Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ho ba Motho ea Lokileng ho ka Etsa Hore U Lule U Thabile?

Na ho ba Motho ea Lokileng ho ka Etsa Hore U Lule U Thabile?

Ka lilemo-lemo, haesale batho ba bangata ba e-na le maikutlo a hore haeba motho a lokile ebile a itšoere hantle o tla phela hamonate. Ka mohlala, batho ba bangata ba Asia ba lumellana le seo rafilosofi ea tsebahalang ea bitsoang Confucius a ileng a se bua: “U se ke oa etsa batho ba bang seo u sa batleng hore ba u etse sona.” *

SEO BATHO BA BANGATA BA SE ETSANG.

Batho ba bangata ba lumela hore haeba ba itšoere hantle ba tla lula ba thabile. Ba leka ho ba batho ba hlomphang, ba itšoereng hantle, ba nang le boikarabelo le ba lekang ka thata ho lula ba etsa lintho hantle. Linh ea lulang Vietnam o re: “Kamehla ke ne ke lumela hore haeba ke ne ke bua ’nete ebile ke ikokobelitse ke ne ke tla phela hamonate.”

Ba bang ba leka ho etsa lintho hantle ka lebaka la bolumeli ba bona. Hsu-Yun ea lulang Taiwan o re: “Ke ile ka rutoa hore haeba motho a etsa lintho hantle o tla thaba ka mor’a hore a hlokahale, empa haeba motho a etsa lintho tse mpe o tla hlokofatsoa.”

LITLA-MORAO E-BA LIFE?

Ke ’nete hore haeba re etsetsa batho ba bang lintho tse ntle, ho ba le lintho tse ngata tse re thabisang. Leha ho le joalo, batho ba tšoarang batho ba bang hantle, ba hlokometse hore ha se kamehla ba tšoaroang hantle. Shiu Ping ea lulang Hong Kong o re: “Ke ithutile ka ’na hore batho ba tšoarang batho bang hantle, ha se kamehla ba tšoaroang hantle. Ke lekile ka hohle ho hlokomela lelapa la ka le ho etsa lintho tse ntle. Empa lenyalo la rona ha lea ka la atleha ’me monna oa ka o ile a re siea ’na le mora oa rona.”

Batho ba bangata ba hlokometse hore ha se batho bohle ba kenang kereke ba lokileng. Etsuko ea lulang Japan, o re: “Ke ile ka ba bolumeling bo itseng ’me ka ba mohlophisi oa lintho tsa bacha. Ke ne ke maketse ha ke bona batho ba bolumeli boo ke leng ho bona ba itšoere hampe, ba batla maemo a phahameng, ebile ba sebelisa chelete ea kereke hampe.”

“Ke lekile ka hohle ho hlokomela lelapa la ka le ho etsa lintho tse ntle. Empa lenyalo la rona ha lea ka la atleha ’me monna oa ka o ile a re siea ’na le mora oa ka.”​—SHIU PING, HONG KONG

Batho ba bang ba ileng ba tšepahala malumeling a bona ebile ba itšoere hantle ba ile ba ’na ba soetseha ha lintho tse mpe li ntse li ba etsahalla. Ke kamoo Van ea lulang Vietnam a neng a ikutloa kateng. O re: “Kamehla ke reka litholoana, lipalesa le lijo ’me ke nehelana ka tsona aletareng ea batho ba seng ba hlokahetse, ka tšepo ea hore ke tla lula ke thabile. Ho sa tsotellehe lintho tse ntle tseo ke li entseng le meetlo eohle ea bolumeli ka lilemo tse ngata, monna oa ka o ile a kula haholo. Ka mor’a moo, morali oa ka ea neng a kena sekolo naheng e ’ngoe, o ile a hlokahala a le lilemo li 20 feela.”

Haeba ho ba motho ea lokileng ho sa etse hore o phele hamonate, ke’ng e tla etsa hore o phele hamonate? Ho araba potso ena, re hloka tataiso eo re ka e tšepang e tla re thusa ho araba lipotso tsa rona le ho re bontša hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re lule re thabile nakong e tlang. Ke hokae moo re ka fumanang tataiso eo?

^ ser. 2 Ho ithuta lintlha tse eketsehileng ka seo Confucius a ileng a se ruta, sheba Khaolo ea 7, serapeng sa 31-35, bukeng ea Moloko oa Batho o Batla Molimo, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, e boetse e fumaneha Inthaneteng ho www.pr418.com.