Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 5

“Hlooho ea Monna e Mong le e Mong ke Kreste”

“Hlooho ea Monna e Mong le e Mong ke Kreste”

“Hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste.”​—1 BAKOR. 11:3.

PINA EA 12 Jehova ke Molimo e Moholo

SELELEKELA *

1. Ke lintho life tse ka ’nang tsa susumetsa tsela eo monna a sebelisang bohlooho ba hae ka eona?

HA U utloa lentsoe “bohlooho,” u nahana ka eng? Banna ba bang ba lumella hore setso, morabe kapa tsela eo ba holisitsoeng ka eona e susumetse tsela eo ba tšoarang bana ba bona le basali ba bona ka eona. Utloa hore na Morali’abo rona Yanita ea lulang Europe o ile a re’ng. O re: “Moo ke phelang teng, batho ba bangata ba na le maikutlo a matla a hore basali baa fokola ha ba bapisoa le banna ’me ba lokela ho nkoa joaloka makhoba.” Mor’abo rona Luke ea lulang Amerika eena o re: “Bo-ntate ba bang ba ruta bara ba bona hore basali ha baa lokela ho nkeloa hloohong hobane maikutlo a bona ha a bohlokoa hakaalo.” Leha ho le joalo, maikutlo ana ha a lumellane le tsela eo Jehova a batlang hore bo-ntate ba sebelise bohlooho ba bona ka eona. (Bapisa Mareka 7:​13.) Kahoo, monna a ka etsa’ng e le hore e be hlooho ea lelapa e molemo?

2. Hlooho ea lelapa e lokela ho tseba eng, hona hobane’ng?

2 E le hore monna e be hlooho ea lelapa e molemo, o lokela ho utloisisa hantle hore na Jehova o batla eng ho eena. O boetse o lokela ho tseba hore na ke hobane’ng ha Jehova a entse hore ho be le bohlooho ’me ka ho khetheha a tsebe hore na a ka etsisa mohlala oa Jehova le Jesu joang tabeng ena. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore monna a tsebe lintho tseo? Ke hobane Jehova o file lihlooho tsa malapa boikarabelo kapa matla a itseng ’me Jehova o batla hore ba a sebelise ka tsela e nepahetseng.​—Luka 12:​48b.

BOHLOOHO KE’NG?

3. Re ithuta’ng ka bohlooho ho 1 Bakorinthe 11:3?

3 Bala 1 Bakorinthe 11:3. Temana ena e hlalosa tsela eo Jehova a hlophisitseng lelapa la hae le leholimong le le lefatšeng ka eona. Bohlooho bo na le lintho tsena tse peli tsa bohlokoa e leng matla le boikarabelo. Jehova ke “hlooho” kapa re ka re ke eena ea nang le matla a maholo ka ho fetisisa ’me bana ba hae bohle, e bang ke mangeloi kapa batho ba ikarabella ho eena. (Bar. 14:​10; Baef. 3:​14, 15) Jehova o file Jesu matla a hore a okamele liphutheho, leha ho le joalo, Jesu o ikarabella ho Jehova mabapi le tsela eo a re tšoarang ka eona. (1 Bakor. 15:​27) Jehova o boetse o file monna matla holim’a mosali oa hae le bana ba hae empa monna eo o boetse o ikarabella ho Jehova le Jesu mabapi le tsela eo a tšoarang lelapa la hae ka eona.​—1 Pet. 3:7.

4. Jehova le Jesu ba na le matla a ho etsa’ng?

4 Kaha Jehova ke Hlooho ea lelapa lohle la hae le leholimong le lefatšeng, o na le matla a ho etsa melao ea hore na bana ba hae ba lokela ho itšoara joang ebile o na le tokelo ea ho etsa bonnete ba hore ba mamela melao eo. (Esa. 33:​22) Jesu le eena joaloka hlooho ea phutheho, o na le tokelo ea ho etsa melao le hore a e kenye tšebetsong.​—Bagal. 6:2; Bakol. 1:​18-20.

5. Hlooho ea lelapa e na le matla a ho etsa’ng empa matla ao a lokela ho fella kae?

5 Hlooho ea lelapa e ka latela mohlala oa Jehova le Jesu ka hore e etsetse lelapa la eona liqeto. (Bar. 7:2; Baef. 6:4) Leha ho le joalo, matla a hae a na le moeli. Mohlala, melao eo a e behang e lokela hore e lumellane le melao-motheo e ka Lentsoeng la Molimo. (Liprov. 3:​5, 6) Hape hlooho ea lelapa ha e na matla a ho etsa melao bakeng sa batho bao e seng litho tsa lelapa la eona. (Bar. 14:4) Ha bana ba hae ba phurusetsa, ba ntse ba lokela ho mo hlompha empa ha ba sa ikarabella tlas’a bohlooho ba hae.​—Mat. 19:5.

KE HOBANE’NG HA JEHOVA A ENTSE HORE HO BE LE BOHLOOHO?

6. Ke hobane’g ha Jehova a entse hore ho be le bohlooho?

6 Jehova o entse hore ho be le bohlooho hobane a rata lelapa la hae. Ke mpho eo a re fileng eona. Bohlooho bo etsa hore lelapa la Jehova le etse lintho ka khotso le ka tlhophiso. (1 Bakor. 14:​33, 40) Haeba ho ne ho sa tsebahale hantle hore na ke mang ea nang le matla a bohlooho, lelapa la Jehova le ne le ke ke la thaba le ho ba le tlhophiso. Mohlala, re ne re ke ke ra tseba hore na ke mang ea lokelang ho etsa liqeto le hore na ke mang ea nang le boikarabelo ba ho bona hore liqeto tseo li ea phethoa.

7. Ho ea ka Baefese 5:​25, 28, na Jehova o ne a rerile hore banna ba hatelle basali?

7 Haeba tokisetso ea bohlooho ke ntho e ntle hakaale e tsoang ho Jehova, ke hobane’ng ha basali ba bangata mehleng ee ba khesoa le ho hatelloa ke balekane ba bona? Lebaka ke hobane banna ba bangata ha ba natse melao ea Jehova mabapi le lelapa ’me ba ikhethela ho latela litloaelo le meetlo ea moo ba phelang teng. Ba ka ’na ba boetse ba hlekefetsa basali ba bona e le hore feela ba khotsofatse litakatso tsa bona tsa boithati. Mohlala, monna a ka ’na a hatella mosali oa hae ka sepheo sa hore a iphumanele masiba kapa a batle ho bontša batho ba bang hore eena ke “monna kaofela.” A ka ’na a ipehela mabaka a hore a ke ke a qobella mosali hore a mo rate empa a ka etsa hore a mo tšabe. Hape a ka etsa hore ho tšajoa hoo e be tsela eo a iketsetsang borata ka mosali oa hae kateng. * Monahano oo le boitšoaro boo bo bobe bo amoha basali tokelo le tlhompho tseo ba lokelang ho li fuoa ’me ntho ena e khahlanong le tsela eo Jehova a batlang hore lintho li etsoe ka eona.​—Bala Baefese 5:​25, 28.

MONNA A KA ETSA’NG E LE HORE E BE HLOOHO EA LELAPA E MOLEMO?

8. Monna a ka etsa’ng e le hore e be hlooho ea lelapa e molemo?

8 Monna a ka ithuta ho ba hlooho ea lelapa e molemo ka hore a etsise tsela eo Jehova le Jesu ba sebelisang matla a bona a bohlooho kateng. Ak’u nahane ka makhabane a mabeli ao Jehova le Jesu ba ipabolang ka ’ona ’me u ele hloko hore na hlooho ea lelapa e ka bontša makhabane ao joang ka lapeng la eona.

9. Jehova o bontša joang hore o ikokobelitse?

9 Boikokobetso. Ha ho na motho ea bohlale joaloka Jehova bokahohleng bohle empa ho ntse ho le joalo, o mamela maikutlo a bahlanka ba hae. (Gen. 18:​23, 24, 32) O lumella hore batho bao a ba phahametseng ka matla ba fane ka litlhahiso tsa bona. (1 Mar. 22:​19-22) Jehova o phethahetse empa ha aa lebella hore rona re etse lintho tse phethahetseng hona joale. Ho e-na le hoo, o thusa batho ba sa phethahalang ba mo sebeletsang hore ba atlehe. (Pes. 113:​6, 7) Ha e le hantle, Bibele e hlalosa Jehova e le mothusi oa rona. (Pes. 27:9; Baheb. 13:6) Morena Davida o ile a lumela hore o khonne ho etsa mesebetsi e meholo eo a e filoeng hobane feela Jehova a ikokobelitse.​—2 Sam. 22:36.

10. Jesu o ile a bontša joang hore o ikokobelitse?

10 Nahana ka mohlala oa Jesu. O ile a hlatsoa maoto a barutuoa ba hae le hoja e le Morena le Mosuoe oa bona. Ebe ke lebaka lefe leo ka lona Jehova a entseng hore tlaleho ee e be teng ka Bibeleng? Ha ho potang hore le leng ke hore a thuse lihlooho tsa malapa hore li be le mohlala oo li ka o latelang. Jesu o ile a re: “Ke le behetse mohlala e le hore feela joalokaha ke entse ho lona, le ka etsa ka ho tšoanang.” (Joh. 13:​12-17) Le hoja a ne a e-na le matla a maholo, ha aa ka a batla hore a sebeletsoe. Ho e-na le hoo, o ile a sebeletsa batho ba bang.​—Mat. 20:28.

Hlooho ea lelapa e ka bontša boikokobetso le lerato ka hore e etse mesebetsi ea lapeng le ho thusa lelapa la eona hore le be le kamano e ntle le Jehova (Sheba serapa sa 11 le 13)

11. Hlooho ea lelapa e ka ithuta’ng ka boikokobetso mohlaleng oa Jehova le Jesu?

11 Re ithuta’ng? Monna eo e leng hlooho ea lelapa a ka bontša boikokobetso ka litsela tse ngata. Mohlala, ha aa lebella hore mosali le bana ba hae ba phethahale. O mamela maikutlo a lelapa la hae le ha le sa lumellane le eena. ’Mè Marley ea lulang Amerika o re: “Ka linako tse ling, ’na le mohatsa oa ka re ba le maikutlo a sa tšoaneng. Empa kea tseba hore oa nkananela le ho ntlhompha hobane o mamela maikutlo a ka ’me o nahana ka ’ona pele a ka etsa qeto.” Ho phaella moo, monna ea ikokobelitseng o ithaopela ho etsa mesebetsi ea lapeng esita le hoja moo a phelang teng mesebetsi e joalo e nkuoa e le ea bo-’mè. Ntho eo e ka ba pharela. Hobane’ng? Morali’abo rona Rachel o re: “Moo ke phelang teng, haeba monna a thusa mosali oa hae ka ho hlatsoa lijana kapa ho hloekisa ntlo, baahisane le beng ka eena ba ka mo botsa hore na ehlile ke monna oa ’mankhonthe na. Ba ka nahana hore a ke ke a khona ho laola mosali oa hae.” Haeba mokhoa ona ke oo batho ba nang le oona moo u phelang teng, u hopole hore Jesu o ile a hlatsoa maoto a barutuoa ba hae le hoja mosebetsi oo o ne o nkoa e le oa makhoba. Hlooho ea lelapa e molemo ha e tšoenyehe ka hore e etse hore batho ba bang ba nahane hore e na le matla kapa e bohlokoa ka tsela e itseng empa e ameha haholo ka hore mosali oa eona le bana ba ikutloe hantle. Ntle le ho ikokobetsa, ke eng hape eo e leng ea bohlokoa haholo e ka thusang hlooho ea lelapa?

12. Lerato le susumelletsa Jehova le Jesu hore ba etse’ng?

12 Lerato. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e etsang e susumetsoa ke lerato. (1 Joh. 4:​7, 8) Ka lerato o re thusa hore re be metsoalle ea hae a sebelisa Bibele le mokhatlo oa hae. O re tsotella ka ho re tiisetsa hore oa re rata. Ho thoe’ng ka litlhoko tsa rona tsa mantlha? Jehova o re fa “lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele.” (1 Tim. 6:​17) Ha re entse liphoso oa re khalemela ’me ha a re hloee. Kaha Jehova oa re rata, o ile a fana ka thekollo molemong oa rona. Kaha Jesu le eena o re rata haholo, o ile tela bophelo ba hae bakeng sa rona. (Joh. 3:​16; 15:​13) Ha ho na ntho leha e le efe e ka khaolang maqhama a lerato ao Jehova le Jesu ba ratang batho ba ba tšepahallang ka eona.​—Joh. 13:1; Bar. 8:​35, 38, 39.

13. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore hlooho ea lelapa e rate lelapa la eona? (Sheba lebokose le reng “ Monna ea sa Tsoa Nyala a ka Etsa’ng e le Hore Mosali oa Hae a mo Hlomphe?”)

13 Re ithuta’ng? Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo hlooho ea lelapa e e etsang e lokela ho susumetsoa ke lerato. Ke hobane’ng ha taba eo e le ea bohlokoa hakaalo? Moapostola Johanne o fana ka karabo e reng: “Ea sa rateng [lelapa la hae kapa] mor’abo eo a mo boneng a ke ke a rata Molimo eo a e-s’o mo bone.” (1 Joh. 4:​11, 20) Monna ea ratang lelapa la hae a bile a batla ho etsisa Jehova le Jesu o tla thusa lelapa la hae hore le be le kamano e ntle le Jehova, a le thuse hore le lule le sireletsehile a be a le thuse ka litlhoko tsa lona tsa mantlha. (1 Tim. 5:8) O tla koetlisa bana ba hae le ho ba laea. O tla tsoela pele a ithuta ho etsa liqeto tse hlomphang Jehova le tse tsoelang lelapa la hae molemo. A re ke re bueng ka lintho tsena ’me re ke re boneng hore na hlooho ea lelapa e ka etsisa Jehova le Jesu joang.

HLOOHO EA LELAPA E LOKELA HO ETSA’NG?

14. Hlooho ea lelapa e ka thusa lelapa la eona joang hore le be le kamano e ntle le Jehova?

14 Ho thusa lelapa la eona hore le be le kamano e ntle le Jehova. A nahanne ka mohlala oa Ntate oa hae, Jesu o ne a tšoenyehile ka ho thusa batho ba ikarabellang ho eena hore ba lule ba e-na le tumelo e matla. (Mat. 5:​3, 6; Mar. 6:​34) Ka tsela e tšoanang, ntho ea mantlha eo hlooho ea lelapa e lokelang ho e etsa ke ho thusa lelapa la eona hore le atamele haufi le Jehova. (Deut. 6:​6-9) O etsa joalo ka ho etsa bonnete ba hore eena le lelapa la hae baa bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo, ba ba teng libokeng, mosebetsing oa boboleli le ho haha le ho matlafatsa setsoalle sa bona le Jehova.

15. Hlooho ea lelapa e ka bontša ka tsela efe hape hore e tsotella lelapa la eona?

15 Ho tsotella lelapa la eona. Jehova o ile a bolella Jesu hore na o mo rata hakae ka pel’a batho. (Mat. 3:​17) Jesu le eena o ile a bontša ka makhetlo hore na o rata balateli ba hae hakae ka lintho tseo a neng a li bua le tseo a neng a li etsa. Kahoo, barutuoa ba hae le bona ba ile ba susumelletseha hore ba mo rate. (Joh. 15:​9, 12, 13; 21:​16) Hlooho ea lelapa e ka bontša mosali le bana ba eona hore ea ba rata ka lintho tseo e li etsang mohlomong ka ho ithuta Bibele le bona. Hlooho ea lelapa e ka boetse ea bolella lelapa la eona hore ea le rata le hore le bohlokoa ho eona ’me ha maemo a lumela, a le babatse ka pel’a batho.​—Liprov. 31:​28, 29.

E le hore hlooho ea lelapa e thabise Jehova e lokela ho hlokomela lelapa la eona ka litlhoko tsa mantlha (Sheba serapa sa 16)

16. Hlooho ea lelapa e boetse e lokela ho etsa’ng hona e ka leka-lekanya lintho joang?

16 Ho hlokomela lelapa ka litlhoko tsa mantlha. Jehova o ile a hlokomela Baiseraele ka litlhoko tsa bona tsa mantlha esita leha ba ne ba fuoa kotlo ka lebaka la ho se mamele. (Deut. 2:7; 29:5) Le rona oa re hlokomela. (Mat. 6:​31-33; 7:​11) Jesu le eena o ile a fepa batho ba neng ba mo latela. (Mat. 14:​17-20) O ile a ba a folisa batho ba bangata ba neng ba kula. (Mat. 4:​24) E le hore hlooho ea lelapa e thabise Jehova, e lokela ho hlokomela lelapa la eona ka litlhoko tsa mantlha. Leha ho le joalo, e lokela ho leka-lekanya lintho. Ha ea lokela ho iphumana e qeta nako e ngata e le mosebetsing e le hore e hlokomele lelapa la eona hoo e ka qetellang e sekisetsa ho thusa lelapa hore le be le kamano e ntle le Jehova le ho le bontša hore ea le tsotella.

17. Ke mohlala ofe oo Jehova le Jesu ba re behelang oona tseleng eo ba re koetlisang le ho re khalemela ka eona?

17 Koetlisa ba bang. Jehova oa re koetlisa le ho re laea hobane a batla ho re thusa. (Baheb. 12:​7-9) Joaloka Ntate oa hae, ka lerato Jesu o koetlisa batho bao a ba phahametseng ka matla. (Joh. 15:​14, 15) O fana ka likeletso tse matla empa hape o mosa. (Mat. 20:​24-28) Oa utloisisa hore ha rea phethahala le hore re etsa liphoso hangata.​—Mat. 26:41.

18. Hlooho ea lelapa e lokela ho hopola eng ka lelapa la eona?

18 Hlooho ea lelapa e etsisang Jehova le Jesu ea utloisisa hore mosali oa eona le bana ba bona ha baa phethahala. Ha e ba ‘halefele ka matla.’ (Bakol. 3:​19) Ho e-na le hoo, e sebelisa molao-motheo o ho Bagalata 6:1 ’me e leka ho thusa lelapa la eona “ka moea o bonolo” e hopola hore le eona ha ea phethahala. Joaloka Jesu, ea elelloa hore tsela e molemo ea ho ruta ke ka ho beha mohlala.​—1 Pet. 2:21.

19-20. Hlooho ea lelapa e ka etsisa Jehova le Jesu joang ha e etsa liqeto?

19 Nahana ka batho ba bang ha u etsa liqeto. Jehova o etsa liqeto tse tsoelang batho molemo. Mohlala, o entse hore ho be le bophelo bakeng sa rona e le hore le rona re ka thabela ho phela. Ha ho na motho ea ileng a mo qobella hore a fane ka Mora oa hae hore a shoele libe tsa rona. O ile a ithaopela ho re etsetsa sehlabelo seo ka ho rata. Jesu le eena o ne a etsa liqeto tse tsoelang batho ba bang molemo. (Bar. 15:3) Mohlala, o ile a etsa qeto ea ho tlohela ho phomola e le hore feela a rute bongata.​—Mar. 6:​31-34.

20 Hlooho ea lelapa e molemo ea tseba hore e ’ngoe ea lintho tse thata ka ho fetisisa tseo e lokelang ho li etsa ke ho etsa liqeto tse tla tsoela lelapa lohle molemo ’me e tlameha ho nka boikarabelo boo ka ho teba. E qoba ho etsa liqeto kantle ho mabaka a sa utloahaleng kapa e nahanne ka hore na eona e ikutloa joang ka nako eo. Ho e-na le hoo, motho enoa o lumella Jehova hore a mo koetlise. * (Liprov. 2:​6, 7) Ka tsela eo, o tla nahana ka ho etsa lintho tse molemo bakeng sa ba bang eseng bakeng sa hae.​—Bafil. 2:4.

21. Ho tl’o buuoa ka’ng sehloohong se latelang?

21 Jehova o file lihlooho tsa malapa mosebetsi o boima ’me o lebelletse hore ba o phethe ka botlalo. Haeba monna a leka ka thata ho etsisa Jehova le Jesu, e tla ba hlooho ea lelapa e molemo. Hape haeba mosali oa hae a phetha boikarabello ba hae hantle, lelapa la bona e tla ba le thabileng. Mosali o lokela ho nka bohlooho joang hona ke liphephetso life tseo a ka thulanang le tsona? Sehlooho se latelang se tla bua ka taba eo.

PINA EA 16 Rorisang Jah ka Lebaka la Mora oa Hae

^ ser. 5 Ha monna a nyala, e ba hlooho ea lelapa. Sehloohong sena re tl’o bua ka hore na bohlooho ke eng, hobane’ng ha Jehova a entse hore bo be teng le hore na banna ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Jehova le Jesu ntlheng ena. Sehloohong sa bobeli re tla ithuta hore na monna le mosali ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Jesu le ho batho ba bang ba hlahang ka Bibeleng. Sehlooho sa boraro sona se tla tšetšetha taba ea bohlooho ka phuthehong.

^ ser. 7 Ka linako tse ling, lifilimi, litšoantšiso esita le libuka tsa metlae li fana ka maikutlo a hore ke ntho e amohelehang hore monna a tšoare mosali oa hae hampe le hore a mo hlekefetse ’meleng. Kahoo, lintho tsena li entse hore ho bonahale eka ha se ntho e mpe ha monna a hatella mosali oa hae.

^ ser. 20 E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng mabapi le ho etsa liqeto tse nepahetseng, sheba sehlooho se reng: “Etsa Liqeto Tse Tlotlisang Molimo,” ho Molula-Qhooa oa April 15, 2011, leq. 13-17.