Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Rapela ho ka o Thusa Jwang?

Ho Rapela ho ka o Thusa Jwang?

Pamela o ne a tshwerwe ke kankere mme o ne a hloka thuso ya dingaka. Le ha ho le jwalo, o ile a rapela Modimo hore a mo fe matla a ho mamella ho kula. Na thapelo e ile ya mo thusa?

Pamela o re: “Ha ke ntse ke tsamaya teretemente ke ne ke tshoha haholo, empa ha ke ne ke rapela Jehova Modimo ke ne ke kgoba matshwafo mme ke ne ke kgona ho mamella bothata boo ke sa tshohe letho. Ke ntse ke opelwa, empa le ha ho le jwalo, thapelo e nthusa hore ke se ke ka nyahamiswa ke bokudi ba ka. Ha batho ba mpotsa hore na ke ikutlwa jwang ke re, ‘ke ntse ke kula, empa ke thabile!’”

Ke nnete hore re ke ke ra emela hore re kule kapa re hlahelwe ke bothata bo itseng pele re ka rapela. Kaofela ha rona re hlahelwa ke mathata, a maholo le a manyane mme hangata re hloka thuso ya hore re sebetsane le ona. Na thapelo e ka re thusa?

Bibele e re: “Lahlela morwalo wa hao ho Jehova, o tla o tshehetsa. Le ka mohla a ke ke a dumella ya lokileng hore a therekele.” (Pesaleme ya 55:22) Mantswe aa a kgothatsa hakaakang! Jwale thapelo e ka o thusa jwang? Haeba o rapela Modimo ka tsela e amohelehang o tla o fa seo o se hlokang e le hore o sebetsane le mathata a hao.​—Sheba lebokose le reng “ Thapelo e ka o Thusa Jwang?