Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Modimo o Utlwa Dithapelo Tsa Hao?

Na Modimo o Utlwa Dithapelo Tsa Hao?

Ha o rapela na o nahana hore Modimo o a o utlwa?

BIBELE E RENG?

  • Modimo o mametse. Bibele e a re kgodisa hore “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho yena, bohle ba ipiletsang ho yena ka nnete. . . . O tla utlwa mohoo wa bona o kopang thuso.”​—Pesaleme ya 145:18, 19.

  • Modimo o batla hore o rapele yena. Bibele e re: “Le se ke la tshwenyeha ka letho, empa nthong e nngwe le e nngwe ka thapelo le thapedi ha mmoho le diteboho dikopo tsa lona tse matla di ke di tsebiswe Modimo.”​—Bafilipi 4:6.

  • Modimo o a o kgathalla. Modimo o ela hloko dintho tse re tshwenyang mme o batla ho re thusa. Bibele e re: ‘Lahlelang matshwenyeho ohle a lona ho yena, hobane o a le tsotella.’​—1 Petrose 5:7.