Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka itokisetsa ho phela lefatšeng le lecha hona joale

Lefatše le Lecha la Paradeise le Haufi

Lefatše le Lecha la Paradeise le Haufi

Molimo o entse lefatše e le hore batho ba lokileng ba ka phela ho lona ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 37:​29) Molimo o ile a beha banyalani ba pele e leng Adama le Eva tšimong e ntle ea Edene ’me o ile a fa bona le bana ba bona boikarabelo ba ho e lema le ho e hlokomela.​—Genese 1:​28; 2:15.

Kajeno lefatše ha se Paradeise ebile ha le ka tsela eo Molimo a neng a batla hore le be ka eona. Leha ho le joalo, Molimo o ntse a batla hore lefatše e be Paradeise. O tla le etsa Paradeise joang? Molimo a ke ke a felisa lefatše lena joalokaha lihlooho tse fetileng li se li bontšitse. Ho e-na le hoo, batho ba tšepahalang ba tla phela ho lona. Bophelo bo tla ba joang lefatšeng ha Molimo a phethahatsa lintho tseo a li tšepisitseng?

Ho tla busa ’Muso o le mong

Haufinyane ha ’Muso oa Molimo o leholimong o se o busa batho bohle, batho ba tla thabela ho phela mona lefatšeng ’me ba tla phela hammoho ba etsa mosebetsi o ba thabisang. Molimo o khethile Jesu Kreste hore e be eena ea busang lefatše. Ho fapana le babusi ba bangata kajeno, Jesu o tla lula a hlokomela batho. O tla busa ka lerato ’me e tla ba Morena ea mosa, ea mohau le ea sa khetholleng batho.​—Esaia 11:4.

Batho bohle ba tla phelisana ka khotso

Batho ba ke ke ba aroloa ka hore na ba tsoa naheng efe kapa hore na ke ba morabe ofe empa ba tla phelisana ka khotso. (Tšenolo 7:9, 10) Batho ba tla phela lefatšeng ka nako eo ba tla rata Molimo le baahelani ba bona. Ba tla sebetsa hammoho ka khotso ha ba hlokomela lehae la bona e leng lefatše, joalokaha Molimo a ne a batla.​—Pesaleme ea 115:16.

Maemo a tikoloho a tla ba matle

Ha ’Muso oa Molimo o se o busa lefatšeng, Molimo o tla laola maemo a leholimo hore a lule a le matle. (Pesaleme ea 24:1, 2) Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a re bontša seo Molimo a khonang ho se etsa ha a ne a kokobetsa sefefo se matla. (Mareka 4:39, 41) Ha Kreste a se a busa, ho ke ke ha e-ba le lebaka la ho tšaba likoluoa tsa tlhaho. ’Muso oa Molimo o tla etsa hore batho ba phelisane hantle le liphoofolo ’me batho ba ke ke ba hlola ba senya tikoloho.​—Hosea 2:18.

Bophelo bo botle le lijo tse ngata

Batho bohle ba tla phela hantle. Ha ho na motho ea tla kula, ea tla tsofala kapa ea tla shoa. (Esaia 35:5, 6) Batho ba tla phela tikolohong e ntle e hloekileng, e tšoanang le eo banyalani ba pele ba neng ba phela ho eona tšimong ea Edene. Lefatšeng le lecha ho tla ba le limela tse hlahisang lijo joaloka tšimong ea Edene ’me batho ba tla ba le lijo tse ngata. (Genese 2:9) Batho bohle Paradeiseng ba ‘tla ja bohobe ba bona hore ba khore’ joaloka sechaba sa Molimo sa Iseraele.​—Levitike 26:4, 5.

Khotso le tšireletseho

Ha ’Muso oa Molimo o se o busa, batho bohle ba tla ba le khotso ’me ba ke ke ba khetholla batho ba bang ebile ba tla ba tšoara ka mosa. Ho ke ke ha e-ba le lintoa, batho ba ke ke ba hatella batho ba bang ’me bohle ba tla ba le lintho tseo ba li hlokang. Bibele ea re tšepisa e re: “Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.”​—Mikea 4:3, 4.

Batho bohle ba tla ba le matlo ’me ba thabele mosebetsi oo ba o etsang

Lelapa le leng le le leng le tla ba le ntlo ’me le ke ke la tšoha hore le tla lahleheloa ke eona. Hape re tla thabela mesebetsi eo re e etsang. Bibele e boletse hore batho bohle ba tla phela lefatšeng le lecha “ba ke ke ba sehlela lefeela.”​—Esaia 65:21-23.

Thuto ea bohlokoa

Bibele e re: “Ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova.” (Esaia 11:9) Batho ba tla beng ba phela lefatšeng le lecha ba tla ithuta bohlaleng bo boholo ba ’Mopi oa bona Jehova le ka lintho tse ntle tseo a li bopileng. Ba ke ke ba sebelisa tsebo ea bona ho etsa libetsa kapa ho utloisa batho ba bang bohloko. (Esaia 2:4) Ho e-na le hoo, ba tla ithuta ho phelisana ka khotso le ho hlokomela lefatše.​—Pesaleme ea 37:11.

Bophelo bo sa feleng

Molimo o entse bonnete ba hore o bopa lefatše ka tsela e tla etsa hore re thabele bophelo. O batla hore batho ba phele ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 37:29; Esaia 45:18) E le hore sena se tle se etsahale, Molimo “o tla metsa [felisa] lefu ka ho sa feleng.” (Esaia 25:8) Bibele ea tšepisa e re: “Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng ’me ho siama [masoabi] kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Tšenolo 21:4) Batho bohle bao Molimo a tla ba pholosa ha a felisa lefatše lena le khopo le ba bangata bao a tla ba tsosa lefatšeng le lecha, ba na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.​—Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.

Le hona joale batho ba limilione lefatšeng lohle ba ntse ba itokisetsa ho phela lefatšeng le lecha. Le hoja ba etsa liphoso, ba leka kahohle ho phela ka tsela eo Molimo a batlang hore ba phele ka eona e le hore ba tle ba phele lefatšeng la hae le lecha. Ka tsela efe? Ka ho ithuta ka Jehova Molimo le ka eo a mo romileng Jesu Kreste.​—Johanne 17:3.

Ithute hore na u ka etsa’ng hore u pholohe ha lefatše lena le felisoa e le hore u khone ho phela lefatšeng le lecha. Kopa ho ithuta Bibele mahala le Lipaki Tsa Jehova kapa u kene ho jw.org ho Online Bible Study Lessons.