Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sehlooho Se Ithutoang 45

Re ka Thusa ba Bang ho Mamela Jesu Joang?

Re ka Thusa ba Bang ho Mamela Jesu Joang?

“Ka hona e-eang ’me le etse batho . . .  barutuoa . . . , le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”​—MAT. 28:​19, 20.

PINA EA 89 Mamela ’Me U Hlohonolofatsoe

SELELEKELA *

1. Ke taelo efe eo Jesu a ileng a e fa barutuoa ba hae e hlahang ho Matheu 28:​18-20?

KA MOR’A hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a hlaha ho barutuoa ba hae ha ba ne ba bokane Galilea. O ne a tl’o ba bolella taba ea bohlokoa. Ke efe? E hlaha Lengolong la Matheu 28:​18-20.​—E bale.

2. Re tl’o tšohla lipotso life?

2 Le mehleng ena bahlanka bohle ba Molimo ba lokela ho mamela taelo eo ea Jesu. Kahoo, a re tšohleng lipotso tse tharo tse amanang le mosebetsi oo Jesu a re fileng oona. Ea pele, ke eng hape eo re lokelang ho e etsa ntle le ho ruta liithuti tsa rona litaelo tsa Molimo? Ea bobeli, bahoeletsi bohle ba ka phuthehong ba ka etsa’ng ho thusa liithuti tsa Bibele hore kamano ea tsona le Jehova e ’ne e hole? Ea boraro, re ka etsa’ng ho thusa Bakreste-’moho le rona ba seng ba sa ee libokeng le tšimong hore ba boee sekoele ’me ba tsoele pele ho etsa mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa?

BA RUTE HO MAMELA JESU

3. Ke ntho efe ka ho khetheha eo Jesu a ileng a re laela hore re e etse?

3 Jesu o re file taelo e hlakileng ea hore re rute batho lintho tseo a re laetseng tsona. Empa ho na le ntlha ea bohlokoa eo re sa lokelang ho e tlolisa mahlo. Jesu ha aa ka a re re ba rute lintho tsohle tseo a re laetseng tsona. O itse re ba rute “ho boloka lintho tsohle tseo a re laetseng tsona.” Kahoo, e le hore re mamele taelo eo ea Jesu, re lokela ho ruta liithuti tsa rona hore na li etse’ng re be re ba bontše hore na li e etse joang. (Lik. 8:​31) Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa joalo?

4. Bua ka mohlala o bontšang hore na re ka etsa’ng ho thusa liithuti tsa rona ho mamela litaelo tsa Jesu.

4 Ho “boloka” taelo ho bolela ho e mamela. Mohlala o latelang o tl’o re bontša hore na ke joang re ka rutang motho ho boloka kapa ho mamela litaelo tsa Jesu. Motho ea rutang batho ho khanna o etsa’ng ha a ruta liithuti tsa hae ho mamela melao ea tsela? A ka qala pele ka ho ba ruta melao ea tsela. Empa o lokela ho etsa ntho e ’ngoe hape e le ho ba ruta ho e mamela. O lokela hore a hle a ee le bona tseleng a ba tataise ha ba ntse ba khanna ’me ba leka ho sebelisa lintho tseo ba ithutileng tsona. Re ka ithuta’ng mohlaleng oo?

5. (a) Ho ea ka Johanne 14:​15 le 1 Johanne 2:​3, ke eng eo re lokelang ho ruta liithuti tsa rona hore li e etse? (b) Bua ka mehlala e bontšang hore na re ka tataisa liithuti tsa rona joang.

5 Ha re ithuta Bibele le batho, re ba ruta thato ea Molimo. Empa ha rea lokela ho fella moo. Re lokela ho ba ruta hore ba etse thato ea Molimo bophelong ba bona. (Bala Johanne 14:​15; 1 Johanne 2:3.) Re ka ba bontša ka liketso tsa rona hore na ba sebelise lintho tseo ba ithutang tsona Bibeleng joang ha ba le sekolong, mosebetsing kapa ha ba ithabisa. Re ka ba bolella ntho e itseng e re etsahaletseng e le hore ba bone hore na ho mamela likeletso tsa Bibele ho ile ha re sireletsa joang nthong e kotsi kapa hore na ho re thusitse joang ho etsa qeto e nepahetseng. Ha re e-na le bona re ka rapela Jehova ra mo kopa hore a ba tataise ka moea o halalelang.​—Joh. 16:​13.

6. Ke eng hape eo re lokelang ho e etsa e le ho ruta batho ba bang ho mamela litaelo tsa Jesu?

6 Ke eng hape eo re lokelang ho e etsa e le ho ruta batho ho mamela litaelo tsa Jesu? Re lokela ho thusa batho bao re ithutang le bona hore ba batle ho etsa batho barutuoa. E ka ’na eaba ba bang ba bona ba tšaba ho ruta batho Bibele. Kahoo re lokela ho ba le mamello ha re ntse re ba thusa ho utloisisa Bibele haholoanyane e le hore tumelo ea bona e ka matlafala. Lintho tseo ba ithutang tsona Bibeleng li tla ba ama lipelo ebe ba utloa ba labalabela ho li bolella batho ba bang. Ke eng eo re ka e etsang ho thusa liithuti tsa rona hore li be le tabatabelo ea ho ruta batho ba bang litaba tse molemo?

7. Re ka etsa’ng ho thusa seithuti hore se be le tabatabelo ea ho bolella batho ba bang litaba tse molemo?

7 Mohlomong re ka botsa liithuti tsa rona lipotso tse kang tsena: “Ho sebelisa lintho tseo u ithutileng tsona ka Bibeleng ho ntlafalitse bophelo ba hao joang? Na u nahana hore batho ba bang le bona ba lokela ho utloa molaetsa oa Bibele? U ka etsa’ng ho ba thusa?” (Liprov. 3:​27; Mat. 9:​37, 38) Bontša thuto ea hao lipampitšana tse hlahang ka har’a Teaching Toolbox ebe u re a khethe tseo a nahanang hore beng ka eena, metsoalle kapa basebetsi-’moho le eena ba ka li rata. Mo fe tse ling tsa lipampitšana tseo ebe u lula fatše le eena oa mo bontša hore na a ka fa motho pampitšana joang ka tsela e mosa. Ha motho eo u ithutang Bibele le eena e se e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang, u tla lokela ho tsamaea le eena tšimong e le hore u mo tataise.​—Moek. 4:​9, 10; Luka 6:40.

PHUTHEHO E KA THUSA LIITHUTI JOANG?

8. Lerato leo liithuti tsa Bibele li ratang Jehova le baahelani ka lona le tla ba thusa joang? (Sheba lebokose le reng: “ U ka Thusa Liithuti Joang ho Rata Jehova Haholoanyane?”)

8 Re hopole hore Jesu o itse re rute batho “ho boloka lintho tsohle” tseo a re laetseng tsona. Lintho tseo li akarelletsa litaelo tse peli tse kholo ka ho fetisisa e leng taelo ea hore re rate Molimo le ea hore re rate le baahelani oa rona. (Mat. 22:​37-39) Haeba re thusa liithuti tsa rona hore li mamele litaelo tseo, re tla be re li thusa hore li bolele litaba tse molemo. Ka tsela efe? Haeba li rata Molimo le batho ba bang haholo, li tla batla ho ruta batho Bibele. Hoa etsahala hore ebe liithuti tse ling tsa Bibele lia tšoha ha li nahana ho ruta batho Bibele. Empa re ka li khothatsa ka ho li bolella hore Jehova o tla li thusa ’me li tla qetella li se li sa tšabe batho. (Pes. 18:​1-3; Liprov. 29:​25) Lebokose le hlahang sehloohong sena le bontša lintho tseo re ka li etsang e le ho thusa seithuti hore se rate Molimo le ho feta. Phutheho eona e ka etsa’ng ho thusa barutuoa ba bacha hore ba rate Jehova le ho feta?

9. Ha motho ea ithutang ho khanna a le tseleng, o ithuta ka hore a etse’ng?

9 A re khutlele mohlaleng oane oa motho ea ithutang ho khanna. Ha a le tseleng a ntse a khanna morupeli a le pel’a hae, ke ka tsela efe a ithutang ho khanna? O ithuta ka hore a mamele morupeli oa hae ha a ntse a mo tataisa le ka hore a shebe batho ba bang ba khannang hantle. Mohlala, morupeli a ka ’na a re seithuti sa hae se shebe mokhanni eo ka mosa a lumellang mokhanni e mong hore a tle ka pel’a hae. Kapa a ka ’na a mo bontša mokhanni e mong ea fokotsang khanya ea mabone a koloi e le hore a se ke a fahla bakhanni ba bang. Mehlala ea bakhanni bana e ruta seithuti lintho tsa bohlokoa tseo le eena a ka li etsang ha a khanna.

10. Ke eng e tla thusa seithuti sa Bibele hore kamano ea sona le Jehova e ’ne e hole?

10 Ka tsela e tšoanang morutuoa e mocha a ke ke a ithuta lintho tsa bohlokoa ho mosuoe oa hae feela empa a ka ithuta tsona le mehlaleng e metle ea bahlanka ba bang ba Jehova. Ka hona, ntho e ’ngoe hape ea bohlokoa haholo e tla thusa liithuti tsa Bibele hore kamano ea tsona le Jehova e ’ne e hole ke ho ea libokeng. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Thupelo e thehiloeng Bibeleng eo ba e fumanang ha ba le libokeng e tla eketsa tsebo ea bona, e matlafatse tumelo ea bona e be e ba thuse ho rata Molimo le ho feta. (Lik. 15:​30-32) Hape ha motho ea ithutang Bibele a le libokeng, motho ea mo khannelang thuto a ka mo tsebisa ba bang ba bara le barali babo rona bao e ka ’nang eaba maemo a bona a tšoana haholo le a hae. Ka tsela eo o tla bona mehlala e metle ea bara le barali babo rona ba bontšang lerato ka phuthehong. Nahana ka mehlala e latelang.

11. Ke lintho life tseo motho ea ithutang Bibele a ka li bonang ha a le libokeng, hona lintho tseo li ka mo thusa joang?

11 ’Mè ea ntseng a ithuta Bibele o holisa bana a le mong. Ha a le libokeng o bona morali’abo rona e mong ea boemong bo tšoanang le ba hae. Ha a bona boiteko boo morali eo oabo rona a bo etsang ba ho tla libokeng le bana ba hae, ntho eo e mo ama pelo. Ntate ea ntseng a ithuta Bibele ea thatafalloang ke ho tlohela ho tsuba o kopana le mor’abo rona e mong ea neng a e-na le bothata bo tšoanang empa eena a khonne ho bo hlola. Mor’abo rona o bolella ntate eo kamoo ho rata Jehova ho ileng ha mo thusa kateng hore a mamele litaelo tsa hae. (2 Bakor. 7:1; Bafil. 4:​13) Ka mor’a hore ntate eo a mamele pale ea mor’abo rona, o utloa a khothetse ha mor’abo rona a mo bolella hore le eena a ka khona ho hlola bothata boo. Ausi ea ntseng a ithuta Bibele o bona morali’abo rona e mocha ea lulang a thabile. Ha ausi eo a hlokomela kamoo morali’abo rona ea mocha a thabileng kateng, o utloa a batla ho tseba hore na ke’ng e etsang hore a lule a thabile joalo.

12. Ke eng e bontšang hore motho e mong le e mong ka phuthehong a ka etsa ho hong ho thusa liithuti tsa Bibele?

12 Ha motho ea ntseng a ithuta Bibele a tseba bara le barali babo rona ba bangata ba nang le tumelo, mehlala ea bona ea mo ruta hore na o lokela ho etsa’ng ho bontša hore o mamela taelo ea Jesu ea ho rata Molimo le baahelani. (Joh. 13:​35; 1 Tim. 4:​12) Hape joalokaha ho boletsoe, motho ea ntseng a ithuta Bibele a ka ithuta lintho tsa bohlokoa ho bahoeletsi ba bang ba nang le mathata a tšoanang le a hae. Mehlala ea bahoeletsi bana ea mo ruta hore a ka khona ho etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore e be morutuoa oa Kreste. (Deut. 30:​11) E mong le e mong ka phuthehong a ka khona ho etsa ho hong ho thusa liithuti tsa Bibele. (Mat. 5:​16) Na ho na le ntho eo u e etsang ho khothatsa liithuti tsa Bibele tse tlang libokeng?

THUSANG BA SENG BA KHATHETSE HORE BA BOEE SEKOELE

13-14. Jesu o ile a tšoara barutuoa ba hae joang ha ba ne ba nyahame?

13 Re lokela ho thusa Bakreste-’moho le rona ba seng ba sa ee libokeng le tšimong hore ba boele ba qalelle ho mamela taelo ea Jesu ea ho etsa batho barutuoa. Tsela eo Jesu a ileng a tšoara barutuoa ba hae ka eona ha ba ne ba nyahame ea re bontša hore na re ka etsa’ng ho ba thusa.

14 Nakoana pele Jesu a bolaoa, baapostola ba hae ba ile ba mo “tlohela ’me ba baleha.” (Mar. 14:​50; Joh. 16:​32) Jesu o ile a ba tšoara joang nakong eo ba neng ba nyahame? Nakoana ka mor’a hore a tsosoe bafung, o ile a re ho ba bang ba barutuoa ba hae: “Le se ke la tšaba! E-eang, le tlalehele barab’eso [hore ke tsositsoe].” (Mat. 28:​10a) Jesu ha aa ka a lahla barutuoa ba hae. Le hoja ba ile ba mo siea, o ile a ’na a ba bitsa bara babo. Jesu o ne a le mohau a bile a tšoarela joaloka Jehova.​—2 Mar. 13:23.

15. Re ikutloa joang ka Bakreste-’moho le rona ba seng ba sa ee libokeng le tšimong?

15 Le rona re tsotella haholo Bakreste-’moho le rona ba seng ba tlohetse ho ea libokeng le tšimong. Ke bana babo rona ’me rea ba rata. Re ntse re hopola hantle kamoo ba sebelelitseng Jehova ka thata kateng, ba bang ba bile ba qetile lilemo tse ngata ba mo sebeletsa. (Baheb. 6:​10) Re ba hlolohetsoe haholo. (Luka 15:​4-7) Ke joang re ka etsisang Jesu ’me ra bontša hore rea ba tsotella?

16. Re ka etsa’ng ho bontša hore re tsotella Bakreste-’moho le rona ba seng ba sa ee libokeng le tšimong?

16 Ba memele libokeng. E ’ngoe ea lintho tseo Jesu a ileng a li etsa ho khothatsa baapostola ba hae ba neng ba nyahame ke ho ba mema hore a il’o kopana le bona. (Mat. 28:​10b; 1 Bakor. 15:6) Le rona re ka etsisa Jesu ka hore re khothalletse Bakreste-’moho le rona ba seng ba sa ee libokeng le tšimong hore ba tle libokeng. Rea elelloa hore re ka ’na ra tlameha ho ba mema ka makhetlo a mangata pele ba ka qeteletse ba tlile. E tlameha ebe Jesu o ile a thaba haholo ha barutuoa ba hae ba amohela memo ea hae.​—Bapisa Matheu 28:​16 le Luka 15:6.

17. Re lokela ho etsa’ng ha mora kapa morali’abo rona ea neng a se a tlohetse ho ea libokeng le tšimong a tla libokeng?

17 Ba amohele ka mofuthu. Jesu o ile a amohela barutuoa ba hae ka mofuthu ha a kopana le bona, o ile a ba a nka bohato ba pele ba ho bua le bona. (Mat. 28:​18) Re lokela ho etsa’ng ha mora kapa morali’abo rona ea neng a se a tlohetse ho ea libokeng le tšimong a tla libokeng? Re lokela ho nka bohato ba pele ka hore re mo amohele ka mofuthu. Qalong re ka ’na ra tšoenyeha ka hore ha re tsebe hore na re tla re’ng ho eena empa re ka mo bolella feela hore re thabetse ho mo bona ka tsela e ke keng ea etsa hore a ikutloe a le mosesaane.

18. Re ka khothatsa Bakreste-’moho le rona ba seng ba sa ee libokeng le tšimong joang?

18 Ba khothatse. Ho ka etsahala hore ebe barutuoa ba Jesu ba ile ba utloa eka ba ke ke ba khona ho hasa Lentsoe la Molimo lefatšeng lohle. Jesu o ile a ba khothatsa ka ho re ho bona: “Ke na le lona ka matsatsi ’ohle.” (Mat. 28:​20) Ntho eo e ile ea thusa barutuoa ba hae haholo. Ho e-s’o ee kae ba ile ba phathahana ka “ho ruta le ho bolela litaba tse molemo.” (Lik. 5:​42) Bakreste-’moho le rona ba seng ba sa ee libokeng le tšimong le bona ba hloka ho khothatsoa. Ba ka ’na ba utloa ba tšaba ho qalella ho ea tšimong. Re ka ba khothatsa ka ho ba bolella hore ba ke ke ba sebetsa ba le bang mosebetsing ona. Re ka ba bolella le hore neng kapa neng ha ba utloa ba le malala-a-laotsoe re ka ea tšimong le bona. Ba tla thaba ha ba bona re ba tšehetsa ha ba se ba qalella ho ea tšimong. Ha re tšoara Bakreste-’moho le rona ba seng ba sa ee libokeng le tšimong ka tsela e bontšang hore ke bana babo rona, ho ka ba le mapomela a matle ka phuthehong.

A RE QETENG MOSEBETSI OO RE O FILOENG

19. Re na le tabatabelo e matla ea ho etsa’ng, hona hobane’ng?

19 Re tl’o etsa mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa ho fihlela neng? ‘Ho fihlela qetellong ea tsamaiso ena ea lintho.’ (Mat. 28:​20) Empa na re tla khona ho etsa mosebetsi oo ho fihlela nako eo e fihla? Ke eona ntho eo re ikemiselitseng ho e etsa. Re tela nako, matla le lichelete tsa rona ka ho rata e le hore re fumane batho ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Lik. 13:​48) Ha re etsa joalo re etsisa Jesu. O ile a re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.” (Joh. 4:​34; 17:4) Ka tsela e tšoanang le rona re na le tabatabelo e matla ea ho qeta mosebetsi oo re o filoeng. (Joh. 20:​21) Hape re batla ho etsa mosebetsi ona ho fihlela qetellong hammoho le batho ba bang, esita le ba neng ba se ba tlohetse ho ea libokeng le tšimong.​—Mat. 24:13.

20. Ho ea ka Bafilipi 4:​13, ke eng e tla re thusa hore re qete mosebetsi oo Jesu a itseng re o etse?

20 Ke ’nete hore ha ho bonolo ho etsa mosebetsi oo Jesu a re laetseng hore re o etse. Empa ha re o etse re le bang. Jesu o re tšepisitse hore o tla re thusa. Ha re ntse re etsa mosebetsi ona oa ho etsa batho barutuoa, re “basebetsi-’moho le Molimo” ebile re sebetsa “hammoho le Kreste.” (1 Bakor. 3:9; 2 Bakor. 2:​17) Kahoo re ka khona ho o qeta. Ho etsa mosebetsi ona le ho thusa batho ba bang ho o etsa ke tlotla e kholo ebile ho re thabisa haholo.​—Bala Bafilipi 4:13.

PINA EA 79 Ba Thuse ho Lula ba le Matla

^ ser. 5 Jesu o ile a laela barutuoa ba hae ho etsa batho barutuoa le ho ba ruta ho boloka lintho tsohle tseo a ba laetseng tsona. Sehlooho sena se tl’o hlalosa hore na re ka mamela litaelo tsa Jesu joang. Boitsebiso bo hlahang sehloohong sena bo thehiloe sehloohong se ileng sa hlaha ho Molula-Qhooa oa July 1, 2004, leqephe 14-19.

^ ser. 66 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Morali’abo rona o bolella motho eo a ntseng a ithuta Bibele le eena hore na o lokela ho etsa’ng e le hore a rate Molimo le ho feta. Hamorao motho eo o kenya tšebetsong litlhahiso tse tharo tseo morali’abo rona a mo fileng tsona.