Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 43

Jehova o Tataisa Mokgatlo wa Hae

Jehova o Tataisa Mokgatlo wa Hae

“‘Eseng ka lebotho la sesole, kapa ka matla, empa ka moya wa ka,’ ho boletse Jehova wa mabotho.”​ZAK. 4:6.

PINA YA 40 Re ba Mang?

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Bakreste ba kolobeditsweng ba lokela ho tswela pele ho etsang?

NA O KOLOBEDITSWE? Haeba ho jwalo, o ile wa bontsha batho ba bangata hore o na le tumelo ho Jehova ebile o batla ho mo sebeletsa le mokgatlo wa hae. * Ke nnete hore o lokela ho tswela pele o na le tumelo e matla ho Jehova. Ka hoo o lokela ho dula o matlafatsa tumelo ya hao ya hore Jehova o tataisa mokgatlo wa hae kajeno.

2, 3. Kajeno Jehova o tataisa mokgatlo wa hae jwang? Fana ka mohlala.

2 Kajeno Jehova o tataisa mokgatlo wa hae ka tsela e etsang hore re bone hore na ke Modimo ya jwang, o batla ho finyellang le hore na o batla hore re itshware jwang. A re ke re bueng ka makgabane a mararo a Jehova ao re ka a bonang ka hare ho mokgatlo wa hae.

3 “Modimo ha a leeme.” (Lik. 10:34) Jehova o ile a susumetswa ke lerato hore a fane ka Mora wa hae e le “thekollo e lekanang bakeng sa bohle.” (1 Tim. 2:6; Joh. 3:16) Jehova o sebedisa bahlanka ba hae ho bolella batho ba mamelang ditaba tse molemo le ho ba thusa hore sehlabelo sa Mora wa hae se ba tswele molemo mme qetellong ba pholohe. Hape, Jehova o batla hore re be le kgotso le hore dintho di etswe ka tlhophiso. (1 Bakor. 14:33, 40) Ka hoo re ka lebella hore bahlanka ba hae ba mo sebeletse ka tlhophiso ebile ba na le kgotso. Jehova o boetse ke “Morupedi . . . e Moholo.” (Esa. 30:20, 21) Ke ka hoo mokgatlo wa hae o sebetsang ka thata ho ruta batho Lentswe la hae Bibele ka phuthehong le tshebeletsong ya tshimo. Ke jwang Bakreste ba mehleng ya pele ba ileng ba etsisa makgabane ana a mararo a Jehova? Ke jwang bahlanka ba Jehova kajeno ba etsisang makgabane ana? Hona moya o halalelang o ka o thusa jwang ha o ntse o sebetsa le mokgatlo wa Jehova kajeno?

MODIMO HA A NA KGETHOLLO

4. Ho ya ka Liketso 1:8, ke eng eo Jesu a ileng a re balatedi ba hae ba e etse, hona ba ne ba tla fumana thuso efe?

4 Mehleng ya Bakreste ba nakong e fetileng. Molaetsa oo Jesu a ileng a o ruta o ile wa fa batho bohle tshepo. (Luka 4:​43) O ile a re balatedi ba hae ba tswele pele ho etsa mosebetsi oo a neng a o qadile, e leng ho bolela ditaba tse molemo “ho isa pheletsong ya lefatshe.” (Bala Liketso 1:⁠8.) Ba ne ba ke ke ba kgona ho etsa mosebetsi oo ba le bang. Ba ne ba tla hloka “mothusi” e leng moya o halalelang oo Jesu a neng a ba tshepisitse wona.​—⁠Joh. 14:​26; Zak. 4:6.

5, 6. Moya o halalelang o ile wa thusa balatedi ba Jesu jwang?

5 Balatedi ba Jesu ba ile ba fumana moya o halalelang ka Pentakonta ya 33. Moya o halalelang o ile wa ba thusa hore ba qale ho bolela ditaba tse molemo hanghang mme ka nako e kgutshwane batho ba dikete ba ile ba di amohela. (Lik 2:​41; 4:⁠4) Ha batho ba qala ho ba hlorisa, barutuwa ha ba a ka ba tshoha kapa ba kgaotsa ho bolela ditaba tse molemo. Ho e na le hoo, ba ile ba kopa Jehova hore a ba thuse. Ba ile ba rapela ba re: “O etse hore makgoba a hao a nne a bolele lentswe la hao ka sebete sohle.” Ba ile ba tlala moya o halalelang mme ba tswela pele “ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.”​—Lik 4:18-20, 29, 31.

6 Barutuwa ba Jesu ba ile ba ba le mathata a mang. Ka mohlala, ho ne ho na le Mangolo a seng makae. Le hoja ba ne ba lokela ho bolela ditaba tse molemo ho batho ba buang dipuo tse ngata tse fapaneng, ba ne ba sena dingolwa tse hlalosang Bibele jwalo ka rona kajeno. Ho sa tsotellehe mathata ao, barutuwa bao ba mafolofolo ba ile ba etsa ntho eo ho neng ho bonahala e ka e ke ke ya kgoneha. Ka dilemo tse ka bang 30, ba ne ba se ba boletse ditaba tse molemo “popong yohle e tlasa lehodimo.”​—Bakol. 1:6, 23.

7. Dilemo tse fetang 100 tse fetileng, bahlanka ba Jehova ba ile ba thuswa ke eng ho tseba seo Modimo a batlang hore ba se etse, hona ba ile ba etsang?

7 Mehleng ena. Jehova o ntse a tswela pele ho tataisa batho ba hae le ho ba fa matla a ho etsa thato ya hae. O tataisa batho ba hae a sebedisa Bibele, e leng buka eo moya o halalelang o ileng wa thusa hore e ngolwe. Ha re bala Bibele, re ithuta ka tshebeletso ya Jesu ha a le lefatsheng, hape re bona taelo eo Jesu a ileng a e fa balatedi ba hae ya hore ba tswele pele ho etsa mosebetsi oo a ileng a o qala. (Mat. 28:19, 20) Makasine wa July 1881, o ile wa re: “Jehova ha a re kgetha hore re tlotliswe ke batho kapa re be barui, empa o ile a re kgetha hore re sebedise sohle seo re nang le sona ho bolela ditaba tse molemo.” Bukana e hatisitsweng ka 1919 ya To Whom the Work Is Entrusted, e na le mantswe a reng: “Ho na le mosebetsi o mongata oo re lokelang ho o etsa, empa ke wa Morena mme o tla re fa matla a ho o etsa.” Jwalo ka Bakreste ba mehleng ya pele, bara bana babo rona ba ile ba sebetsa ka thata ba na le sebete hobane ba tshepile hore moya o halalelang o tla ba thusa ho bolela ditaba tse molemo ho batho ba mefuta yohle. Le rona kajeno re a tshepa hore moya o halalelang o tla re thusa.

Mokgatlo wa Jehova o sebedisitse dithulusi tse hlokahalang ho bolela ditaba tse molemo (Sheba serapa sa 8 le 9)

8, 9. Ke mekgwa efe eo mokgatlo wa Jehova o e sebedisang ho bolela ditaba tse molemo?

8 Mokgatlo wa Jehova o sebedisa dithulusi tse nepahetseng ho thusa hore ho bolelwe ditaba tse molemo. Dithulusi tseo di akarelletsa dingolwa tse hatisitsweng, “Photo-Drama of Creation,” dintho tse rekotilweng, koloi e nang le sebuelahole mme hona jwale ho sebediswa Inthanete. Mokgatlo wa Modimo o boetse o fetolela dingolwa le divideo ka dipuo tse ngata ho feta le ha e le neng pele. Hobaneng? E le hore batho ba mefuta yohle ba ka utlwa molaetsa wa Bibele ka dipuo tsa bona. Jehova ha a na kgethollo mme o ile a bolela esale pele hore ditaba tse molemo di ne di tla bolelwa “ho Setjhaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” (Tšen. 14:6, 7) Jehova o batla hore motho e mong le e mong a utlwe molaetsa wa Mmuso.

Batho bao re sa kgoneng ho ba bolella ditaba tse molemo ka lebaka la hobane ba dula moo ho kwetsweng ka thata hobane ba batla ho sireletseha, ba tla fumana ditaba tse molemo jwang? E le ho ba thusa hore ba fumane ditaba tse molemo, Jehova o thusitse mokgatlo wa hae ho sebedisa mekgwa e fapaneng ya ho bolela phatlalatsa. Ka mohlala ka 2001, Sehlopha se Busang se ile sa dumella bara le baradibabo rona ba France hore ba qale ho sebedisa diteroli le mekgwa e meng ya ho fana ka dingolwa. Ha morao, bara le baradibabo rona ba dibakeng tse ding ba ile ba etsa se tshwanang. Ho ile ha ba le ditlamorao tse thabisang. Ka 2011 ho ile ha qala ho sebediswa mokgwa ona wa diteroli New York City e leng sebaka se phetheselang sa United States. Ha selemo seo se fela, batho ba ne ba se ba nkile dibuka tse ka bang 102 129 le dimakasine tse 68 911. Hape batho ba 4 701 ba ile ba kopa ho ithuta Bibele. Re kgona ho bona hore Jehova o ne a sebedisa moya wa hae o halalelang ho tshehetsa mosebetsi ona. Ka hoo Sehlopha se Busang se ile sa dumella bara le baradibabo rona lefatsheng lohle hore ba sebedise diteroli le mekgwa e meng ya ho tsamaisa dingolwa.

10. Re ka etsang ho ntlafatsa tsela eo re bolelang le ho ruta ka yona?

10 Seo o ka se etsang. Jehova o sebedisa diboka ho re kwetlisa ho bolela ditaba tse molemo. Ka hoo sebedisa seo o ithutang sona ho tsona. E ya tshebeletsong ya tshimo ka mehla le sehlopha seo o abetsweng ho sona. Bara le baradibabo rona sehlopheng seo ba tla o thusa hore o atlehe ho ruta le ho bolela ditaba tse molemo mme ba tla o kgothatsa ka mohlala wa bona o motle. Tswela pele ho bolela ditaba tse molemo ho sa tsotellehe mathata ao o bang le ona. Jwalo ka ha lengolo la sehlooho le bontsha, re kgona ho etsa thato ya Modimo hobane o re thusa ka moya wa hae o halalelang. (Zak. 4:6) Ka hoo re ka kgodiseha hore Modimo o tla re fa matla ao re a hlokang hobane re etsa mosebetsi wa hae.

JEHOVA O RATA HA HO NA LE KGOTSO LE HA DINTHO DI ETSWA KA TLHOPHISO

11. Sehlopha se busang sa mehleng ya pele se ile sa sebetsa ha mmoho jwang ho thusa bahlanka ba Modimo hore ba hlophisehe?

11 Mehleng ya pele. Sehlopha se Busang Jerusalema se ile sa sebetsa ha mmoho ho etsa hore ho be le tlhophiso le kgotso ho bahlanka ba Modimo. (Lik. 2:42) Ka mohlala, hoo e ka bang ka selemo sa 49, Bakreste ba bangata ba ne ba na le maikutlo a fapaneng tabeng ya hore na motho o lokela ho bolla e le hore a sebeletse Jehova kapa tjhe. Ka hoo Sehlopha se Busang, se tataiswa ke moya o halalelang se ile sa buisana ka taba ena. Haeba phutheho e ne e ka tswela pele e sa dumellane ka bothata bona, e ne e ke ke ya kgona ho bolela ditaba tse molemo. Le hoja e ne e le Bajuda, baapostola le banna bao ba baholo ha ba a a ka ba susumetswa ke meetlo le dithuto tseo Bajuda ba neng ba di ruta. Ho e na le hoo, ba ile ba bala Lentswe la Modimo mme ba kopa Jehova hore a ba fe moya o halalelang e le hore ba etse qeto e nepahetseng. (Lik. 15:1, 2, 5-20, 28) Ho ile ha ba le ditlamorao dife? Jehova o ile a hlohonolofatsa qeto ya bona mme le phutheho ya ba le bonngwe le kgotso, hape ba tswela pele ho bolela ditaba tse molemo.​—Lik. 15:30, 31; 16:4, 5.

12. Ke eng e bontshang hore mokgatlo wa Jehova o hlophisehile ebile o na le kgotso kajeno?

12 Mehleng ena. Mokgatlo wa Jehova o thusitse bahlanka ba hae hore ba dule ba na le kgotso ebile ba hlophisehile. Ka 1895, makasine wa November 15 wa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence o ne o na le sehlooho se reng: “Mokgwa o Hlomphehang le ka Tlhophiso,” se hlahang ho 1 Bakorinthe 14:40. Sehlooho seo se ile sa re: “Baapostola ba ile ba ngolla phutheho eo ya pele dintho tse ngata mabapi le hore ba hlophisehe . . . Ke ha bohlokwa hore re tswele pele ho mamela ‘dintho tsohle tse ileng tsa ngolwa nakong e fetileng di ngollwa ho re laya.’” (Bar. 15:4) Mokgatlo wa Jehova kajeno, o sebetsa ka thata hore diphutheho di be le kgotso hape di hlophisehe jwalo ka tsa mehleng ya Bakreste ba pele. Ka mohlala haeba o ya naheng e nngwe o a tseba hore na Tora ya ho Lebela e tshwarwa jwang le hore na ho tlo balwa sehlooho sefe, ka hoo o tla ikutlwa o phutholohile. Ke moya wa Modimo feela o ka etsang hore ho be le bonngwe bo jwalo.​—Sof. 3:9.

13. Lengolo la Jakobo 3:17 le etsa hore re ipotse dipotso dife?

13 Seo o ka se etsang. Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba ‘boloke bonngwe ba moya ka tlamo e kopanyang ya kgotso.’ (Baef. 4:1-3) Ka hoo ipotse: ‘Na ke etsa hore ho be le bonngwe le kgotso ka phuthehong? Na ke mamela ba etellang pele? Na batho ba bang ba ka ntshepa haholo haeba ke na le boikarabelo ka phuthehong? Na ke tshwara nako, hape ke ikemiseditse ho sebetsa?’ (Bala Jakobo 3:17.) Haeba o hlokomela hore o lokela ho ntlafatsa, kopa thuso ya moya o halalelang. O tla o thusa hore o fetole tsela eo o etsang dintho ka yona mme bara le baradibabo rona ba tla o rata le ho ananela seo o se etsang.

JEHOVA O A RE RUTA EBILE O RE FA DINTHO TSEO RE DI HLOKANG

14. Ho ya ka Bakolose 1:9, 10, Jehova o ile a etsang ho ruta bahlanka ba hae ba mehleng ya pele?

14 Mehleng ya pele. Jehova o rata ho ruta bahlanka ba hae. (Pes. 32:8) O batla hore ba mo tsebe, e dule e le bana ba hae le hore ba phele ka ho sa feleng. Sena se ne se ke ke sa kgoneha haeba e ne e se yena ya neng a re ruta. (Joh. 17:3) Mehleng ya pele, Jehova o ile a sebedisa phutheho ho ruta bahlanka ba hae. (Bala Bakolose 1:9, 10.) Moya o halalelang oo Jesu a ileng a o tshepisa e leng “mothusi,” o ile wa thusa barutuwa. (Joh. 14:16) O ile wa boela wa ba thusa hore ba utlwisise Lentswe la Modimo le ho hopola dintho tsohle tseo Jesu a ileng a di bua le ho di etsa, e leng tseo ha morao ba ileng ba di bala Dikosepeleng. Tsebo ena e ile ya matlafatsa Bakreste ba mehleng ya pele mme ya etsa hore ba ratane, ba rate Modimo le Mora wa hae.

15. Ke ka ditsela dife Jehova a phethahaditseng tshepiso ya hae e ho Esaia 2:2, 3?

15 Mehleng ena. Jehova o ile a bolela esale pele hore “karolong e qetellang ya matsatsi,” batho ba bangata ba ne ba tla ya “thabeng” ya hae e leng se bolelang hore ba ne ba tla mo rapela ha mmoho le ho rutwa ke yena. (Bala Esaia 2:2, 3.) Re bona boprofeta boo bo phethahala kajeno. Re kgona ho bona hore borapedi ba nnete bo bohlokwa ho feta borapedi le ha e le bofe ba bohata. Jehova o ruta bahlanka ba hae dintho tse ngata tse hlahang ka Bibeleng. (Esa. 25:6) O sebedisa “lekgoba le tshepahalang le le masene” ho re ruta dintho tsena. Ka mohlala, re fumana dihlooho, re mamela dipuo mme re shebella le divideo. (Mat. 24:45) Re ikutlwa jwalo ka motswalle wa Jobo e leng Elihu ya ileng a re: “Ke morupedi ofe ya tshwanang le [Modimo]?”​—Jobo 36:22.

Kgodiseha hore seo o ithutileng sona ke nnete mme o se sebedise bophelong ba hao (Sheba serapa sa 16) *

16. Ke eng seo o ka se etsang hore dintho tseo Jehova a o rutang tsona di o thuse?

16 Seo o ka se etsang. Moya o halalelang wa Modimo o tla o thusa hore o sebedise seo o ithutileng sona Lentsweng la hae. Rapela jwalo ka mongodi e mong wa pesaleme ya ileng a re: “Jehova, nthupele ka tsela ya hao. Ke tla tsamaya nneteng ya hao. Momahanya pelo ya ka hore e tshabe lebitso la hao.” (Pes. 86:11) Ka hoo tswela pele ho ithuta Bibele le dingolwa tseo mokgatlo wa Jehova o fanang ka tsona. Ke nnete hore ha o ithutele ho ba le tsebo feela empa o batla ho kgodiseha ka seo o ithutileng sona le ho se sebedisa bophelong ba hao. Ka hoo moya wa Jehova o tla o thusa ho etsa seo. O boetse o batla ho kgothatsa bara le baradibabo rona. (Baheb. 10:24, 25) Hobaneng? Hobane ke lelapa leno. Kopa moya wa Modimo hore o o thuse hore o arabele ho tswa pelong ha o le dibokeng le hore o o thuse ho etsa sohle seo o ka se kgonang ha o fana ka puo. Ha o etsa sena o bontsha Jehova le Mora wa hae hore o rata “dinku” tsa bona tsa bohlokwa.​—Joh. 21:15-17.

17. Ke ka ditsela dife o ka bontshang hore o tshehetsa mokgatlo wa Jehova?

17 Haufinyane lefatsheng ho tla sala mokgatlo o tla beng o tataiswa ke moya wa Modimo. Ka hoo tswela pele o sebetsa le mokgatlo wa Jehova ka mafolofolo. Bontsha hore o rata batho jwalo ka Modimo ka hore o ba bolelle ditaba tse molemo hohle moo o kopanang le bona. Haeba o etsisa Jehova ka hore o rate hore ho be le kgotso le tlhophiso sena se tla etsa hore ho be le bonngwe ka phuthehong. O ka mamela Morupedi wa Hao e Moholo ka hore o ithute dinthong tsohle tseo a o fileng tsona. Ha lefatshe lena la Satane le fediswa o ke ke wa tshaba. Ho e na le hoo, o tla ba sebete mme o be le bahlanka ba tshepahalang ba sebetsang le mokgatlo wa Jehova.

PINA YA 3 Matla, Tshepo le Kgodiseho ya Rona

^ par. 5 Na o kgodisehile hore Jehova o tataisa mokgatlo wa hae kajeno? Sehloohong sena re tlo hlokomela hore na ke jwang Jehova a neng a tataisa Bakreste ba nakong e fetileng le hore na ke jwang a tswelang pele ho tataisa bahlanka ba hae kajeno.

^ par. 1 TLHALOSO YA LENTSWE: Mokgatlo wa Jehova o teng lehodimong le lefatsheng. Sehloohong sena ha ho buuwa ka “mokgatlo” ho buuwa ka o lefatsheng.

^ par. 52 SETSHWANTSHO SE A HLALOSWA: Ka mora ho shebella divideo le ho bona batho ba bang ba sebeletsang naheng e nngwe moo ho nang le tlhokahalo, moradiwabo rona wa pulamadiboho o susumelletseha ho ba etsisa. Qetellong o ile a etsa seo a neng a se batla e leng ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo ya bahweletsi.