Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jesu o ile a re Lefatshe le Tla Fediswa Neng?

Jesu o ile a re Lefatshe le Tla Fediswa Neng?

Sehloohong se fetileng, re ithutile hore ha Bibele e bua ka bofelo ba lefatshe ha e bue ka ho fediswa ha lefatshe lena leo re dulang ho lona kapa batho kaofela. Ho e na le hoo, ho tla fediswa dintho tse mpe le batho ba di etsang. Na Bibele e a re bolella hore na lefatshe le tla fediswa neng?

NAHANA KA DINTHO TSENA TSE PEDI TSEO JESU A ILENG A DI BUA MABAPI LE BOFELO BA LEFATSHE:

“Ka hona, le dule le lebetse, hobane ha le tsebe letsatsi kapa yona hora.”​—MATHEU 25:13.

“Dulang le tadimile, le dule le fadimehile, ka ha ha le tsebe hore na nako e behilweng e tla ba neng.”​—MAREKA 13:33.

Ha ho na motho ya tsebang hantle hore na lefatshe le tla fediswa neng. Le ha ho le jwalo, Modimo o na le “nako e behilweng,” e leng ‘letsatsi le yona hora’ eo ka yona bofelo ba lefatshe bo tla tla ka yona. (Matheu 24:36) Na see se bolela hore ha ho na tsela le ha e le efe ya ho tseba hore na bofelo ba lefatshe bo tla tla neng? Tjhe. Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae dintho tse tla etsahala tse neng di tla bontsha hore bofelo bo atametse.

MATSHWAO A MEHLA YA BOFELO

Matshwao ao e ne e tla ba pontsho ya “qetello ya tsamaiso ya dintho.” Jesu o ile a re: “Setjhaba se tla tsohela setjhaba matla le mmuso o tla tsohela mmuso matla, mme ho tla ba le dikgaello tsa dijo le ditshisinyeho tsa lefatshe sebakeng se seng ka mora se seng.” (Matheu 24:3, 7) O ile a boela a re ho tla ba le “mafu a sewa.” (Luka 21:11) Na o bona dintho tsee di etsahala?

Kajeno batho ba utlwiswa bohloko ke dintwa, tlala, ditshisinyeho tsa lefatshe le mafu a fapafapaneng. Ka mohlala ka 2004, ho ile ha e ba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe Indian Ocean mme ya baka tsunami e ileng ya bolaya batho ba ka bang 225 000. Ka dilemo tse tharo feela, COVID-19 e bolaile batho ba ka bang dimilione tse 6.9 lefatsheng lohle. Jesu o ile a bolela hore diketsahalo tsena di ne di tla bontsha hore bofelo ba lefatshe bo haufi.

“MATSATSI A HO QETELA”

Bibele e hlalosa nako ya pele ho bofelo e le “matsatsi a ho qetela.” (2 Petrose 3:​3, 4) Ho latela lengolo la 2 Timothea 3:1-5, matsatsing a ho qetela batho ba ke ke ba ba le boitshwaro bo botle. ( Sheba lebokose le reng, “Pele Lefatshe le Fediswa.”) Kajeno batho ha ba nahanele batho ba bang, ba meharo, ba bohale bo tshosang ebile ha ba na lerato. Bona ke bopaki ba hore bofelo ba lefatshe bo haufi haholo.

Matsatsi a ho qetela a tla nka nako e kae? Bibele e re ho setse “nako e kgutshwanyane.” Ka mora moo Modimo o tla fedisa batho “ba senyang lefatshe.”​—Tšenolo 11:​15-18; 12:⁠12.

LEFATSHE LA PARADEISE LE HAUFI!

Modimo o se a behile letsatsi le hora eo ka yona a tla fedisa lefatshe lena. (Matheu 24:​36) Ditaba tse ding tse monate ke hore Modimo “ha a lakatse hore le ha e le mang a timetswe.” (2 Petrose 3:9) Ke ka hoo a re fang monyetla wa hore re ithute melao ya hae le hore re mo mamele. Hobaneng? Hobane o batla hore re pholohe ha batho ba kgopo ba fediswa mme re phele lefatsheng la hae le letjha leo e tla beng e le paradeise.

Modimo o lokiseditse hore batho bohle ba ithute hore na ba lokela ho etsang e le hore ba phele lefatsheng le letjha ha Mmuso wa hae o se o busa. Jesu o ile a re ditaba tse molemo tse mabapi le Mmuso wa Modimo di tla bolelwa “lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona.” (Matheu 24:​14) Dipaki Tsa Jehova lefatsheng lohle di qeta dihora tse dibilione di ruta batho molaetsa wa Bibele o fanang ka tshepo. Jesu o ile a re batho ba ne ba tla rutwa molaetsa wa Bibele lefatsheng lohle pele bofelo bo ka tla.

Mebuso ya batho e haufi le ho fediswa. Ditaba tse monate ke hore o ka pholoha ha lefatshe lena le fediswa mme wa phela lefatsheng la paradeise leo Modimo a re tshepisitseng lona. Sehloohong se latelang re tla ithuta hore na re lokela ho etsang e le hore re phele lefatsheng leo le letjha.

Boprofeta ba Jesu bo mabapi le “matsatsi a ho qetela” bo re fa tshepo