Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 4

Tswelang Pele ho Bontshana Lerato le Mofuthu

Tswelang Pele ho Bontshana Lerato le Mofuthu

“Ka lerato la bara ba motho le bontshane lerato le mofuthu.”​—BAR. 12:10.

PINA YA 109 Ratanang ho Tswa Pelong

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke ka tsela efe re bonang batho ba se nang lerato la tlhaho kajeno?

BIBELE e ile ya bolela hore matsatsing a ho qetela batho ha ba na ba le “lerato la tlhaho.” (2 Tim. 3:1, 3) Re bona ha boprofeta bona bo phethahala kajeno. Ka mohlala, malapa a mangata a arohane ka lebaka la tlhalo mme seo se etsa hore batswadi ba kwatelane, le bana ba ikutlwe eka ha ba ratwe. Esita le malapa a ntseng a dula ha mmoho a ka nna a se be le lerato. Ka mohlala, moeletsi e mong wa malapa o re: “Mme, ntate le bana ha ba buisane empa ba qeta nako e ngata ba sebedisa dikhomphiyutha, dithabolete, difounu kapa bana ba bapala dipapadi tsa divideo. Le hoja ba dula ka ntlong e le nngwe ha ba tsebane hantle.”

2, 3. (a) Ho ya ka Baroma 12:10 ke bo mang bao re lokelang ho ba bontsha lerato le mofuthu? (b) Re tlo ithutang sehloohong see?

2 Ha re batle ho hloka lerato jwalo ka batho ba bangata ba lefatshe lena. (Bar. 12:2) Ho e na le hoo, re batla ho ba le lerato le mofuthu eseng feela ho ba lelapa empa le ho bara le baradibabo rona. (Bala Baroma 12:10.) Lerato le mofuthu ke le jwang? Ke tsela eo ditho tsa lelapa di ikutlwang ka yona haeba di na le kamano e haufi ebile di ratana. Ke lona lerato leo re lokelang ho rata bara le baradibabo rona ka lona. Haeba re na le lerato le mofuthu re thusa batho bohle hore ba sebeletse Jehova ba momahane ebile ba thabile.​—Mik. 2:12.

3 E le hore re kgone ho ba le lerato lena, a re boneng hore na re ka ithutang mehlaleng e ka Bibeleng.

“JEHOVA O NA LE LERATO LE MOFUTHU HAHOLO”

4. Jakobo 5:11 e re bolellang ka lerato leo Jehova a re ratang ka lona?

4 Bibele e re bolella ka makgabane a Jehova. Ka mohlala, e re “Modimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) Mantswe ao a etsa hore re batle ho ba metswalle ya hae. Bibele e boetse e re: “Jehova o na le lerato le mofuthu haholo.” (Bala Jakobo 5:11.) Ena ke tlhaloso e ntle e bontshang ka moo Jehova a re ratang ka teng.

5. Jehova o bontsha mohau jwang, hona re ka mo etsisa jwang?

5 Hlokomela hore Jakobo 5:11 e bontsha hore Jehova o na le lerato le mofuthu ebile o mohau e leng se etsang hore re be haufi le yena. (Ex. 34:6) Tsela eo Jehova a re bontshang mohau ka yona ke ka ho re tshwarela ha re entse diphoso. (Pes. 51:1) Ka Bibeleng lentswe mohau le bolela ho fetang feela ho tshwarela. Ho ba mohau ke tsela eo motho a ikutlwang ka yona ha a bona motho e mong a na le mathata mme o susumelletseha ho mo thusa. Jehova o re tsela eo a batlang ho re thusa ka yona e matla ho feta tsela eo Mme a batlang ho thusa ngwana wa hae ka yona. (Esa. 49:15) Haeba re na le mathata, mohau wa Jehova o mo susumelletsa hore a re thuse. (Pes. 37:39; 1 Bakor. 10:13) Re ka bontsha bara le baradibabo rona mohau ka hore re ba tshwarele mme re se ke ra dula re kwatile haeba ba entse ntho e re utlwisang bohloko. (Baef. 4:​32) Tsela e nngwe e ka sehloohong eo re ka bontshang bara le baradibabo rona mohau ka yona ke ka hore re ba tshehetse haeba ba na le mathata. Haeba lerato le re susumelletsa hore re be mohau ho batho ba bang, re tla be re etsisa Jehova ya nang le lerato le mofuthu ho feta motho le ha e le ofe.​—Baef. 5:1.

JONATHANE LE DAVIDA BA BA LE SETSWALLE SE MATLA

6. Jonathane le Davida ba ile ba bontshana lerato le mofuthu jwang?

6 Bibele e re bolella ka batho ba sa phethahalang ba ileng ba bontshana lerato le mofuthu. Hlokomela mohlala wa Jonathane le Davida. Bibele e re: “Moya wa Jonathane wa tlamahana le moya wa Davida, mme Jonathane a qala ho mo rata jwalo ka moya wa hae.” (1 Sam. 18:1) Jehova o ile a kgetha Davida hore e be morena ka mora Saule. Ka mora seo, Saule o ile a jella Davida mona mme a leka ho mo bolaya. Empa mora wa Saule e leng Jonathane ha a a ka a tshehetsa ntate wa hae ha a ne a batla ho bolaya Davida. Jonathane le Davida ba ile ba tshepisana hore e tla dula e le metswalle le hore ba tla dula ba tshehetsana.​—1 Sam. 20:42.

Le hoja Jonathane a ne a le moholo ho Davida, seo ha se a ka sa ba thibela hore e be metswalle e haufi (Sheba serapa sa 6-9)

7. Ke eng e neng e ka nna ya thibela Jonathane le Davida hore e be metswalle?

7 Lerato le mofuthu leo Jonathane le Davida ba ileng ba le bontshana le a hlolla hobane ho ne ho na le dintho tse ngata tse neng di ka ba thibela hore e be metswalle. Ka mohlala, Jonathane o ne a feta Davida ka dilemo tse ka bang 30, o ne a ka nahana hore e ke ke ya ba motswalle wa motho ya monyane le ya sa tsebeng hakaalo ka bophelo. Empa Jonathane ha a a ka a nahana hore o phahametse Davida, o ne a mo hlompha haholo.

8. Ke hobaneng ha o nahana hore Jonathane e ne e le motswalle ya molemo wa Davida?

Jonathane o ne a ka nna a jella Davida mona. Ka ha e ne e le mora wa Morena Saule o ne a ka nna a batla ho ba morena ya latelang. (1 Sam. 20:31) Empa Jonathane o ne a ikokobeditse mme o ne a tshepahalla Jehova. Ka hoo o ile a tshehetsa qeto eo Jehova a e entseng ya hore Davida e be yena morena ya latelang. O ne a boetse a tshepahalla Davida le hoja sena se ile sa kwatisa Saule.​—1 Sam. 20:32-34.

9. Re tseba jwang hore Jonathane o ne a sa jelle Davida mona? Hlalosa.

Jonathane o ne a rata Davida ka lerato le mofuthu ka hoo o ne a sa mo jelle mona. Jonathane o ne a le sebete mme o ile a lwana dintwa tse ngata ebile o ne a kgona ho sebedisa seqha hantle. Batho ba ne ba re Jonathane le ntate wa hae ba ne ba le “lebelo ho feta dintsu” ebile ba le “matla ho feta ditau.” (2 Sam. 1:22, 23) Ka hona Jonathane o ne a ka nna a ikotla sefuba ka lebaka la sebete seo a neng a na le sona. Le ha ho le jwalo, Jonathane o ne a sa hlodisane le Davida ebile a sa mo jelle mona. Ho fapana le hoo, o ne a rata Davida hobane a ne a le sebete ebile a tshepile Jehova. Ha e le hantle ka mora hore Davida a bolaye Goliathe, Jonathane o ile a utlwa a mo rata haholo. Jwale ke jwang re ka bontshang bara le baradibabo rona lerato le tshwanang le leo?

RE KA BONTSHA LERATO LE MOFUTHU JWANG KAJENO?

10. Ho bolelang ho ‘ratana ka matla haholo ho tloha pelong’?

10 Bibele e re bolella hore re “ratane ka matla haholo ho tloha pelong.” (1 Pet. 1:22) Jehova o re behela mohlala. Lerato la hae le matla haholo hoo haeba re dula re tshepahala a ke keng a tlohela ho re rata. (Bar. 8:38, 39) Lentswe la Segerike e leng “matla” le bontsha hore motho e mong o etsa boiteko ba hore a bontshe hore o rata batho ba bang. Ka dinako tse ding re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re bontshe bara le baradibabo rona lerato le mofuthu. Ha batho ba bang ba re utlwisa bohloko, re lokela ho tswela pele ho ‘mamellana ka lerato, [re] leke ka tiyo ho boloka bonngwe ba moya ka tlamo e kopanyang ya kgotso.’ (Baef. 4:1-3) Ha re sebetsa ka thata hore re dule re na le kgotso le bara le baradibabo rona re ke ke ra sheba diphoso tseo ba di etsang empa re tla leka ka hohle ho ba sheba ka tsela eo Jehova a ba shebang ka yona.​—1 Sam. 16:7; Pes. 130:3.

Pauluse o ile a bolella Evodia le Syntike hore ba ithute ho ba metswalle. Ka dinako tse ding le rona ho ka ba thata hore re utlwane le bara le baradibabo rona (Sheba serapa sa 11)

11. Ke hobaneng ha ka dinako tse ding ho ka nna ha ba thata ho ba le lerato le mofuthu?

11 Ha se ka mehla ho leng bonolo ho bontsha bara le baradibabo rona lerato le mofuthu, haholoholo haeba re tseba diphoso tsa bona. Ho bonahala eka sena e ne e le bothata ho Bakreste ba mehleng ya pele. Ka mohlala, ho ka etsahala hore Evodia le Syntike ba ne ba se na bothata ba ho sebetsa le Pauluse mahetla a bapile mosebetsing wa boboledi. Empa ka mabaka a itseng ba ne ba thatafallwa ke ho utlwana. Ka hoo, Pauluse o ile a ba kgothalletsa hore “ba be le kelello e tshwanang Moreneng.”​—Bafil. 4:2, 3.

Baholo ba batjha dilemong le ba seng ba hodile e ka ba metswalle e haufi (Sheba serapa sa 12)

12. Re ka etsa jwang hore re bontshe bara le baradibabo rona lerato le mofuthu?

12 Re ka bontsha bara le baradibabo rona lerato le mofuthu jwang kajeno? Ha re qala ho tseba Bakrestemmoho haholwanyane, ho ka ba bonolo hore re ba utlwisise le hore re ba bontshe lerato le mofuthu. Re ka ba metswalle ya bona ho sa tsotellehe dilemo le hore na ba hodisitswe jwang. Hopola hore Jonathane o ne a feta Davida ka dilemo tse ka bang 30, le ha ho le jwalo e ile ya ba motswalle wa hae ya haufi. Na ho na le motho ya monyane kapa ya moholo phuthehong ya lona eo o ka bang motswalle wa hae? Ha re etsa jwalo, re tla be re bontsha hore re na le “lerato bakeng sa mokgatlo wohle wa barababo rona.”​—1 Pet. 2:17.

Sheba serapa sa 12 *

13. Ke hobaneng ha re ka nna ra ikutlwa re le haufi le batho ba bang ho feta ba bang ka phuthehong?

13 Na ho ba le lerato le mofuthu ho Bakrestemmoho ho bolela hore re tla ba haufi le motho e mong le e mong ka phuthehong? Tjhe, seo ha se kgonahale. Ho tlwaelehile hore re be haufi le batho ba bang ho feta ba bang ka lebaka la hore re tla be re rata dintho tse tshwanang. Jesu o ile a re baapostola ba hae kaofela ke “metswalle” empa o ne a le haufi haholo le Johanne. (Joh. 13:23; 15:15; 20:2) Le ha ho le jwalo, Jesu o ne a ba tshwara ka tsela e tshwanang. Ka mohlala, ha Johanne le abuti wa hae Jakobo ba kopa Jesu hore a ba fe sebaka se phahameng Mmusong wa Modimo, Jesu o ile a re ho bona: “Ha e le ho dula ka ho la ka le letona kapa ka ho le letshehadi ha se nna ya ka fanang ka hona.” (Mar. 10:35-40) Jwalo ka Jesu re lokela ho tshwara metswalle ya rona ka tekatekano. (Jak. 2:3, 4) Haeba re etsa jwalo, re tla be re thusa hore ho be le kgotso ka phuthehong.​—Juda 17-19.

14. Ho ya ka Bafilipi 2:3 ke eng e ka re thusang hore re se ke ra hlodisana le bara le baradibabo rona?

14 Haeba re bontshana lerato le mofuthu re ke ke ra hlodisana le bara le baradibabo rona. Hopola hore Jonathane ha a a ka a jella Davida mona le ho batla ho mo nkela borena. Kaofela ha rona re ka etsisa mohlala wa Jonathane. O se ke wa jella bara le baradibeno mona ka lebaka la dintho tseo ba kgonang ho di etsa ‘empa ka ho ikokobetsa kelellong o nke hore ba bang ba o phahametse.’ (Bala Bafilipi 2:3.) Hopola hore motho e mong le e mong ka phuthehong a ka kgona ho etsa ntho e ka thusang phutheho. Ka hoo haeba re dula re ikokobeditse re tla kgona ho bona makgabane a bara le baradibabo rona mme mehlala ya bona e tla re tswela molemo.​—1 Bakor. 12:21-25.

15. O ithutang ho se ileng sa etsahalla moradiwabo rona Tanya le lelapa la hae?

15 Haeba re hlahelwa ke mathata ao re neng re sa a lebella, Jehova o re tshedisa ka lerato le mofuthu le ka thuso e tswang ho bara le baradibabo rona. Nahana ka lelapa le leng le neng le ile Kopanong ya Matjhaba e neng e tshwaretswe United States ka 2019 ya “Lerato ha le Fele le ka Mohla!” Moradiwabo rona Tanya e leng Mme wa bana ba bararo o re: “Re ne re kgutlela hoteleng eo re neng re fihletse ho yona ha koloi e nngwe e tswa taolong mme e re thula. Ho ne ho se na motho ya neng a lemetse empa re ne re tshohile haholo, ka hoo re ile re tswa ka koloing yaba re ema ka tseleng. Motho e mong o ile a re bitsetsa koloing ya hae e le hore re sireletsehe. E ne e le morabo rona e mong ya neng a qeta ho tloha kopanong. Ha se yena feela ya ileng a ema empa ho ile ha boela ha ema le bara le baradibabo rona ba bahlano ba Sweden ba neng ba tswa kopanong. Baradibabo rona ba ile ba re haka nna le moradi wa ka, e leng se ileng sa etsa hore re kgobe matshwafo. Ke ile ka ba bolella hore re tla ba hantle ba tsamaye empa ha ba a ka ba tsamaya. Ba ile ba dula le rona ho fihlela ambolense e fihla mme ba etsa bonnete ba hore re na le dintho tseo re di hlokang. Nakong ena e thata re ile ra utlwa lerato la Jehova. Ketsahalo ena e ile ya matlafatsa lerato leo re ratang bara le baradibabo rona ka lona mme ya boela ya matlafatsa tsela eo re ratang Jehova le ho mo ananela ka yona.” Na o sa hopola nakong eo o neng o hloka thuso mme Mokrestemmoho a o bontsha lerato le mofuthu?

16. Re na le mabaka afe a ho bontshana lerato le mofuthu?

16 Nahana ka dintho tse ntle tse etsahalang ha re bontshana lerato le mofuthu. Re tshedisa bara le baradibabo rona ha ba na le mathata. Re thusa bara le baradibabo rona ho sebeletsa Jehova ba thabile. Re bontsha hore re barutuwa ba Jesu mme sena se etsa hore batho ba bonolo ba batle ho sebeletsa Jehova. Ha bohlokwa le ho feta, re halaletsa “Ntate wa mehauhelo e bonolo le Modimo wa matshediso ohle” Jehova. (2 Bakor. 1:3) E se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho bontshana lerato le mofuthu.

PINA YA 130 Tshwarelanang

^ par. 5 Jesu o ile a re barutuwa ba hae ba tla tsejwa ka lerato leo ba nang le lona. Kaofela ha rona re leka ho bontsha lerato lena. Re ka matlafatsa lerato leo re nang le lona ho bara le baradibabo rona ka hore re be le lerato le mofuthu, e leng lerato leo ditho tsa lelapa tse haufi di ratanang ka lona. Sehlooho sena se tlo re thusa ho ba le lerato le mofuthu le ho dula re na le lona ho bara le baradibabo rona ka phuthehong.

^ par. 55 SETSHWANTSHO SE A HLALOSWA: Moholo ya motjha dilemong o ithuta tsebong ya moholo ya hodileng dilemong mme moholo eo o mo amohela lelapeng la hae. Bona le basadi ba bona ba bontshana lerato le kamohelo ya baeti.