Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 50

“Bafu ba Tla Tsoswa Jwang?”

“Bafu ba Tla Tsoswa Jwang?”

“Lefu, tlholo ya hao e hokae? Lefu, motsu wa hao o hokae?”​—1 BAKOR. 15:55.

PINA YA 141 Mohlolo wa Bophelo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Ke hobaneng ha Bakreste bohle ba lokela ho tseba ka tsoho ya ba tla ya lehodimong?

BAHLANKA ba bangata ba Jehova ba na le tshepo ya ho phela lefatsheng ka ho sa feleng. Empa Bakreste ba seng bakae ba tlotsitsweng ba na le tshepo ya ho ya lehodimong ka mora ho tsoswa bafung. Bakreste bana ba batla ho tseba hore na ho phela lehodimong ho jwang empa ke hobaneng ha batho ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng le bona ba batla ho tseba? Re tla ithuta hore Bakreste ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng ka ho sa feleng, ba tla fumana ditlhohonolofatso ka lebaka la tsoho ya ba tla ya lehodimong. Ka hoo e bang re na le tshepo ya ho ya lehodimong kapa ya ho phela lefatsheng, re lokela ho tseba ka tsoho ya ba tla ya lehodimong.

2 Modimo o ile a tataisa ba bang ba baapostola ba Jesu ba pele hore ba ngole ka tsoho ya ba tla ya lehodimong. Moapostola Johanne o ile a re: “Jwale re bana ba Modimo, empa ho fihlela jwale ha ho e so bonahatswe seo re tla ba sona. Re a tseba hore neng kapa neng ha a bonahatswa re tla ba jwalo ka yena.” (1 Joh. 3:2) Ka hoo, Bakreste ba tlotsitsweng ha ba tsebe hore na ba tla be ba le jwang ha ba se ba le lehodimong ba na le mmele wa moya. Empa ha ba se ba le lehodimong ba tla bona Jehova. Bibele ha e bolele ntho e nngwe le e nngwe e amanang le tsoho ya ba tla ya lehodimong empa moapostola Pauluse o ile a bua ho hong ka yona. Batlotsuwa ba tla be ba na le Kreste lehodimong ha a fedisa “puso yohle le bolaodi bohle le matla.” Le lefu “sera sa ho qetela,” le tla fediswa. Qetellong, Jesu le ba tla busa le yena ba tla ipeha tlasa bolaodi ba Jehova le ho beha dintho tsohle tlasa bolaodi ba hae. (1 Bakor. 15:24-28) Nako eo e tla ba e thabisang hakaakang. *

3. Ho ya ka 1 Bakorinthe 15:30-32, tumelo eo Pauluse a neng a na le yona ya hore bafu ba tla tsoswa e ile ya mo thusa jwang?

3 Tumelo eo Pauluse a neng a na le yona ka tsoho, e ile ya mo thusa ho mamella mathata a mangata. (Bala 1 Bakorinthe 15:30-32.) O ile a re ho Bakorinthe: “Letsatsi le leng le le leng ke tadimana le lefu.” O ile a boela a re: “Ke lwanne le dibata Efese.” Mohlomong o ne a bolela hore o lwanne le dibata tsa sebele ka lebaleng la dipapadi le Efese. (2 Bakor. 1:8; 4:10; 11:23) Kapa e ka nna ya ba o ne a bua ka Bajuda le batho ba bang ba neng ba mo hanyetsa ba tshwanang le “dibata.” (Lik. 19:26-34; 1 Bakor. 16:9) Ho sa tsotellehe hore na o ne a bua kang, Pauluse o ile a hlahelwa ke maemo a boima empa o ile a dula a na le tumelo ya hore o tla thaba ka moso.​—2 Bakor. 4:16-18.

Lelapa le dulang moo mosebetsi wa rona o thibetsweng teng, le tswela pele ho sebeletsa Modimo le na le tshepo ya ho re haufinyane o tla le fa bokamoso bo botle (Sheba serapa sa 4)

4. Tumelo eo bahlanka ba Jehova ba nang le yona ya hore bafu ba tla tsoswa e ba matlafaditse jwang mehleng ee? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

4 Re phela nakong eo lefatshe le seng le le kotsi haholo. Ba bang ba Bakrestemmoho ba kile ba utswetswa. Ba bang ha ba a sireletseha ho hang hobane ba phela dibakeng tseo ho tsona ho tletseng dintwa. Dibakeng tse ding teng bahlanka ba Jehova ha ba kgone ho ya tshimong ka bolokolohi. Ba tswela pele ho sebeletsa Jehova le hoja ba ka nna ba iswa teronkong kapa ba bolawa. Empa le hara maemo ao, bahlanka bana ba Modimo kaofela ha bona ba tswela pele ho sebeletsa Jehova mme ba re behela mohlala o motle haholo. Ha ba tshabe letho hobane ba a tseba hore le ha ba ka shwa hona jwale, Jehova o ba tshepisitse bokamoso bo botle.

5. Ke mokgwa ofe o kotsi o ka senyang tumelo eo re nang le yona ya hore bafu ba tla tsoswa?

5 Pauluse o ile a bolella Bakrestemmoho le yena hore ba qobe mokgwa o mong o kotsi oo batho ba bang ba neng ba na le wona. O ile a re: “Haeba bafu ba ke ke ba tsoswa, ‘a re jeng mme re nweng, etswe hosasane re tla shwa.’” Le pele ho mehla ya Pauluse batho ba bang ba ne ba na le tlwaelo eo. E ka nna ya ba o ne a bua ka Esaia 22:​13, e bontshang tlwaelo eo Baiseraele ba neng ba na le yona. Ba ne ba phelela menate ho e na le ho sebeletsa ho ba metswalle ya Jehova. Baiseraele ba ne ba na le boikutlo ba hore ba lokela ho ithabisa hona jwale hobane ba ka shwa neng kapa neng. Le mehleng ena batho ba bangata ba jwalo. Empa Bibele e re bolella ka ditlamorao tse mpe tse ileng tsa hlahela Baiseraele ka lebaka la boikutlo boo bo fosahetseng.​—2 Likron. 36:15-20.

6. Tshepo eo re nang le yona ya hore bafu ba tla tsoswa e lokela ho re susumetsa hore re se ke ra etsa setswalle le batho ba jwang?

6 Taba ya hore Jehova o tla tsosa bafu e lokela ho etsa hore re ele hloko hore na ke bo mang bao re ba kgethang hore e be metswalle ya rona. Bakreste ba Korinthe ba ne ba lokela ho ela hloko hore ba se ke ba etsa setswalle le batho ba neng ba sa dumele hore bafu ba tla tsoswa. Ho na le ntho eo re ka ithutang yona tabeng ena. Haeba re etsa setswalle le batho ba se nang taba le hore na ho tla etsahalang nakong e tlang empa ba shebile feela ho ithabisa, ha ho na letho le molemo leo re tla le fumana ho bona. Ho qeta nako e ngata le batho ba jwalo ho ka senya maikutlo le mekgwa ya rona e metle. Ho ka ba ha etsa hore re etse dintho tseo Modimo a di hloileng. Ke ka hoo Pauluse a ileng a fana ka keletso ena e matla e reng: “Tsohang le hlaphohelwe ka tsela e lokileng mme le se ke la tlwaela ho etsa sebe.”​—1 Bakor. 15:33, 34.

KA MMELE WA MOFUTA OFE?

7. Ho ya ka 1 Bakorinthe 15:35-38 ke dipotso dife tseo e ka nnang yaba ba bang ba ile ba di botsa ka tsoho ya bafu?

7 Bala 1 Bakorinthe 15:35-38. Motho ya neng a batla ho etsa hore batho ba bang ba belaele tsoho ya bafu, o ne a ka botsa a re: “Bafu ba tla tsoswa jwang?” Ho molemo hore re nahane ka karabo eo Pauluse a faneng ka yona hobane batho ba bangata mehleng ena ba na le ditumelo tse ngata mabapi le hore na ho etsahalang ka motho ka mora hore a hlokahale. Empa Bibele yona e reng ka taba ee?

Pauluse o ile a etsa mohlala ka peo le semela ho bontsha hore Modimo a ka fa batho mmele eo ba e hlokang ka mora hore a ba tsose bafung (Sheba serapa sa 8)

8. Ke papiso efe e ka re thusang ho utlwisisa hore na batho ba yang lehodimong ba tsoswa jwang?

8 Ha motho a shwa mmele wa hae o a bola. Empa haeba Modimo o kgonne ho bopa lehodimo le lefatshe tse neng di le siyo, a ka kgona ho tsosa motho ya shweleng a ba a mo fa mmele oo a o hlokang. (Gen. 1:1; 2:7) Pauluse o ile a sebedisa papiso e le ho bontsha hore Modimo o ne a ke ke a hloleha ho tsosa motho ka mmele o tshwanang le wa hae wa pele. Nahana ka ‘peo.’ Ha peo e jetswe e a hola e be e fetoha semela. Semela seo ha se tshwane le peo. Pauluse o ile a sebedisa mohlala ona ho bontsha hore Mmopi wa rona Jehova a ka fa motho “mmele feela jwalo ka ha ho mo kgahlile.”

9. 1 Bakorinthe 15:​39-41 e reng ka mefuta e fapaneng ya mmele?

9 Bala 1 Bakorinthe 15:39-41. Pauluse o re Modimo o bopile mmele ka tsela e sa tshwaneng. Ka mohlala, mmele wa dikgomo, dinonyana le ditlhapi ha o tshwane. Hape o ile a re ho na le phapang pakeng tsa letsatsi le kgwedi. O ile a boela a re “naledi e fapana le naledi ka kganya.” Taba ena ke nnete le haeba rona re sa kgone ho bona phapang eo. Borasaense ba re ho na le mefuta e fapaneng ya dinaledi, ho na le tse kgolo, tse nyane, tse kgubedu, tse tshweu le tse tshehla. Mohlala wa tse tshehla ke letsatsi. Hape Pauluse o ile a re ho na le “mmele ya lehodimo, le mmele ya lefatshe.” O ne a bolelang? Lefatsheng mona re na le mmele ya nama empa ba phelang lehodimong ba na le mmele ya moya o tshwanang le oo mangeloi a nang le wona.

10. Batho ba tla tsosetswa ho ya lehodimong ba tla ba le mmele ya mofuta ofe?

10 Hlokomela hore ka mora moo Pauluse o ile a re: “Le tsoho ya bafu e jwalo. [Mmele] o jalwa o le ho boleng, o tsoswa o le ho se boleng.” Re a tseba hore ha motho a shwa mmele wa hae o a bola e be o kgutlela leroleng. (Gen. 3:19) Jwale ho tla jwang hore ebe mmele “o tsoswa o le ho se boleng”? Pauluse o ne a sa bue ka motho ya tsoswang bafung e be o phela lefatsheng hape jwalo ka ba ileng ba tsoswa ke Elia, Elisha le Jesu. O ne a bua ka motho ya tsoswang bafung a se a na le “mmele wa moya.”​—1 Bakor. 15:42-44.

11, 12. Jesu o ile a fetolwa jwang ha a ne a tsoswa bafung, hona batlotsuwa ba tshwana jwang le yena?

11 Ha Jesu a le lefatsheng o ne a na le mmele wa nama empa ha a se a tsositswe bafung e ile “ya eba moya o fanang ka bophelo” yaba o kgutlela lehodimong. Ka tsela e tshwanang, Bakreste ba tlotsitsweng ba tla tsoswa ba se ba na le mmele wa moya. Pauluse o ile a re: “Feela jwalo ka ha re jere setshwantsho sa ya entsweng ka lerole, hape re tla jara setshwantsho sa wa lehodimo.”​—1 Bakor. 15:45-49.

12 Ke ha bohlokwa ho hlokomela hore Jesu ha a a ka a tsoswa bafung ka mmele wa nama. Ha Pauluse a le haufi le ho qetella ditaba tsa hae, o ile a re: “Nama le madi di ke ke tsa rua mmuso wa Modimo” leholimong. (1 Bakor. 15:50) Baapostola le Bakreste ba bang ba tlotsitsweng ba ne ba ke ke ba tsoswa bafung yaba ba ya lehodimong ka mmele wa nama le madi o bolang. Ba ne ba tla tsoswa neng? Pauluse o ile a re e ne e le hona ba tla tsoswa, ba ne ba ke ke ba tsoha hang ka mora hore ba shwe. Nakong eo Pauluse a neng a ngola lengolo la Bakorinthe ba Pele, baapostola ba bang ba kang moapostola Jakobo, ba ne ba se ba “robetse lefung.” (Lik. 12:1, 2) Ho ne ho tla feta nako pele baapostola le batlotsuwa ba bang ba ‘robala lefung.’​—1 Bakor. 15:6.

LEFU LE A HLOLWA

13. Ho ne ho tla etsahalang nakong ya ho ba teng ha Kreste?

13 Jesu le Pauluse ba ile ba bua ka nako e ikgethang e tla fihla, e leng nako ya ho ba teng ha Kreste. Nakong eo, lefatsheng lohle ho ne ho tla ba le dintwa, ditshisinyeho tsa lefatshe, mafu a sewa le dintho tse ding tse bohloko. Re hlokometse hore boprofeta bona haesale bo phethahala ho tloha ka 1914. Ho ne ho tla etsahala ntho e nngwe hape ya bohlokwa nakong ya ho ba teng ha Kreste. Jesu o ile a re ditaba tsa Mmuso wa Modimo o seng o qadile ho busa di ne di tla bolelwa “lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona hore e be bopaki ho ditjhaba tsohle; jwale e ntano ba hona bofelo bo tla tla.” (Mat. 24:3, 7-14) Pauluse o ile a re ‘ho ba teng ha Morena’ e ne e tla ba nako ya hore Bakreste ba tlotsitsweng ba neng ba ‘robetse lefung’ ba tsoswe.​—1 Bathes. 4:14-16; 1 Bakor. 15:23.

14. Ho etsahalang ka Bakreste ba tlotsitsweng ba hlokahalang nakong ya ho ba teng ha Kreste?

14 Ha Bakreste ba tlotsitsweng ba hlokahala hona jwale, hanghang feela ba tsosetswa ho ya lehodimong. Mantswe a Pauluse a hlahang ho 1 Bakorinthe 15:​51, 52 a tiisa taba ena ha a re: “Re ke ke ra robala bohle lefung, empa bohle re tla fetolwa, ka motsotswana, ka ho panya ha leihlo, nakong ya terompeta ya ho qetela.” Mantswe ao a Pauluse a phethahala hona jwale. Hang ha barababo Kreste ba tsoswa bafung, ba tla thaba haholo hobane ba “tla ba le Morena ka mehla.”​—1 Bathes. 4:17.

Jesu le Bakreste ba tla fetolwa “ka ho panya ha leihlo” ba tla ikopanya ho fedisa batho ba kgopo lefatsheng (Sheba serapa sa 15)

15. Ke mosebetsi ofe oo Bakreste ba tla fetolwa “ka ho panya a leihlo” ba tla o etsa?

15 Bibele e a re bolella hore na Bakreste ba tla fetolwa “ka ho panya ha leihlo” ba tla etsang ha ba se ba le lehodimong. Jesu o re ho bona: “Ya hlolang le ya bolokang diketso tsa ka ho fihlela bofelong ke tla mo fa matla hodima ditjhaba, mme o tla disa batho ka molamu wa tshepe e le hore ba tle ba pshatlwe dikoto jwalo ka dijana tsa letsopa, jwalo ka ha ke amohetse ho Ntate.” (Tšen. 2:26, 27) Ba tla latela Monga bona e leng Jesu mme ba dise ditjhaba ka molamu wa tshepe.​—Tšen. 19:11-15.

16. Batho ba tla hlola lefu jwang?

16 Ho hlakile hore Bakreste ba tlotsitsweng ba tla hlola lefu. (1 Bakor. 15:54-57) Ho tsoswa ha bona ho tla etsa hore ba kgone ho thusa ha ho fediswa bokgopo bohle bo teng lefatsheng ha ntwa ya Armagedone e qala. Bakreste ba bang ba balwang ka dimilione ba tla ‘tswa matshwenyehong a maholo’ ba kene lefatsheng le letjha. (Tšen. 7:14) Ba tla pholoha matshwenyeho a maholo mme ba tla bona ka mahlo ha lefu le hlolwa ka tsela e nngwe hape ka hore batho ba dibilione ba shweleng kgale ba tsoswe. Nahana feela hore na re tla be re thabile hakaakang ha lefu le hlolwa ka tsela eo. (Lik. 24:​15) Hape bohle ba tla dula ba tshepahala ho Jehova le bona ba tla hlola lefu lena leo re le futsitseng ho Adama mme ba tla phela ka ho sa feleng.

17. 1 Bakorinthe 15:58 e re kgothalletsa ho etsang?

17 Hona jwale Bakreste kaofela ba lokela ho ananela ditaba tse kgothatsang tse buang ka tsoho tseo Pauluse a ileng a di ngolla Bakorinthe. Re na le mabaka a utlwahalang a ho mamela keletso ya Pauluse ya hore re sebetse ka thata ka hohle ka moo re ka kgonang “mosebetsing wa Morena.” (Bala 1 Bakorinthe 15:58.) Haeba re dula re le mafolofolo ho etsa mosebetsi ona, re ka lebella ho phela bophelo bo thabisang haholo nakong e tlang. Bophelo boo bo tla re kgotsofatsa ho feta ntho le ha e le efe eo re ka e nahanang. Taba eo e tla bontsha hore mosebetsi wa rona ha se wa lefeela mabapi le Morena.

PINA YA 140 Bophelo bo sa Feleng Qetellong!

^ par. 5 Karolo e qetellang ya Bakorinthe ba Pele kgaolo ya 15 e bua haholo ka ho tsoswa ha Bakreste ba tlotsitsweng. Empa ditaba tseo Pauluse a di ngotseng kgaolong eo ke tsa bohlokwa le ho dinku tse ding. Sehlooho sena se tla bontsha hore na tshepo eo re nang le yona ya hore bafu ba tla tsoswa e lokela ho ama bophelo ba rona jwang hona jwale le ho re thusa hore re tle re thabe nakong e tlang.

^ par. 2 Sehlooho sa “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” se hlahang ka hara Tora ena ya ho Lebela se bua ka mantswe a Pauluse a hlahang ho 1 Bakorinthe 15:29.