Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 42

U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Bobeli

U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Bobeli

“Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao.”​—1 TIM. 4:16.

PINA EA 77 Re Khantša Leseli Lefatšeng

SELELEKELA *

1. Re tseba joang hore mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa o pholosa maphelo a batho?

MOSEBETSI oa ho etsa batho barutuoa o pholosa maphelo a batho. Re tseba joang? Ha Jesu a ne a fana ka taelo e hlahang ho Matheu 28:​19, 20, o ile a re: “E-eang ’me le etse batho . . . barutuoa, le ba kolobetse.” Ho bohlokoa hakae ho kolobetsoa? E le hore re fumane bophelo bo sa feleng re lokela ho kolobetsoa. Motho ea batlang ho kolobetsoa o lokela ho lumela hore lefu la Jesu le tsoho ea hae ke tsona feela tse ka re bulelang monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng. Ke kahoo moapostola Petrose a ileng a re ho Bakreste-’moho le eena: “Se lekanang le sena le sona joale sea le pholosa, e leng, kolobetso . . . ka tsoho ea Jesu Kreste.” (1 Pet. 3:​21) Haeba morutuoa a kolobetsoa, o tla ba le tšepo ea bophelo bo sa feleng.

2. 2 Timothea 4:​1, 2 e re ho hlokahala’ng e le hore re khone ho etsa batho barutuoa?

2 Ho hlokahala hore re be le “tsebo ea ho ruta” e le hore re khone ho etsa batho barutuoa. (Bala 2 Timothea 4:​1, 2.) Hobane’ng? Hobane Jesu o re file taelo e reng: “E-eang ’me le etse batho . . . barutuoa,  . .  le ba rute.” Moapostola Pauluse o ile a re re sebetse ka thata mosebetsing oo ’me a eketsa ka ho re: “Ka ho etsa joalo, u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.” Ho hlakile hore Pauluse o ne a e-na le mabaka a utloahalang ha a bua mantsoe ana: ‘U ele hloko ho ruta ha hao.’ (1 Tim. 4:​16) Kaha ho ruta le ho etsa batho barutuoa ke li-ea-thoteng-li-bapile, re lokela ho ba mesuoe e hloahloa haholo.

3. Sehloohong see re tl’o ithuta’ng tabeng ea ho khanna lithuto?

3 Re khanna lithuto tsa Bibele tse limilione lefatšeng lohle. Empa joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, re lokela ho tseba hore na re ka li thusa joang hore li qetelle li kolobelitsoe. Sehloohong sena re tl’o hlahloba lintho tse ling tse hlano tseo batho bohle ba khannang lithuto ba lokelang ho li etsa ho thusa lithuto tsa bona hore li kolobetsoe.

SEBELISA BIBELE HA U RUTA

Kopa Mokreste-’moho le uena ea nang le boiphihlelo hore a u thuse ho ntlafatsa tsela eo u sebelisang Bibele ka eona ha u khanna thuto (Sheba serapa sa 4 ho ea ho sa 6) *

4. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho bua haholo ha re khanna lithuto tsa Bibele? (Sheba le naletsana.)

4 Kaha re rata Lentsoe la Molimo, re ka ’na ra utloa re batla ho bua haholo ka lona. Leha ho le joalo, ha motho a khanna Thuto ea Molula-Qhooa, Thuto ea Bibele ea phutheho kapa a khannela motho e mong thuto, ha a lokela ho bua haholo. Kaha motho ea khannang thuto o lokela ho sebelisa Bibele haholo ha a ruta, o lokela ho ba hlokolosi hore a se ke a bua haholo kapa a leka ho hlalosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e tsebang ka temana kapa taba e ’ngoe e hlahang ka Bibeleng. * (Joh. 16:​12) Hopola hore na ha u ne u kolobetsoa u ne u tseba Bibele hakae ebe u bapisa tsebo eo le eo u seng u e-na le eona hona joale. Ho ka etsahala hore ebe ka nako eo u ne u utloisisa lithuto tsa motheo feela. (Baheb. 6:1) Ho u nkile lilemo hore u ithute ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e tsebang hona joale, kahoo u se ke oa leka ho foqa thuto ea hao ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka nako e le ’ngoe.

5. (a) Ho ea ka 1 Bathesalonika 2:​13, ke’ng eo re lokelang ho thusa seithuti sa rona hore se e utloisise? (b) Re ka etsa’ng hore re khothalletse motho eo re ithutang le eena hore a bue ka lintho tseo a ithutileng tsona Bibeleng?

5 Re lokela ho thusa thuto ea rona hore a utloisise hore lintho tseo a ithutang tsona li tsoa ka Bibeleng. (Bala 1 Bathesalonika 2:​13.) Re ka etsa seo joang? Re ka khothalletsa motho eo re ithutang le eena hore a bue ka lintho tseo a ntseng a ithuta tsona. Mo kope hore e be eena ea hlalosang litemana tsa Bibele ho e-na le hore u lule u mo hlalosetsa tsona. Mo thuse ho bona hore na Lentsoe la Molimo le ka mo thusa joang bophelong ba hae. Mo botse lipotso tse tla mo nolofalletsa hore a bue hore na o nahana joang kapa o ikutloa joang ka Mangolo ao a a balang. (Luka 10:​25-28) Mohlala, u ka mo botsa lipotso tse kang tsena: “Lengolo lee le u thusitse joang hore u bone a mang a makhabane a Jehova? U bona eka lintho tseo u ithutileng tsona Bibeleng li ka u thusa joang? U ikutloa joang ka lintho tsee tseo u qetang ho ithuta tsona?” (Liprov. 20:5) Taba e kholo ha se hore na motho eo u ithutang le eena o na le tsebo e ngata hakae, empa ke hore na tsebo eo oa e ananela le ho e sebelisa.

6. Ho ea lithutong tsa rona le Bakreste-’moho ba nang le bophihlelo tabeng ea ho ruta ho ka re thusa joang?

6 Ha u khanna lithuto na u ee u tsamaee le Bakreste-’moho le uena ba nang le boiphihlelo tabeng ea ho ruta? Haeba u etsa joalo, u ka ba botsa hore na ba nahana joang ka tsela eo u khannang lithuto ka eona le hore na u sebelisa Bibele hantle nakong ea thuto. U lokela ho ba le boikokobetso haeba u batla ho ntlafatsa tsela eo u khannang lithuto ka eona. (Bapisa le Liketso 18:​24-26.) Ka mor’a moo u ka ba botsa hore na ba bona eka motho eo u ithutang le eena o utloisisa lintho tseo a ithutang tsona Bibeleng. U ka boetse oa kopa e mong oa bona hore a u khannele thuto haeba u tl’o ba sieo ka nako e ka etsang beke kapa ho feta. Ho etsa joalo ho tla etsa hore thuto e ’ne e tsoele pele ebile ho tla etsa hore motho eo u ithutang le eena a bone hore na thuto eo e bohlokoa hakae. U se ke oa ba le boikutlo ba hore motho eo ke thuto ea hao u le mong ebile ha ho na motho e mong ea ka mo balisang. Taba ea bohlokoa ke hore u etse ntho e tla tsoela thuto ea hao molemo e le hore a ka tsoela pele ho ithuta Bibele haholoanyane.

BONTŠA HORE U RATA BIBELE EBILE OA E LUMELA

Thusa thuto ea hao ho sebelisa likeletso tse hlahang ka Bibeleng ka hore u mo bolelle mehlala e phelang (Sheba serapa sa 7 ho ea ho sa 9) *

7. Ke eng e tla etsa hore motho eo u mo balisang a thabele lintho tseo a ithutang tsona Bibeleng?

7 Motho eo u mo balisang o lokela ho bona hore u rata Lentsoe la Molimo le hore oa le lumela. (1 Bathes. 1:5) Ntho eo e tla etsa hore a thabele lintho tseo a ithutang tsona Bibeleng. Mohlomong u ka ba oa mo joetsa hore na Bibele e u thusitse joang bophelong ba hao. O tla bona hore Bibele e na le likeletso tse molemo tse ka mo thusang.

8. Ke eng hape eo u ka e etsang ho thusa motho eo u mo balisang, ’me ho etsa joalo ho tla mo thusa joang?

8 Ha u ntse u khanna thuto u ka bolella thuto ea hao ka mehlala ea Bakreste-’moho le uena ba ileng ba hlaheloa ke mathata a tšoanang le a hae le hore na ba ile ba a hlola joang. U ka boela oa khanna thuto u na le Mokreste-’moho le uena eo mohlala oa hae o ka thusang motho eo u mo balisang. Hape u ka fumanela thuto ea hao mehlala e khothatsang e ka mo thusang e hlahang ho jw.org/st karolong ea “Bibele e Fetola Batho.” * Lihlooho le livideo tse hlahang moo li tla thusa thuto ea hao ho bona hore na ke melemo efe eo a ka e fumanang ha a sebelisa likeletso tsa Bibele bophelong ba hae.

9. U ka etsa’ng hore u khothalletse motho eo u ithutang Bibele le eena ho bolella ba lelapa le metsoalle lintho tseo a ntseng a ithuta tsona ka Bibeleng?

9 Haeba motho eo u ithutang Bibele le eena o na le molekane, na molekane eo le eena oa ithuta? Haeba ha ho joalo, u ka mo mema hore le eena a be teng ha le ithuta. U ka boela oa khothalletsa motho eo u ntseng u ithuta le eena hore a bolelle metsoalle ea hae le ba lelapa lintho tseo a ntseng a ithuta tsona. (Joh. 1:​40-45) U ka etsa joalo joang? U ka qala ka ho mo potso ena e bonolo: “U ka hlalosetsa ba lelapa la hao taba ee joang?” kapa “Ke Lengolo lefe leo u ka le sebelisang ho bontša motsoalle oa hao hore taba ee ke ’nete?” Ha u etsa joalo u mo koetlisetsa hore le eena a khone ho ruta batho ba bang Bibele. Etlare le eena ha a se a tšoaneleha ho ea tšimong, o tla qalella ho ruta batho Bibele e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang. U ka boela oa botsa motho eo u mo balisang hore na o tseba motho e mong ea ka thabelang ho ithuta Bibele. Haeba a le teng, u ikopanye le eena hang-hang ’me u mo bolelle hore u ka thabela ho ithuta Bibele le eena. Hape u mo bontše video ea Ho Etsahala’ng Thutong ea Bibele? *

KHOTHALLETSA SEITHUTI HO FUMANA METSOALLE KA PHUTHEHONG

Khothalletsa thuto a hao ho fumana metsoalle ka phuthehong (Sheba serapa sa 10 le 11) *

10. Re ka etsisa mohlala oa moapostola Pauluse joang o hlalositsoeng ho 1 Bathesalonika 2:​7, 8?

10 Re lokela ho tsotella batho bao re ithutang Bibele le bona. Re ba nke e le bara le barali babo rona ba ka moso. (Bala 1 Bathesalonika 2:​7, 8.) Ha ho bonolo ho bona hore ba tlohele metsoalle ea bona e sa rateng Jehova le hore ba etse liphetoho tsohle tseo ba lokelang ho li etsa hore ba sebeletse Jehova. Re lokela ho ba thusa ho fumana metsoalle ea sebele ka phuthehong. Le rona re ka iketsa metsoalle ea lithuto tsa rona ka hore re se ke ra qeta nako le bona ha re ithuta Bibele feela empa le ka linako tse ling tse ka thoko. Haeba re ba letsetsa, re ba etsetsa melaetsa kapa re ba hloela ka matsatsi ao re sa baleng ka ’ona, re tla be re bontša hore rea ba tsotella.

11. Ke eng eo re lokelang ho thusa lithuto tsa rona hore li e fumane ka phuthehong, hona hobane’ng?

11 Ho na le mantsoe a tsebahalang haholo a reng: “Ngoana ke oa motse kaofela.” Boemong bona re ka re: “Thuto ke ea phutheho kaofela.” Ke kahoo mesuoe e hloahloa e thusang batho bao e ba balisang ho tseba ba bang ba Bakrese-’moho le bona ka phuthehong ba ka ba thusang. Liithuti tseo li ka ba le monyetla oa ho thabela ho ba har’a batho ba Molimo ba ka ba thusang ho ba le kamano e ntle le Jehova le ho ba khothatsa ha ba e-na le mathata. Re batla hore motho e mong le e mong ea ithutang Bibele a utloe hore ha a le ka phuthehong o hae le hore Bakreste-’moho le rona ke bana babo. Re batla hore a be haufinyane le Bakreste-’moho le rona. Ntho eo e tla mo nolofalletsa hore a khaotse setsoalle seo a nang le sona le batho ba ke keng ba mo thusa ho rata Jehova. (Liprov. 13:​20) Le haeba batho bao e neng e le metsoalle ea hae ba se ba sa mo batle, oa tseba hore o tla fumana metsoalle ea ’nete ka phuthehong.​—Mar. 10:​29, 30; 1 Pet. 4:4.

LULA U BUA KA BOINEHELO LE KOLOBETSO

Thuto ea hao e ka khona ho nka mehato eohle e hlokahalang hore e kolobetsoe (Sheba serapa sa 12 le 13)

12. Ke hobane’ng ha re lokela ho bua le seithuti sa rona ka bohlokoa ba ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa?

12 U bue hangata ka bohlokoa ba ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. Hantle-ntle sepheo sa ho ithuta Bibele le motho ke ho mo thusa hore a qetelle a kolobelitsoe. Thusa motho eo u ithutang Bibele le eena hore a utloisise hore le ithuta le eena ka sepheo sa ho mo thusa hore a qetelle e le Paki ea Jehova. U etse joalo ha le se le e-na le likhoeli tse ’maloa le ithuta, haholo-holo ka mor’a hore a qalelle ho ea libokeng.

13. Ke mehato efe eo motho ea ntseng a ithuta Bibele a lokelang ho e nka e le hore a kolobetsoe?

13 Ha motho ea ntseng a ithuta Bibele a batla ho kolobetsoa, ho na le mehato eo a e nkang. O qala pele ka ho ithuta ka Jehova, ho mo rata le ho ba le tumelo ho Eena. (Joh. 3:​16; 17:3) Ka mor’a moo e ba motsoalle oa Jehova le motsoalle oa bara le barali babo rona ka phuthehong. (Baheb. 10:​24, 25; Jak. 4:8) Qetellong o tlohela mekhoa e mebe ebe o bakela libe tsa hae. (Lik. 3:​19) Hape o bolella batho ba bang ka lintho tseo a li lumelang. (2 Bakor. 4:​13) Ka mor’a moo o inehela ho Jehova ebe oa kolobetsoa ho bontša hore o inehetse ho Jehova. (1 Pet. 3:​21; 4:2) Letsatsi leo a kolobetsoang ka lona le monate haholo ho motho e mong le e mong. Ha motho eo u ithutang Bibele le eena a etsa lintho tsohle tseo a lokelang ho li etsa e le hore a qetelle a kolobelitsoe, u lule u mo babatsa u be u mo khothalletse hore a tsoele pele ho li etsa.

BEHA TSOELO-PELE EA HAE LEIHLO KHAFETSA

14. Ke eng e ka u thusang ho bona hore na motho eo u ithutang Bibele le eena o ntse a tsoela pele hantle?

14 Re lokela ho ba le mamello ha re ntse re thusa motho eo re ithutang Bibele le eena hore a tle a qetelle a inehetse ho Jehova a bile a kolobelitsoe. Empa le teng re lokela ho tseba hore na o lakatsa ho sebeletsa Jehova. Na motho eo u ithutang Bibele le eena oa bontša hore o leka ho mamela melao ea Jesu kapa na o mpa feela a batla ho ithuta Bibele ka sepheo sa ho fumana litaba tse ka mo natefelang?

15. Ke lintho life tseo u lokelang ho li sheba ho bona hore na motho eo u ithutang Bibele le eena o ntse a hatela pele?

15 Lula u behile thuto ea hao leihlo ho bona hore na o ntse a hatela pele. Mohlala, na o phetlela Jehova sefuba? (Pes. 116:​1, 2) Na o thabela ho bala Bibele? (Pes. 119:​97) Na o ea libokeng kamehla? (Pes. 22:​22) Na ho na le liphetoho tseo a li entseng bophelong ba hae? (Pes. 119:​112) Na o se a ntse a bolella ba lelapa le metsoalle ea hae lintho tseo a ithutileng tsona ka Bibeleng? (Pes. 9:1) Taba e kholo-kholo ke ena, na o batla ho ba Paki ea Jehova? (Pes. 40:8) Haeba ho na le moo a hulang ka tlhako tsa morao ho e ’ngoe ea lintho tsena, leka ho fumana ka bohlale hore na ke hobane’ng u be u buisane le eena ka taba eo ka mosa empa u sa hlathe koana le koana. *

16. Ke lintho life tse ka u bontšang hore u lokela ho khaotsa ho ithuta le motho?

16 Nako le nako u ipotse hore na ebe u lokela ho tsoela pele u ithuta le motho. Ipotse lipotso tsena: ‘Na motho eo ha a lokisetse bakeng sa thuto? Na ha a batle ho ea libokeng? Na ho na le mekhoa e mebe eo a ntseng a e-na le eona? Na o ntse a ea kerekeng ea hae?’ Haeba u arabile lipotso tsena ka e, ho tsoela pele ho ithuta le motho ea joalo ho tšoana le ho leka ho ruta motho ho sesa empa a sa batle ho koloba. Haeba motho eo u ithutang Bibele le eena a sa rate lintho tseo a ntseng a ithuta tsona ebile a sa batle ho etsa liphetoho, na ho na le thuso ea hore u ’ne u tsoele pele ho ithuta le eena?

17. Ho ea ka 1 Timothea 4:​16, re lokela ho etsa’ng?

17 Mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa ke mosebetsi oa bohlokoa haholo ho rona, ebile re batla ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba qetelle ba kolobelitsoe. Kahoo, a re sebeliseng Bibele hantle ha re khanna thuto re be re bontše hore re rata Lentsoe la Molimo ebile rea le lumela. A re khothalletseng lithuto tsa rona hore li fumane metsoalle ka phuthehong. Hape re lule re bua ka bohlokoa ba ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa re be re lule re hlokomela lithuto tsa rona ho bona hore na li ntse li tsoela pele hantle. (Sheba lebokose le reng “ Mosuoe o Lokela ho Etsa’ng ho Thusa Seithuti Hore se Kolobetsoe?”) Mosebetsi ona o pholosang maphelo a batho ke mosebetsi oo re thabelang ho o etsa. A re ikemisetseng ho etsa sohle se matleng a rona ho thusa lithuto tsa rona hore li tle li qetelle li kolobelitsoe.

PINA EA 79 Ba Thuse ho Lula ba le Matla

^ ser. 5 Ha re khanna lithuto tsa Bibele, re na le monyetla o babatsehang oa ho thusa batho ho tseba hore na Jehova o batla hore ba nahane joang le hore ba etse lintho joang. Sehlooho sena se tl’o tsoela pele ho hlalosa hore na re ka ntlafatsa tsela ea rona ea ho ruta joang.

^ ser. 4 Sheba sehlooho se reng “Qoba ho Etsa Liphoso Tsena ha U Khanna Thuto ea Bibele” se hlahang ka har’a Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea rona ea September 2016.

^ ser. 8 Kena ho MABAPI LE RONA > LIPALE.

^ ser. 9 Ha u kene ho JW Library®, u ee ho MEDIA > LIBOKA TSA RONA LE TŠEBELETSO > LINTHO TSE KA RE THUSANG TŠEBELETSONG.

^ ser. 15 Sheba sehlooho se reng “Ho Rata Jehova ho ka u Susumeletsa Hore U kolobetsoe” le se reng “Na U Malala-a-laotsoe hore U ka kolobetsoa?” tse hlahang ka har’a Molula-Qhooa oa March 2020.

^ ser. 77 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Nakoana ka mor’a hore thuto e fele, morali’abo rona ea nang le boiphihlelo o eletsa morali’abo rona ea neng a ntse a khanna thuto hore a se ke a bua haholo ha a ntse a khanna thuto.

^ ser. 79 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ha thuto e ntse e tsoela pele, motho ea balisoang oa ithuta hore na a etse’ng hore e be mosali ea hantle. Hamorao o bolella mohatsa oa hae hore na o ithutile’ng.

^ ser. 81 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: ’Mè ea ntseng a ithuta Bibele o tlile lijong le mohatsa oa hae lelapeng la e mong oa barali babo rona bao a ba tsebileng Holong ea ’Muso.