Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sehlooho Se Ithutoang 48

Shebela Pele Lefatšeng le Lecha

Shebela Pele Lefatšeng le Lecha

“Ha e le mahlo a hao, a lokela ho talima pele ka ho toba, e, mahlo a hao a khanyang a lokela ho talimisisa ka ho toba ka pel’a hao.”​—LIPROV. 4:25.

PINA EA 77 Re Khantša Leseli Lefatšeng

SELELEKELA *

1-2. Bua ka mehlala e bontšang hore na re ka mamela keletso e hlahang ho Liproverbia 4:​25 joang.

AK’U nahane ka mehlala ena. Morali’abo rona ea seng a holile o ntse a nahana ka liketsahalo tse monate tsa mehleng ea hae. Le hoja hona joale mathata a ntse a e-hloa manolo holimo, ha a khaotse ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle. (1 Bakor. 15:​58) Letsatsi le chabang le le likelang o lula a ipona a se a le paradeiseng le batho bao a ba ratang. Ho boetse ho na le morali e mong oabo rona ea hopolang hore o ile a utloisoa bohloko ke Mokreste-’moho le eena empa oa itjoetsa hore o tla ntša taba eo ka kelellong ea hae. (Bakol. 3:​13) Mor’abo rona e mong o hopola liphoso tseo a li entseng khale empa o khetha ho shebana le hore na a etse’ng ho tloha hona joale ho ea pele e le hore a lule a tšepahala.​—Pes. 51:10.

2 Bakreste baa ba bararo ba tšoana ka eng? Kaofela ha bona ba hopola lintho tse ba etsahalletseng nakong e fetileng empa ha ba nahane haholo ka tsona. Ho e-na le hoo, ba shebile pele bokamosong ba bona.​—Bala Liproverbia 4:25.

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho shebela pele?

3 Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho shebela pele? Haeba motho ea ntseng a tsamaea a hetla khafetsa, o tla qetella a hlahlathetse. Ka tsela e tšoanang re ke ke ra khona ho ea pele ka tšebeletso eo re e etsetsang Jehova haeba re lula re nahana haholo ka lintho tsa khale.​—Luka 9:62.

4. Re tl’o tšohla’ng sehloohong see?

4 Sehloohong sena re tl’o tšohla lintho tse tharo tse kotsi tse ka etsang hore re nahane re sa qete ka lintho tse fetileng. Ea pele ke ho lakatsa eka bophelo ba rona bo ka be bo tšoana le khale, ea bobeli ke ho halefela batho ba re utloisitseng bohloko, ea boraro ke ho ikutloa re le molato. Maemong ana a mararo re tl’o bona kamoo Bibele e ka re thusang kateng ho “lebala lintho tse ka morao le ho hahamalla linthong tse ka pele.”​—Bafil. 3:13.

HO HLOLOHELOA LINAKO TSE FETILENG

Ke eng e ka re sitisang ho shebela pele lefatšeng le lecha? (Sheba serapa sa 5, 9, le 13) *

5. Moeklesia 7:​10 e re re se ke ra etsa’ng?

5 Bala Moeklesia 7:​10. Ha u ka sheba hantle, temana ena ha e re ho phoso ho botsa hore na “ke hobane’ng ha matsatsi a pele a bile molemo.” Etsoe Jehova o re file bokhoni ba ho hopola lintho tse monate tse kileng tsa re etsahalla. Hantle-ntle temana ena e re: “U se ke oa re, ‘Ke hobane’ng ha matsatsi a pele a bile molemo ho feta aa?’” Ka mantsoe a mang, ntho e kotsi ke ho sheba hore na bophelo ba rona bo ne bo le joang nakong e fetileng, ebe re bo bapisa le hona joale ’me re nahane hore hona joale ho se ho le hobe le ho feta. Bibele e ’ngoe e re: “Se ka re, ‘Ke hobane’ng ha tšiu tsa khale li bile molemo ho feta tsa kajeno?’ Ho botsa potso ena ke ho hloka bohlale.”

Baiseraele ba ile ba etsa phoso efe ka mor’a ho tloha Egepeta? (Sheba serapa sa 6)

6. Bua ka mohlala o bontšang hore na ke hobane’ng ha e se bohlale ho lula re nahana hore nakong e fetileng bophelo ba rona bo ne bo le monate ho feta hona joale.

6 Ke hobane’ng ha e se bohlale ho lula re nahana hore nakong e fetileng bophelo ba rona bo ne bo le monate ho feta hona joale? Ho etsa joalo ho ka etsa hore re ikhopolele lintho tse monate feela ebe re lebala tse bohloko. Hopola mohlala oa Baiseraele ba mehleng ea khale. Ka mor’a hore ba tlohe Egepeta, kapele feela ba ile ba lebala hore na bophelo ba bona bo ne bo le bosula joang moo. Ntho feela eo ba ileng ba e hopola ke lijo tse monate tseo ba neng ba li ja. Ba ile ba re: “Re hopotse hakaakang tlhapi eo re neng re e ja mahala Egepeta, likomkomere le mahapu le liliki le lieiee le konofolo!” (Num. 11:5) Empa na kannete ba ne ba fela ba ja lijo tseo “mahala”? Le letho. Baiseraele ba ne ba phela habohloko, ka nako eo ba ne ba sotloa hampe ba entsoe makhoba Egepeta. (Ex. 1:​13, 14; 3:​6-9) Empa mathata ao kaofela ba ile ba a lebala eaba ba lakatsa ho khutlela morao. Ho e-na le hore ba nahane haholo ka lintho tse ntle tseo Jehova a neng a sa tsoa ba etsetsa tsona, ba ile ba khetha ho nahana haholo ka lintho tsa khale. Jehova o ile a tuka ke bohale ka lebaka la boikutlo bona ba bona.​—Num. 11:10.

7. Ke eng e ileng ea thusa morali e mong oabo rona ho qoba ho nahana haholo ka lintho tse fetileng?

7 Ke eng e ka re thusang hore re qobe ho lula re nahana hore bophelo ba rona nakong e fetileng bo ne bo le monate ho feta hona joale? Nahana ka mohlala oa morali e mong oabo rona ea ileng a qala ho sebeletsa Bethele e Brooklyn ka 1945. Lilemo tse seng kae hamorao o ile a nyaloa ke mor’abo rona e mong ea neng a sebetsa Bethele le eena ’me ba ile ba qeta lilemo tse ngata ’moho ba le Bethele. Empa ka 1976 mor’abo rona o ile a kula. Morali’abo rona o re ha mohatsa oa hae a bona hore o haufi le ho ikela, o ile a mo fa likeletso tse ntle tse neng li tla mo thusa ha e se e le mohlolohali. Mor’abo rona o ile a re ho eena: “Lenyalo la rona le bile monate haholo. Ha se ba bangata ba utloang monate oo. Ke ’nete hore u tla lula u hopola linako tse monate tseo re bileng le tsona, empa u se ke oa lula u nahana haholo ka tsona. Ha nako e ntse e ea u tla fola. U se ke oa nyahama kapa oa ikutloela bohloko. U thabe ha u nahana ka litlhohonolofatso tseo re li fumaneng tšebeletsong ea Jehova. . . . Molimo o re file bokhoni ba hore re li hopole.” Kannete re ka cho ra re keletso ena e ne e le ntle haholo.

8. Keletso eo morali’abo rona a ileng a e fuoa ke mohatsa oa hae e ile ea mo thusa joang?

8 Morali’abo rona o ile a mamela likeletso tseo. O ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi bohle ho fihlela a hlokahala ha a le lilemo li 92. Lilemo tse seng kae pele a hlokahala o ile a re: “Ha ke hetla morao lilemong tse 63 tse fetileng ke le tšebeletsong ea nakong e tletseng ea Jehova, nka re bophelo ba ka ka sebele e bile bo khotsofatsang.” Ke hobane’ng ha a ile a cho joalo? O ile a re: “Se hlileng se etsang hore bophelo ba ka e be bo khotsofatsang ke mokhatlo oa rona oa bara ba motho o ratehang le tšepo ea ho phela le bara le barali babo rona paradeiseng lefatšeng, re sebeletsa ’Mopi e Moholo, Molimo a le mong feela oa ’nete, Jehova, ka ho sa feleng.” * Morali enoa oabo rona o re behetse mohlala o motle haholo ka hore ebe o ile a tsepamisa kelello ea hae linthong tse larileng ka pele.

HO LULA RE HALEFETSE BATHO BA RE KOATISITSENG

9. Ho ea ka Levitike 19:​18, ke neng ho ka bang thata haholo ho tšoarela motho ea re utloisitseng bohloko?

9 Bala Levitike 19:​18. Hangata ho thata ho tšoarela motho ea re utloisitseng bohloko haeba motho eo e le Mokreste-’moho le rona, motsoalle oa hlooho ea khomo kapa mong ka rona. Mohlala, morali’abo rona e mong o ile a qosa Mokreste-’moho le eena ka hore o utsoitse chelete ea hae empa a ne a sa e utsoa. Hamorao morali’abo rona o ile a kopa tšoarelo empa morali’abo rona ea qositsoeng o ne a utloile bohloko hoo a ileng a sitoa ho lebala phoso eo. Na u kile oa ikutloa joalo? Le haeba ha re e-s’o hlaheloe ke ntho e joalo, mohlomong boholo ba rona re kile ra halefela motho ea re sitetsoeng ’me ra utloa hore ha e le ho mo tšoarela teng setsoeng ke ha molapo.

10. Ke eng e ka re thusang ha re utloa ho le thata ho tšoarela motho ea re koatisitseng?

10 Ke eng e ka re thusang ha re utloa ho le thata ho tšoarela motho ea re koatisitseng? Re lokela ho hopola hore ha ho na ntho eo Jehova a sa e boneng. O bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e re etsahallang ebile oa bona leha batho ba bang ba re tšoara hampe. (Baheb. 4:​13) Ha re utloile bohloko le eena o utloa bohloko. (Esa. 63:9) Ebile o tšepisa hore o tla felisa bohloko bohle boo re bo utloang ka lebaka la lintho tse mpe tseo batho ba bang ba li etsang.​—Tšen. 21:​3, 4.

11. Ho tšoarela batho ba re koatisitseng ho tla re thusa joang?

11 Hape re lokela ho hopola hore ho tšoarela batho ba re koatisitseng ho tla re thusa. Morali’abo rona eane ea ileng a qosoa ka bosholu o ile a bona hore taba ena ke ’nete. Ka mor’a nako o ile a khona ho tšoarela morali’abo rona ea neng a mo qositse ka bosholu ’me ha aa ka a hlola a mo koatela ka lebaka la phoso eo. O ile a bona hore Jehova oa re tšoarela haeba re tšoarela batho ba bang. (Mat. 6:​14) O ne a tseba hore morali’abo rona eo ea mo qositseng ka bosholu o hatile ka leoto lesele empa o ile a khetha ho khaotsa ho mo koatela. Ntho eo e ile ea etsa hore a thabe le ho feta a be a khone ho tsoela pele a sebeletsa Jehova.

HO LULA RE IKUTLOA RE LE MOLATO

12. Re ithuta’ng ho 1 Johanne 3:​19, 20?

12 Bala 1 Johanne 3:​19, 20. Ke ntho e tloaelehileng hore re ikutloe re le molato. Mohlala, batho ba bang ba ikutloa ba le molato ka lebaka la lintho tseo ba li entseng pele e e-ba Lipaki. Ba bang bona ba ikutloa ba le molato ka lebaka la liphoso tseo ba li entseng ka mor’a hore e be Lipaki. (Bar. 3:​23) Rea batla ho etsa lintho tse nepahetseng. Empa “kaofela re khoptjoa hangata.” (Jak. 3:2; Bar. 7:​21-23) Ha ho monate ho ikutloa re le molato empa ho ka re thusa. Joang? Maikutlo a joalo a ka re susumelletsa hore re etse liphetoho ’me re ikemisetse hore re se hlole re pheta liphoso tseo re li entseng.​—Baheb. 12:​12, 13.

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra lula re itšoaea liphoso nako ena kaofela ka lebaka la lintho tseo re li entseng?

13 Ka linako tse ling re ka tsoela pele ho ikutloa re le molato le ka mor’a hore re bake ebile re bona hore Jehova o re tšoaretse. Ntho eo e ka ba kotsi. (Pes. 31:​10; 38:​3, 4) Joang? Mohlala ke ona oa morali’abo rona e mong ea ileng a qeta nako e telele a ikutloa a le molato ka lebaka la liphoso tseo a neng a li entse. O re: “Ke ile ka utloa eka ke itšenyetsa nako ka ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle hobane a ka ’na a se ke a mpholosa.” E ka ’na eaba boholo ba rona re ikutloa joalo. Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra lula re itšoaea liphoso ka lebaka la lintho tseo re li entseng. Hobane’ng? Hobane Satane a ka tlola-tlola ke thabo ha a ka bona re tlohela ho sebeletsa Jehova empa Jehova eena a ntse a re rata.​—Sheba le 2 Bakorinthe 2:​5-7, 11.

14. Ke eng e ka re kholisang hore Jehova o tla fela a re tšoarele?

14 Empa re ntse re ka ’na ra ipotsa potso ena: ‘Joale ke tla tseba joang hore Jehova o fela a ntšoaretse?’ Potso eo ka boeona ea bontša hore Jehova a ka u tšoarela. Lilemo tse ngata tse fetileng Molula-Qhooa o ile oa re: “Re ka iphumana re etsa phoso e tšoanang hangata le hangata. E ka ’na eaba ke phoso e bakoang ke bofokoli boo re sa kang ra bo ntša ka metso pele re qala ho sebeletsa Molimo. . . . U se ke oa nyahama, u se ke oa nka hore Jehova a ke ke a u tšoarela ho hang. Ke eona ntho eo Satane a batlang hore u e nahane. Taba ea hore ebe u bohloko ebile u ikutloa u le molato ka phoso eo u e entseng ea bontša hore ha u motho e mobe. Lula u ikokobelitse ’me u se ke oa khaotsa ho kopa Molimo hore a u tšoarele a be a u thuse hore u be le letsoalo le khutsitseng le hore a u thuse ho qoba ho pheta phoso eo. Ho sa tsotellehe hore na u pheta phoso e le ’ngoe hangata hakae, lula u rapela Jehova u mo kopa thuso feela joalokaha ngoana a ka kopa thuso ho ntate oa hae ha a le mathateng. Jehova o tla u thusa hobane o mosa.”

15-16. Bakreste ba bang ba ile ba ikutloa joang ha ba hlokomela hore Jehova o ntse a ba rata?

15 Bahlanka ba bangata ba Jehova ba ile ba khothala ha ba hlokomela hore Jehova o ntse a ba rata. Mohlala, lilemo tse seng kae tse fetileng mor’abo rona e mong o ile a bala e ’ngoe ea lipale tse hlahang tlas’a sehlooho se reng “Bibele e Fetola Batho.” Paleng eo, morali’abo rona e mong o ile a re o ne a utloa ho le thata ho lumela hore Jehova a ka mo rata ka lebaka la lintho tse bohloko tse mo etsahalletseng khale. O ile a ’na a ikutloa joalo esita le ka mor’a hore a qete lilemo tse ngata a kolobelitsoe. Empa eitse ha a ntse a thuisa ka taba ea hore Jesu o re shoetse, a qala ho bona lintho ka tsela e fapaneng. *

16 Pale ee e ile ea ama mor’abo rona joang? O re: “Ha ke sa le mocha, ke ne ke tloaetse ho shebella litšoantšo tse litšila ’me ke ile ka loana ntoa ea khumamela hore ke li tlohele. Morao tjena ke ile ka boela ka li khutlella. Ke kopile baholo hore ba nthuse ’me ke ntse ke tla hantle tabeng ea ho tlohela litšoantšo tsena. Baholo ba ile ba ntiisetsa hore Molimo oa nthata ebile o tla nkhauhela. Empa ka linako tse ling ke na le ho ikutloa ke se na thuso ke bile ke bona eka ho hang Jehova ha a nthate. Pale ena ea morali’abo rona e ile ea nthusa haholo. Hona joale kea elelloa hore haeba nka re Molimo a ke ke a ntšoarela, ho tšoana leha ke re lefu la Jesu ha lea lekana hore le ka hlakola libe tsa ka. Ke sehile maqephe ao pale ena e hlahang ho ’ona e le hore nka e bala le ho thuisa ka eona neng kapa neng ha ke utloa eka Jehova ha a nthate.

17. Ke eng e ileng ea thusa moapostola Pauluse hore a se ke a qeta nako e telele a ikutloa a le molato?

17 Lipale tse kang tsena li re hopotsa moapostola Pauluse. Pele e e-ba Mokreste, o ile a etsa lintho tse ngata tse fosahetseng. Pauluse o ne a ntse a li hopola empa ha aa ka a lumella kelello ea hae hore e hanelle ho tsona. (1 Tim. 1:​12-15) O ne a lumela hore Molimo a ka mo tšoarela hobane o fane ka Jesu hore a shoele libe tsa hae. (Bagal. 2:​20) Ka lebaka leo, Pauluse ha aa ka a qeta nako e telele a ikutloa a le molato empa o ile shebana le ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle.

SHEBA PELE LEFATŠENG LE LECHA

A re ikemisetseng ho sebeletsa ho fihla lefatšeng le lecha (Sheba serapa sa 18 le sa 19) *

18. Re ithutile’ng sehloohong see?

18 Re ithutile’ng linthong tse tharo tse tšohliloeng sehloohong see? Ntlha ea pele, Jehova o re hlohonolofalitse ka ho re fa bokhoni ba ho hopola lintho tse monate tse re etsahalletseng bophelong. Empa le haeba bophelo ba rona nakong e fetileng bo ne bo le monate, ha se letho ha bo bapisoa le bophelo boo re tla bo phela lefatšeng le lecha. Ntlha ea bobeli, batho ba ka re utloisa bohloko, empa haeba re khetha ho ba tšoarela, re tla khona ho ea pele ka bophelo. Ntlha ea boraro ke hore re ka sitoa ho sebeletsa Jehova re thabile haeba re qeta nako e telele re ikutloa re le molato ka lebaka la liphoso tseo re li entseng. Kahoo, re lokela ho etsisa Pauluse ka hore re lumele hore Jehova o re tšoaretse.

19. Ke eng e bontšang hore lefatšeng le lecha re ke ke ra hopola lintho tse bohloko tse re etsahalletseng?

19 Re na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Ha re se re le lefatšeng le lecha, bohloko bo bakoang ke ho hopola lintho tse bohloko tse re etsahalletseng e tla be e le pale ea maobane. Bibele ha e bua ka lefatše le lecha e re: “Lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa.” (Esa. 65:​17) Ak’u nahane feela, ba bang ba rona re sebelelitse Jehova ho fihlela re se re ile lilemong, empa lefatšeng le lecha re tl’o ba bacha hape. (Jobo 33:​25) Ka hona a re itjoetseng hore re ke ke ra khutlela morao empa re tla sheba pele ’me re sebeletse ho fihla lefatšeng le lecha!

PINA EA 142 Re Lula re E-na le Tšepo e Matla

^ ser. 5 E ka ba ntho e ntle ho hopola lintho tse re etsahalletseng nakong e fetileng. Empa haeba re ka nahana ka thata haholo ka tsona, re ka khaotsa ho sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle hona joale kapa ra lebala lintho tse ntle tse larileng ka pel’a rona. Sehlooho sena se tl’o bua ka lintho tse tharo tseo re lokelang ho li qoba tse ka etsang hore re nahane haholo ka lintho tse etsahetseng. Re tla tšohla tse ling tsa likeletso tse ka Bibeleng le mehlala ea Bakreste ba mehleng ena e ka re thusang ho li qoba.

^ ser. 57 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ho khutlela morao, ho lula re halefetse batho ba bang le ho lula re ikutloa re le molato, ke lintho tse tšoanang le meroalo e boima eo re tlang re e hulanya ka mor’a rona e re sitisang ho sebeletsa ho fihla lefatšeng le lecha.

^ ser. 64 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ka mor’a hore re lahle meroalo ena, re ikutloa re imolohile, re thabile re bile re matlafetse. Re tla khona le ho ea pele ka bophelo.