Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang Ho Babali

Lipotso Tse Tsoang Ho Babali

Na Moeklesia 5:8 e bua ka babusi ba batho kapa Jehova o keneletse moo?

Temana ena e re: “Haeba u bona ho hatelloa leha e le hofe ha ea nang le ho honyenyane le ho tlosoa ho mabifi ha kahlolo le . . . ho loka profinseng, u se ke oa makala ka lebaka la taba eo, etsoe ea phahametseng ea phahameng o talimile, ’me ho na le ba ba phahametseng.”​—Moek. 5:8.

Ha re sheba litaba feela ka mahlo feela, re hlokomela hore temana ena e bua ka batho ba nang le matla ’musong. Empa haeba re nahana ka eona haholoanyane, re tla bona hore e bua ‘nete ka Jehova e leng ntho e lokelang ho re khothatsa le ho re matlafatsa.

Moeklesia 5:8 e bua ka ’musi ea hatellang batho ba fokolang ebile a sa ba sebeletse ka toka. ’Musi eo o lokela hopola hore e ka ’na eaba o shebiloe ke motho ea matla ho mo feta kapa ea nang le boikarabelo bo fetang ba hae. Ebile ho ka etsahala hore ho na le ba bang ba nang le boemo bo phahameng ho feta boo ba hae. Ka bomalimabe, ho ka etsahala hore ebe babusi bohle ba batho ba bolile ’me batho feela ba busoang ke bona ba lokela ho utloisoa bohloko ke bobolu boo le ho hloka toka.

Empa, le hoja ho ka bonahala eka ha ho letho le tla loka, re khothatsoa ke ho tseba hore Jehova o shebile le ba boemong bo phahameng mebusong ea batho. Re ka kopa Molimo hore a re thuse, ra ba ra lahlela matšoenyeho a ’ohle a rona ho ena. (Pes. 55:​22; Bafil. 4:​6, 7) Rea tseba hore ‘mahlo a Jehova a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena’​—2 Likron. 16:9.

Ka lebaka leo, Moeklesia 5:8 e fana ka ’nete ea hore mebusong ea batho ho na le motho ea phahametseng motho e mong ka matla. Ha bohlokoa le ho feta, temana eo e re hopotsa hore Jehova ke eena ea ka holimo-limo, ke ho re ke ’Musi ea nang le matla ka ho fetisisa. Hona joale oa busa a sebelisa Mora oa hae Jesu Kreste e le Morena ’Musong oa hae. ’Musi ea matla ’ohle, ea bonang lintho tsohle, o na le toka ’me le Mora oa hae o joalo hantle.