Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 44

Na ba Tla Sebeletsa Molimo ha ba se ba Holile?

Na ba Tla Sebeletsa Molimo ha ba se ba Holile?

“Jesu a ’na a hatela pele bohlaleng le khōlong ea ’mele ’me a amoheleha ho Molimo le ho batho.”​—LUKA 2:52.

PINA EA 134 Bana ke Letlotlo

SELELEKELA *

1. Qeto e molemo ka ho fetisisa eo motho a ka e etsang ke efe?

HANGATA liqeto tseo batsoali ba li etsang li ama bana ba bona ka nako e telele. Haeba batsoali ba etsa liqeto tse fosahetseng, ba ka kenya bana ka har’a tebe-tebe ea mathata. Empa haeba ba etsa liqeto tse nepahetseng, ba thusa bana ba bona hore qetellong ba thabe bophelong. Empa bana le bona ba lokela ho etsa liqeto tse nepahetseng. Qeto e molemo ka ho fetisisa eo motho a ka e etsang ke ea ho sebeletsa Jehova Ntate oa rona ea re ratang.​—Pes. 73:28.

2. Ho ea ka Bibele, ke liqeto life tse nepahetseng tseo Jesu le batsoali ba hae ba ileng ba li etsa?

2 Batsoali ba Jesu ba ne ba ikemiselitse ho thusa bana ba bona ho sebeletsa Jehova. Liqeto tseo Josefa le Maria ba ileng ba li etsa li ile tsa bontša hore ho sebeletsa Jehova ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho bona. (Luka 2:​40, 41, 52) Jesu le eena o ile a etsa liqeto tse nepahetseng tse ileng tsa mo thusa ho etsa thato ea Jehova. (Mat. 4:​1-10) Ha Jesu a se a le moholo, e ne e le motho ea mosa, ea tšepahalang le ea sebete. Batsoali bohle ba ratang Jehova ba ne ba ka thaba le ho ikotla sefuba ka ngoana ea tjena.

3. Sehlooho see se tla araba lipotso life?

3 Sehlooho sena se tla araba lipotso tse latelang: Ke liqeto life tse nepahetseng tseo Jehova a ileng a li etsa tse neng li tla ama Jesu? Batsoali ba Bakreste ba ka ithuta’ng ka liqeto tseo batsoali ba Jesu ba ileng ba li etsa? Bacha ba Bakreste bona ba ka ithuta’ng ka liqeto tseo Jesu a ileng a li etsa?

NKA MALEBELA MOHLALENG OA JEHOVA

4. Ke khetho efe ea bohlokoa eo Jehova a ileng a e etsa e neng e tla ama Mora oa hae?

4 Jehova o ile a khethela Jesu batsoali ba nepahetseng. (Mat. 1:​18-23; Luka 1:​26-38) Mantsoe a tsoang pelong ao Maria a ileng a a bua a hlahang ka Bibeleng aa bontša hore o ne a rata Jehova le Lentsoe la hae haholo. (Luka 1:​46-55) Le tsela eo Josefa a ileng a mamela tataiso ea Jehova ea bontša hore o ne a rata Jehova a bile a batla ho mo thabisa.​—Mat. 1:​24.

5-6. Ke mathata afe ao Jehova a sa kang a sireletsa Jesu ho ’ona?

5 Hlokomela hore Jehova ha aa ka a khetha batho ba hafang ka nkatana hore e be bona batsoali ba Jesu. Sehlabelo seo Josefa le Maria ba ileng ba se nyehela ha Jesu a qeta ho hlaha sea bontša hore ba ne ba futsanehile. (Luka 2:​24) E ka ’na eaba Josefa o ne a e-na le sebaka se senyenyane Nazaretha pel’a moo a neng a lula teng moo a neng a etsetsa mosebetsi oa lepolanka. Ho ka etsahala hore ebe ba ne ba se na chelete kapa maruo, haholo hobane ba ile ba qetella ba e-na le bana ba supileng kapa ho feta.​—Mat. 13:​55, 56.

6 Ho na le maemo a kotsi ao Jehova a ileng a sireletsa Jesu ho ’ona empa ha aa ka a mo sireletsa mathateng ’ohle. (Mat. 2:​13-15) Mohlala, Jesu o ne a e-na le beng ka eena ba neng ba sa lumele ho eena. U se u ka inahanela feela hore na e ne e le ntho e nyahamisang Jesu hakaakang hore ebe o phela ka tlung e le ’ngoe le batho bao qalong ba neng ba sa lumele ho hang hore ke Mesia. (Mar. 3:​21; Joh. 7:5) Hape e ka ’na eaba Jesu o ile a utloa bohloko ha a hlokahalloa ke ntate oa hae Josefa. Kaha Josefa o ile a hlokahala, e ka ’na eaba Jesu o ile a tlameha ho ntšetsa pele khoebo ea lelapa hobane e ne e le eena letsibolo. (Mar. 6:3) Ha a ntse a hola o ile a ithuta ho hlokomela lelapa labo. Mohlomong o ile a sebetsa ka thata ho le hlokomela, kahoo o ne a o tseba hantle mokhathala oa ho qeta letsatsi lohle a theohetse.

Batsoali, koetlisang bana hore ba khone ho thulana le mathata a bophelo ka ho ba ruta ho tšepa likeletso tsa Bibele (Sheba serapa sa 7) *

7. (a) Ke lipotso life tse tla thusa Bakreste ba nyalaneng hore ba holise bana hantle? (b) Liproverbia 2:​1-6 e ka thusa batsoali joang ho koetlisa bana ba bona?

7 Haeba Bakreste ba nyalaneng ba batla ho ba le bana, ba lokela ho ipotsa lipotso tsena: ‘Na re batho ba ikokobelitseng, ba nang le kamano e ntle le Jehova? Na Jehova o ne a ka khetha rona hore re holise ngoana?’ (Pes. 127:​3, 4) Haeba u se u le motsoali, ipotse: ‘Na ke ruta bana ba ka hore ho bohlokoa ho sebetsa ka thata?’ (Moek. 3:​12, 13) Na ke etsa sohle se matleng a ka ho sireletsa bana ba ka khahlanong le lintho tse fosahetseng kapa likotsi tse ka ba hlahelang lefatšeng lee la Satane?’ (Liprov. 22:3) U ka se khone ho sireletsa bana ba hao mathateng ’ohle. Empa ka lerato u ka khona ho ba koetlisetsa hore ba khone ho thulana le mathata a bophelo ka ho lula u ba ruta ho tšepa likeletso tse tsoang ka Bibeleng. (Bala Liproverbia 2:​1-6) Mohlala, haeba e mong oa beng ka lona a khetha ho tlohella ho sebeletsa Jehova, u ka ruta ngoana oa hao u sebelisa Bibele hore a bone hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho tšepahalla Jehova ka linako tsohle. (Pes. 31:​23) Kapa haeba motho eo le mo ratang a hlokahala, bontša bana ba hao litemana tsa Bibele tse ka ba tšelisang ha ba siame le tse ka ba thusang hore ba qetelle ba e-na le khotso.​—2 Bakor. 1:​3, 4; 2 Tim. 3:16.

NKA MALEBELA HO JOSEFA LE MARIA

8. Ke litaelo life tse hlahang ho Deuteronoma 6:​6, 7 tseo Maria le Josefa ba ileng ba li mamela?

8 Batsoali ba Jesu ba ile ba khona ho mo thusa hore ha a se a le moholo a be le kamano e ntle le Molimo hobane ba ile ba mamela litaelo tseo Jehova a li fileng batsoali. (Bala Deuteronoma 6:​6, 7) Josefa le Maria ba ne ba rata Jehova haholo ’me ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho bona e ne e le ho ruta bana ba bona hore le bona ba rate Jehova haholo.

9. Ke lintho life tsa bohlokoa tseo Josefa le Maria ba ileng ba khetha ho li etsa?

Josefa le Maria ba ile ba khetha ho lula ba rapela Jehova ’moho le bana ba bona. Ba ne ba ea liphuthehong tsa beke le beke tse neng li tšoareloa synagogeng e Nazaretha. Hape ba ne ba ea moketeng oa Paseka o neng o tšoareloa Jerusalema selemo le selemo. (Luka 2:​41; 4:​16) Mohlomong ba ne ba nka monyetla ka maeto ao ba neng ba a nka ho ea Jerusalema hore ba rute Jesu le bana ba bo ka pale ea sechaba sa Molimo. E ka ’na eaba ba ne ba bile ba pota metseng e meng e hlahang ka Bibeleng ha ba le tseleng. Ha lelapa la bona le ntse le eketseha, ho tlameha ho ile ha e-ba thata hore ba lule ba sebeletsa Jehova kamehla. Empa ho lula ba sebeletsa Jehova ho ile ha ba tsoela molemo. Kaha ba ne ba etsa hore borapeli ba Jehova bo tle pele, lelapa la bona le ile la lula le e-na le kamano e ntle le Jehova.

10. Batsoali ba Bakreste ba ka inkela malebela afe mohlaleng oa Josefa le Maria?

10 Batsoali ba Bakreste ba ka inkela malebela afe mohlaleng oa Josefa le Maria? Ntho e ka sehloohong ke hore u rute bana ba hao ka mantsoe le ka liketso, ba bone hore u rata Jehova haholo. Ha u thusa bana ba hao hore ba rate Jehova, u tla be u ba etsetsa ntho e kholo ka ho fetisisa. Hape e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa haholo tseo u ka li etsang ke hore u ba rute ho tloaela ho bala Bibele, ho rapela le ho ea libokeng le tšimong. (1 Tim. 6:6) Ke ’nete hore u lokela ho ba hlokomela ka lintho tseo ba li hlokang hore ba ’ne ba phele. (1 Tim. 5:8) Empa hopola hore ntho e tla thusa bana ba hao ho pholoha ha lefatše lena le timetsoa le hore ba fihle lefatšeng le lecha ke ho ba le kamano e ntle le Jehova, eseng ho ba le chelete kapa maruo. *​—Ezek. 7:​19; 1 Tim. 4:8.

Hoa thabisa ho bona batsoali ba Bakreste ba etsa liqeto tse thusang bana ho ba le kamano e ntle le Jehova (Sheba serapa sa 11) *

11. (a) Keletso e hlahang ho 1 Timothea 6:​17-19 e thusa batsoali joang ho etsa liqeto tse nepahetseng ha ba holisa bana ba bona? (b) Ke lintho life tseo malapa a mang a li etsang, hona a fumana litlhohonolofatso life? (Sheba lebokose le reng: “ Ke’ng eo U ka Rerang ho e Etsa?”)

11 Ke ntho e thabisang haholo ho bona hore batsoali ba bangata ba Bakreste ba etsa liqeto tse nepahetseng tse thusang bana ba bona hore ba be le kamano e ntle le Jehova. Kamehla ba sebeletsa Jehova ba le ’moho. Ba ea libokeng le likopanong, hape ba bolela litaba tse molemo. Malapa a mang a bile a khona ho bolela litaba tse molemo libakeng tseo ho tsona Lipaki li sa fihleng hangata. A mang a etela Bethele kapa a ithaopele ho etsa tsoho la monna ha ho hahoa mehaho ea borapeli. Malapa a etsang lintho tsena a tela lichelete tsa ’ona ’me ka linako tse ling a ka hula ka thata. Empa Jehova oa hlohonolofatsa haholo ka lebaka la ho intša sehlabelo hona. (Bala 1 Timothea 6:​17-19) Bana ba holelang ka har’a malapa a tjena hangata ba hola ba e-na le mekhoa e metle eo ba ithutileng eona ho batsoali ba bona ’me ha ba ikoahlaele tsela eo ba holisitsoeng ka eona. *​—Liprov. 10:22.

NKA MALEBELA HO JESU

12. Ke’ng eo Jesu a neng a lokela ho e etsa ha a ntse a hola?

12 Jehova o lula a etsa liqeto tse nepahetseng, le batsoali ba Jesu ba ile ba etsa liqeto tse nepahetseng. Empa ha Jesu a se a holile, o ile a tlameha ho iketsetsa liqeto. (Bagal. 6:5) O ne a e-na le bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto joaloka rona. A ka be a ile a khetha ho lelekisa lintho tseo a li batlang feela, empa o ile a khetha ho lula a e-na le kamano e ntle le Jehova. Mohlala oa hae o ka thusa bacha joang mehleng ee?

Bacha, le ka mohla le se ke la hana ho mamela batsoali (Sheba serapa sa 13) *

13. Ke ntho efe ea bohlokoa eo Jesu a ileng a khetha ho e etsa ha e ntse e le ngoana?

13 Ha Jesu e ntse e le ngoana, o ile a khetha ho mamela batsoali ba hae. Ha ho mohla a ileng a hana ho ba mamela hobane a nahana hore o tseba lintho tse ngata ho ba feta. Empa o ile “a tsoela pele ho ipeha tlas’a bona.” (Luka 2:​51) Jesu o ile a etsa sohle se matleng a hae hore a phethe boikarabelo ba hae joaloka letsibolo. O tlameha a ile a sebetsa ka thata ho ithuta mosebetsi oa lepolanka ho ntate oa hae e le hore a ka kenya letsoho ho hlokomela lelapa labo.

14. Ke’ng e re kholisang hore Jesu e ne e le seithuti se hloahloa sa Lentsoe la Molimo?

14 E ka ’na eaba batsoali ba Jesu ba ile ba mo bolella ka tsela e mohlolo eo a hlahileng ka eona le ka litaba tseo manģosa a Molimo a ileng a li bua ka eena. (Luka 2:​8-19, 25-38) Empa Jesu ha aa ka a khotsofalla hore ebe o tseba lintho tseo a li joetsitsoeng feela, le eena o ile a ipalla Mangolo a halalelang. Ke’ng e re kholisang hore Jesu e ne e le seithuti se hloahloa sa Lentsoe la Molimo? Ha Jesu e ntse e le ngoana, mesuoe e neng e le Jerusalema e ne e “makatsoa ka nako eohle ke kutloisiso ea hae le likarabo tsa hae.” (Luka 2:​46, 47) Ha Jesu a ne a le lilemo li 12 feela, o ne a se a ntse a kholisehile hore Jehova ke Ntate oa hae.​—Luka 2:​42, 43, 49.

15. Jesu o ile a bontša joang hore o khethile ho etsa thato ea Jehova?

15 Ha Jesu a ithuta hore na Jehova o batla hore a etse’ng, o ile a khetha ho etsa thato ea Jehova. (Joh. 6:​38) O ne a tseba hore batho ba bangata ba tla mo hloea ’me o ne a sa batle hore ntho e joalo e etsahale. Ho ntse ho le joalo, o ile a ’na a khetha ho mamela Jehova. Ha Jesu a kolobetsoa ka selemo sa 29, ntho e kholo bophelong ba hae e ne e le ho etsa thato ea Jehova. (Baheb. 10:​5-7) Le nakong eo a seng a khokhothetsoe thupeng ea tlhokofatso a le makhatheng a lefu, o ile a lula a ikemiselitse ho etsa thato ea Jehova.​—Joh. 19:30.

16. Ke’ng eo bana ba ka ithutang eona mohlaleng oa Jesu?

16 Mamela batsoali ba hao. Batsoali ba hao ba tšoana le Josefa le Maria, ha baa phethahala. Leha ho le joalo, Jehova o ba khethile hore ba u sireletse le ho u holisa. Haeba u mamela likeletso tsa bona u bile u ba hlompha, u tla “tsoella hantle.”​—Baef. 6:​1-4.

17. Ho ea ka Joshua 24:​15, ke qeto efe eo bacha ba lokelang ho iketsetsa eona?

17 Khetha hore na u tla sebeletsa mang. U lokela ho ikholisa hore na Jehova ke mang, hore na thato ea hae ke efe le hore na u ka e etsa joang bophelong ba hao. (Bar. 12:2) Ntho eo e tla u thusa ho etsa qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao, e leng ea ho sebeletsa Jehova. (Bala Joshua 24:​15: Moek. 12:1) Haeba u lula u bala le ho ithuta Bibele, u tla rata Jehova le ho feta, le tumelo ea hao e tla ’ne e matlafale.

18. Ke’ng eo bacha ba lokelang ho khetha ho e etsa, hona ba tla fumana melemo efe?

18 Khetha ho etsa hore thato ea Jehova e tle pele bophelong ba hao. Batho ba lefatše lena la Satane ba re ha u ka sebelisa bokhoni ba hao ho itsoela molemo, u tla thaba. Empa ’nete ke hore batho ba shebileng ho lelekisa lintho tsa lefatše lena ba itlhaba “hohle ka bohloko bo boholo.” (1 Tim. 6:​9, 10) Kahoo haeba uena u khetha ho mamela Jehova le ho etsa hore thato ea hae e tle pele bophelong ba hao, u tla thaba ebile “u tla etsa ka bohlale.”​—Josh. 1:8.

U TLA ETSA QETO EFE?

19. Batsoali ba lokela ho hopola’ng?

19 Batsoali, sebetsang ka thata ho thusa bana ba lona ho sebeletsa Jehova. Ha le ka mo tšepa, o tla le thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng. (Liprov. 3:​5, 6) Hopolang hore bana ba lona ba susumetsoa haholo ke liketso tsa lona ho feta lipuo. Kahoo etsang liqeto tse tla ba thusa ho ba le kamano e ntle le Jehova.

20. Bacha ba tla fumana melemo efe haeba ba khetha ho sebeletsa Jehova?

20 Bacha, batsoali ba lona ba ka le thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng bophelong ba lona. Empa le lona le lokela ho etsa liqeto tse nepahetseng e le hore le thabise Molimo. Kahoo etsisang Jesu, le khethe ho sebeletsa Jehova Ntate oa lona ea le ratang. Haeba le ka etsa joalo, le tla phela bophelo bo khotsofatsang le bo thabisang hona joale. (1 Tim. 4:​16) Athe ka moso teng le tla phela bophelo bo monate ka ho fetisisa.

PINA EA 133 Sebeletsang Jehova le sa le Bacha

^ ser. 5 Batsoali ba Bakreste ba batla hore bana ba bona ba thabe le hore ba sebeletse Jehova ha ba se ba le baholo. Ke liqeto life tseo batsoali ba ka li etsang tse tla thusa bana ba bona hore ba fihlele sepheo seo? Bacha ba Bakreste bona ba lokela ho etsa liqeto life e le hore ba thabe bophelong? Likarabo tsa lipotso tseo li tla hlaha sehloohong sena.

^ ser. 10 Sheba buka ea Pure Worship of Jehovah​—Restored At Last!, leqepheng la 69 le 70, lirapa 17 le 18.

^ ser. 11 Sheba lebokose le reng: “Ke na le Batsoali ba Molemo ka ho Fetisisa” le hlahang ho Tsoha! ea October 2011, leqepheng la 20, le sehlooho se reng: “Lengolo le Khethehileng le Eang ho Batsoali ba Bona” se hlahang ho Tsoha! ea March 8, 1999, leqepheng la 10.

^ ser. 66 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ha Jesu e sa le ngoana, Maria o tlameha a ile a mo ruta ho rata Jehova haholo. Batsoali le bona ba ka ruta bana ba bona ho rata Jehova haholo.

^ ser. 68 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: E tlameha ebe Josefa o ne a nka ho le bohlokoa haholo ho ea synagogeng le lelapa la hae. Bo-ntate le bona ba lokela ho nka ho le bohlokoa haholo ho ea libokeng le ba malapa a bona.

^ ser. 70 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Jesu o ile a ithuta litsebo tsa bohlokoa ho ntate oa hae. Le mehleng ena bacha ba ka ithuta lintho tsa bohlokoa ho batsoali ba bona.