Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo o Utloa Lithapelo Tsa Hao?

Na Molimo o Utloa Lithapelo Tsa Hao?

Ha u rapela, na u nahana hore Molimo oa u utloa?

BIBELE E RE’NG?

  • Molimo o mametse. Bibele e re kholisa hore “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena, bohle ba ipiletsang ho eena ka ’nete. . . . O tla utloa mohoo oa bona o kopang thuso.” ​—Pesaleme ea 145:​18, 19.

  • Molimo o batla hore u mo rapele. Bibele e re: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likopo tsa lona tse matla li ke li tsebisoe Molimo.”​—Bafilipi 4:6.

  • Molimo o u tsotella e le kannete. Molimo o ela hloko lintho tse re tšoenyang ’me o batla ho re thusa. Bibele e re: ‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lona ho eena, hobane oa le tsotella.’​—1 Petrose 5:7.