Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hokae Moo U ka Fumanang Tataiso eo U ka e Tšepang e Tla U Thusa Hore U Phele Hamonate?

Ke Hokae Moo U ka Fumanang Tataiso eo U ka e Tšepang e Tla U Thusa Hore U Phele Hamonate?

Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, re hlokometse hore batho ba bangata ba leka ho phela bophelo bo monate ka ho tšepa lintho tse joaloka ho lumela hore bophelo bo reriloe esale pele, ho batla thuto e phahameng, ho rua le ho ba batho ba lokileng. Haeba u etsa lintho tsena e le hore u lule u phele hamonate, ho tšoana le ha u ea sebakeng seo u sa se tsebeng u sebelisa ’mapa o fosahetseng. Na see se bolela hore ha ho na tataiso eo re ka e sebelisang bakeng sa bokamoso ba rona? Ha ho joalo.

HO FUMANA TATAISO MOHLOLING O TŠEPAHALANG

Ha re etsa liqeto, hangata re kopa thuso ho motho ea holileng kapa ea bohlale ho re feta. Ka tsela e tšoanang, re ka fumana tataiso eo re ka e tšepang ka bokamoso ba rona ho motho ea moholo ka ho fetisisa le ea bohlale ho re feta. Re ka fumana tataiso eo bukeng e ileng ea ngoloa lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng. Buka eo e halalelang e bitsoa Bibele.

Ke hobane’ng ha u ka tšepa Bibele? Hobane Mongoli oa eona o moholo ebile o bohlale ka ho fetisisa bokahohleng. O hlalosoa e le “Moholo-holo oa Matsatsi” eo esale a le teng “ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Daniele 7:9; Pesaleme ea 90:2) Ke eena “’Mopi oa maholimo, eena Molimo oa ’nete, ’Mopi oa lefatše le Moetsi oa lona.” (Esaia 45:18) Oa re bolella hore lebitso la hae ke Jehova.​—Pesaleme ea 83:18.

Kaha Bibele e ngotsoe ke ’Mopi oa batho bohle, ha hona moo e bontšang hore batho ba morabe o itseng kapa ba setso se itseng ba bohlokoa ho feta batho ba bang. Kamehla keletso ea eona ea sebetsa ’me e thusitse batho ba bangata lefatšeng lohle. E fumaneha ka lipuo tse ngata ’me batho ba bangata ba na le eona ho feta buka le ha e le efe. * Sena se bolela hore batho ba bangata ba ka khona ho e utloisisa ha bonolo ebile e ka khona ho ba tataisa. Taba ena e lumellana hantle le seo Bibele e se buang:

“Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”​—LIKETSO 10:34, 35.

Joaloka motsoali ea lerato ea thusang bana ba hae, Jehova ke Ntate ea lerato ea batlang ho re thusa a sebelisa Lentsoe la hae Bibele. (2 Timothea 3:​16) Re ka tšepa Lentsoe la hae hobane ke eena ea re bopileng ebile o tseba se ka re thabisang.

U lokela ho etsa’ng e le hore u thabele bophelo bo joalo? Fumana karabo sehloohong se latelang.

^ ser. 6 E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng ka ho fetoleloa le ho ajoa ha Bibele e ea ho www.pr418.com/st ’me u shebe tlasa LITHUTO TSA BIBELE > HISTORI LE BIBELE.

^ ser. 16 Ho fumana lintlha tse eketsehileng sheba Khaolo ea 9 bukeng ea Bibele​—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. E fumaneha websaeteng ea rona ea Watchtower Online Library.