Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 45

Ho Thusa ba Bang ho Mamela Ditaelo Tsa Kreste

Ho Thusa ba Bang ho Mamela Ditaelo Tsa Kreste

“Ka hona eyang mme le etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa. . . , le ba rute ho boloka [mamela] dintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”​—MAT. 28:19, 20.

PINA YA 89 Mamela Mme o Putswe

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ho ya ka Matheu 28:18-20, ke taelo efe eo Jesu a e fileng barutuwa ba hae?

KA MORA hore Jesu a tsoswe bafung o ile a tla ho barutuwa ba hae ba neng ba bokane Galilea. Ho ne ho na le ntho ya bohlokwa eo a neng a batla ho ba bolella yona. O ne a batla ho ba bolellang? Seo a neng a batla ho ba bolella sona se hlaha ho Matheu 28:18-20.​—E bale.

2. Re tlo bua ka dipotso dife?

2 Taelo ya Jesu ya ho etsa batho barutuwa e sebetsa le ho e mong le e mong wa bahlanka ba Jehova kajeno. Ka hoo a re ke re bueng ka dipotso tse tharo tse amanang le mosebetsi oo Jesu a re fileng ona. Ya pele, ntle le ho ruta barutuwa ba sa tswa fihla ka phuthehong melao ya Modimo feela, keng hape eo re lokelang ho e etsa? Ya bobedi, ke jwang bara le baradibabo rona ba ka thusang batho bohle ba ithutang Bibele hore ba tswele pele ho sebeletsa Jehova? Ya boraro, ke jwang re ka thusang Bakrestemmoho ba seng ba tlohetse ho bolela ditaba tse molemo hore ba boele ba etse batho barutuwa hape?

BA RUTE HO MAMELA DITAELO TSA KRESTE

3. Ke taelo efe ya bohlokwa eo Jesu a ileng a bua ka yona?

3 Ditaelo tsa Jesu di hlakile. Re lokela ho ruta batho dintho tseo a itseng re ba bolelle tsona. Le ha ho le jwalo ho na le ntlha ya bohlokwa eo re sa lokelang ho e lebala. Jesu ha a a ka a re: ‘Le ba rute dintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.’ Ho e na le hoo o ile a re: “Le ba rute ho boloka dintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” Ho bontsha hore re mamela taelo ya Jesu, ha re a lokela ho thabela feela ho ithuta le batho Bibele empa re lokela ho ba bontsha hore na ba etse dintho jwang. (Lik. 8:31) Ke hobaneng ha re lokela ho etsa seo?

4. Fana ka mohlala wa ka moo re rutang motho eo re ithutang Bibele le yena ho mamela taelo ya Kreste.

4 Ho “boloka” taelo ho bolela ho e mamela. Mohlala o latelang o ka re thusa ho utlwisisa hore na keng seo re lokelang ho se etsa ho thusa motho e mong hore a mamele taelo ya Kreste. Keng seo motho ya rutang motho e mong ho kganna a lokelang ho se etsa ho mo thusa ho mamela melao ya tsela? Ntho ya pele eo a e etsang ke ho mo ruta ho mamela melao eo. Ho ntse ho le jwalo ho mo ruta hore a mamele melao eo ya tsela ho na le ntho e nngwe eo a lokelang ho e etsa. O lokela ho tsamaya le yena ha a ntse a mo ruta ho kganna le ho mo thusa ho sebedisa seo a ithutileng sona. Keng seo re ithutang sona mohlaleng ona?

5. (a) Ho ya ka Johanne 14:15 le 1 Johanne 2:3, re lokela ho ruta batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba etseng? (b) Fana ka mohlala wa ka moo re ka thusang batho bao re ithutang Bibele le bona.

5 Ha re ithuta Bibele le batho re ba ruta seo Modimo a batlang hore ba se etse. Re lokela ho etsa ho fetang hoo, e leng ho ruta batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba sebedise seo ba ithutileng sona bophelong ba bona. (Bala Johanne 14:15; 1 Johanne 2:3.) Ka mohlala re ka bontsha batho bao re ithutang Bibele le bona hore na ba ka sebedisa dintho tseo ba ithutileng tsona jwang ha ba le sekolong, mosebetsing kapa boithabisong. Re ka ba bolella ntho e ileng ya re etsahalla bophelong mme ra ba bolella hore na keletso ya Bibele e ile ya re sireletsa le ho re thusa jwang ho etsa qeto e nepahetseng. Re ka rapela le batho bao re ithutang Bibele le bona ra kopa hore Jehova a ba thuse ka moya wa hae o halalelang.​—Joh. 16:13.

6. Keng hape eo re e etsang ha re ruta batho hore ba mamele ditaelo tsa Jesu?

6 Keng hape eo re ka e etsang ho thusa batho ba bang hore ba mamele ditaelo tsa Jesu? Re lokela ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba batle ho etsa batho barutuwa. Batho ba bang bao re ithutang Bibele le bona ba ka nna ba tshaba ho bolela ditaba tse molemo. Ka hoo re lokela ho ba le mamello ha re ntse re ba thusa ho utlwisisa Bibele e le hore ba ka ba le tumelo e matla. Ba tla susumelletseha ho bolela ditaba tse molemo. Keng eo re ka e etsang ho thusa batho ba bang hore ba batle ho bolela ditaba tse molemo?

7. Re ka thusa motho eo re ithutang Bibele le yena jwang hore a batle ho bolella batho ba bang ditaba tse molemo?

7 Re ka botsa motho eo re ithutang Bibele le yena dipotso tse kang tsena: “Bibele e fetotse bophelo ba hao jwang? Na o nahana hore le batho ba bang ba hloka ho ithuta Bibele? Keng seo o ka se etsang ho ba thusa?” (Liprov. 3:27; Mat. 9:37, 38) Bontsha motho eo o ithutang Bibele le yena dipampitshana tse hlahang ho Dithulusi Tsa ho Ruta mme o re a kgethe eo a nahanang hore wa lelapa, mosebetsimmoho kapa motswalle a ka thabela ho e bala. Mo fe dipampitshana tse mmalwa mme o mo bontshe hore na a ka di fa batho jwang ka tsela e atlehang. Ka mora hore motho eo o ithutang Bibele le yena e be mohweletsi ya sa kolobetswang o lokela ho mo thusa ka hore o bolele ditaba tse molemo le yena.​—Moek. 4:9, 10; Luka 6:40.

PHUTHEHO E KA THUSA BATHO BAO RE ITHUTANG BIBELE LE BONA JWANG

8. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore batho bao re ithutang Bibele le bona ba rate Modimo le baahelani ba bona haholo? (Sheba lebokose le reng, “ Ke Jwang re ka Thusang Batho Bao re Ithutang Bibele le Bona Hore ba Rate Modimo?”)

8 Re lokela ho dula re hopola hore Jesu o itse re rute batho ba bang “ho boloka dintho tsohle” tseo a re laetseng tsona. Dintho tsena di akarelletsa ditaelo tse kgolo tse pedi, e leng ho rata Modimo le baahelani. (Mat. 22:37-39) Haeba re thusa motho eo re ithutang Bibele le yena ho mamela ditaelo tsena, re mo thusa ho bolela ditaba tse molemo. Hobaneng? Hobane haeba a rata Modimo le batho ba bang o tla batla ho bolela ditaba tse molemo. Batho ba bang ba ithutang Bibele ba ka nna ba tshaba ho bolela ditaba tse molemo. Empa re ka kgodisa batho bao ba ithutang Bibele hore Jehova o tla ba thusa hore ba se ke ba tshaba batho. (Pes. 18:1-3; Liprov. 29:25) Lebokose le tsamaisanang le sehlooho sena le re bontsha mehato eo re ka e nkang ho thusa motho eo re ithutang Bibele le yena hore a rate Modimo haholo. Ho feta moo, keng eo bara le baradibabo rona ba ka e etsang ho thusa batho ba sa tswa fihla ka phuthehong hore ba rate Jehova haholo?

9. Mohlaleng oo re sa tswa bua ka ona, ke dintho dife tsa bohlokwa tseo motho ya ithutang ho kganna a ka ithutang tsona?

9 Nahana hape ka mohlala wa motho ya ithutang ho kganna. Ke ka ditsela dife a ithutang ho kganna ha a na le motho eo a mo rutang ho kganna? Ka hore a mamele motho ya mo rutang ho kganna le ho sheba bakganni ba bang ha a ntse a kganna. Ka mohlala, motho ya mo rutang ho kganna a ka nna a mo bontsha mokganni e mong ya dumellang bakganni ba bang ho feta. A ka boela a mo bontsha bakganni ba bang ba fokoditseng mabone a bona a dikoloi e le hore bakganni ba bang ba kgone ho bona tsela mme a mo kgothalletsa hore le yena a etse se tshwanang. Mehlala yena ke ya bohlokwa ho motho ya ithutang, ya ka e sebedisang nakong eo a kgannang.

10. Keng e ka thusang motho ya ithutang Bibele hore a sebeletse Jehova?

10 Ka tsela e tshwanang motho ya ithutang Bibele ya qalang ho sebeletsa Jehova, o ithuta ho motho ya mo rutang Bibele le ho mehlala e metle ya bahlanka ba bang ba Jehova. Ka hoo keng e tla thusa batho ba ithutang Bibele hore ba tswele pele ho sebeletsa Jehova? Ba tla thuswa ke ho ya dibokeng. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Hobane ho ya dibokeng ho tla ba thusa hore ba ithute ho eketsehileng, ba matlafatse tumelo ya bona le hore ba rate Jehova. (Lik. 15:30-32) Hape ha a le dibokeng motho eo a ithutang Bibele le yena o tla mo tsebisa bara le baradibabo rona ba kileng ba ba boemong bo tshwanang le ba hae. Motho ya ithutang o tla bona hore bara le baradibabo rona ba lerato. Nahana ka mehlala ena e latelang.

11. Ke mehlala efe eo motho ya ithutang Bibele a ka e hlokomelang ka phuthehong, hona seo se ka ba le ditlamorao dife?

11 Mme ya ithutang Bibele ya hodisang bana a le mong o bona moradiwabo rona ya boemong bo tshwanang le ba hae. O kgahlwa ke ho bona boiteko boo moradiwabo rona a bo etsang ba ho tla le moradi wa hae e monyane dibokeng. Motho ya ithutang Bibele ya nang le bothata ba ho tlohella ho tsuba o kopana le morabo rona ya neng a na le bothata bo tshwanang le ba hae. Morabo rona o bolella motho eo a ithutang Bibele le yena hore o thusitswe ke ho rata Jehova le melao ya hae. (2 Bakor. 7:1; Bafil. 4:13) Ka mora hore morabo rona a bolelle motho eo a ithutang Bibele le yena hore na keng e mo thusitseng hore a tlohelle ho tsuba o ile a re: “Le wena o ka tlohella ho tsuba.” Ngwanana e mong ya ithutang Bibele o hlokomela ka moo moradiwabo rona ya motjha a thabileng ka teng bophelong mme seo se etsa hore a batle ho tseba hore na ke hobaneng ha a thabile.

12. Ke hobaneng ha re ka re motho e mong le e mong ka phuthehong ho na le ntho eo a ka e etsang ho thusa batho ba ithutang Bibele?

12 Ha batho ba ithutang Bibele ba tseba bara le baradibabo rona ba bangata ba tshepahalang, ba ithuta mehlaleng ya bona hore na ke jwang ba ka mamelang taelo ya Kreste ya ho rata Modimo le baahelani. (Joh. 13:35; 1 Tim. 4:12) Ho feta moo jwalo ka ha re se re hlokometse dirapeng tse fetileng, motho ya ithutang Bibele a ka ithuta dintho tse ngata ho bara le baradibabo rona ba ileng ba ba maemong a tshwanang le a hae. Motho ya ithutang Bibele a ka ithuta mehlaleng eo hore le yena a ka kgona ho etsa diphetoho bophelong ba hae e le hore ebe morutuwa wa Kreste. (Deut. 30:11) Ho na le ntho eo e mong le e mong ka phuthehong a ka e etsang ho thusa batho ba ithutang Bibele. (Mat. 5:16) Ke boiteko bofe boo o bo etsang ho kgothalletsa batho ba ithutang Bibele hore ba tle dibokeng?

THUSA BATHO BA SENG BA SA BOLELE DITABA TSE MOLEMO HORE BA DI BOLELE HAPE

13, 14. Ke jwang Jesu a ileng a tshwara baapostola ba hae ka lerato ha ba ne ba nyahame?

13 Re batla ho thusa bara le baradibabo rona ba neng ba se ba tlohetse ho bolela ditaba tse molemo hore ba di bolele hape. Tsela e lerato eo Jesu a neng a tshwara baapostola ba hae ka yona e bontsha seo re ka se etsang kajeno.

14 Pele Jesu a bolawa baapostola “kaofela ba [ile ba] mo tlohela mme ba baleha.” (Mar. 14:50; Joh. 16:32) Jesu o ile a etsang nakong eo baapostola ba hae ba neng ba nyahame? Nakwana ka mora lefu la hae Jesu o ile a re ho ba bang ba balatedi ba hae: “Le se ke la tshaba! eyang, le tlalehele barabeso [hore ke tsositswe].” (Mat. 28:10a) Jesu ha a a ka a tlohela baapostola ba hae. Le hoja bona ba ile ba mo tlohela o ne a ntse a ba bitsa ‘barababo.’ Jwalo ka Jehova, Jesu o ne a le mohau ebile a tshwarela.​—2 Mar. 13:23.

15. Re ikutlwa jwang ka bara le baradibabo rona ba seng ba sa bolele ditaba tse molemo?

15 Ka tsela e tshwanang re kgathalla bara le baradibabo rona ba seng ba tlohetse ho bolela ditaba tse molemo. Ke bara le baradibabo rona mme re a ba rata. Re ntse re hopola hore bara le baradi bana babo rona ba sebeleditse Jehova ka thata. Ba bang ba bona ba seng ba sa kgone ho bolela ditaba tse molemo ba sebeleditse Jehova ka dilemo tse ngata. (Baheb. 6:10) Re a ba hopola. (Luka 15:4-7) Ke ka ditsela dife re ka bontshang hore re a ba kgathalla jwalo ka Jesu?

16. Re ka bontsha jwang hore re kgathalla bara le baradibabo rona ba nyahameng?

16 Ka mosa ba memele dibokeng. Tsela e nngwe eo Jesu a ileng a kgothatsa baapostola ba hae ba nyahameng ke ka ho ba memela sebokeng. (Mat. 28:10b; 1 Bakor. 15:6) Le rona re ka etsa se tshwanang ka hore re kgothalletse bara le baradibabo rona ba nyahameng hore ba tle dibokeng. Re a tseba hore re lokela ho ba mema ka makgetlo pele ba ka tla dibokeng. Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a thabile ha barutuwa ba amohela memo ya hae.​—Bapisa Matheu 28:16 le Luka 15:6.

17. Re ka etsang haeba re bona Bakrestemmoho ba neng ba se ba sa tle dibokeng ba tla dibokeng?

17 Ba amohele ka mofuthu. Jesu o ile a etsa hore barutuwa ba hae ba ikutlwe ba amohelehile mme o ile a ya ho ilo bua le bona ho e na le hore bona ba tle ho yena. (Mat. 28:18) Re ka etsang haeba re bona Bakrestemmoho ba neng ba se ba sa tle dibokeng ba tla dibokeng? Re lokela ho etsa boiteko ba ho ba amohela ka mofuthu. Pele re ka nna ra tshwenyeha ka hore na re tla reng ho bona. Ho e na le ho ba hlabisa dihlong re lokela ho ba bolella hore re thabetse ho ba bona.

18. Ke jwang re ka kgothatsang bara le baradibabo rona ba nyahameng?

18 Ba kgothatse. E ka nna ya ba barutuwa ba Jesu ba ne ba nahana hore ba ke ke ba kgona ho bolela ditaba tse molemo lefatsheng lohle. Jesu o ile a kgothatsa barutuwa ba hae a re: “Ke na le lona ka matsatsi ohle.” (Mat. 28:20) Na seo se ile sa thusa barutuwa ba hae? Ho jwalo. Hobane nakwana ka mora moo ba ile ba tswela pela ho “ruta le ho bolela ditaba tse molemo.” (Lik. 5:42) Ka tsela e tshwanang bara le baradibabo rona ba nyahameng le bona ba hloka ho kgothatswa. Ba ka nna ba tshaba ho bolela ditaba tse molemo hape. Re ka ba kgodisa hore ba ke ke ba bolela ditaba tse molemo ba le bang. Ha ba se ba ikemiseditse ho ya tshimong re ka tsamaya le bona. Ha ho pelaelo hore ba tla thaba hore e be re ba thusa ho bolela ditaba tse molemo hape. Haeba re bontsha hore re rata bara le baradi bana babo rona ba tla boela ba ye dibokeng le tshimong mme kaofela re tla thaba ka phuthehong.

RE BATLA HO QETA MOSEBETSI OO JESU A RE FILENG ONA

19. Re ikemiseditse ho etsang, hona hobaneng?

19 Re tla bolela ditaba tse molemo le ho etsa batho barutuwa ho fihlela neng? Ho fihlela ha Modimo a fedisa puso ya Satane. (Mat. 28:20) Na re tla kgona ho bolela ditaba tse molemo le ho etsa batho barutuwa ho fihlela ka nako eo? Re ikemiseditse ho etsa seo. Re fana ka nako, matla le tjhelete ho fumana batho ba nang le “tshekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Lik. 13:48) Ha re etsa sena re tla be re latela mohlala wa Jesu. O ile a re: “Dijo tsa ka ke hore ke etse thato ya ya nthomileng le hore ke qete mosebetsi wa hae.” (Joh. 4:34; 17:4) Le rona re batla ho etsa se tshwanang ka hore re ikemisetse ho qeta mosebetsi oo re o fuweng. (Joh. 20:21) Re batla hore batho ba bang ho akarelletsa le ba nyahameng ba mamelle le rona mosebetsing ona.​—Mat. 24:13.

20. Ho ya ka Bafilipi 4:13, re tla thuswa keng hore re phethe mosebetsi oo Jesu a re fileng ona?

20 Ha ho bonolo ho etsa seo Jesu a re laetseng hore re se etse. Le ha ho le jwalo ha re etse mosebetsi ona re le bang. Jesu o re tshepisitse hore o tla ba le rona. Ha re etsa batho barutuwa re “basebetsimmoho le Modimo” hape re sebetsa “ha mmoho le Kreste,” ka hoo ba tla re thusa ho etsa mosebetsi ona. (1 Bakor. 3:⁠9; 2 Bakor. 2:17) Re ka kgona ho o phetha. Ka hoo ke ho thabisang ho etsa mosebetsi ona le ho thusa batho ba bang hore ba o etse.​—Bala Bafilipi 4:13.

PINA YA 79 Di Ruteng ho Ema di Tiile

^ par. 5 Jesu o ile a bolella balatedi ba hae hore ba rute batho ba bang ho boloka kapa ho mamela dintho tsohle tseo a neng a ba laetse tsona. Sehloohong sena re tlo bua ka hore na ke jwang re ka mamelang ditaelo tsa Jesu. Dintlha tse hlahang sehloohong sena di nkuwe ho Molula-Qhooa wa July 1, 2004 leq 14-19.

^ par. 66 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Moradiwabo rona o thusa motho eo a ithutang Bibele le yena hore na o lokela ho etsang e le hore a dule a rata Modimo. Ha morao motho ya ithutang Bibele o sebedisa dintlha tse tharo tseo a ithutileng tsona ho moradiwabo rona.