Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 2

Seo re Ithutang Sona ho ‘Morutuwa eo Jesu a Neng a mo Rata’

Seo re Ithutang Sona ho ‘Morutuwa eo Jesu a Neng a mo Rata’

“A re tsweleng pele ho ratana, hobane lerato le tswa ho Modimo.”​—1 JOH. 4:7.

PINA YA 105 “Modimo ke Lerato”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Hore ebe Modimo o a o rata ho etsa hore o ikutlwe jwang?

MOAPOSTOLA Johanne o ile a re “Modimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) Re a tseba hore Modimo ke yena ya re bopileng empa mantswe ana a re thusa ho hopola hore ke Modimo ya entseng hore ho be le lerato. Jehova o a re rata mme sena se etsa hore re thabe, re ikutlwe re sireletsehile ebile re kgotsofetse.

2. Ho ya ka Matheu 22:37-40, ke ditaelo dife tse pedi tse kgolo, hona ke hobaneng ha ka dinako tse ding ho ka ba thata ho mamela taelo ya bobedi?

2 Bakreste ba tlameha ho ratana. Ha e le hantle eo ke taelo. (Bala Matheu 22:37-40.) Haeba re tseba Jehova hantle, ho tla ba bonolo hore re mamele taelo ya pele. Ho feta moo Jehova o phethahetse, o a re kgathalla ebile o re bontsha mosa. Empa ho ka ba thata ho mamela taelo ya bobedi. Hobaneng? Lebaka ke hore bara le baradibabo rona ha ba a phethahala. Ka hoo ka dinako tse ding ba ka re utlwisa bohloko le ho etsa dintho tse ka bontshang eka ha ba re rate. Jehova o ne a tseba hore ho ne ho ka ba thata ho mamela taelo ya bobedi, ke ka hoo a ileng a sebedisa ba bang ba batho ba neng ba ngola Bibele ho re ruta hore na ke hobaneng ha re lokela ho ratana le hore na re ka etsa seo jwang. E mong wa bangodi bao ke Johanne.​—1 Joh. 3:11, 12.

3. Johanne o ile a hatisa eng?

Johanne o ile a hatisa hore Bakreste ba tlameha ho ba le lerato. Ha e le hantle ditlalehong tseo Johanne a ileng a di ngola ka bophelo ba Jesu, o ile a sebedisa lentswe “lerato” le “ho ratwa” ka makgetlo a mangata ho feta ka moo Matheu, Mareka le Luka ba ileng ba a sebedisa ka teng. Johanne o ne a ka ba dilemo tse 100 ha a ne a ngola buka ya Johanne le mangolo a mang a hae a mararo. Dibuka tseo tsa Bibele di re ruta hore ntho e nngwe le e nngwe eo re e etsang re lokela ho e etsa re susumetswa ke lerato. (1 Joh. 4:10, 11) Le ha ho le jwalo, ho nkile nako hore Johanne a ithute ho bontsha lerato.

4. Na Johanne o ne a dula a bontsha hore o rata batho ba bang?

4 Ha Johanne e ne e sa le motjha o ne a sa bontshe lerato ka dinako tse ding. Ka mohlala, ka lekgetlo le leng Jesu o ile a tsamaya le barutuwa ba hae ho tloha Jerusalema ho ya Samaria. Batho ba bang ba Samaria ha ba a ka ba ba amohela. Johanne o ile a etsang? Yena le Jakobo ba ile ba botsa Jesu hore na ba ka tlisa mollo o tswang lehodimong ho tla fedisa batho ba motse oo. (Luka 9:52-56) Ka nako e nngwe Johanne ha a a ka a bontsha hore o rata baapostola ba bang. Ho bonahala eka yena le Jakobo ba ile ba re Mme wa bona a kope Jesu hore a ba fe sebaka se kgethehileng Mmusong wa hae. Baapostola ba bang ba ile ba halefa ha ba utlwa seo Jakobo le Johanne ba se entseng. (Mat. 20:20, 21, 24) Jesu o ne a rata Johanne le hoja a ne a entse diphoso tsena.​—Joh. 21:7.

5. Re tlo ithutang sehloohong see?

5 Sehloohong sena re tlo ithuta mohlala oo Johanne a re behetseng wona le ka dintho tse ding tseo a ileng a di ngola ka lerato. Ha re ntse re ithuta re tla bona ka moo re ka bontshang bara le baradibabo rona lerato ka teng. Re tla boela re ithute bohlokwa ba ka moo hlooho ya lelapa e ka bontshang hore e rata lelapa ya yona ka teng.

LERATO LE BONTSHWA KA DIKETSO

Jehova o ile a bontsha hore o a re rata ka hore a romele Mora wa hae lefatsheng hore a tlo re shwela (Sheba serapa sa 6 le 7)

6. Jehova o ile a etsang ho bontsha hore o a re rata?

6 Hangata re nahana hore e le hore re bontshe hore re rata motho ke haeba re bua mantswe a mosa. Empa ho bontsha hore re rata batho ba bang re boetse re lokela ho ba bontsha ka diketso. (Bapisa le Jakobo 2:17, 26.) Ka mohlala Jehova o a re rata. (1 Joh. 4:19) O bontsha hore o a re rata ka seo a re ngolletseng sona ka Bibeleng. (Pes. 25:10; Bar. 8:38, 39) Re a tseba hore Modimo o a re rata eseng ka lebaka la dintho tseo a re ngolletseng tsona feela empa le ka dintho tseo a re etsetsang tsona. Johanne o ile a re: “Lerato la Modimo le ile la bonahatswa ho rona ka sena, hobane Modimo o ile a romela Mora wa hae ya tswetsweng a nnotshi lefatsheng e le hore re ka fumana bophelo ka yena.” (1 Joh. 4:9) Jehova o ile a dumella hore Mora wa hae a utlwe bohloko a be a shwe molemong wa rona. (Joh. 3:16) Ka hoo sena se etsa hore re kgodisehe hore Jehova o a re rata.

7. Jesu o ile a etsang ho bontsha hore o a re rata?

7 Jesu o ile a kgodisa barutuwa ba hae hore o a ba rata. (Joh. 13:1; 15:15) O ile a bontsha hore o a ba rata le hore le rona o a re rata ka seo a ileng a se bua le seo a ileng a se etsa. O ile a re: “Ha ho ya nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moya wa hae molemong wa metswalle ya hae.” (Joh. 15:13) Re lokela ho susumelletseha ho etsang ha re nahana ka seo Jehova le Jesu ba re etseditseng sona?

8. 1 Johanne 3:18 e re re lokela ho etsang?

8 Re bontsha hore re rata Jehova le Jesu ka hore re ba mamele. (Joh. 14:15; 1 Joh. 5:3) Hape Jesu o ile a re re ratane. (Joh. 13:34, 35) Re lokela ho bontsha hore re rata bara le baradibabo rona ka seo re se buang le ka diketso. (Bala 1 Johanne 3:18.) Ke dintho dife tseo re ka di etsang ho bontsha hore re rata bara le baradibabo rona?

RATA BARA LE BARADIBABO RONA

9. Lerato le ile la susumetsa Johanne hore a etseng?

Johanne a ka be a ile a dula le ntate wa hae e le hore ba etse tjhelete mosebetsing oo ba neng ba o etsa wa ho tshwasa ditlhapi. Empa ho e na le ho etsa seo o ile a kgetha hore bophelo ba hae bohle a thuse batho ba bang ho ithuta ka Jehova le Jesu. Bophelo boo Johanne a ileng a bo phela bo ne bo se bonolo. O ile a hloriswa mme ha a se a tsofetse o ile a iswa botlamuweng. (Lik. 3:1; 4:1-3; 5:18; Tšen. 1:9) Le ha Johanne a ne a le teronkong o ile a bontsha hore o rata batho ba bang. Ka mohlala, ha a ne a le sehlekehlekeng sa Patmose, o ile a ngola lengolo la Tšenolo mme a le romella diphuthehong e le hore di ka tseba se neng se “tla etsahala haufinyane.” (Tšen. 1:1) Ka mora ho lokollwa Patmose, Johanne o ile a ngola Kosepele e buang ka bophelo ba Jesu le tshebeletso ya hae. O ile a boela a ngola mangolo a mararo e le hore a kgothatse bara le baradibabo rona. Re ka etsisa Johanne jwang?

10. O ka bontsha jwang hore o rata batho?

10 O ka bontsha hore o rata batho ba bang ka seo o kgethang ho se etsa bophelong. Lefatshe la Satane le ka etsa hore o qete nako le matla a hao o leka ho etsa tjhelete le ho ipatlela botumo. Le ha ho le jwalo, Bakreste lefatsheng lohle ba qeta nako ba ruta batho Bibele le ho ba thusa hore e be metswalle ya Jehova. Ba bang ba kgona ho bolela ditaba tse molemo ka mehla.

Re bontsha hore re rata bara le baradibabo rona le ba malapa a rona ka seo re ba etsetsang sona (Sheba serapa sa 11 le 17) *

11. Bara le baradibabo rona ba bontsha jwang hore ba rata Jehova le Bakrestemmoho?

11 Bakreste ba bangata ba ya mosebetsing wa boiphediso ka mehla e le hore ba ka thusa ba malapa a bona. Ho ntse ho le jwalo, bara le baradi bana babo rona ba tshehetsa mokgatlo wa Modimo ka ditsela tseo ba ka kgonang ka tsona. Ka mohlala, ba bang ba thusa ha ho na le dikoduwa, ba bang ba sebetsa kahong mme kaofela ha bona ba fana ka monehelo ho tshehetsa mosebetsi wa lefatshe lohle. Ba etsa sena hobane ba rata Modimo le batho ba bang. Beke le beke re bontsha hore re rata bara le baradibabo rona ka ho ba teng dibokeng, ho arabela le ho fana ka dipuo. Le hoja ka dinako tse ding re kgathala, re ba teng dibokeng. Le hoja re ka tshoha re a arabela dibokeng. Hape le hoja kaofela ha rona re na le mathata re kgothatsa ba bang pele ho diboka le ka mora tsona. (Baheb. 10:24, 25) Re ananela mosebetsi oo bara le baradibabo rona ba o etsang.

12. Ke ka tsela efe e nngwe eo Johanne a ileng a bontsha hore o rata bara le baradibabo rona?

12 Johanne o ile a bontsha hore o rata bara le baradibabo rona ka ho ba kgothatsa le ka ho ba fa keletso. Ka mohlala, lengolong leo Johanne a ileng a le ngola o ile a kgothatsa bara le baradibabo rona ka tumelo eo ba neng ba na le yona le ka mosebetsi o motle oo ba neng ba o etsa, empa o ile a boela a ba fa keletso e tobileng mabapi le ho etsa sebe. (1 Joh. 1:8–2:1, 13, 14) Ka tsela e tshwanang le rona re lokela ho babatsa bara le baradibabo rona ka dintho tse ntle tseo ba di etsang. Empa haeba mora kapa moradiwabo rona a qala a etsa ntho e ka senyang setswalle sa hae le Jehova, re lokela ho bontsha hore re a mo rata ka hore ka mosa re mo fe keletso. Ha ho bonolo hore o fe motswalle wa hao keletso, empa Bibele e re motswalle wa nnete o fa motswalle wa hae keletso.​—Liprov. 27:17.

13. Ke eng eo re sa lokelang ho e etsa?

13 Ka dinako tse ding re bontsha hore re rata bara le baradibabo rona ka dintho tseo re sa di etseng. Ka mohlala, ha re utlwiswe bohloko ha bonolo ke seo ba se etsang. Nahana ka se ileng sa etsahala pele Jesu a shwa. O ile a bolella barutuwa ba hae hore e le hore ba fumane bophelo, ba ne ba lokela ho ja nama ya hae le ho nwa madi a hae. (Joh. 6:53-57) Bongata ba barutuwa ba Jesu ha bo a ka ba rata mantswe ao a ileng a a buwa, ka hoo ba ile ba tlohela ho tsamaya le yena empa metswalle ya Jesu e tshepahalang ho akarelletsa le Johanne ba ile ba tsamaya le yena. Ba ne ba sa utlwisise hore Jesu o ne a bolelang ebile ba makatswa ke seo. Le ha ho le jwalo, metswalle ya Jesu e tshepahalang ha e a ka ya nahana hore seo Jesu a ileng a se bua se fosahetse ebile ha ba a ka ba kwatiswa ke seo. Ho e na le hoo ba ile ba mo tshepa hobane ba ne ba tseba hore o ne a bua nnete. (Joh. 6:60, 66-69) Ke ha bohlokwa hore le rona re se ke ra utlwiswa bohloko ha bonolo ke seo metswalle ya rona e se buang. Ho e na le hoo re lokela ho ba fa monyetla wa hore ba hlalose hore na ba ne ba bolelang.​—Liprov. 18:13; Moek. 7:9.

14. Ke hobaneng ha re sa lokela ho hloya bara le baradibabo rona?

14 Johanne o ile a boela a re kgothalletsa hore re se ke ra hloya bara le baradibabo rona. Haeba re sa mamele keletso eo, Satane a ka re susumetsa hore re etse dintho tse mpe. (1 Joh. 2:11; 3:15) Sena se ile sa etsahalla ba bang mehleng ya baapostola. Ka nako eo Satane o ile a etsa sohle seo a ka se kgonang ho etsa hore bahlanka ba Modimo ba hloyane le hore ba ikarole. Nakong eo Johanne a neng a ngola lengolo la hae, banna ba neng ba kgothalletsa lehloyo le karohano e ile ya ba karolo ya phutheho. Ka mohlala, Diotrefe o ne a baka dikarohano ka phuthehong. (3 Joh. 9, 10) O ne a sa hlomphe baholo ba neng ba rometswe diphuthehong ke sehlopha se busang. O ile a leka ho ntsha ba bang ka phuthehong ba neng ba leka ho amohela batho bao a sa ba rateng. Ka nnete o ne a etsa ntho e mpe. Le kajeno Satane o ntse a leka ka matla ho thibela bahlanka ba Modimo ho thusana. Ka hoo e se eka re ka rata bara le baradibabo rona le ho ba thusa.

RATA LELAPA LA HAO

Jesu o ile a kopa Johanne hore a hlokomele Mme wa hae le hore a mo kgothalletse ho tswela pele ho sebelletsa Jehova. Dihlooho tsa malapa di lokela ho hlokomela malapa a tsona ka dintho tseo a di hlokang (Sheba serapa sa 15 le 16)

15. Ke eng eo hlooho ya lelapa e lokelang ho e hopola?

15 Ntho ya bohlokwa eo ntate a bontshang ka yona hore o rata lelapa la hae ke ka ho le hlokomela ka dintho tseo le di hlokang. (1 Tim. 5:8) Le ha ho le jwalo, o lokela ho hopola hore ntho ya bohlokwa ke ho thusa lelapa la hae hore le sebeletse Jehova. (Mat. 5:3) Nahana ka mohlala o motle oo Jesu a o behetseng dihlooho tsa malapa. Buka ya Johanne e re bolella hore Jesu o ne a ntse a nahana ka lelapa labo esita le ha a ne a shwa thupeng ya tlhokofatso. Johanne o ne a eme le Mme wa Jesu e leng Maria ha Jesu a ne a ahlolwa. Ho sa tsotellehe bohloko boo Jesu a neng a bo utlwa o ile a kopa Johanne hore a hlokomele Maria. (Joh. 19:26, 27) Jesu o ne a na le banababo bao ba neng ba ka hlokomela Maria ka dintho tseo a di hlokang empa ha ho bonahale eka ho ne ho na le eo e neng e le molatedi wa hae ka nako eo. Ka hoo Jesu o ne a batla ho etsa bonnete ba hore ho na le motho eo a neng a ka hlokomela Maria le ho mo kgothalletsa ho tswela pele a sebeletsa Jehova.

16. Ke boikarabelo bofe boo Johanne a neng a na le bona?

16 Johanne o ne a na le boikarabelo bo bongata. Ka ha e ne e le moapostola o ne a lokela ho ba mafolofolo mosebetsing wa boboledi. E ka nna yaba o ne a nyetse, ka hoo o ne a lokela ho hlokomela lelapa la hae le ho le thusa hore le sebeletse Jehova. (1 Bakor. 9:5) Dihlooho tsa malapa di ithutang ho see?

17. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore hlooho ya lelapa e hlokomele lelapa la yona le ho le thusa hore le sebeletse Jehova?

17 Morabo rona eo e leng hlooho ya lelapa a ka nna a ba le boikarabelo bo bongata. Ka mohlala, o lokela ho sebetsa ka thata mosebetsing wa hae wa boiphediso e le hore tsela eo a itshwarang ka yona e tlise thoriso ho Jehova. (Baef. 6:5, 6; Tite 2:9, 10) Hape a ka nna a ba le boikarabelo ka phuthehong e leng ho kgothatsa, ho matlafatsa bara le baradibabo rona le ho etella pele mosebetsing wa boboledi. Hape ntho ya bohlokwa eo a e etsang ke ho ithuta Bibele ka mehla le lelapa la hae. Le tla ananela boiteko boo a bo etsang ho le hlokomela le ho le thusa ho sebeletsa Jehova.​—Baef. 5:28, 29; 6:4.

“DULA LERATONG LA KA”

18. Johanne o ne a kgodisehile ka eng?

18 Johanne o ile a phela nako e telele mme o ile a thabela dintho tse ngata bophelong ba hae. O ile a boela a ba le mathata a neng a ka etsa hore tumelo ya hae e fokole. Empa o ne a dula a etsa sohle seo a ka se kgonang ho mamela ditaelo tsa Jesu tse akarelletsang ho rata bara le baradibabo rona. Ka lebaka la seo Johanne o ne a kgodisehile hore Jehova le Jesu ba a mo rata ebile ba ne ba tla mo fa matla a hore a mamelle mathata ao. (Joh. 14:15-17; 15:10; 1 Joh. 4:16) Ha ho na letho leo Satane a ileng a le etsa ho thibela Johanne ho rata bara le baradibabo rona le ho bontsha seo ka diketso le ka seo a se buang.

19. 1 Johanne 4:7 e re kgothalletsa hore re etseng, hona hobaneng?

19 Jwalo ka Johanne re phela lefatsheng le buswang ke Satane ya sa rateng motho le ha e le ofe. (1 Joh. 3:1, 10) Satane a ke ke a kgona ho etsa hore re hloye bara le baradibabo rona ntle le ha re ka mo dumella ho etsa seo. E se eka re ka bontsha hore re rata bara le baradibabo rona ka seo re se buang le seo re se etsang. Haeba re etsa jwalo re tla thabela ho ba karolo ya lelapa la Jehova hape re tla thabela bophelo.​—Bala 1 Johanne 4:7.

PINA YA 88 Ntsebise Ditsela Tsa Hao

^ par. 5 Re ka re moapostola Johanne e ne e le ‘morutuwa eo Jesu a neng a mo rata.’ (Joh. 21:7) Le hoja Johanne e ne e sa le motjha ha a ne a tsamaya le Jesu, e tlameha ebe o ne a na le makgabane a matle. Ha morao ha a se a hodile, Jehova o ile a mo sebedisa hore a ngole haholo ka lerato. Sehlooho sena se tla bua ka tse ding tsa dintho tseo Johanne a ileng a di ngola le hore na keng seo re ka ithutang sona mohlaleng wa hae.

^ par. 59 SETSHWANTSHO SE A HLALOSWA: Hlooho ya lelapa e thusa moo ho nang le dikoduwa, o tshehetsa mosebetsi wa lefatshe lohle ka monehelo mme o mema ba bang hore ba be le yena le lelapa la hae borapeding ba lelapa.