Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Liproverbia 24:16 e re: “Ya lokileng a ka nna a wa esita le ka makgetlo a supileng.” Na temana ena e bua ka motho ya etsang sebe ka makgetlo empa Modimo a mo tshwarela?

Haele hantle temana ena ha e bue ka motho eo. Ho e na le hoo, temana ena e bua ka motho ya nang le mathata a mangata mme a a mamella.

Ha re ke re shebe temana ya 15 le 17, di re: “O se ke wa lalla sebaka sa bodulo sa ya lokileng, jwalo ka ya kgopo; o se ke wa tlatlapa sebaka sa hae sa phomolo. Etswe ya lokileng a ka nna a wa esita le ka makgetlo a supileng, mme ka sebele o tla ema; empa ba kgopo ba tla etswa hore ba kgoptjwe ke tlokotsi. Ha sera sa hao se wa, o se ke wa thaba; mme ha se etswa hore se kgoptjwe, e se e ka pelo ya hao e ke ke ya nyakalla.”​—Liprov. 24:15-17.

Batho ba bang ba nahana hore temana ya 16 e bua ka motho ya ileng a etsa dibe mme a baka. Ka mohlala baetapele ba babedi ba bodumedi ba hlahang England ba ile ba ngola hore baruti ba nakong e fetileng le ba hona jwale ba hlalositse temana ena ka tsela eo. Ba ile ba boela ba bolela hore tlhaloso eo e ne e tla bolela hore “motho ya lokileng a ka etsa sebe se tebileng empa a tswela pele a rata Modimo le ho ba motswalle wa hae haeba a bakile.” Motho ya sa rateng ho tlohela ho etsa sebe a ka rata tlhaloso ena. A ka nna a nahana hore le haeba a ka etsa sebe hangata Modimo o tla dula a mo tshwarela.

Empa ha se seo temana ya 16 e se bolelang.

Lentswe la Seheberu e leng “ho wa” le hlahang temaneng ya 16 le ya 17 le ka hlaloswa ka ditsela tse ngata tse fapaneng. Ka mohlala le ka bolela phoofolo e welang ka tseleng, motho ya welang a le ka hodima ntlo kapa lejwe le welang fatshe. (Deut. 22:4, 8; Amose 9:9) Lentswe lena le ka boela la sebediswa ka tsela ya tshwantshetso ka tsela e latelang: “Mehato ya monna ya shahlileng e lokisitswe ke Jehova, O kgahlwa ke tsela ya hae. Le hoja a ka wa, a ke ke a tabana fatshe, etswe Jehova o tsheheditse letsoho la hae.”​—Pes. 37:23, 24; Liprov. 11:5; 13:17; 17:20.

Le ha ho le jwalo, hlokomela seo Moprofesa Edward H. Plumptre a ileng a se bua, o re: “Lentswe la Seheberu e leng ‘ho wa’ ha le so ka le sebedisetswa ha ho bolelwa ho wela sebeng.” Ka hoo setsebi se seng sa Bibele se hlalosa temana ya 16 ka tsela ena, o re: “E tla be e le bowatla ho tshwara batho ba Modimo hampe hobane ba tla dula ba atleha, empa batho ba kgopo ba ke ke ba atleha.”

Ka hoo Liproverbia 24:16 ha e bue ka ho etsa sebe empa e bua ka motho ya dulang a na le mathata. Lefatshe leo re phelang ho lona hona jwale motho ya lokileng a ka nna a kula kapa a ba le mathata a mang. Ba boholong pusong ba ka nna ba mo hlorisa ka lebaka la tumelo ya hae. Empa a ka tshepa hore Modimo o tla mo tshehetsa, a mo thuse hore a mamelle le ho hlola mathata ao. Nahana ka moo o ileng wa bona ha Jehova a thusa bahlanka ba hae ka teng. Bibele e re kgodisa hore “Jehova o tshehetsa bohle ba wang, O phahamisa bohle ba inameng.”​—Pes. 41:1-3; 145:14-19.

Motho “ya lokileng” ha a thabe ha a bona batho ba bang ba ba le mathata, ho e na le hoo o thabiswa ke ho tseba “hore dintho di tla tsamaya hantle ho ba tshabang Modimo wa nnete, hobane ba ne ba mo tshaba.”​—Moek. 8:11-13; Jobo 31:3-6; Pes. 27:5, 6.