Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Na mantswe a moapostola Pauluse a hlahang ho 1 Bakorinthe 15:29 a bontsha hore Bakreste ba bang ba mehleng ya hae ba ile ba kolobetswa molemong wa batho ba hlokahetseng?

Ha hona moo ka Bibeleng kapa dibukeng tsa histori ho bontshwang hore Bakreste ba ile ba kolobetswa molemong wa batho ba neng ba hlokahetse.

Tsela eo temana ena e fetoletsweng ka yona Dibibeleng tse ding, e entse hore batho ba bang ba nahane hore mehleng ya Pauluse batho ba ne ba kolobetswa molemong wa batho ba hlokahetseng. Ka mohlala Bibele Phetolelo e Ncha e re: “Haeba ho hang bafu ha ba na ho tsoha, ke ka baka lang ha ba kolobetswa bakeng sa bafu?”

Le ha ho le jwalo hlokomela seo ditsebi tsa Bibele di se buang. Setsebi se seng e leng Dr. Gregory Lockwood o re ha ho na bopaki ka Bibeleng kapa historing bo bontshang hore ho na le motho ya ileng a kolobetswa molemong wa motho ya hlokahetseng. Setsebi se seng hape sa Bibele e leng Moprofesa Gordon D. Fee o ile a dumellana le seo. O ile a ngola hore ha ho na mohlala ka Bibeleng kapa historing o buang ka kolobetso e jwalo. O re ha ho na moo ho buuwang ka yona Testamenteng e Ntjha hape ha hona bopaki bo bontshang hore e kile ya etswa ke Bakreste ba mehleng ya pele kapa dikereke tse ileng tsa e ba teng ka mora hore baapostola ba hlokahale.

Bibele e re balatedi ba Jesu ba ne ba lokela hore ba ‘etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa, ba ba kolobetse . . . , le ho ba ruta ho boloka dintho tsohle’ tseo a neng a ba laetse tsona. (Mat. 28:19, 20) Pele motho e ka ba morutuwa ya kolobeditsweng o ne a lokela ho mamela Jehova le Mora wa hae, ho ithuta ka bona le ho dumela ho bona. Motho ya neng a se a hlokahetse o ne a ke ke a kgona ho etsa seo mme le Mokreste ya phelang o ne a ke ke a kgona ho etsa seo molemong wa motho ya neng a se a hlokahetse.​—Moek. 9:5, 10; Joh. 4:1; 1 Bakor. 1:14-16.

Jwale Pauluse o ne a bolelang?

Bakorinthe ba bang ba ne ba re ha ho na tsoho ya bafu. (1 Bakor. 15:12) Pauluse o ile a bontsha jwang hore ba ne ba fositse? O ile a re ‘letsatsi le leng le le leng o ne a tadimana le lefu.’ Ke nnete hore ha a a ka a hlokahala ka nako eo empa o ne a kgodisehile hore ha a ka hlokahala o ne a tla tsosetswa ho ilo phela lehodimong jwalo ka Jesu.​—1 Bakor. 15:30-32, 42-44.

Bakorinthe ba ne ba lokela ho utlwisisa hore Bakreste ba tlotsitsweng ba ne ba tla ba le mathata letsatsi le letsatsi le ho hlokahala pele ba ka tsoswa. Ho “kolobetswa ho kena ho Kreste Jesu” ho ne ho akarelletsa ho “kolobetswa ho kena lefung la hae.” (Bar. 6:3) Sena se bolela hore jwalo ka Jesu ba ne ba tla lokela ho ba le mathata le ho hlokahala e le hore ba ka tsosetswa ho ilo phela lehodimong.

Dilemo tse fetang tse pedi ka mora hore Jesu a kolobetswe ka metsi o ile a bolella baapostola ba hae ba babedi a re: “Ka kolobetso eo ke ntseng ke kolobetswa ka yona, le tla kolobetswa ka yona.” (Mar. 10:38, 39) Jesu o ne a bolela hore o ne a tla bolawa hobane a mamela Modimo. Pauluse o ile a ngola hore Bakreste ba tlotsitsweng ba ne ba tla ‘utlwa bohloko ha mmoho e le hore ba ka boela ba tlotliswa ha mmoho.’ (Bar. 8:16, 17; 2 Bakor. 4:17) Ka hoo le bona ba ne ba tla lokela ho hlokahala e le hore ba ka tsosetswa ho ilo phela lehodimong.

Mantswe ana ao Pauluse a ileng a a bua a ka fetolelwa ka tsela ena e nepahetseng: “Ho seng jwalo, ba tla etsang ba ntseng ba kolobetswa ka morero wa ho ba ba shweleng? Haeba bafu ba ke ke ba tsoswa ho hang, ke hobaneng ha le bona ba ntse ba kolobetswa ka morero wa ho ba ba jwalo?”