Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 51

“Jehova . . . o Pholosa ba Sithabetseng”

“Jehova . . . o Pholosa ba Sithabetseng”

“Jehova o haufi le ba dipelo di robehileng, o pholosa ba sithabetseng moyeng.”​—PES. 34:18.

PINA YA 30 Ntate wa ka, Modimo wa ka le Motswalle

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Re tlo ithutang sehloohong see?

KA DINAKO tse ding re ka iphumana re ntse re nahana ka moo bophelo bo leng bokgutshwanyane le ka moo bo tletseng “dikgathatso” ka teng. (Jobo 14:1) Ntho eo e ka etsa hore re ikutlwe re nyahame. Boholo ba bahlanka ba Jehova ba mehleng ya kgale ba ile ba ikutlwa jwalo. Ba bang ba ne ba bile ba batla ho shwa. (1 Mar. 19:2-4; Jobo 3:1-3, 11; 7:15, 16) Empa Jehova, Modimo eo ba neng ba mo tshepa o ne a ba tshedisa le ho ba matlafatsa ka dinako tsohle. Dipale tsa bona di ile tsa ngolwa ka Bibeleng e le hore di re kgothatse le hore re ithute ho tsona.​—Bar. 15:4.

2 Sehlooho sena se tla bua ka ba bang ba bahlanka ba Jehova ba ileng ba feta hara mathata a nyahamisang. Josefa mora wa Jakobo, Naomi wa mohlolohadi le ngwetsi ya hae Ruthe, Molevi ya ngotseng Pesaleme ya 73 le moapostola Petrose ke ba bang ba bona. Jehova o ile a ba matlafatsa jwang? Hona re ka ithutang mohlaleng wa bona? Dikarabo tsa dipotso tseo di tla re kgodisa hore “Jehova o haufi le ba dipelo di robehileng” le hore “o pholosa ba sithabetseng.”​—Pes. 34:18.

JOSEFA O ILE A TSHWARWA HAMPE

3, 4. Ho ile ha etsahalang ka Josefa ha e ntse e le motjha?

3 Ha Josefa a le dilemo di ka bang 17 ho na le ditoro tse pedi tseo Modimo a ileng a etsa hore a di lore. Ditoro tseo di ne di bontsha hore ka le leng Josefa e ne e tla ba motho wa bohlokwa eo ba lelapa labo ba tla mo hlompha. (Gen. 37:5-10) Empa nakwana ka mora hore Josefa a lore ditoro tseo, bophelo ba hae bo ile ba fetoha haholo. Ho e na le hore barababo ba mo hlomphe, ba ile ba mo rekisa yaba ha morao eba lekgoba la molaodi e mong wa Moegepeta ya bitswang Potifaro. (Gen. 37:21-28) Bophelo ba hae bo ile ba fetoha haholo ka nako e kgutshwanyane. O ne a se a sa dule habo le ntate wa hae ya neng a mo rata, e se e le lekgoba Egepeta la molaodi wa lekgotla ya neng a sa tsebe Jehova.​—Gen. 39:1.

4 Dintho di ile tsa e ba mpe le ho feta. Mosadi wa Potifaro o ile a bua leshano a re Josefa o ne a batla ho mo beta. Yaba Potifaro o laela hore Josefa a lahlelwe teronkong a sa batla le ho tseba hore na ditaba tseo ke nnete. (Gen. 39:14-20; Pes. 105:17, 18) A ko nahane feela hore na e be Josefa o ne a ikutlwa jwang ka hore e be o ile a etselletswa ka hore o ne a batla ho beta mosadi wa Potifaro. Hape nahana hore na e ka nna yaba ntho eo e ile ya hlahisa lebitso la Jehova hampe hakae. Ke ka hoo Josefa a ileng a ikutlwa a nyahame.

5. Josefa o ile a etsang e le hore a se ke a nyahama?

5 Ha Josefa e le lekgoba le ha a le teronkong, ho ne ho se na letho leo a ka le etsang ho fetola boemo ba hae. Keng e ileng ya mo thusa ho ba le maikutlo a matle? Ha a a ka a qeta nako e ngata a ntse a nahana ka dintho tseo a seng a sa kgone ho di etsa empa o ile a sebetsa ka thata mosebetsing oo a neng a o fuwe. Ka hodimo ho tsohle, Josefa o ile a etsa hore Jehova a tle pele bophelong ba hae. Ka lebaka leo, Jehova o ile a hlohonolofatsa sohle seo Josefa a ileng a se etsa.​—Gen. 39:21-23.

6. E ka nna yaba ditoro tsa Josefa di ile tsa mo kgothatsa jwang?

6 Ho ka etsahala hore e be Josefa o ile a kgothala ha a nahanisisa ka ditoro tsane tseo Jehova a neng a ile a etsa hore a di lore. Ditoro tseo di ne di bontsha hore o ne a tla boela a bone lelapa labo le hore dintho di tla loka. Ho ile ha feela ha e ba jwalo. Ha Josefa a le dilemo tse ka bang 37, ditoro tsa hae di ile tsa phethahala ka tsela e hlollang.​—Gen. 37:7, 9, 10; 42:6, 9.

7. Ho ya ka 1 Petrose 5:10, keng e tla re thusa ho mamella mathata?

7 Re ithutang? Pale ya Josefa e a re hopotsa hore lefatshe lena le tletse batho ba kgopo mme le batho ba tla re utlwisa bohloko. Esita le Mokrestemmoho a ka re utlwisa bohloko. Empa haeba re nka Jehova e le Lefika kapa Setshabelo sa rona, re ke ke ra nyahama kapa ra tlohela ho mo sebeletsa. (Pes. 62:6, 7; bala 1 Petrose 5:10.) Hape hopola hore Josefa o ne a ka ba dilemo di 17 ha Jehova a tla etsa hore a lore ditoro tsane tse pedi. Taba ena e bontsha hore Jehova o tshepa bahlanka ba hae ba batjha. Mehleng ena ho na le batjha ba bangata ba tshwanang le Josefa. Ba nang le tumelo e tshwanang le ya hae. Ba bang ba bona ba ile ba kwallwa diteronkong hobane ba sa batle ho tlohela ho mamela Modimo.​—Pes. 110:3.

BASADI BA BABEDI BA UTLWILENG BOHLOKO HAHOLO

8. Ho ile ha etsahalang ka Naomi le Ruthe?

8 Naomi le lelapa la hae ba ile ba tloha habo bona Juda yaba ba dula naheng ya Moabe e le bajaki hobane ho ne ho na le tlala e kgolo Juda. Ha ba le moo, Elimeleke monna wa Naomi o ile a hlokahala a mo siya le bara ba babedi. Ha morao bara bao ba babedi ba ile ba nyala basadi ba Bamoabe e leng Ruthe le Orpa. Ka mora dilemo tse ka bang leshome, bara ba Naomi le bona ba ile ba hlokahala empa ba ne ba se na bana. (Ruthe 1:1-5) Nahana feela hore na Naomi, Ruthe le Orpa ba ne ba utlwile bohloko hakaakang. Ruthe le Orpa bona ba ne ba ntse ba na le monyetla wa hore ba ka nyalwa hape. Empa Naomi ya neng a se a tsofetse o ne a tla hlokomelwa ke mang? Ka le leng Naomi o ne a nyahame hoo a ileng a ba a re: “Le se ke la mpitsa Naomi. Le mpitse Mara, ka ha Ya Matla Ohle o nkutlwisitse bohloko haholo.” Ka mora dintho tsena tse bohloko, Naomi o ile a etsa qeto ya ho kgutlela Bethlehema mme Ruthe a tsamaya le yena.​—Ruthe 1:7; 18-20.

Modimo o ile a bontsha Naomi le Ruthe ka ho hlaka hore a ka thusa bahlanka ba hae ha ba nyahame le ha ba utlwile bohloko. Na o a dumela hore le wena a ka o thusa? (Sheba serapa sa 8-13) *

9. Ho ya ka Ruthe 1:16, 17, 22, Ruthe o ile a kgothatsa Naomi jwang?

9 Ntho e ileng ya thusa Naomi ke lerato leo Ruthe a neng a mo rata ka lona. Ka mohlala, Ruthe o ile a bontsha hore o rata Naomi ka hore a dule le yena. (Bala Ruthe 1:16, 17, 22.) Ha ba le Bethlehema, Ruthe o ile a sebetsa ka thata ho bokella harese bakeng sa hae le Naomi. Ka lebaka leo o ile a iketsetsa lebitso le letle.​—Ruthe 3:11; 4:15.

10. Jehova o ile a etsang ho bontsha hore o rata batho ba futsanehileng jwalo ka Naomi le Ruthe?

10 Jehova o ile a bontsha hore o mosa ka hore a fe Baiseraele molao o neng o tla thusa batho ba futsanehileng ba kang Naomi le Ruthe. O ile a bolella Baiseraele hore ha ba kotula ba siye tse ding tsa dijothollo lehlakoreng la tshimo e le hore batho ba futsanehileng ba ka inkela tsona. (Lev. 19:9, 10) Ka hoo ho ne ho ke ke ha hlokahala hore Naomi le Ruthe ba kope batho dijo.

11, 12. Boaze o ile a etsang e ileng ya thabisa Naomi le Ruthe?

11 Tshimo eo Ruthe a neng a nka harese ho yona e ne e le ya morui ya bitswang Boaze. Boaze o ile a kgahlwa haholo ke tsela eo Ruthe a neng a tshepahala le ho rata Naomi ka yona hoo a ileng a ba a mo nyala le ho reka tshimo eo e neng e le ya lelapa la Naomi, eo bana ba Ruthe ba neng ba tla e ja e le lefa. (Ruthe 4:9-13) Boaze le Ruthe ba ile ba ba le ngwana ya bitswang Obede, eo ha morao e ileng ya ba ntatemoholo wa Morena Davida.​—Ruthe 4:17.

12 Nahana feela hore na Naomi o ne a kgotsofetse hokae ha a ntse a nkile Obede ebile a ntse a rapela Jehova ho tswa pelong a mo leboha. Empa ho na le ditlhohonolofatso tse ding tseo Naomi le Ruthe ba tla di fumana. Ha ba se ba tsositswe bafung, e tla ba thabo feela mohlang ba tsebang hore Obede e ne e le moholoholo wa Jesu Kreste e leng yena Mesia eo Jehova a neng a tshepisitse hore o a tla.

13. Re ka ithuta dintho dife tsa bohlokwa paleng ya Naomi le Ruthe?

13 Re ithutang? Ha re hlahelwa ke mathata re ka nyahama ra ba ra utlwa bohloko. Ha ho le boima ho ka ba thata hore re bone hore na re tswa le kae. Dinakong tse jwalo, re lokela ho tshepa Ntate wa rona Jehova haholo re be re dule re le haufi le Bakrestemmoho. Ke nnete hore Jehova a ka nna a se ke a tlosa bothata. Ka mohlala, ha a a ka a tsosa monna wa Naomi le bana ba hae bafung. Empa o tla re thusa hore re mamelle. A ka ba a sebedisa le Bakrestemmoho ho re etsetsa dintho tse molemo.​—Liprov. 17:17.

MOLEVI YA ILENG A BATLA A LAHLA JEHOVA

Mongodi wa Pesaleme ya 73 o ile a batla a lahla Jehova hobane a kgalletse batho ba sa mameleng Jehova bao a neng a bona e ka ba phela ha monate. Le rona ntho eo e ka re etsahalla (Sheba serapa sa 14-16)

14. Keng e ileng ya etsa hore Molevi e mong a nyahame haholo?

14 Mongodi wa Pesaleme ya 73 e ne e le Molevi. Ka hoo, o ne a na le tlotla e ikgethang ya ho sebeletsa Jehova sebakeng sa hae sa borapedi. Empa ho na le nako eo ka yona a ileng a nyahama. Hobaneng? O ne a le mona ha a bona batho ba kgopo le ba ikgohomosang, eseng hobane a ne a batla ho tshwana le bona empa hobane ho ne ho bonahala ba phela ha monate. (Pes. 73:2-9, 11-14) Ho ne ho bonahala e ka ba phela ha monate ebile ha ba na mathata. Ntho ena e ile ya etsa hore Molevi eo a nyahame haholo hoo a ileng a ba a re: “Ka sebele ke ha lefeela hore ebe ke hlwekisitse pelo ya ka le hore ebe ke hlatswa matsoho a ka ka ho hloka molato.” Ho hlakile hore ntho ena e ka be e entse hore a tlohele ho sebeletsa Jehova.

15. Ho ya ka Pesaleme ya 73:16-19, 22-25, keng e ileng ya etsa hore Molevi ya ngotseng pesaleme eo a se ke a nyahama?

15 Bala Pesaleme ya 73:16-19, 22-25. Molevi enwa o ile a kena ka “sehalalelong se seholo sa Modimo.” Ha a le moo a na le barapedi ba bang ba Jehova, o ile a kgona ho kgoba matshwafo, a nahana dintho hantle le ho rapela ka boemo ba hae. Ka mora ho etsa jwalo o ile a hlokomela hore monahano wa hae o ne o fosahetse le hore o ne a nkile tsela e neng e ka etsa hore setswalle sa hae le Jehova se senyehe. Hape o ile a hlokomela hore batho ba kgopo ba tla wa, hape “ba tla fela.” Molevi eo o ne a lokela ho bona dintho ka tsela eo Jehova a di bonang ka yona e le hore a tle a se ke a hlola a nyahama le ho monela batho ba kgopo. Ka mora hore a etse jwalo, ha a a ka a hlola a kgathatseha ebile o ile a thaba. O ile a re: “Ntle ho [Jehova] ha ho ntho e nngwe eo ke e thabelang lefatsheng.”

16. Re ka ithutang ho Molevi?

16 Re ithutang? Le ka mohla re se ke ra kgalla batho ba kgopo bao ho bonahalang e ka ba phela ha monate. Monate oo wa bona ke wa nakwana mme ha ba na bokamoso. (Moek. 8:​12, 13) Ha re ka ba kgalla, re tla nyahama re be re qetelle re se re sentse setswalle sa rona le Jehova. Ka hoo, haeba o ka iphumana o se o kgalla batho ba sa mameleng Modimo hobane o bona e ka ba phela ha monate, etsisa Molevi yane. Mamela keletso e ntle e tswang ho Modimo mme o qete nako o na le batho ba etsang thato ya Jehova. Ha o rata Jehova ho feta ntho le ha e le efe, o tla thaba ka ho sa feleng. Hape o tla dula o le tseleng e lebisang ‘bophelong ba sebele.’​—1 Tim. 6:19.

PETROSE O ILE A NYAHAMISWA KE DIPHOSO TSA HAE

Ho nahana ka tsela eo Petrose a ileng a tswela pele a sebeletsa Modimo le hoja a ne a ile a nyahama ho ka tswela rona le batho ba bang molemo (Sheba serapa sa 17-19)

17. Ke dintho dife tse ileng tsa nyahamisa Petrose?

17 Moapostola Petrose e ne e le motho ya mafolofolo empa ka dinako tse ding o ne a bua le ho etsa dintho a sa nahana. Ntho eo e ne e etsa hore ka dinako tse ding a ikwahlaele dintho tseo a ileng a di bua kapa a di etsa. Ka mohlala, ha Jesu a bolella baapostola ba hae hore o tla hloriswa a be a shwe, Petrose o ile a mo kgalemela a re: “Ho hang o ke ke wa ba le qetello ena.” (Mat. 16:21-23) Yaba Jesu o kgalemela Petrose. Ha batho ba bangata ba tla ho tla tshwara Jesu, Petrose o ile a etsa dintho a sa nahana ka hore kapele feela a hlathe tsebe ya lekgoba la moprista ya phahameng. (Joh. 18:10, 11) Jesu o ile a kgalemela Petrose hape. Ntle le moo, Petrose o ne a ile a ithorisa ka hore le ha baapostola ba bang kaofela ba ka siya Jesu, yena o ne a ke ke mo siya. (Mat. 26:33) Empa Petrose o ne a itshepa ho tlola. Ha morao o ile a tshaba batho yaba o latola Jesu ka makgetlo a mararo. Yaba “o tswela ka ntle mme o lla habohloko” hobane a ne a nyahame haholo. (Mat. 26:69-75) E ka nna yaba o ile a ipotsa hore na e be Jesu o sa tla mo tshwarela.

18. Jesu o ile a thusa Petrose jwang hore a se ke a hlola a nyahama?

18 Petrose ha a a ka a itumella ho nyahama mme o ile a tswela pele ho sebeletsa Jehova. Ka mora hore a etse phoso eo, o ile a tswela pele a ntse a sebeletsa Jehova ha mmoho le baapostola ba bang. (Joh. 21:1-3; Lik. 1:15, 16) Keng e ileng ya mo thusa hore a se ke a hlola a nyahama? O ile a hopola hore Jesu o ile a mo rapella hore a se ke a fellwa ke tumelo le hore o ile a nna a re Petrose a kgutle a ilo matlafatsa barababo. Jehova o ile a araba thapelo eo ya Jesu. Ha morao Jesu o ile a hlaha ho Petrose e le hore a mo kgothatse. (Luka 22:32; 24:33, 34; 1 Bakor. 15:5) Ka mora hore baapostola ba qete bosiu kaofela ba sa tshwasa le ha e se e le tlhapi e le nngwe feela, Jesu o ile a hlaha ho bona. Ka nako eo, Jesu o ile a fa Petrose monyetla wa ho mo bolella hore o a mo rata. Jesu o ne a tshwaretse Petrose motswalle wa hae eo a mo ratang a bile a mo file mosebetsi o eketsehileng.​—Joh. 21:15-17.

19. Pesaleme ya 103:13, 14 e re Jehova o ikutlwa jwang ka rona ha re mo sitetswe?

19 Re ithutang? Tsela eo Jesu a ileng a tshwara Petrose ka yona e a bontsha hore Jesu o mohau haholo jwalo ka Ntate wa hae. Ka hoo ha re etsa diphoso re se ke ra nahana hore Jehova a ke ke a re tshwarela. Re hopole hore ke yona ntho eo Satane a batlang hore re e dumele. Re lokela ho nahana haholo ka hore Jehova o a re rata, o a utlwisisa hore ha re a phethahala ebile o ikemiseditse ho re tshwarela. Hape re lokela ho mo etsisa ha batho ba bang ba re sitelwa.​—Bala Pesaleme ya 103:13, 14.

20. Sehlooho se latelang se tla bua kang?

20 Mohlala wa Josefa, Naomi, Ruthe, Molevi le moapostola Petrose o a re kgodisa hore “Jehova o haufi le ba dipelo di robehileng.” (Pes. 34:18) Ke nnete hore ka dinako tse ding o dumella hore re hlahelwe ke mathata le hore re nyahame. Empa ka thuso ya Jehova, re tla kgona ho mamella mathata mme tumelo ya rona e tla matlafala. (1 Pet. 1:6, 7) Sehlooho se latelang se tla tswela pele ho bua ka hore na ke jwang Jehova a tshehetsang bahlanka ba hae ba nyahameng, e bang ba nyahamisitswe ke diphoso tsa bona kapa ke maemo a boima.

PINA YA 7 Jehova ke Matla a Rona

^ par. 5 Josefa, Naomi, Ruthe, Molevi le moapostola Petrose ba ile ba hlahelwa ke mathata a ileng a ba nyahamisa. Sehloohong sena re tlo ithuta hore na Jehova o ile a ba tshedisa le ho ba matlafatsa jwang. Re tla boela re bone hore na re ka ithutang mohlaleng wa bona le tseleng e mosa eo Modimo a ileng a ba thusa ka yona.

^ par. 56 SETSHWANTSHO SE A HLALOSWA: Naomi, Ruthe, le Orpa ba ne ba utlwile bohloko ba bile ba nyahame hobane ba hlokahalletswe ke banna. Ha morao Ruthe, Naomi le Boaze ba ne ba thabile ka mora hore Obede a hlahe.