Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Re Ithutile Hore re se ke ra re Tjhe ho Jehova

Re Ithutile Hore re se ke ra re Tjhe ho Jehova

KA MORA dikgohola tse matla, noka e ne e halefile hoo e ileng ya hohola le majwe a maholo. Re ne re batla ho tshelela ka lehlakoreng le leng empa metsi a matla a ne a hohotse borokgo. Nna le monna le wa ka Harvey le motho ya neng a re thusa ho tolokela puo ya rona ho batho ba Maamise, re ne re tshohile re bile re sa tsebe hore na re ka etsang. Barababo rona ba neng ba le ka nqane ho noka ba ne ba tshohile ha re ne re qala ho tshela noka. Re ile ra palamisa koloi ya rona e nyane hodima teraka e kgolwanyane. Ka mora moo teraka eo e ile ya kena ka nokeng e neng e phalla ka sekgahla mme koloi ya rona e ne e sa faswa ka ropo kapa ka ketane. Re ne re bona e ka e nkile nako e telele haholo hore e fihle ka nqane. Ka nako eo re ile ra rapela Jehova ho fihlela e tshetse. Tsena tsohle di etsahetse ka 1971. Re ne re le Taiwan, hole haholo le moo re neng re hlahetse teng. E reng ke le phetele pale ya rona.

RE ITHUTA HO RATA JEHOVA

Harvey e ne e le yena letsibolo habo. Ka nako eo, lelapa labo le ile la tseba nnete ha le ntse le dula Midland Junction bophirimela ho Australia nakong eo ho neng ho na le mathata a moruo dilemong tsa bo 1930. Harvey o ile a rata Jehova haholo mme a kolobetswa ha a le dilemo di 14. O ile a ithuta hore a se ke a hana mosebetsi oo a o fuwang ka mokgatlong wa Jehova a ntse a le monyane. Ha e sa le moshanyana, o ile a hana ho bala dirapa tsa Tora ya ho Lebela dibokeng a nahana hore ha a so tshwanelehe. Morabo rona ya neng a ntse a bua le Harvey o ile a re: “Haeba motho e mong a o kopa hore o etse ntho e itseng ka mokgatlong, ke hobane a nahana hore o a tshwaneleha.”​—2 Bakor. 3:5

Nna, Mme wa ka le ausi wa ka re ithutile Bibele ha re le England. Ntate wa ka o ile a ithuta ha morao empa pele o ne a hanyetsa. Ho sa tsotellehe kganyetso ya hae, ke ile ka kolobetswa ha ke le dilemo di robong. Ke ne ke batla ho ba pulamadiboho e be ha morao ke ba moromuwa. Le ha ho le jwalo, ntate ha a a ka a dumela hore ke be pulamadiboho ho fihlela ke le dilemo di 21. Ke ne ke sa ikemisetsa ho dula nako e telele hakaalo. Ha ke le dilemo di 16, o ile a ntumella hore ke ye Australia ke ilo dula le ausi wa ka e moholo ya ileng a fallela naheng eo. Qetellong, ke ile ka ba pulamadiboho ha ke le dilemo di 18.

Mohla lenyalo la rona ka 1951

Ha ke le Australia, ke ile ka kopana le Harvey. Re ne re batla ho sebeletsa Jehova re le baromuwa. Re nyalane ka 1951. Ka mora hore re be bo pulamadiboho dilemo tse pedi, re ile ra koptjwa ho ba balebedi ba potoloho. Potoloho ya rona e ne e nka karolo e kgolo e ka bophirimela ya Australia, ka hoo re ne re lokela ho tsamaya dibaka tse telele le tse mahaeng le tse tjhesang.

TORO YA RONA E A PHETHAHALA

Digraduation tsa Gileade Yankee Stadium ka 1955

Ka 1954, re ile ra memelwa ho ba teng sekolong sa bo 25 Gileade. Toro ya rona ya ho ba baromuwa e ne e le haufi le ho phethahala. Re fihlile New York ka sekepe yaba ka mora moo, re qala ho ithuta Bibele ka ho teba. Ha re le sekolong, re ne re boetse re lokela ho ithuta puo ya Sepanishe mme e ile ya thatafalla Harvey hobane o ne a sa tsebe ho bitsa “r” ka puo eo.

Ha re ntse re le sekolong, barupedi ba ile ba re ba ka kgahlwang ke ho ya Japane ba ka ngodisa bakeng sa hore ba ithute Sejapane. Re ile ra etsa qeto ya hore ke mokgatlo wa Jehova o tla etsa qeto ya hore na re tla ya hokae. Ho e so ye kae, e mong wa barupedi ba Gileade e leng Morabo rona Albert Schroeder o ile a hlokomela hore ha re a ngodisa. O ile a re ho rona: “Nahanang ka yona hape.” Ha re ntse re qeaqea ka taba eo, Morabo rona Schroeder o ile a re: “Nna le barupedi ba bang re le ngodisitse. Lekang ho ithuta Sejapane.” Harvey o ile a nolofallwa ke puo ena.

Ha re fihla Japane ka 1955, ho ne ho na le bahweletsi ba 500 feela naheng eo. Harvey o ne a le dilemo di 26 ha tsa ka di le 24. Re ile ra abelwa ho sebeletsa toropong ya Kobe, moo re ileng ra sebetsa dilemo tse nne. Ka mora moo, re ile ra thabela ho kgutlela potolohong yaba re sebeletsa pela toropo ya Nagoya. Re ne re rata ntho e nngwe le e nngwe ka mosebetsi wa rona, re rata barababo rona, dijo le ho sheba naha. Le ha ho le jwalo, ho e so ye kae re ile ra fumana monyetla o mong wa hore re se ke ra re tjhe ho Jehova.

MOSEBETSI O MOTJHA LE MATHATA A TENG

Nna le Harvey le baromuwa ba bang ha re le Kobe Japane ka 1957

Ka mora ho qeta dilemo tse tharo re le potolohong, lekala la Japane le ile la re botsa hore na re ka thabela ho ya Taiwan re ilo ruta batho ba dulang Maamise Bibele. Barababo rona ba bang ba Maamise e ile ya ba bakwenehi. Ka hoo, lekala la Taiwan le ne le hloka morabo rona ya ka buang puo ya Sejapane ho thusa hore bokwenehi bo fele. * Ena e ne e le qeto e boima eo re neng re lokela ho e etsa ka ha re ne re rata mosebetsi wa rona Japane. Empa ka ha Harvey o ile a ithuta ho amohela mosebetsi oo a o fuwang, re ile ra tsamaya.

Re ile ra fihla Taiwan ka November 1962. Ho ne ho na le bahweletsi ba 2 271 mme boholo ba bona e ne e le Maamise. Empa re ne re lokela ho tseba Setjhaena pele. Re ne re na le buka ya ho ithuta Setjhaena le motho ya re rutang sona empa bothata e le hore ha a tsebe Senyesemane. Le ha ho le jwalo, re ile ra ithuta Setjhaena ho ntse ho le jwalo.

Hang feela ka mora hore re fihle Taiwan, Harvey o ile a abelwa hore e be mosebeletsi wa lekala. Lekala la Taiwan le ne le le lenyane, ka hoo Harvey o ne a kgona ho etsa mosebetsi wa hae wa ofising le ho sebetsa le barababo rona ba Maamise dibeke tse tharo ka kgwedi. O ne a boetse a sebetsa e le molebedi wa setereke nako le nako mme o ne a lokela ho fana ka dipuo dikopanong. Harvey o ne a ka fana ka dipuo ka Sejapane ebe bara babo rona ba Maamise ba a mo utlwa hore na o ntse a reng. Le ha ho le jwalo, mmuso o ne o dumelletse hore madumedi a tshware diboka tsa bona ka Setjhaena feela. Ka hoo, le hoja Harvey a ne a sa tsebe Setjhaena hantle o ne a ntse a kgona ho fana ka dipuo ka sona ebe morabo rona o fetolela ka puo ya Seamise.

Ka nako eo, Taiwan e ne e le tlasa puso ya sesole, ka hoo barababo rona ba ne ba lokela ho ya kopa tumello ho bona e le hore ba tle ba kgone ho tshwara dikopano. Ho fumana tumello ho ne ho le thata mme mapolesa a ne a dieha ho fana ka yona. Haeba mapolesa a ne a dieha ho fana ka tumello eo bekeng ya kopano, Harvey o ne a dula mapoleseng ho fihlela ba fane ka yona. Ka ha e ne e le ntho e swabisang ha motho ya hlahang ka ntle ho naha a dutse mapoleseng, ba ne ba fana ka tumello kapele.

KE HLWA THABA KA LEKGETLO LA PELE

Re tshela noka Taiwan re ya tshimong

Dibeke tseo re neng re di qeta re na le barababo rona re ne re tlwaetse ho qeta nako e fetang hora re hlwa dithaba le ho tshela dinoka. Ke ntse ke hopola letsatsing leo ka lona ke neng ke qala ho hlwa thaba. Ka mora ho ja dijo tsa hoseng, re ile ra palama bese ya hoseng ya 5:30 re ya motseng o mong o hole. Re ile ra tsamaya ka hara noka e kgolo yaba re hlwa thaba, moepa wa yona o ne o tshekaletse hoo motho ya neng a le ka pela ka, mahlo a ka a neng a bapile le maoto a hae.

Hoseng hoo, Harvey o ne a ntse a sebetsa tshimo le barababo rona ba sebakeng seo ha nna ke ne ke ntse ke sebetsa tshimo motseng o monyane oo batho ba teng ba neng ba bua Sejapane. Hoo e ka bang ka hora ya pele, ke ne ke se ke utlwa ke tepelletse hobane ke qetile dihora tse mmalwa ke sa ja. Qetellong ha ke kopana le Harvey, barababo rona ba bang ba ne ba se ba le siyo. Harvey o ile a fana ka dimakasine bakeng sa hore re fumane mahe a mararo a tala. O ile a mpontsha hore na a jewa jwang yaba o phunya lesoba o a le nwa. Le hoja e ne e bonahala eka ha se ntho e monate, ke ile ka le nwa. Empa ke mang ya neng a tla ja lehe la boraro? Ke ile ka le ja hobane Harvey o ne a utlwa e ka a ke ke a kgona ho mpepa haeba nka hloka matla ka lebaka la tlala.

KE HLAPELA MAEMONG A SA TLWAELEHANG

Kopanong e nngwe ya potoloho ke ile ka ba maemong a sa tlwaelehang. Re ne re dula ha morabo rona e mong pela Holo ya Mmuso. Ka ha Maamise ba nka ho hlapa e le ntho ya bohlokwa, mosadi wa molebedi wa potoloho o ile a lokisetsa hore re tle re kgone ho hlapa. Harvey o ile a nkopa hore ke ilo hlapa pele ka ha ho ne ho na le dintho tseo a neng a ntse a di etsa. Ke ile ka fuwa emere e tshetseng metsi a batang le e tshetseng metsi a tjhesang le ntho eo nka hlapelang ho yona. Ke ne ke maketse ha ke bona mosadi wa mopotolohi a behile dintho tseo ka ntle moo barababo rona ba bang ba neng ba ntse ba lokisetsa kopano ba neng ba ka bona. Ke ile ka kopa hore a mphe lesela, o ile a mpha polasetiki e kgolo e bonaletsang. Ke ile ka nahana ho ya ka mora ntlo empa ho ne ho na le makgantshi ao ke neng ke tshaba hore a tla nkobola. Ke ile ka re ka pelong: ‘Barababo rona ba ntse ba sebetsa hoo ba ke keng ba bona hore ke ntse ke hlapa. Empa haeba ke sa hlape ba ne ba tlo utlwa bohloko.’ Ka hoo ke ile ka hlapa.

Re apere diaparo tsa setso tsa Maamise

DINGOLWA TSA MAAMISE

Harvey o ile a hlokomela hore barababo rona ba Maamise ba ne ba sa tswele pele ka lebaka la hore ba ne ba sa kgone ho bala hape ba sena dingolwa ka puo ya bona. Ka ha puo ya Seamise e ne e sa tswa qala ho ngolwa ka ditlhaku tsa Seroma, ho ile ha bonahala ho le hotle hore barababo rona ba rutwe puo eo ya bo bona. E ne e le mosebetsi o boima empa qetellong barababo rona ba ile ba kgona ho ithuta ba le bang. Dingolwa tsa Seamise di ile tsa qalella ho hatiswa qetellong ya dilemo tsa bo 1960 yaba ka 1968 ho qalwa ho hatiswa Tora ya ho Lebela.

Le ha ho le jwalo, mmuso o ne o thibetse hore dingolwa tseo e seng tsa Setjhaena di se ke tsa tsamaiswa. E le ho qoba mathata, Tora ya ho Lebela ya Seamise e ne e hatiswa ka ditsela tse sa tshwaneng. Ka mohlala, ka nako e itseng Tora ya ho Lebela e ne e hatiswa ka dipuo tse pedi ka nako e le nngwe e leng ka Setjhaena le Seamise. Haeba motho a ne a na le dipotso, ho ne ho bonahala eka re sebedisa makasine oo ho ruta batho ba moo Setjhaena. Ho tloha ka nako eo, mokgatlo wa Jehova o ile wa fana ka dingolwa tsa puo ya Seamise ho thusa bana bao babo rona hore ba ithute ka Jehova.​—⁠Lik. 10:​34, 35.

NAKO YA HO HLEKA BOHLASWA

Barababo rona ba Maamise ba ne ba sa phele ka melao ya Modimo dilemong tsa bo 1960 le bo 1970. Ka ha ba ne ba sa utlwisise melao ya Bibele hantle, ba bang ba ne ba na le boitshwaro bo bobe, ba tahwa, ba tsuba kwae le betel nut. Harvey o ile a etela diphutheho tse ngata ho thusa barababo rona hore ba utlwisise hore na Jehova o ikutlwa jwang ka taba eo. Ha re le leetong le leng, re ile ra thulana le boemo boo ke buileng ka bona qalong ya sehlooho sena.

Barababo rona ba ikokobeditseng ba ne ba batla ho etsa diphetoho empa ntho e bohloko ke hore ba bangata ha ba a ka ba mamela, ka hoo palo ya bahweletsi ba Taiwan e neng e le ka hodimo ho 2 450 e ile ya theohela ho ba ka bang 900 ka nako ya dilemo tse 20. E ne e le ntho e nyahamisang. Le ha ho le jwalo, re ne re tseba hore Jehova o ne a ke ke a hlohonolofatsa mokgatlo o sa hlwekang. (2 Bakor. 7:1) Qetellong barababo rona ba ne ba se ba sebeletsa Jehova ka tsela e nepahetseng mme Jehova o ile a ba hlohonolofatsa. Hona jwale Taiwan ho se ho na le bahweletsi ba ka hodimo ho 11 000.

Ho tloha dilemong tsa bo 1980 ho ya pele, re ile ra bona ha bara le baradibabo rona ba Maamise ba ba le tumelo e matla mme Harvey o ne a se a ka qeta nako a na le Matjhaena. O ile a thusa ba bang ba banna ba baradibabo rona hore ba qetelle e le Dipaki Tsa Jehova. Ke hopola tsela eo a neng a thabile ka yona ha e mong wa banna bao a rapela Jehova ka lekgetlo la pele. Le nna ke ile ka thaba ha ke thusitse ba bangata hore ba sebeletse Jehova. Ke ile ka boela ka thaba haholo ha ke sebetsa lekaleng la Taiwan le bana ba babedi ba motho eo ke neng ke ithuta Bibele le yena.

TAHLEHELO E UTLWISANG BOHLOKO

Hona jwale ha ke sa na molekane. Ka mora dilemo tse ka bang 59 re nyalane, monna wa ka o ile a hlokahala ka la 1 January 2010 ka mora ho hlaselwa ke kankere. O qetile dilemo tse ka bang 60 a le tshebeletsong ya nako e tletseng. Ke ntse ke mo hlolohelwa haholo. Empa ke ile ka thabela ho sebetsa le yena dinaheng tse pedi tse ntle. Re ile ra ithuta ho bua dipuo tse pedi tse thata tsa Asia mme Harvey yena o ile a ba a ithuta ho di ngola.

Ka mora dilemo tse ka bang nne, Sehlopha se Busang se ile sa re ho ka ba molemo hore ke kgutlele Australia hobane ke ne ke se ke hodile. Qalong ke ne ke ntse ke re, ‘Ha ke batle ho tloha Taiwan.’ Empa Harvey o ile a nthuta hore ke se ke ka re tjhe ho mokgatlo wa Jehova, ka hoo ke ile ka tsamaya. Qetellong ke ile ka utlwisisa lebaka la qeto eo.

Ke thabela ho sebedisa Sejapane le Setjhaena ha ke bontsha batho mehaho ya lekala

Hona jwale ke sebetsa lekaleng la Australasia hara beke, e be mafelo a beke ke sebetsa le phutheho. Ke thabela ho sebedisa puo ya Sejapane le ya Setjhaena Bethele ha ke bontsha batho mehaho ya lekala. Ke shebetse pele moo Jehova a tla tsosa bafu hobane ke a tseba hore Harvey o mohopolong wa hae ka ha o ile a ithuta hore a se ke a re tjhe ho Jehova.​—Joh. 5:28, 29.

^ par. 14 Le hoja hona jwale Setjhaena e se e le puo e buuwang Taiwan, pele ho moo Sejapane e ne e le sona puo ya teng ka dilemo tse mashome. Ka hoo, merabe e mengata Taiwan e ne e bua Sejapane.