Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 47

Na o Ikemiseditse ho Amohela Keletso?

Na o Ikemiseditse ho Amohela Keletso?

“Qetellong, barabeso, le tswele pele ho thaba, ho kgutlisetswa tseleng.”​—2 BAKOR. 13:11.

PINA YA 54 “Tsela ke Yona Ena”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ho ya ka Matheu 7:​13, 14, ke hobaneng ha re ka re re leetong?

KAOFELA ha rona re leetong mme re sebetsa ka thata ho sebeletsa Jehova e le hore re tlo phela lefatsheng le letjha le buswang ke yena. Letsatsi le letsatsi re leka ho tsamaya tseleng e re isang bophelong. Jesu o ile a re tsela ena e moqotetsane mme ka dinako tse ding ho ka ba thata ho tsamaya ho yona. (Bala Matheu 7:13, 14.) Ka ha ha re a phethahala ho ka ba bonolo ho tlohela ho tsamaya tseleng ena.​—Bagal. 6:1.

2. Re tlo bua kang sehloohong see? (Sheba lebokose le reng “ Boikokobetso bo re Thusa ho Etsa Diphetoho Bophelong.”)

2 Haeba re batla ho dula re le tseleng e patisaneng e isang bophelong, re lokela ho ikemisetsa ho fetola dintho tseo re di ratang kapa tseo re sa di rateng, tsela eo re nahanang ka yona le dintho tseo re di etsang. Moapostola Pauluse o ile a kgothalletsa Bakreste ba dulang Korinthe hore ba tswele pele “ho kgutlisetswa tseleng.” (2 Bakor. 13:11) Keletso eo e ntse e sebetsa le ho rona kajeno. Sehloohong sena re tlo ithuta ka moo Bibele e ka re thusang ka teng ho etsa diphetoho le ho bona ka moo metswalle e nepahetseng e ka re thusang hore re dule re le tseleng e re isang bophelong bo sa feleng. Hape re bone hore na ho ba le metswalle e metle ka phuthehong ho ka re thusa jwang hore re be tseleng e re isang bophelong bo sa feleng. Re tla boela re ithute hore na keng e ka etsang hore ho be thata ho mamela tataiso eo re e fumanang ka mokgatlong wa Jehova. Re tla ithuta ka moo boikokobetso bo ka re thusang ka teng ho etsa diphetoho mme re thabe ha re ntse re sebeletsa Jehova.

DUMELLA LENTSWE LA MODIMO HORE LE O THUSE

3. Lentswe la Modimo le ka o thusa jwang?

3 Ha ho bonolo ho hlahloba tsela eo re nahanang le eo re ikutlwang ka yona. Hobaneng? Hobane pelo e bolotsana mme e ka nna ya etsa hore ho be thata hore re tsebe hore na e batla hore re etseng. (Jer. 17:9) Ho bonolo hore re ithetse ka “monahano wa bohata.” (Jak. 1:22) Ka hoo re lokela ho sebedisa Lentswe la Modimo ho itlhahloba. Lentswe la Modimo le tla bontsha seo re leng sona ka hare e leng “menahano le boikemisetso” ba dipelo tsa rona. (Baheb. 4:12, 13) Lentswe la Modimo le tshwana le motjhine wa X-ray le kgona ho re bontsha dintho tseo re sa kgoneng ho di bona. Le ha ho le jwalo, re lokela ho ikokobetsa e le hore re mamele keletso e tswang ho lona kapa e tswang ho banna ba kgethilweng ke Modimo.

4. Re tseba jwang hore Morena Saule o ile a ikgohomosa?

4 Mohlala wa Morena Saule o a re bontsha hore na ho tla etsahalang haeba re sa ikokobetse. Saule o ile a ikgohomosa hoo a sa kang a dumela hore o hloka ho fetola tsela eo a nahanang le ho etsa dintho ka yona. (Pes. 36:1, 2; Hab. 2:4) Sena se ile sa bonahala ha Jehova a ne a mo fa taelo e hlakileng ya hore na o lokela ho etsang ka mora hore a hlole Baamaleke. Saule ha a a ka a mamela Jehova. Ha moprofeta Samuele a mo bolella hore o entse phoso ha a a ka a dumela hore o e entse. O ile a etsa e ka ntho eo a e entseng ha se ntho e mpe hakaalo mme a re batho ba ile ba mo qobella ho etsa seo. (1 Sam. 15:13-24) Le qalong Saule o ile a etsa ntho e tshwanang. (1 Sam. 13:10-14) Ka maswabi o ile a dumella hore pelo ya hae e ikgohomose. Ha a a ka a fetola tsela eo a nahanang ka yona, ka hoo Jehova o ile a mo ahlola.

5. Re ka ithutang mohlaleng wa Saule?

5 Ha re batle ho tshwana le Saule, ka hoo re lokela ho ipotsa dipotso tsena: ‘Na ke ipehela mabaka a ho se mamele keletso e tswang ho Modimo? Na ke nka hore ntho eo ke e entseng ha se ntho e mpe hakaalo? Na ke beha batho ba bang molato ka lebaka la dintho tseo ke di entseng?’ Haeba dikarabo tsa rona dipotsong tsena e le E, re lokela ho fetola tsela eo re nahanang ka yona. Haeba re sa etse jwalo re tla ikgohomosa mme re ke ke ra ba metswalle ya Jehova.​—Jak. 4:6.

6. Hlalosa ka moo Morena Saule a neng a fapane ka teng le Morena Davida.

6 Morena Saule o ne a fapane le Morena Davida ka ha Davida o ne a rata “molao wa Jehova.” (Pes. 1:1-3) Davida o ne a tseba hore Jehova o pholosa batho ba ikokobeditseng mme ha a rate batho ba ikgohomosang. (2 Sam. 22:28) Ka hoo Davida o ile a dumella molao wa Modimo hore o fetole tsela eo a nahanang ka yona. O ile a ngola a re: “Ke tla boka Jehova, ya mphileng keletso. Ka sebele, diphio tsa ka di nkgalemetse bosiu.”​—Pes. 16:7.

LENTSWE LA MODIMO

Lentswe la Modimo le tla re thusa ho hlokomela haeba re etsa ntho e fosahetseng. Haeba re ikokobeditse re tla dumella Lentswe la Modimo hore le fetole tsela e fosahetseng eo re nahanang ka yona (Sheba serapa sa 7)

7. Keng seo re tla se etsa haeba re ikokobeditse?

7 Haeba re ikokobeditse re tla dumella hore Lentswe la Modimo le fetole tsela e fosahetseng eo re nahanang ka yona mme re ke ke ra etsa dintho tse ka kgopisang Modimo. Bibele e tlaba jwalo ka lentswe le reng ho rona: “Tsela ke yona ena. Tsamayang ho yona.” E tla re thusa ho hlokomela haeba re etsa ntho e fosahetseng. (Esa. 30:​21) Ho mamela Jehova ho ka re tswela molemo. (Esa. 48:17) Ka mohlala, re ke ke ra hlajwa ke dihlong ha motho e mong a re fa keletso. Re tla ba metswalle ya Jehova hobane re a tseba hore o a re kgathalla jwalo ka ntate ya lerato.​—Baheb. 12:7.

8. Jwalo ka ha Jakobo 1:22-25 e bontsha, ke jwang re ka sebedisang Lentswe la Modimo jwalo ka seipone?

8 Lentswe la Modimo le ka ba jwalo ka seipone ho rona. (Bala Jakobo 1:22-25.) Bongata ba rona hoseng ho hong le ho hong re itjheba ka seiponeng pele re tswa ka tlung. Re etsa seo hobane re batla ho bona hore na ho na le moo re ka itokisang teng pele batho ba bang ba ka re bona. Ka tsela e tshwanang ha re bala Bibele ka mehla, re tla kgona ho bona ditsela tseo ka tsona re ka fetolang ka moo re nahanang le ka moo re etsang dintho ka teng. Batho ba bangata ba bone ho le molemo hore ba bale temana ya letsatsi hoseng pele ba tswa ka tlung. Ba dumella seo ba se balang hore se susumetse tsela eo ba nahanang ka yona. Letsatsing leo lohle ba batla ditsela tseo ba ka sebedisang keletso e tswang Lentsweng la Modimo. Ho ekelletsa moo, letsatsi le leng le le leng re lokela ho bala Lentswe la Modimo le ho nahanisisa ka seo re se badileng. Ntho ena e ka nna ya bonahala e ka ha se ya bohlokwa empa ke e nngwe ya dintho tsa bohlokwa ka ho fetisisa e ka re thusang hore re dule re le tseleng e patisaneng e re isang bophelong bo sa feleng.

MAMELA METSWALLE E BEHANG MOHLALA O MOTLE

METSWALLE E BEHANG MOHLALA O MOTLE

Motswalle ya o behelang mohlala o motle a ka o fa keletso e molemo. Na o ile wa ananela ha ka sebete motswalle ya o behelang mohlala o motle a o fa keletso? (Sheba serapa sa 9)

9. Ke neng o ka hlokang hore motswalle a o fe keletso?

9 Na o kile wa etsa ntho e neng e ka senya setswalle sa hao le Jehova? (Pes. 73:2, 3) Na o ile wa mamela ha ka sebete motswalle ya o behelang mohlala o motle a o fa keletso? Haeba ho jwalo, o entse hantle mme ha ho pelaelo hore o ile wa ananela hore motswalle wa hao o ile a o fa keletso.​—Liprov. 1:5.

10. O lokela ho etsang haeba motswalle wa hao a o eletsa?

10 Lentswe la Modimo le a re hopotsa hore: “Maqeba a bakwang ke moratuwa a a tshepahala.” (Liprov. 27:6) See se bolelang? Nahana ka mohlala ona: Ha re re o batla ho tshela tsela e phetheselang dikoloi mme founu ya hao ya lla. O kena ka hara tsela ntle le hore o shebe dikoloi. Ka yona nako eo motswalle wa hao o o tshwara ka letsoho mme o o hulela ka thoko ho tsela. O o hula ha bohloko mme letsoho la hao le a lemala, empa ho etsa hoo ho o thusitse hore dikoloi di se ke tsa o thula. Le hoja letsoho la hao le ka utlwa bohloko ka matsatsi a seng makae, na o tla kwatela motswalle wa hao? O ke ke wa mo kwatela. O tla thabela hore o ile a o thusa. Ka ho tshwanang, qalong o ka nna wa utlwa bohloko haeba motswalle a o lemosa hore ntho eo o e buileng kapa dintho tseo o di entseng ha di thabise Modimo. Le ha ho le jwalo o se ke wa mo kwatela hobane a o file keletso. Seo e tla be e le bowatla. (Moek. 7:9) Ho e na le hoo, thabela hore motswalle wa hao ka sebete o ile a o eletsa.

11. Keng se ka etsang hore motho a hane keletso e molemo e tswang ho motswalle wa hae?

11 Keng e ka etsang hore motho a hane keletso e molemo e tswang ho motswalle wa hae? Ke boikgohomoso. Batho ba ikgohomosang ba thabela hore “ditsebe tsa bona di tsikinyetswe.” Hape ba “retelletsa ditsebe tsa bona hole le nnete.” (2 Tim. 4:3, 4) Ba nahana hore ha ba hloke keletso hobane ba nka hore ba bohlale kapa ke batho ba bohlokwa ho feta batho ba bang. Le ha ho le jwalo, moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Haeba le ha e le mang a inahana hore ke ho hong ha e se letho, o thetsa kelello ya hae.” (Bagal. 6:3) Morena Solomone le yena ha a hlolosa taba ena o re: “Ngwana ya hlokang empa a le bohlale o molemo ho feta morena ya tsofetseng empa a hloka kelello, ya sa tsebeng ho lekaneng hore a ka hlola a sa lemoswa.”​—Moek. 4:13.

12. Ho ya ka Bagalata 2:11-14, keng seo re ka ithutang sona ho moapostola Petrose?

12 Nahana hore moapostola Petrose o ile a etsang ha Pauluse a a mo fa keletso ka pela batho. (Bala Bagalata 2:11-14) Petrose o ne a ka nna a kwata ka lebaka la tsela eo Pauluse a ileng a bua le yena ka yona, le hore Pauluse o ile a mo fa keletso ka pela batho ba bang. Empa Petrose o ne a le bohlale. O ile a mamela keletso mme ha a a ka a kwatela Pauluse le ho dula a nahana ka taba eo. Ho e na le hoo, ha morao o ile a re Pauluse ke ‘morabo ya ratwang.’​—2 Pet. 3:15.

13. Ke dintlha dife tseo re lokelang ho di hopola ha re fana ka keletso?

13 Haeba o batla ho fa motswalle wa hao keletso, ke dintlha dife tseo o lokelang ho di hopola? Pele o ka mo fa keletso ipotse, ‘Na ke motho “ya lokileng ho feta tekanyo”?’ (Moek. 7:​16) Motho ya lokileng ho feta tekano o ahlola batho ho latela hore na yena o batla hore dintho di etswe jwang e seng ho latela hore na Jehova o batla hore dintho di etswe jwang mme ha a na mohau. Ka mora hore o nahane ka hloko hore na ke hobaneng ha o batla ho fa motswalle wa hao keletso mme o ntse o utlwa hore o hloka ho mo fa keletso, mo bolelle hore na bothata keng mme o mo botse dipotso tse tla mo thusa ho utlwisisa phoso eo a e entseng. Etsa bo nnete ba hore seo o se buang se dumellana le Mangolo mme o hopole hore boikarabelo ba hao ha se ho ahlola motswalle wa hao empa ke ho mo thusa hore a utlwisise hore na Jehova o ikutlwa jwang ka seo a se etsang. (Bar. 14:10) Ha o fa motho keletso etsisa Jesu ka hore o be le qenehelo mme o sebedise bohlale bo tswang Lentsweng la Modimo. (Liprov. 3:5; Mat. 12:20) Hobaneng? Hobane Jehova o tla re tshwara ka tsela eo re tshwarang batho ba bang ka yona.​—Jak. 2:13.

HO MAMELA TATAISO E TSWANG MOKGATLONG WA MODIMO

MOKGATLO WA MODIMO

Mokgatlo wa Modimo o re fa divideo, dingolwa le diboka tse re thusang ho sebedisa keletso e hlahang ka Lentsweng la hae. Ka dinako tse ding Sehlopha se Busang se fetola tsela eo mosebetsi o etswang ka yona (Sheba serapa sa 14)

14. Keng seo mokgatlo wa Modimo o re fang sona?

14 Jehova o re tataisetsa tseleng e re isang bophelong bo sa feleng a sebedisa mokgatlo wa hae o lefatsheng o re fang divideo, dingolwa le diboka tse re thusang ho sebedisa keletso e hlahang ka Lentsweng la hae. Dintho tsena kaofela re ka di tshepa hobane di thehilwe Mangolong. Barababo rona ba Sehlopha se Busang ba kopa hore moya o halalelang o ba thuse ha ba etsa diqeto tse mabapi le hore na mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo o lokela ho bolelwa jwang. Le ha ho le jwalo, nako le nako ba hlahloba diqeto tsena ho bona hore na ho na le moo ba lokelang ho etsa diphetoho teng. Hobaneng? Hobane “boemo ba lefatshe lena bo a fetoha” mme mokgatlo wa Modimo o lokela ho kgema le dinako.​—1 Bakor. 7:31.

15. Ke diphetoho dife tse ileng tsa ama bahweletsi ba bang?

15 Ha mokgatlo wa Modimo o re fa thuto e ntjha ya Bibele kapa o re ruta hore na re lokela ho itshwara jwang re a mamela. Empa re etsang haeba mokgatlo wa Modimo o etsa diphetoho tse amang bophelo ba rona? Ka mohlala, morao tjena ho haha le ho hlokomela Diholo Tsa Mmuso ho se ho hloka tjhelete e ngata haholo. Ka hoo Sehlopha se Busang se ile sa etsa qeto ya hore diphutheho tse ngata ka moo ho ka kgonehang di kopanele Holong ya Mmuso e le nngwe. Ke ka hoo diphutheho di ileng tsa kopanngwa mme diholo tse ding tsa Mmuso tsa rekiswa. Tjhelete e teng e sebedisetswa ho thusa ho haha Diholo Tsa Mmuso dibakeng tseo di hlokwang haholo. Haeba o dula sebakeng seo Diholo Tsa Mmuso di ileng tsa rekiswa kapa moo diphutheho di ileng tsa kopanngwa ho ka nna ha ba thata ho wena hore o tlwaele boemo. Hona jwale bahweletsi ba bang ba tsamaya nako e telele ho ya dibokeng. Batho ba ileng ba sebetsa ka thata ho haha le ho hlokomela Diholo Tsa Mmuso ba ka nna ba ipotsa hore na ke hobaneng ha di ile tsa rekiswa. Ba ka nna ba ikutlwa e ka ba sentse nako le matla a bona. Le ha ho le jwalo, ba amohela boemo bona bo botjha mme ba lokela ho babatswa.

16. Keletso e ho Bakolose 3:23, 24 e ka re thusa jwang hore re dule re thabile?

16 Re tla dula re thabile haeba re hopola hore mosebetsi oo re o etsang re o etsetsa Jehova le hore ke yena ya tataisang mokgatlo wa hae. (Bala Bakolose 3:23, 24.) Morena Davida o ile a re behela mohlala o motle ha a ne a fana ka monehelo hore ho hahwe tempele. O ile a re: “Nna ke mang mme setjhaba sa ka ke bo mang, hore re be le matla a ho etsa dinyehelo tsa boithaopo tse tjee? Etswe ntho e nngwe le e nngwe e tswa ho wena, mme re o file se tswang letsohong la hao.” (1 Likron. 29:14) Ha re fana ka monehelo re fa Jehova seo a re fileng sona. Empa Jehova o a thaba ha re fana ka nako, tjhelete le matla a rona ho tshehetsa mosebetsi wa hae.​—2 Bakor. 9:7.

DULA O LE TSELENG E PATISANENG

17. Ke hobaneng ha o sa lokela ho nyahama haeba o tlameha ho etsa diphetoho dinthong tseo o neng o di etsa?

17 E le hore re dule re le tseleng e patisaneng e isang bophelong, kaofela ha rona re lokela ho latela mohlala wa Jesu. (1 Pet. 2:21) Haeba o hlokomela hore o lokela ho fetola dintho tse itseng bophelong ba hao o se ke wa nyahama. O tla be o bontsha hore o batla ho latela tataiso ya Jehova haeba o hlokomela hore o lokela ho etsa diphetoho. O se ke wa lebala hore Jehova o a tseba hore ha re a phethahala. Ka hoo ha a lebella hore re etsise mohlala wa Jesu ka ho phethahetseng.

18. Keng seo re lokelang ho se etsa hore re fihle lefatsheng le letjha?

18 E se e ka kaofela ha rona re ka nahana ka bokamoso mme ra ikemisetsa ho fetola dintho tseo re di ratang le tseo re sa di rateng, tsela eo re nahanang le ho etsa dintho ka yona. (Liprov. 4:25; Luka 9:62) Ha re duleng re ikokobeditse mme re ‘tswele pele ho thaba le ho kgutlisetswa tseleng.’ (2 Bakor. 13:11) Haeba re etsa jwalo, “Modimo wa lerato le wa kgotso o tla ba le [rona].” O tla re thusa hore re thabe hona jwale mme a re fe bophelo bo sa feleng lefatsheng le letjha.

PINA YA 34 Ho Tsamaya ka Botshepehi

^ par. 5 Ho ka ba thata hore batho ba bang ba fetole dintho tseo ba di ratang, tseo ba sa di rateng, ka moo ba nahanang ka teng le tsela eo ba etsang dintho ka yona. Sehlooho sena se tla hlalosa hore na ke hobaneng ha re lokela ho etsa diphetoho le hore na ke jwang re ka dulang re thabile ha re ntse re di etsa.

^ par. 76 SETSHWANTSHO SE A HLALOSWA: Morabo rona ya motjha o hlalosa se ileng sa etsahala ka mora hore a etse qeto e bowatla mme morabo rona ya seng a hodile (ka letsohong le letona) o mametse ka hloko a kgobile matshwafo a ntse a nahana hore na ho hlokahala hore a mo fe keletso kapa tjhe.