Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Etsa’ng e le Hore U Phele Lefatšeng le Lecha?

U ka Etsa’ng e le Hore U Phele Lefatšeng le Lecha?

Lihloohong tse fetileng, re ithutile hore haufinyane Molimo o tla felisa mathata ’ohle le batho bohle ba khopo. Re ka kholiseha hore lintho tsena li tla etsahala. Hobane’ng? Hobane Lentsoe la Molimo e leng Bibele le re:

“Lefatše lea feta.”​—1 JOHANNE 2:17.

Re ka kholiseha hore ho tla ba le batho ba tla pholoha hobane temana ea Bibele eo re buileng ka eona ka holimo e re:

“Ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”

Re lokela ho etsa thato ea Molimo e le hore re pholohe. E le hore re tsebe hore na thato ea Molimo ke efe, ntho ea pele eo re lokelang ho e etsa ke hore re mo tsebe.

RE LOKELA HO ‘TSEBA MOLIMO’ E LE HORE RE PHOLOHE

Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete.” (Johanne 17:3) Re lokela ho ‘tseba Molimo’ e le hore re pholohe ha batho ba khopo ba felisoa. Ho tseba Molimo ha ho bolele feela ho lumela hore o teng kapa ho tseba lintlha tse seng kae ka eena. Re lokela ho ba metsoalle ea hae. Ka mohlala, e le hore u be motsoalle oa motho u lokela ho qeta nako u e-na le eena. Ho joalo le ka ho ba motsoalle oa Molimo. Hlokomela lintho tseo re ithutang tsona Bibeleng tse ka re thusang hore re be metsoalle ea Molimo.

BALA BIBELE, LENTSOE LA MOLIMO KAMEHLA

U ka pholoha bofelo ba lefatše haeba u rapela Molimo hore a u thuse ebile u etsa thato ea hae.

Re hloka lijo e le hore re phele empa Jesu o ile a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.”​—Matheu 4:4.

Mehleng ena mantsoe a Jehova a ngotsoe ka Bibeleng. Ha u ntse u bala buka eo e halalelang, u tla ithuta hore na ke lintho life tseo Molimo a li entseng nakong e fetileng, tseo a li etsang hona joale le tseo a tla li etsa nakong e tlang.

RAPELA MOLIMO HORE A U THUSE

Ke’ng eo u ka e etsang haeba u batla ho mamela Molimo empa u utloa ho le thata ho tlohella ho etsa lintho tseo a reng li fosahetse? U ka thusoa ke ho tseba Molimo.

Nahana ka mohlala oa ’mè e mong ea bitsoang Sakura, ea neng a etsa boitšoaro bo bobe ba thobalano. Ha a ne a qala ho ithuta Bibele o ile a hlokomela molao oa Molimo o reng re ‘balehele bohlola.’ (1 Bakorinthe 6:18) O ile a rapela Molimo hore a mo fe matla ’me o ile a tlohella ho etsa boitšoaro boo bo bobe. Empa o ntse a lokela ho loantša bothata bona. O re: “Ha ke tleloa ke menahano e fosahetseng, ke rapela Jehova hobane kea tseba hore nke ke ka khona ho loantša bothata bona ntle le hore a nthuse. Ho rapela ho nthusitse hore ke be motsoalle oa Jehova.” Batho ba limilione kajeno ba ntse ba ithuta ka Molimo joaloka Sakura. Molimo o ba fa matla ao ba a hlokang e le hore ba fetole tsela eo ba phelang ka eona ’me ba phele ka tsela e tla mo thabisa.​—Bafilipi 4:13.

Ha u ntse u ithuta ka Molimo ’me u mo tseba haholoanyane, u tla ba motsoalle oa hae. (Bagalata 4:9; Pesaleme ea 25:14) Ha u etsa joalo u tla tšoaneleha hore u phele lefatšeng le lecha la Molimo. Lefatše leo le lecha le tla ba joang? Sehlooho se latelang se tla araba potso ena.

a Bibele e re lebitso la Molimo ke Jehova.