ka ba le mathata a mangata. Sehlooho sena se tlo bontsha hore na re ka ba kgothatsa jwang ka hore re etsise mohlala wa Jesu. Re tlo ithuta ka moo Jesu a neng a qeta nako le bona ka teng, a neng a bontsha hore ke ba bohlokwa le ho ba ka lehlakoreng la bona.

^ par. 5 Mabitso a mang a fetotswe.

^ par. 6 Buka e nngwe e re: “Barutuwa ba ne ba dula maotong a mesuwe ya bona. Barutuwa ba bang ba ne ba ithutela ho ba mesuwe e leng ntho eo basadi ba neng ba sa dumellwa ho e etsa . . . Ka hoo banna ba bangata ba Bajuda ba ne ba ka makala ha ba bona Maria a dutse maotong a Jesu mme a ikemiseditse ho mo mamela ha a ruta.”

^ par. 9 Baholo ba lokela ho sebedisa temoho ha ba thusa baradibabo rona. Ka mohlala, ba lokela ho qoba ho etela baradibabo rona ba tsamaya ba le bang.

^ par. 65 SETSHWANTSHO SE A HLALOSWA: Barababo rona ba etsisa Jesu mme ba kgathalla basadi ba tshepahalang, morabo rona o thusa baradibabo rona ba babedi ho ntsha lebidi la koloi, morabo rona e mong o etela moradiwabo rona ya kulang hape morabo rona e mong le mosadi wa hae ba etela moradiwabo rona le moradi wa hae hore ba tshware borapedi ba lelapa le bona.