Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 4

Tsoelang Pele ho Ratana Joaloka Lelapa

Tsoelang Pele ho Ratana Joaloka Lelapa

“Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu.”​—BAR. 12:10.

PINA EA 109 Ratanang ka Pelo Eohle

SELELEKELA *

1. Batho ba mehleng ee ba bontša joang hore ha ba na lerato la tlhaho?

BIBELE e ile ea bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela batho ba tla hloka “lerato la tlhaho.” (2 Tim. 3:​1, 3) Boprofeta bona bo phethahala hantle mehleng ena. Ka mohlala, malapa a mangata a arohane ka lebaka la tlhalo kahoo, taba ena e etsa hore banyalani ba koatelane ’me bana bona ba utloe ba sa ratoe. Esita le malapa a ntseng a lula hammoho a ka ’na a se utloane. Moeletsi e mong oa malapa o re: “Ka lapeng, ’mè, ntate le bana ha ba na kutloano ho e-na le hoo ba utloana haholo le lik’homphieutha, li-tablet, lifono kapa lipapali tsa livideo. Le hoja batho bana ba lula hammoho, ha ba tsebane ho hang.”

2, 3. (a) Ho ea ka Baroma 12:​10, ke bo-mang bao re lokelang ho ba bontša lerato? (b) Re tl’o hlahloba’ng sehloohong see?

2 Ha re batle ho hloka lerato joaloka batho ba bangata ba lefatše lena. (Bar. 12:2) Ho e-na le hoo, re batla ho ba le lerato le mofuthu eseng feela ho ba lelapa empa le ho Bakreste-’moho le rona. (Bala Baroma 12:​10.) Lerato lee leo re buang ka lona ke la mofuta ofe? Ke leo malapa a utloanang le a ratanang a ikutloang ka eona. Lerato lena ke lona leo re hlokang ho ba le lona bakeng sa Bakreste-’moho le rona. Ha re e-na le lerato lena, re tla etsa hore bohle ba sebeletse Jehova ba momahane ebile ba thabile.​—Mik. 2:12.

3 E le hore re khone ho ba le lerato lena, a re boneng hore na re ka ithuta’ng mehlaleng e ka Bibeleng.

“JEHOVA O NA LE LERATO LE MOFUTHU HAHOLO”

4. Jakobo 5:​11 e re bolella’ng ka lerato leo Jehova a re ratang ka lona?

4 Bibele e re senolela makhabane a Jehova. Mohlala, e re “Molimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) Na ha u utloa temana eo, ha u susumeletsehe hore u batle ho ba motsoalle oa Jehova? Bibele e boetse e re: “Jehova o na le lerato le mofuthu haholo.” (Bala Jakobo 5:​11.) Ena ke tsela e ntle haholo ea ho hlalosa kamoo Jehova a re ratang kateng.

5. Jehova o bontša mohau joang, hona re ka mo etsisa joang?

5 Na u hlokometse hore Jakobo 5:​11 e amahanya lerato la Jehova le mohau oo le oona o etsang hore re batle ho ba haufi le eena? (Ex. 34:6) Tsela eo Jehova a re bontšang mohau ka eona ke ka ho re tšoarela ha re entse liphoso. (Pes. 51:1) Ka Bibeleng, mohau ha o hlalosoe e le ho tšoarela feela. O boetse o hlalosoa e le boikutlo boo motho a bang le bona ha a bona motho ea nang le mathata ’me a susumelletseha ho mo thusa. Jehova o re tsela eo a ikutloang ka eona ea hore a re thuse e matla ho feta tsela eo ’mè a ikutloang ka eona ka ngoana oa hae. (Esa. 49:​15) Haeba re e-na le mathata, mohau oa Jehova o mo susumelletsa hore a re thuse. (Pes. 37:​39; 1 Bakor. 10:​13) Re ka bontša bara le barali ba bo rona mohau ka hore re ba tšoarele ’me re se ke ra lula re koatile haeba ba entse ntho e re utloisitseng bohloko. (Baef. 4:​32) Empa tsela e ka sehloohong eo re ka bontšang bara le barali ba bo rona mohau ka eona, ke ka hore re ba tšehetse ha ba e-na le mathata. Haeba lerato le re susumelletsa hore re be mohau ho batho ba bang, re tla be re etsisa Jehova ea nang le lerato le mofuthu ho feta motho le ha e le ofe.​—Baef. 5:1.

JONATHANE LE DAVIDA BA BA LE SETSOALLE SE MATLA

6. Jonathane le Davida ba ile ba bontša joang hore baa ratana?

6 Bibele e re bolella ka batho ba sa phethahalang ba ileng ba bontšana lerato le matla haholo. Nahana ka mohlala oa Jonathane le Davida. Bibele e re: “Moea oa Jonathane oa tlamahana le moea oa Davida, ’me Jonathane a qala ho mo rata joaloka moea oa hae.” (1 Sam. 18:1) Davida o ile a tlotsoa hore a tle a hlahlame Saule boreneng. Ka mor’a moo, Saule o ile a monela Davida eaba o leka ho mo bolaea. Empa Jonathane mora oa Saule ha aa ka a tšehetsa ntate oa hae ha a ne a batla ho bolaea Davida. Jonathane le Davida ba ile ba tšepisana hore ba tla lula e le metsoalle ba bile ba tšehetsana.​—1 Sam. 20:​42.

Jonathane le Davida ba ne ba e-na le setsoalle se matla le hoja ba ne ba sieana ka lilemo tse ngata (Sheba serapa sa 6 ho ea ho sa 9)

7. Jonathane le Davida ba ne ba ka thibeloa ke’ng hore e be metsoalle?

7 Tsela eo Jonathane le Davida ba neng ba utloana le ho ratana ka eona ea hlolla kaha ho ne ho e-na le lintho tse ngata tse neng li ka ba thibela hore e be metsoalle. Ka mohlala, Jonathane o ne a feta Davida ka lilemo tse ka bang 30. Jonathane o ne a ka nahana hore e ke ke ea e-ba motsoalle oa moshanyana enoa ea monyane le ea sa tsebeng hakaalo ka bophelo. Empa Jonathane o ne a sa nke Davida e le motho ea fokolang hakaalo.

8. U nahana hore ke hobane’ng ha Jonathane e ne e le motsoalle ea molemo ho Davida?

Jonathane o ne a ka ’na a shoela Davida mona. Kaha e ne e le mora oa Morena Saule, o ne a ka ’na a re ke eena ea nang le tokelo ea ho hlahlama morena. (1 Sam. 20:​31) Empa o ne a ikokobelitse hape a tšepahalla Jehova. Kahoo, o ile a tšehetsa qeto eo Jehova a e entseng ea hore Davida e be eena morena. O ne a boetse a tšepahalla Davida le hoja ntho ena e ile ea koatisa Saule haholo.​—1 Sam. 20:​32-34.

9. Hlalosa hore re na re tseba joang hore Jonathane o ne a sa monele Davida.

Jonathane o ne a rata Davida ka lerato le matla haholo, kahoo o ne a sa mo monele. Jonathane e ne e le mohlabani ea sebete hape o ne a e-na le boiphihlelo ntoeng. Batho ba ne ba re Jonathane le ntate oa hae ba ne ba le “lebelo ho feta lintsu” ebile ba le “matla ho feta litau.” (2 Sam. 1:​22, 23) Ka hona, Jonathane o ne a ka ikotla sefuba ka lebaka la hore e ne e le mohale oa ntoa. Leha ho le joalo, Jonathane o ne a se na moea oa tlholisano hape a se mona. Ho fapana le hoo, Jonathane o ne a rata Davida hobane a le sebete a bile a tšepa Jehova. Ha e le hantle, e bile ka mor’a hore Davida a bolaee Goliathe moo Jonathane a ileng a mo rata haholo. Joale, re ka bontša lerato le tšoanang le leo ho Bakreste-’moho le rona joang?

RE KA BONTŠA LERATO LE MOFUTHU JOANG KAJENO?

10. Ho ‘ratana ka matla haholo ho tloha pelong’ ho akareletsa’ng?

10 Bibele e re re “ratane ka matla haholo ho tloha pelong.” (1 Pet. 1:​22) Jehova o re behela mohlala tabeng ena. Lerato la hae le matla haholo hoo haeba re lula re tšepahala a ke keng a tlohela ho re rata. (Bar. 8:​38, 39) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e “le matla haholo” le bontša hore motho e mong o etsa boiteko bo matla haholo ba hore a bontše hore o rata batho ba bang. Ka linako tse ling, re lokela ho sebetsa ka thata re be re etse boiteko bo matla e le hore re bontše bara le barali ba bo rona hore re ba rata haholo. Ha batho ba bang ba re utloisa bohloko, re lokela ho tsoela pele ho mamellana ka lerato, re leke ka tieo ho ba le kutloano le ho ba le khotso. (Baef. 4:​1-3) Ha re sebetsa ka thata hore re be le maqhama a khotso le Bakreste-’moho le rona, re ke ke ra sheba liphoso tseo ba li etsang. Empa re tla leka kahohle ho ba tšoara ka tsela eo Jehova a ba tšoarang ka eona.​—1 Sam. 16:7; Pes. 130:3.

Evodia le Syntike ba ile ba khothaletsoa hore ba utloane e leng ntho eo ho ka bang thata hore le rona re e etse (Sheba serapa sa 11)

11. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ho ka ’na ha e-ba thata ho ba le lerato le mofuthu?

11 Ha se ntho bonolo hore kamehla re bontše bara le barali ba bo rona lerato le mofuthu, haholo-holo haeba re tseba liphoso tsa bona. Taba ena e ne e le pharela mehleng ea Bakreste ba pele. Ka mohlala, ho ka etsahala hore ebe Evodia le Syntike ba ne ba se na bothata ba ho sebetsa le Pauluse mahetla a bapile mosebetsing oa boboleli. Empa ka mabaka a itseng ba ne ba thatafalloa ke ho utloana. Kahoo, Pauluse o ile a ba khothaletsa hore “ba be le kelello e tšoanang Moreneng.”​—Bafil. 4:​2, 3.

Baholo ba bacha lilemong le ba seng ba holile e ka ba metsoalle e haufi (Sheba serapa sa 12)

12. Re ka etsa’ng hore re bontše bara le barali ba bo rona lerato le mofuthu?

12 Mehleng ee, re ka bontša bara le barali ba bo rona lerato le mofuthu joang? Ha re ipha nako ea ho tseba Bakreste-’moho le rona haholoanyane, ho ka ba bonolo hore re ba utloisise le hore re ba bontše lerato le mofuthu. Re ka ba metsoalle ea bona ho sa tsotellehe lilemo le hore na ba holisitsoe joang. U hopole hore Jonathane o ne feta Davida ka lilemo tse ka bang 30 empa ho ntse ho le joalo, e ile ea e-ba motsoalle oa hae ea haufi. Leka ho etsa ho setsoalle le batho bohle ho sa tsotellehe hore na ba baholo kapa ba banyenyane ho uena. Ha u etsa joalo, u tla be u bontša hore u na le “lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rona.”​—1 Pet. 2:17.

Sheba serapa sa 12 *

13. Ke hobane’ng ha re ka ’na ra ikutloa re le haufi le batho ba bang ho feta ba bang ka phuthehong?

13 Na ho rata Bakreste-’moho ho bolela hore re tla ba haufi le motho e mong le e mong ka phuthehong? Che, ntho e joalo e ke ke ea etsahala. Ha se ntho e mpe ho utloa u rata motho e mong ho feta e mong hobane ho e-na le lintho tseo le tšoanang ka tsona. Jesu o ne a bitsa baapostola ba hae “metsoalle” empa o ne a rata Johanne haholo. (Joh. 13:​23; 15:​15; 20:2) Leha ho le joalo, Jesu o ne a sa tšoare Johanne ka tsela e ikhethang ho feta ba bang. Ka mohlala, ha Johanne le abuti oa hae Jakobo ba kopa Jesu hore a ba fe sebaka se phahameng ’Musong oa Molimo, Jesu o ile a re ho bona: “Ha e le ho lula ka ho la ka le letona kapa ka ho le letšehali ha se ’na ea ka fanang ka hona.” (Mar. 10:​35-40) Joaloka Jesu, re lokela ho tšoara metsoalle ea rona ka tsela e tšoanang. (Jak. 2:​3, 4) Haeba re etsa joalo, re tla be re etsa hore ho be le khotso ka phuthehong.​—Juda 17-19.

14. Ho ea ka Bafilipi 2:​3, re ka thusoa ke’ng ho qoba moea tlholisano?

14 Haeba re bontšana lerato, re thibela hore ho se ke ha e-ba le moea oa tlholisano ka phuthehong. Hopola hore Jonathane ha aa ka a monela Davida ka hore o batla ho mo nkela borena. Kaofela ha rona re ka etsisa mohlala oa Jonathane. U se ke oa monela Bakreste-’moho le uena ka lebaka la bokhoni ba bona ‘empa ka ho ikokobetsa kelellong u nke hore ba u phahametse.’ (Bala Bafilipi 2:3.) Hopola hore motho e mong le e mong ka phuthehong a ka khona ho etsa ntho e ka thusang phutheho. Kahoo, haeba re lula re ikokobelitse, re tla khona ho bona makhabane a bara le barali ba bo rona ’me re tla rua melemo mehlaleng ea bona.​—1 Bakor. 12:​21-25.

15. Ntho e hlahetseng lelapa la Morali’abo rona Tanya e u ruta’ng?

15 Ha re hlaheloa ke mathata ao re sa a lebellang, Jehova o re tšelisa ka Bakreste-’moho le rona ba re thusang ka lerato. Ak’u nahane ka lelapa le leng le neng le tsoa Kopanong ea Machaba ka Moqebelo e neng e tšoaretsoe Amerika ka 2019, ea “Lerato ha le Fele le ka Mohla!” ’Mè Tanya ea nang le bana ba bararo o re: “Re ne re le tseleng e khutlelang hoteleng eo re neng re fihletse ho eona ha koloi e ’ngoe e tsoa taolong ’me e thula ea rona. Re ne re sa lemala empa re ne re tšohile haholo kahoo re ile re tsoa ka koloing. E le hore re se ke ra ba kotsing, motho e mong o ile a re bitsetsa koloing ea hae. E ne e le mor’abo rona e mong ea neng a sa tsoa tloha kopanong. Ha se eena feela ea ileng a ema. Lipaki tse hlano tse tsoang Sweden le tsona li ile tsa ema. Baralib’abo rona ba ile ba haka ’na le morali oa ka e leng ntho eo re neng e hloka. Ke ile ka ba tiisetsa hore re tla ba hantle empa ha baa ka ba tsamaea. Ba ile ba ema moo le rona ho fihlela ba tsa bongaka ba fihla ’me ba ile ba etsa bonnete ba hore re na le lintho tseo re li hlokang. Nakong ena e boima, re ile ra utloa lerato la Jehova. Ketsahalo ena e ile ea matlafatsa lerato leo re ratang Bakreste-’moho le rona ka eona ea ba ea boela ea matlafatsa tsela eo re ratang Jehova le ho mo ananela ka eona.” Na u sa hopola nako eo ka eona u neng u hloka thuso eaba Mokreste-’moho le uena o u bontša lerato?

16. Re na le mabaka afe a ho bontšana lerato?

16 Nahana ka lintho tse ntle tse bang teng ha re bontšana lerato ebile re utloana. Re tšelisa bara le barali ba bo rona ha ba e-na le mathata. Re etsa hore ho be le bonngoe har’a bahlanka ba Molimo. Re bontša hore re barutuoa ba Jesu ’me ka ho etsa joalo re etsa hore batho ba bonolo ba batle ho sebeletsa Jehova. Habohlokoa le ho feta, re halaletsa Jehova “ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Bakor. 1:3) E se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho bontšana lerato le matla haholo.

PINA EA 130 Tšoarelanang

^ ser. 5 Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba tla tsejoa ka lerato leo ba nang le lona. Kaofela ha rona re leka ho bontša lerato lena. Tsela eo lelapa le ratanang le ho utloana ka eona e lokela ho ba tsela eo re tlamehang ho sebeletsa ho rata Bakreste-’moho ka eona. Sehlooho sena se tl’o re thusa ho ba le lerato la mofuta oo haholo-holo bakeng sa bao re amanang le bona tumelong.

^ ser. 55 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Moholo e mocha o rua molemo tsebong ea moholo ea holileng ’me moholo eo o mo amohela lelapeng la hae. Bona le basali ba bona ba amohelana ka mofuthu.