Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 40

“U Lebele se Behiloeng Tlhokomelong ea Hao”

“U Lebele se Behiloeng Tlhokomelong ea Hao”

“Timothea, u lebele se behiloeng tlhokomelong ea hao.”​—1 TIM. 6:20.

PINA EA 29 Re Phelela ho Sebeletsa Jehova

SELELEKELA *

1-2. Ho ea ka 1 Timothea 6:​20, Timothea o ne a fuoe eng?

HANGATA re atisa ho beha lintho tsa rona tsa bohlokoa ho batho ba bang hore ba li hlokomele. Ka mohlala, re ka ’na ra tsetela chelete ea rona bankeng. Ka ho etsa joalo, re lebeletse hore chelete ea rona e tla bolokeha le hore e ke ke ea lahleha kapa ea utsuoa. Kahoo, rea utloisisa hore na ho tšepela motho e mong ho re bolokela ntho ea rona ea bohlokoa ho bolela’ng.

2 Bala 1 Timothea 6:​20. Moapostola Pauluse o ile a hopotsa Timothea hore o fumane ntho ea bohlokoa e leng tsebo e nepahetseng ka morero oo Molimo a nang le oona ka batho. Timothea le eena o ile a fuoa tokelo ea ho ‘bolela lentsoe’ le ho etsa “mosebetsi oa moevangeli.” (2 Tim. 4:​2, 5) Pauluse o ile a khothaletsa Timothea hore a sireletse tokelo eo a e fuoeng. Le rona joaloka Timothea, re tšepetsoe ho etsa lintho tsa bohlokoa haholo. Ke life lintho tseo? Hona ke hobane’ng ha re lokela ho sireletsa tokelo ee e babatsehang eo Jehova a re fileng eona?

RE TŠEPETSOE HO BOLOKA ’NETE

3-4. Ke mabaka afe a mang ao ka ’ona linnete tsa Bibele li leng bohlokoa?

3 Jehova o bile mosa haholo ho rona ka ho re fa tsebo e nepahetseng ea linnete tse ka Lentsoeng la hae, Bibele. Linnete tsena li bohlokoa hobane li re ruta hore na re ka etsa’ng e le hore re be le kamano e ntle le Jehova hape li ea re hlalosetsa hore na ke eng e ka etsang hore re be le thabo ea ’makhonthe bophelong. Ha re lumela lithuto tsena ’me re phela tumellanong le tsona, re lokolloa bokhobeng ba lithuto tse fosahetseng le boitšoarong bo bobe.​—1 Bakor. 6:​9-11.

4 Lebaka le leng leo ka lona linnete tse ka Bibeleng li leng bohlokoa ka lona ke hobane Jehova o li senoletse batho ba ikokobelitseng ba nang le “tšekamelo e nepahetseng.” (Lik. 13:​48) Batho bao ba mamela mocha oo Jehova a o sebelisang ho ba thusa ho utloisisa linnete tsena mehleng ena. (Mat. 11:​25; 24:​45) Re ke ke ra utloisisa linnete tseo ka borona, kahoo ho bohlokoa hore re thusoe ho li utloisisa.​—Liprov. 3:​13, 15.

5. Jehova o boetse o re tšepetse ho etsa’ng?

5 Jehova o boetse o re file tlotla ea ho ruta batho ba bang ’nete ka eena le merero ea hae. (Mat. 24:​14) Molaetsa oo re o bolelang o bohlokoa hobane o thusa batho hore e be litho tsa lelapa la Jehova le ho ba le monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng. (1 Tim. 4:​16) Ebang re khona ho etsa mosebetsi oa boboleli haholo feela kapa hanyane, kaofela ha rona re kenya letsoho mosebetsing ona oa bohlokoa o etsoang hona joale. (1 Tim. 2:​3, 4) Re na le tlotla e kaakang ea ho sebetsa ’moho le Molimo!​—1 Bakor. 3:9.

TŠOARA KA THATA NTHO EO U E FUOENG!

Timothea o ile a tseparela ’nete ha batho ba bang ba ne ba e tlohela (Sheba serapa sa 6)

6. Ho ile ha etsahala’ng ka batho ba ileng ba hloleha ho ananela lintho tsa bohlokoa?

Batho ba bang mehleng ea Timothea ba ile ba sitoa ho ananela tokelo eo ba nang le eona ea ho ba basebetsi-’moho le Molimo. Kaha Demase o ile rata lefatše lena, o ile nyahlatsa tokelo ea ho sebetsa le Pauluse. (2 Tim. 4:​10) Figelase le Hermogenese bona ba ile ba tlohela ho bolela hobane ba ne ba tšaba hore ba ka ’na ba hlorisoa ka tsela eo Pauluse a ileng a hlorisoa ka eona. (2 Tim. 1:​15) Hymenea, Alexandere le Filetase bona e ile ea e-ba bakoenehi eaba ba khaotsa ho sebeletsa Jehova. (1 Tim. 1:​19, 20; 2 Tim. 2:​16-18) Qalong batho bana ba ne ba e-na le tumelo e matla empa hamorao ba ile ba khaotsa ho nahana ka lintho tsa bohlokoa haholo tseo ba neng ba e na le tsona.

7. Satane o sebelisa maraba afe e le hore a re khelose?

Satane o leka ho sebelisa maraba afe ho etsa hore re nyahlatse matlotlo ao Jehova a re tšepetseng ho a boloka? Ela hloko a mang a maraba ao. O sebelisa boithabiso le mecha ea liphatlalatso ho khothaletsa maikutlo, menahano le boitšoaro bo ka etsang hore re se ke ra khomarela ’neteng. O leka ho re tšosa a sebelisa khatello ea lithaka kapa mahloriso e le hore re khaotse ho bolela. Hape o leka ho re kenya selope ka hanong e le hore re mamele “seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo’” e tsoang ho bakoenehi e le hore re lahle ’nete.​—1 Tim. 6:​20, 21.

8. U ithutile’ng mohlaleng oa Mor’abo rona Daniel?

8 Butle-butle re ka lahla ’nete haeba re sa ntša mahlo linameng. Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Daniel, * ea neng a rata ho bapala lipapali tsa livideo. O re: “Ke qalile ho bapala lipapali tsena ha ke le lilemo tse ka bang leshome. Qalong ke ne ke bapala tse seng kotsi. Empa ha nako e ntse e-ea, ke ile ka qalella ho bapala tse nang le ntoa le bodemona.” Qetellong, o ne a se a bapala livideo tsena lihora tse ka bang 15 ka letsatsi. Mor’abo rona Daniel o re: “Botebong ba pelo ea ka, ke ne ke tseba hore mofuta oa lipapali tseo ke neng ke li bapala le nako eo ke e qetang ke le ho tsona e ne e ntse e bula lekhalo pakeng tsa ka le Jehova. Leha ho le joalo, ke ile ka thatafatsa pelo ea ka, ka ho re melao-motheo ea Bibele ha e nkame.” Tsela eo boithabiso bo re susumetsang ka eona e ka etsa hore e be ntho e bonolo feela ho tlohela ’nete eo re nang le eona. Haeba ntho eo e etsahala re ka qetella re lahlile lintho tsa bohlokoa tseo Jehova a re fileng tsona.

RE KA TŠOARELLA ’NETENG JOANG?

9. Ho ea ka 1 Timothea 1:​18, 19, Pauluse o ile a tšoantša Timothea le eng?

9 Bala 1 Timothea 1:​18, 19. Pauluse o ile a tšoantša Timothea le lesole eaba o mo khothaletsa hore a ‘tsoele pele ho loana ntoa e ntle.’ Pauluse o ne a sa bue ka ntoa e pakeng tsa masole. Ke ka litsela life Bakreste ba tšoanang le masole a ntoeng? Ke makhabane afe ao re lokelang ho ba le ’ona joaloka masole a Kreste? A re ke re boneng lithuto tse hlano tseo re ka ithutang tsona tabeng ea Pauluse ea ho ba masole. Lithuto tsena li tla re thusa hore re tseparele ’neteng.

10. Boinehelo ba bomolimo ke’ng, hona ke hobane’ng ha re bo hloka?

10 E-ba le boinehelo ba bomolimo. Lesole le ratang mosebetsi oa lona lea o tšepahalla. Le ka loana ea khumamela ha le sireletsa motho kapa ntho eo le e ratang. Pauluse o ile a khothaletsa Timothea hore a be le boinehelo ba bomolimo, ke ho re, a tšepahalle Molimo ka tieo. (1 Tim. 4:7) Ha re ntse re rata Molimo le ho feta, re tla ba le takatso ea ho tšoarella ’neteng ka linako tsohle.​—1 Tim. 4:​8-10; 6:6.

Ka mor’a ho sebetsa ka thata letsatsi lohle, re ka ’na ra iqobella ho ea libokeng. Empa rea thaba ha re etsa joalo (Sheba serapa sa 11)

11. Ke hobane’ng ha re lokela ho itloaetsa ho etsa lintho tse nepahetseng?

11 Ithute ho etsa lintho tse nepahetseng. Lesole le lokela ho sebetsa ka thata e le hore le be malala-a-laotsoe ha phala e lla. Timothea o ile a lula a e-na le kamano e matla le Molimo hobane o ile a mamela keletso ea Pauluse e bululetsoeng ea hore a balehele litakatso tsa fosahetseng, a phehelle lintho tse ntle hape a ikamahanye haholo le balumeli-’moho le eena. (2 Tim. 2:​22) Ntho eo e ne e mo hloka hore a be le bokhoni ba ho etsa lintho tse nepahetseng. Re hloka ho ba le bokhoni boo e le hore re se ke ra inehella litakatso tse fosahetseng. (Bar. 7:​21-25) Ho phaella moo, re hloka ho ba le boitšoaro e le hore re hlobole botho ba khale ebe re apara bo bocha. (Baef. 4:​22, 24) Hape ka mor’a ho sebetsa ka thata letsatsi lohle ’me re khathetse, re ka tlameha ho iqobella ho ea libokeng.​—Baheb. 10:​24, 25.

12. Ke litsela life tseo ka tsona re ka ntlafatsang tsela eo re sebelisang Bibele ka eona?

12 Lesole le lokela ho ikoetlisa le sebelisa libetsa tsa lona. E le hore le koetle hantle, le lokela ho ikoetlisa nako le nako. Ka tsela e tšoanang, re tlameha ho tseba litaba tsa rona hantle ha re sebelisa Lentsoe la Molimo. (2 Tim. 2:​15) Re ka fumana koetliso e joalo ha re le libokeng. Empa haeba re batla ho kholisa batho ba bang hore linnete tsa Bibele li bohlokoa, re lokela ho khomarela nako ea ho ithuta Bibele re le bang. Re lokela ho sebelisa Bibele ho matlafatsa tumelo ea rona. Taba eo e bolela hore ha rea lokela ho bala Bibele feela. E boetse e bolela hore re lokela ho nahanisa ka lintho tseo re li balang le ho etsa lipatlisiso re sebelisa lingoliloeng tsa rona e le hore re ka utloisisa Mangolo hantle le ho a sebelisa hantle. (1 Tim. 4:​13-15) Ka tsela eo, re tla khona ho sebelisa Lentsoe la Molimo ha re ruta batho ba bang. Taba ena e boetse ha e bolele hore re ba balle litemana tsa Bibele tsa feela. Re batla ho thusa bamameli ba rona hore ba utloisise litemana hantle le hore ba bone hore na ba ka li sebelisa joang bophelong ba bona. Ha re khomarela nako ea rona ea ho ithuta Bibele, re tla ntlafatsa bokhoni ba rona ba ho e ruta batho ba bang.​—2 Tim. 3:​16, 17.

13. Re nahanne ka Baheberu 5:​14, ke hobane’ng ha re lokela ho ba le temoho?

13 E-ba le temoho. Lesole le lokela ho lebella ho hlaheloa ke kotsi ’me le leke ho e qoba. Ka tsela e tšoanang, le rona re lokela ho tseba maemo a ka etsang hore re hlaheloe ke kotsi re be re sebeletse ho a qoba. (Liprov. 22:3; bala Baheberu 5:​14.) Mohlala, re lokela ho khetha boithabiso le tsela eo re ikhathollang ka eona ka bohlale. Hangata mananeo a thelevishene le lifilimi li hlahisa boitšoaro bo bobe. Boitšoaro boo bo halefisa Molimo ’me bo lematsa batho ba bo etsang le batho ba bang. Kahoo, re qoba boithabiso ba mofuta le ha ofe boo butle-butle bo ka khoehlisang tsela eo re ratang Molimo ka eona.​—Baef. 5:​5, 6.

14. Ho ba le temoho ho ile ha thusa Mor’abo rona Daniel joang?

14 Mor’abo rona Daniel eo re buileng ka eena, o ile qala ho lemoha hore ho bapala lipapali tse nang le ntoa le bodemona ho mo bakela bothata. O ile a etsa lipatlisiso ho Watchtower Library e le hore a fumane hore na a ka thusoa ke’ng. Ntho eo e ile ea mo ama joang? O ile a khaotsa ho bapala livideo tse sa nepahalang. O ile a hlakola livideo tseo a neng a na le tsona Inthaneteng a ba a khaotsa ho itsoakanya le batho bao a neng a li bapala le bona. Mor’abo rona Daniel o re: “Ho e-na le ho lula ke bapala livideo tseo, ke ile a qeta nako e ngata ke na le ba Bakreste-’moho le ’na le ho ithapolla.” Hona joale Mor’abo Daniel ke moholo hape ke pula-maliboho.

15. Ke hobane’ng ha mashano a le kotsi?

15 Joaloka Timothea, le rona re lokela ho elelloa kotsi ea mashano a hasoang ke bakoenehi. (1 Tim. 4:​1, 7; 2 Tim. 2:​16) Ka mohlala, ba ka ’na ba leka ho hasa mashano ka bara le barali ba bo rona kapa ba etsa hore re be le lipelaelo ka mokhatlo oa Jehova. Lintho tseo li ka fokolisa tumelo ea rona. Ha rea lokela ho kholoa mashano ao. Hobane’ng? Hobane lipale tsa mofuta oo li hasoa ‘ke batho ba bolileng kelellong le ba tlatlapuoeng ’neteng.’ Sepheo sa bona ke ho qala ‘lipelaelo le liphehisano.’ (1 Tim. 6:​4, 5) Ba batla hore re lumele mashano ao le hore re khaotse ho tšepa Bakreste-’moho le rona.

16. Re lokela ho qoba’ng?

16 U se ke oa khelosoa. Joaloka “lesole le khabane la Kreste Jesu,” Timothea o ile a lula a tsepamisitse kelello ea hae tšebeletsong ho e-na le hore a ferekanngoe ke ho ba le lintho tse itseng. (2 Tim. 2:​3, 4) Joaloka Timothea, ha rea lokela ho itumella ho khelosoa ke ho rata maruo ho tlola. “Matla a thetsang a maruo” a ka bipetsa lerato la rona ho Jehova, Lentsoeng la Hae le takatso eo re nang le eona ea ho le tsebisa ba bang. (Mat. 13:​22) Re tlameha ho bebofatsa bophelo ba rona ’me re sebelise nako le matla a rona hore re ‘’ne re batle ’Muso pele.’​—Mat. 6:​22-25, 33.

17-18. Re ka etsa’ng e le ho sireletsa kamano ea rona le Jehova hore e se ke ea senyeha?

17 E-ba malala-a-laotsoe ho nka khato kapele. Lesole le lokela ho itlhopha esale pele hore na le tla etsa’ng ho itšireletsa. Haeba re tlameha ho sireletsa lintho tseo Jehova a li behileng tlhokomelong ea rona, re lokela ho nka khato kapele ha re bona kotsi. Re ka thusoa ke’ng hore re etse joalo? Re lokela ho itlhopha esale pele hore na re tla etsa’ng ha re ba kotsing.

18 Mohlala, ha batho ba ile ketsahalong e itseng, ba ka bontšoa moo ba tla tsoa le teng pele lenaneo le qala. Hobane’ng? E le hore ba tsebe hore na ba tla tsoa le hokae ka potlako ha ho ka ba le boemo ba tšohanyetso. Ka tsela e tšoanang, haeba re shebeletse TV kapa re le Inthaneteng, re tla lokela ho tseba esale pele hore na re tla etsa’ng haeba re ka thulana le boitšoaro bo sa hloekang, lintoa kapa litaba tse tsoang ho bakoenehi. Haeba re itokisa esale pele bakeng sa ntho e ka ’nang ea etsahala, re tla nka khato kapele ho sireletsa kamano ea rona le Jehova le ho lula re hloekile mahlong a hae.​—Pes. 101:3; 1 Tim. 4:12.

19. Re tla thabela’ng haeba re sireletsa lintho tsa bohlokoa tseo Jehova a re fileng tsona?

19 Re lokela ho sireletsa ka thata lintho tsa bohlokoa tseo Jehova a re fileng tsona e leng linnete tsa Bibele le tokelo ea ho li ruta batho ba bang. Ha re etsa joalo re tla thabela ho ba le letsoalo le hloekileng, bophelo bo nang le morero le ho thabela ho thusa batho ba bang hore ba tsebe Jehova. Ha Jehova a re thusa, re tla khona ho sireletsa lintho tsa bohlokoa tseo re tšepetsoeng ho li boloka.​—1 Tim. 6:​12, 19.

PINA EA 127 Ke Lokela ho ba Motho ea Joang?

^ ser. 5 Re na le tlotla e babatsehang ea ho tseba ’nete le ho e ruta batho ba bang. Sehlooho sena se tl’o re thusa hore re khomarele tokelo ena le hore re se ke ra e tlohela ho hang.

^ ser. 8 Lebitso le fetotsoe.