Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Joseph F. Rutherford le bara babo rona ba bang ha ba etetse Europe

1920​—Lilemo Tse Lekholo Tse Fetileng

1920​—Lilemo Tse Lekholo Tse Fetileng

MATHOASONG a lilemo tsa bo-1920 bahlanka ba Jehova ba ile ba chesehela mosebetsi o larileng ka pel’a bona. Ka 1920, temana ea bona ea selemo e ne e re: “Morena ke matla a ka le pina ea ka.”​—Pes. 118:​14, Bibele ea Sesotho.

Jehova o ile a fela a matlafatsa baboleli bao ba chesehang. Selemong seo, palo ea barekisi ba libuka (kapa bo-pula-maliboho) e ile ea eketseha ho tloha ho 225 ho ea ho 350. Hape ka lekhetlo la pele basebetsi ba sehlopha (kapa bahoeletsi) ba ka holimo ho 8 000 ba ile ba tlaleha mosebetsi oa bona ntlo-kholo. Jehova o ile a ba putsa haholo ka mokhoa o makatsang.

BA BONTŠA CHESEHO E IKHETHANG

Ka la 21 March 1920, mor’abo rona Joseph F. Rutherford, eo ka nako eo e neng e le moeta-pele oa Liithuti Tsa Bibele o ile a fana ka puo e reng: “Ba limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba E-shoa.” Liithuti Tsa Bibele li ile tsa etsa boiteko bohle ba ho mema batho ba thahasellang hore ba tle ketsahalong eo. Ba ile ba hira holo e kholo ka ho fetisisa toropong ea New York eaba ba fana ka limemo tse ka bang 320 000.

Papatso e koranteng ea puo ea “Batho ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba E-shoa”

Batho ba ileng ba tla ketsahalong eo ba ne ba le bangata ho feta kamoo Liithuti tsa Bibele li neng li lebeletse. Batho ba fetang 5 000 ba ile ba tlala holo eaba ba ka bang 7 000 bona baa khutlisoa hobane ho ne ho tletse. Molula-Qhooa o ile oa hlalosa ketsahalo eo e le “e atlehileng ka ho fetisisa eo Liithuti tsa Bibele li kileng tsa e-ba le eona.”

Liithuti Tsa Bibele li ile tsa tuma haholo ka ho phatlalatsa taba ea hore batho “ba limilione ba phelang hona joale ba ke ke ba hlola ba e-shoa.” Ka nako eo, ba ne ba sa utloisise hore molaetsa oa ’Muso o lokela ho phatlalatsoa ka ho pharaletseng. Empa ba ne ba ntse ba cheseha ka tsela e ikhethang. ’Mè Ida Olmstead, ea ileng a qala ho ea libokeng ka 1902, o re: “Re ne re tseba hore batho bohle ba letetsoe ke mahlohonolo ’me re ne re sa batle hore monyetla oa ho bolella batho litaba tseo tse monate o re phonyohe.”

BA HATISA LINGOLILOENG

E le ho thusa batho hore ba be le kamano e ntle le Molimo, bara babo rona ba Bethele ba ile ba qala ho ikhatisetsa lingoliloeng. Ba ile ba reka thepa eaba ba e isa mohahong oo ba o hirileng o toropong ea New York, seterateng sa 35 Myrtle Avenue, Brooklyn, pel’a Bethele.

Leo Pelle le Walter Kessler ba ile ba fihla Bethele ka January 1920. Mor’abo rona Walter o re: “Ha re fihla, molebeli oa lefapha la khatiso o ile a re sheba eaba o re: ‘Le na le hora le metsotso e 30 pele ho nako ea lijo tsa motšehare.’ O ile a kopa hore re nyolle mabokose a libuka a neng a le mokatong o ka tlaase.”

Mor’abo rona Leo oa hlalosa hore na ho ile ha etsahala’ng letsatsing le hlahlamang, o re: “Mosebetsi oa rona e ne e le ho hlatsoa mabota a mokatong oa pele mohahong oo. Ha ke e-s’o etse mosebetsi o tšoehlisang hakaalo. Empa e ne e le mosebetsi oa Morena ’me taba eo e ile ea etsa hore o be monate haholo.”

Mochine oa khatiso o ileng oa sebelisoa ho hatisa Molula-Qhooa

Libekeng tse seng kae feela Molula-Qhooa o ile oa qala ho hatisoa ke baithaopi ba chesehang. Likopi tse 60 000 tsa Molula-Qhooa oa February 1, 1920, li ile tsa matha mochineng o hatisang mokatong oa bobeli. Ka nako eo, ka mokatong o ka tlaase, barab’abo rona ba ile ba beha mochine o mong o hatisang oo ba ileng ba o reneketsa ka hore ke Battleship. Ho tloha ka la 14 April, 1920, makasine ea The Golden Age le eona e ile ea hatisoa. Kannete Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba batho bao ba nang le moea o motle.

“E ne e le mosebetsi oa Morena ’me taba eo e ile ea etsa hore o be monate haholo”

“A RE PHELENG KA KHOTSO”

Bahlanka ba Jehova ba ne ba thabetse ho sebetsa ’moho le ho tsosolosoa ha mosebetsi oa bona. Empa Liithuti Tsa Bibele tse ling li ile tsa tlohela mokhatlo nakong e boima selemong sa 1917 ho ea ho sa 1919. Ho ne ho tla etsoa’ng e le hore ba thusoe?

Molula-Qhooa oa April 1, 1920, o ne o e-na le sehlooho se reng: “A re Pheleng ka Khotso.” O ile oa ipiletsa ka tsela ena e amang maikutlo: “Re kholisehile hore bohle ba nang le moea oa Morena . . . ba ikemiselitse ho lebala lintho tse fetileng, . . . ’me ba lule ka khotso hape ba tsoele pele ba sebetsa ’moho le bahlanka ba bang ba Molimo.”

Batho ba bangata ba ile ba mamela mantsoe ana a khothatsang. Banyalani ba bang ba ile ba re: “Rea lumela hore selemong se fetileng le tse ling tse tlileng pele ho sona, re entse phoso ka hore ebe re ile ra lula feela ha bana babo rona ba bang ba phathahane ka boboleli. . . . Re rapella hore le ka mohla re se ke be ra hlahlathela.” Basebetsi bana ba ileng ba boela ba tsoha molota ba ne ba e-na le mosebetsi o mongata o larileng ka pel’a bona.

BA FANA KA “ZG”

Ka la 21 June 1920, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa qala letšolo le ikhethang la ho tsamaisa “ZG,” e leng buka ea The Finished Mystery e lekoko le bonolo. * Buka ena e ile ea bolokoa ka bongata ha e ne e thibeloa ka 1918.

Basebetsi bohle ba sehlopha ho akarelletsa le barekisi ba libuka, ba ile ba memeloa ho kena letšolong lena la ho fana ka buka eo. Bukana ea June 1920 ea Bulletin * e ile ea re: “Motho e mong le e mong ea kolobelitsoeng lihlopheng [liphuthehong] tsohle o lokela ho kenya letsoho mosebetsing ona ka ho rata. Ka hona, lena e lokela ho ba lepetjo la rona: ‘Ke batla ho fana ka ZG.’ ” Mor’abo rona Edmund Hooper o hopola hore lena e bile lekhetlo la pele leo ka lona batho ba bangata ba ileng ba qala ho ea ka ntlo le ntlo. O re: “Re ile ra qala ho utloisisa mosebetsi ona oa rona, hore ha e le hantle o akarelletsa hore o fihle le libakeng tse hole-hole.”

RE TSOSOLOSA MOSEBETSI EUROPE

Kaha ho ne ho le thata ho buisana le Liithuti Tsa Bibele tse linaheng tse ling nakong ea Ntoa ea Pele ea Lefatše, mor’abo rona Rutherford o ne a batla ho khothatsa bara bao babo rona le ho tsosolosa mosebetsi oa boboleli. Kahoo ka la 12 August 1920, eena le bara babo rona ba bane ba ile ba ea Brithani le linaheng tse ling tsa Europe le Bochabela bo Hare.

Mor’abo rona Rutherford ha a le Egepeta

Liithuti Tsa Bibele li ile tsa tšoara likopano tse tharo le liboka tsa phatlalatsa tse 12 nakong eo mor’abo rona Rutherford a neng a le Brithani. Ho ne ho lebeletsoe batho ba ka bang 50 000. Molula-Qhooa o ile oa akaretsa leeto leo ka tsela ena: “Bana babo rona ba ile ba ikutloa ba khothetse ebile ba hlabolotsoe. Ba khonne ho momahana le ho sebetsa ’moho ’me taba eo e ile ea etsa hore ba thabe.” Ha Mor’abo rona Rutherford a le Paris, o ile a boela a fana ka puo e nang le sehlooho se reng: “Ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba E-shoa.” Ha a qala ho fana ka puo, holo e ne e tletse tsoete! Batho ba 300 ba ile ba kopa ho fuoa lintlha tse eketsehileng.

Papatso ea puo e neng e tla fanoa holong ea Royal Albert e London

Libekeng tse hlahlamang bara babo rona ba bang ba ile ba etela Athene, Cairo, le Jerusalema. E le ho thusa batho ba amohetseng molaetsa libakeng tseo, mor’abo rona Rutherford o ile a bula lefapha le bolokang libuka toropong ea Ramallah pel’a Jerusalema. Ka mor’a moo o ile a khutlela Europe eaba o hlophisetsa hore ho be le ofisi moo a ba a lokisetsa hore ho tle ho be le lingoliloeng tse hatisetsoang ofising eo.

BA LOANELA TOKA

Ka September 1920, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa lokolla makasine ea No. 27 ea The Golden Age e neng e pepesa ho sotloa ha Liithuti Tsa Bibele ka 1918. Mochine oa Battleship oo re buileng ka oona pejana o ile oa sebetsa bosiu le motšehare o hatisa likopi tse ka holimo ho limilione tse ’nè tsa makasine ena.

Foto ea ha morali’abo rona Emma Martin a le sepoleseng

Babali ba makasine eo ba ile ba ithuta ka nyeoe e makatsang ea morali’abo rona Emma Martin. Morali’abo rona  Martin e ne e le morekisi oa libuka San Bernardino, California. Ka la 17 March 1918, eena le bara babo ba bararo, e leng Edward Hamm, Edward Julius Sonnenburg le E. A. Stevens, ba ile ba e-ba le seboka se senyenyane sa Liithuti Tsa Bibele.

Monna e mong ea neng a le teng sebokeng seo o ne a sa ela ho ea ithuta Bibele. O ile a re: “Ke ne ke laetsoe ke ofisi ea bochochisi ho ea sebokeng seo. Ke ne ke ile moo ka sepheo sa ho ea batla bopaki.” O ile a bo fumana bopaki boo a neng a bo batla, e leng kopi ea The Finished Mystery. Matsatsi a seng makae hamorao, morali’abo rona Martin le bara babo rona bao ba bararo ba ile ba tšoaroa. Ba ile ba qosoa ka hore ba tlotse molao ka ho fana ka likopi tsa buka e thibetsoeng.

Morali’abo rona Emma le metsoalle ea hae ba ile ba fumanoa ba le molato eaba ba ahloleloa lilemo tse tharo teronkong. Ba ile ba ipiletsa ka makhetlo empa ho ne ho se na thuso. Ka la 17 May 1920, ba qala ho hoehla lilemo tse tharo teronkong. Empa ho e-s’o ee kae, maemo a ile a fetoha.

Ka la 20 June 1920, mor’abo rona Rutherford o ile a bua ka Liithuti tseo tsa Bibele ha a le kopanong e San Francisco. Bamameli ba ile ba utloisoa bohloko ke tsela eo Bakreste bana ba ileng ba tšoaroa ka eona eaba ba romella mopresidente oa Amerika lengolo la mohala. Lengolo leo le ne le re: “Re lumela hore kahlolo ea ’Mè Martin . . . ea hore o tlotse molao ha e na toka . . . Qeto eo ofisi ea bachochisi e e entseng ea ho sebelisa matla a bona ho tšoara ’Mè Martin . . . le ho mo tlama ka hore o tlotse molao, re e hanyetsa ka hore ha e na toka.”

Letsatsi le hlahlamang Mopresidente Woodrow Wilson o ile a fetola kahlolo ea morali’abo rona Martin, mor’abo rona Hamm, Sonnenburg, le Stevens hang-hang, eaba baa lokolloa teronkong.

Ha selemo sa 1920 se le haufi le ho kolumela, Liithuti Tsa Bibele li ne li e-na le mabaka a mangata a ho thaba. Mosebetsi oa ntlo-kholo o ile oa tsoela pele ho eketseha ’me ho feta leha e le neng pele Bakreste ba ’nete ba ile ba tsoela pele ba tsebahatsa ’Muso oa Molimo e le oona feela tharollo ea mathata a batho. (Mat. 24:​14) Selemo se latelang e leng sa 1921, e ne e tla ba seo ka ho khetheha ho neng ho tla phatlalatsoa molaetsa oa ’Muso ka sona.

^ ser. 18 The Finished Mystery e ne e le moqolo oa bosupa oa Studies in the Scriptures. “ZG” e ne e le moqolo oa Molula-Qhooa oa bosupa o hatisitsoeng ka la 1 March, 1918. “Z” e emela Zion’s Watch Tower, ha “G,” eona e le tlhaku ea bosupa ’me e emela moqolo oa bosupa.

^ ser. 19 E se e bitsoa Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona.