Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

“Jehova ha aa ka a Ntebala”

“Jehova ha aa ka a Ntebala”

HESO ke Orealla. Ke motse o nang le batho ba ka bang 2 000 o naheng ea Guyana e Amerika Boroa. Ke motse oo ho oona ho fihlehang ka thata. U ka fihla ho oona haeba feela u tsamaea ka sefofane se senyenyane kapa ka sekepe.

Ke hlahile ka 1983. Ke hotse ke ntse ke phela hantle empa eitse ha ke e-ba lilemo li leshome, ka qala ho utloa mahlaba hohle ’meleng oa ka. Ka mor’a lilemo tse ka bang peli, hoseng ho hong ha ke tsoha ka utloa ’mele oa ka o hana ho sisinyeha. Leha ke re ke leka ho tsamaisa maoto, ka utloa a hana. E ile eaba ho tloha mohlang oo ha ke sa khona ho tsamaea ho hang. Bokulo bo neng bo ntšoere bo ile ba etsa hore le ho hola ke se ke ka hola. Le hona joale ke ntse ke le mokhutšoanyane joaloka ngoana.

Ke ile ka qeta likhoeli tse seng kae ke lutse hae feela eaba ka le leng bo-’mè ba babeli ba Lipaki baa fihla heso. Ke ne ke tloaetse ho ipata ha baeti ba tla heso empa mohlang oo ke ile ka bua le bo-’mè bao. Ha ba ntse ba mpolella ka Paradeise, ka hopola lintho tseo ke ileng ka li utloa ha ke le lilemo li ka bang hlano. Ka nako eo, moromuoa e mong ea bitsoang Jethro ea neng a lula naheng ea Suriname o ne a tla motseng oa rona hanngoe ka khoeli ebe o ithuta Bibele le ntate oa ka. Ke ne ke mo rata hobane o ne a le mosa haholo ho ’na. Hape nkhono le ntate-moholo oa ka ba ne ba tsamaea le ’na ha ba ea libokeng tse ling tseo Lipaki li neng li li tšoarela motseng oa heso. Kahoo ha e mong oa bo-’mè bao ba neng ba tlile ho ’na, e leng ’mè Florence, a mpotsa hore na nka rata ho ithuta Bibele haholoanyane, ke ile ka lumela ka pelo e tšoeu.

’Mè Florence o ile a khutla le mohats’ae ntate Justus eaba ba qala ho ithuta Bibele le ’na. Ba ile ba hlokomela hore ha ke tsebe ho bala eaba ba nthuta ho bala. Ka mor’a nako ke ne ke se ke bala moo ke leng mong. Ka le leng ba ile ba mpolella hore ba kopuoe ho ea sebeletsa naheng ea Suriname. Ka masoabi ho ne ho se na motho motseng oa heso ea neng a ka tsoela pele ho ithuta Bibele le ’na. Empa ntho e nthabisang ke hore Jehova ha aa ka a ntebala.

Ka mor’a nakoana, ntate e mong oa pula-maliboho ea bitsoang Floyd o ile a fihla motseng oa heso eaba o kopana le ’na ha a ntse a ruta batho Bibele ka ntlo le ntlo. Eitse ha a bua le ’na ka taba ea ho ithuta Bibele, ka bososela. Eaba o re: “Ke hobane’ng ha u bososela?” Ke ile ka mo bolella hore ke ne ke qetile ho ithuta bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? ’me joale ke se ke qalile ho ithuta buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. * Hape ka mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ke ne ke se ke sa ithute. Eaba o tsoela pele ho ithuta buka eo ea Tsebo le ’na ho fihlela re e qeta, empa le eena o ile a koptjoa ho ea sebeletsa sebakeng se seng. Ke ile ka boela ka hloka motho ea ithutang Bibele le ’na.

Empa ka 2004, bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng, e leng ntate Granville le ntate Joshua, ba ile ba abeloa ho tla sebeletsa motseng oa heso. Ba ile ba fihla ho ’na ha ba ntse ba ruta batho Bibele ka ntlo le ntlo. Ke ile ka bososela ha ba mpotsa hore na ke batla ho ithuta Bibele. Eaba ke ba kopa hore ba ithute buka ea Tsebo le ’na ho tloha qalong. Ke ne ke batla ho bona hore na ba tla nthuta lintho tse tšoanang hantle le tseo ke ileng ka li rutoa ke batho ba neng ba ithuta Bibele le ’na pele. Ntate Granville o ile a mpolella hore ho na le moo liboka li tšoareloang teng motseng moo. Ke ne ke batla ho ea ho tsona empa joale ke ne ke se ke qetile lilemo tse ka bang leshome ke lutse hae feela. Kahoo ntate Granville o ile a tla heso ho tla ntata, a mpeha holim’a wheelchair eaba oa nkhanna ho fihlela re fihla Holong.

Ka mor’a nako ntate Granville o ile a nkhothalletsa hore ke ingolise bakeng sa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. O ile a re ho ’na: “Ke ’nete ha u khone ho tsamaea, empa oa khona ho bua. Ka le leng kea u joetsa, u tla fana ka puo ea phatlalatsa.” Mantsoe ao a hae a ile a ntsosa molota a ba a etsa hore ke be le tšepo.

Ke ile ka qala ho ruta batho Bibele ke sebetsa le ntate Granville. Empa litsela tse ngata tsa motse li ne li le mpe hoo ke neng nke ke ka khona ho tsamaea ho tsona ka wheelchair. Kahoo ka kopa ntate Granville ho mpeha ka har’a keribae le ho nkhanna. Ntho eo e ile ea re sebeletsa hantle haholo. Ke ile ka kolobetsoa ka April 2005. Nakoana ka mor’a moo, bara babo rona ba ile ba nkoetlisetsa ho sebetsana le lingoliloeng tsa phutheho le ho sebetsa lefapheng la molumo Holong ea ’Muso.

Ka bomalimabe ntate oa ka o ile a hlaheloa ke kotsi ha a ntse a tsamaea ka sekepe eaba oa hlokahala ka 2007. Kaofela ha rona heso re ne re utloile bohloko bo otlang pelo. Ntate Granville o ile a rapela le rona a ba a re balla litemana tse khothatsang tse tsoang ka Bibeleng. Ka mor’a lilemo tse peli re ile ra hlaheloa ke tsietsi e ’ngoe hape e ileng ea re utloisa bohloko haholo. Ntate Granville o ile a hlaheloa ke kotsi ha a ntse a tsamaea ka sekepe eaba le eena oa hlokahala.

Phutheho ea rona e nyenyane e ile ea sala e se na baholo ho hang, e le mohlanka ea sebeletsang a le mong feela. Lefu la ntate Granville le ile la nkutloisa bohloko ka tsela e khethehileng hobane e ne e le motsoalle oa ka eo ke mo ratang haholo. Ka linako tsohle o ile a nthusa ho ba le kamano e ntle le Jehova le ka lintho tse ling tse ngata tseo ke li hlokang. Libokeng tsa pele tse ileng tsa tšoaroa ka mor’a hore a hlokahale, e ne e le nako ea ka ea ho bala lirapa Thutong ea Molula-Qhooa. Ke ile ka anela ho bala lirapa tse peli tse qalang eaba ka mor’a moo ke se ke lla ’me ka sitoa le ho ithiba. Ke ile ka ba ka tlameha ho theoha sethaleng.

Bohloko ba ka bo ile ba kokobela ha bara babo rona ba tsoang phuthehong e ’ngoe ba tla motseng oa heso ho tla re thusa. Hape ofisi ea lekala e ile ea romela mor’abo rona Kojo eo e leng pula-maliboho e khethehileng. Ke ile ka thaba haholo ha ’mè oa ka le ngoan’eso ba qala ho ithuta Bibele ba bile ba kolobetsoa. Ka mor’a moo, ka March 2015 ke ile ka khethoa hore ke be mohlanka ea sebeletsang. Ka mor’a nako ke ile ka beha puo ea phatlalatsa ka lekhetlo la pele. Mohlang oo, eitse ha ke hopola hore na ntate Granville o ile a re’ng ho ’na lilemo tse ngata tse fetileng, ke ile ka bososela likhapha li bile li ntse li theoha. O ne a ile a re ho ’na: “Ka le leng kea u joetsa, u tla fana ka puo ea phatlalatsa.”

Ha ke ntse ke shebella mananeo a hlahang ho Khaso ea JW, ke ile ka bona ba bang ba Bakreste-’moho le ’na ba boemong bo tšoanang le ba ka. Le hoja ba phela le bokooa, ba khona ho etsa lintho tse ngata ebile ba thabile. Le ’na ho na le lintho tseo ke ntseng ke khona ho li etsa. Kaha ke ne ke batla ho sebeletsa Jehova ka hohle kamoo nka khonang, ke ile ka qala ho ba pula-maliboho ea kamehla. Ka September 2019 ke ile ka sala ke maketse feela ha ke bolelloa hore ke khethiloe ho sebetsa ke le moholo phuthehong ea heso e nang le bahoeletsi ba ka bang 40.

Ha ke na mantsoe a lekaneng ho leboha Bakreste-’moho le ’na ba ileng ba ithuta Bibele le ’na ba ba ba nthusa hore ke sebeletse Jehova. Ka holimo ho tsohle ke leboha Jehova ka hore ebe ha aa ka a ntebala.

^ ser. 8 E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa hona joale ha e sa hatisoa.