Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Eba Mafolofolo Mosebetsing wa Hao

Eba Mafolofolo Mosebetsing wa Hao

O IKUTLWA jwang ha motswalle wa hao a o ngolletse lengolo le kgothatsang? Timothea o ile a fumana lengolo le jwalo le tswang ho moapostola Pauluse mme lengolo lena le hlaha ka Bibeleng e le Timothea wa Bobedi. Ha ho pelaelo hore Timothea o ile a batla sebaka se thotseng e le hore a bale seo motswalle wa hae a neng a mo ngolletse sona. E ka nna yaba Timothea o ile a ipotsa dipotso tsena: ‘Ebe Pauluse o ntse a phela jwang? Na ho na le keletso eo a ka mphang yona ho nthusa ka mosebetsi oo ke o etsang? Na keletso eo a nngolletseng yona lengolong lee e tla nthusa hore ke bolele molaetsa wa Mmuso wa Modimo le hore ke thuse batho ba bang?’ Jwalo ka ha re tla bona, Timothea o ile a fumana dikarabo tsa dipotso tsena le dintlha tse ding tse eketsehileng lengolong lena la bohlokwa. Empa hona jwale a re ke re bueng ka dintlha tse mmalwa tsa bohlokwa tse hlahang lengolong lena.

“KE TSWELA PELE HO MAMELLA DINTHO TSOHLE”

Ha Timothea a ne a bala mantswe a qalang a lengolo leo Pauluse a mo ngolletseng lona, e ka nna yaba o ile a bona hore Pauluse o a mo kgathalla. Lengolong leo, Pauluse o ile a re Timothea ke “ngwana ya ratwang.” (2 Tim. 1:2) E ka nna yaba Timothea o ne a le dilemo tse ka hodimo ho 30 ha a ne a fumana lengolo leo, hoo e ka bang ka selemo sa 65 mme e ne e se e ntse e le moholo ya nang le tsebo. O ne a sebeditse le Pauluse dilemo tse fetang leshome mme o ile a ithuta dintho tse ngata ho yena.

E ka nna yaba Timothea o ile a kgothatswa ke ho ithuta ka moo ka botshepehi Pauluse a ileng a mamella maemo a boima ka teng. Pauluse o ne a le teronkong Roma mme haufinyane o ne a tla bolawa. (2 Tim. 1:15, 16; 4:6-8) Timothea o ile a hlokomela hore moapostola Pauluse o ne a le sebete, ka ha Pauluse o ile a re: “Ke tswela pele ho mamella dintho tsohle.” (2 Tim. 2:8-13) Le rona jwalo ka Timothea, mohlala wa Pauluse wa ho mamella o ka re matlafatsa.

‘O FEHLE MPHO JWALO KA MOLLO’

Pauluse o ile a kgothalletsa Timothea hore a nke tshebeletso ya hae e le ya bohlokwa. O ne a batla hore Timothea a “fehle jwalo ka mollo mpho ya Modimo” eo a neng a na le yona. (2 Tim. 1:6) Pauluse o ile a sebedisa lentswe la Segerike khaʹri·sma bakeng sa “mpho.” Lentswe leo la Segerike haele hantle le bolela ho fuwa mpho. Timothea o ile a fuwa mpho ena e le hore a ilo etsa tshebeletso e kgethehileng phuthehong.​—1 Tim. 4:14.

Pauluse o ile a kgothalletsa Timothea hore a etseng ka mpho eo? Ha a ntse a bala mantswe a reng o “fehle jwalo ka mollo,” e ka nna ya ba o ile a nahana ka mollo oo batho ba o besang ntlong o nang le mashala a ntseng a tuka. E le hore mashala ao a dule a tuka batho bao ba lokela ho dula ba a fuduha kapa ba a fehla. Dikishinari e nngwe e re leetsi la Segerike “a·na·zo·py·reʹo” leo Pauluse a ileng a le sebedisa le bolela ho thabela mosebetsi le ho o etsa ka mafolofolo. Haele hantle Pauluse o ne a re Timothea a be mafolofolo mosebetsing wa hae. Le rona re hloka ho etsa se tshwanang ka hore re be mafolofolo tshebeletsong ya rona.

“O LEBELE LETLOTLO LENA LE LETLE”

Ha a ntse a tswela pele ho bala lengolo leo le tswang ho motswalle wa hae Pauluse, Timothea o ile a fumana ntho e nngwe e neng e tla mo thusa hore a atlehe tshebeletsong. Pauluse o ile a ngola a re: “O lebele letlotlo lena le letle ka moya o halalelang o dulang ho rona.” (2 Tim. 1:14) E ne e le letlotlo lefe leo? Ke ntho efe ya bohlokwa eo Timothea a neng a na le yona? Temaneng ya 13 Pauluse o ile a amahanya “mantswe a phedisang hantle,” le nnete e tswang ka Bibeleng. (2 Tim. 1:13) Ka ha Timothea e ne e le mosebeletsi, o ile a lokela ho ruta bara le baradi babo rona le batho ba bang tshimong nnete. (2 Tim. 4:1-5) Hape Timothea o ile a kgethwa hore e be moholo e le hore a dise dinku tsa Modimo. (1 Pet. 5:2) Timothea o ne a tla lokela ho sireletsa letlotlo leo a le fuweng e leng nnete eo a neng a lokela ho e ruta batho ka hore a itshetlehe ka moya o halalelang le ka Lentswe la Modimo.​—2 Tim. 3:14-17.

Le rona kajeno re fuwe nnete eo re lokelang ho e ruta batho ba bang. (Mat. 28:19, 20) Re ka bontsha hore re ananela letlotlo lena la bohlokwa ka hore re dule re rapela le ho bala Lentswe la Modimo ka mehla. (Bar. 12:11, 12; 1 Tim. 4:13, 15, 16) Re ka boela ra ba le mosebetsi o eketsehileng ka ho sebeletsa re le baholo ka phuthehong kapa tshebeletsong ya nako e tletseng. Mosebetsi oo wa bohlokwa o lokela ho etsa hore re ikokobetse le hore re itshetlehe ka thuso ya Jehova. Ka hoo re ka sireletsa letlotlo lena ka hore re le nke e le la bohlokwa hape ra kopa hore Jehova a re thuse hore re le hlokomele.

“DINTHO TSENA O DI BEHE HO BANNA BA TSHEPAHALANG”

Mosebetsi oo Timothea a neng a o etsa o ne o akarelletsa ho kwetlisa batho ba bang hore ba etse mosebetsi oo a neng a o etsa. Pauluse o ile a kgothatsa Timothea ka mantswe ana: “Dintho tseo o ileng wa di utlwa ho nna . . . . o di behe ho banna ba tshepahalang, bao, le bona, e tla ba ba tshwanelehang ka ho lekaneng ho ruta ba bang.” (2 Tim. 2:2) Pauluse o ile a hopotsa Timothea hore o ne a lokela ho ruta ba bang dintho tsohle tseo a ithutileng tsona ho barababo rona. Ka hoo ke ha bohlokwa hore baholo ka phuthehong ba etse se tshwanang. Baholo ba kwetlisa ba bang hore ba tsebe mosebetsi. Ha ba tshwenyehe ka hore batho bao ba ba kwetlisang ba tla tseba mosebetsi ho ba feta. Ka hoo ha ba ba bontshe feela hore na ba etseng. Empa ba thusa batho bao ba ba kwetlisang hore ba be le kahlolo e molemo le hore ba tsebe mosebetsi oo hantle. Ka tsela eo ‘banna bao ba tshepahalang’ ba ileng ba rutwa ba tla kgona ho thusa phutheho haholwanyane.

Ha ho pelaelo hore Timothea o ile a thabela lengolo leo Pauluse a ileng a mo ngolla lona. Re ka inahanela ka moo a neng a dula a bala keletso eo e molemo le ho nahana hore na e ka mo thusa jwang mosebetsing oo a neng a o etsa.

Le rona re batla ho sebedisa keletso ena. Re ka e sebedisa jwang? Re ka etsa sohle seo re ka se kgonang ho fehla mpho ya rona jwalo ka mollo, ho sireletsa letlotlo leo re le fuweng le ho ruta batho ba bang dintho tsohle tseo re ithutileng tsona. Jwalo ka ha Pauluse a ile a bolella Timothea le rona re ka phetha bosebeletsi ba rona ka botlalo.​—2 Tim. 4:⁠5.