Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 6

“Hlooho ya Mosadi ke Monna”

“Hlooho ya Mosadi ke Monna”

“Hlooho ya mosadi ke monna.”​—1 BAKOR. 11:3.

PINA YA 13 Kreste, Mohlala wa Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ha moradiwabo rona a batla ho nyalwa, ke dipotso dife tseo a ka ipotsang tsona?

BAKRESTE bohle ba ikarabella ho Jesu Kreste, e leng moetapele ya phethahetseng. Le ha ho le jwalo, ha mosadi wa Mokreste a nyalwa o ba tlasa monna ya sa phethahalang. Taba eo e ka hlahisa bothata. Ka hoo, nakong eo a batlang molekane ya loketseng, o tla be a etsa hantle ha a ka ipotsa dipotso tsena: ‘Ke eng e mpontshang hore morabo rona eo e tla ba hlooho ya lelapa e molemo? Na ho sebeletsa Jehova ke ntho e tlang pele bophelong ba hae? Haeba ha ho jwalo, ke kgodiswa ke eng hore e tla ba hlooho ya lelapa e tla nthusa ho dula ke rata Modimo le ka mora hore re nyalane?’ Hape e ka ba ntho e ntle ha moradiwabo rona a ka itlhahloba ka ho ipotsa dipotso tsena: ‘Ke makgabane afe ao ke nang le ona a tla etsa hore lenyalo la rona le atlehe? Na ke motho ya mamellang le ya fanang? Na ke na le kamano e matla le Jehova?’ (Moek. 4:9, 12) Ho isa boholeng bo itseng, thabo eo mosadi a tla ba le yona lenyalong la hae e itshetlehile ka diqeto tseo a tla di etsa pele a nyalwa.

2. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

2 Baradibabo rona ba dimilione ba beha mohlala o motle ntlheng ya ho hlompha banna ba bona. Ka nnete ba hloka ho babatswa. Dipelo tsa rona di ya tlolatlola ke thabo ha re sebeletsa Jehova mahetla a bapile le basadi bana ba tshepahalang. Sehloohong sena re tlo araba dipotso tsena tse tharo: (1) Ke mathata afe ao basadi ba bang le ona? (2) Ke hobaneng ha mosadi a kgetha ho hlompha monna wa hae? (3) Banna le basadi ba Bakreste ba ka ithutang ka ho ikokobetsa mohlaleng wa Jesu, Abigaile le Maria mosadi wa Josefa eo e neng e le mme wa Jesu?

BASADI BA BAKRESTE BA BA LE MATHATA AFE?

3. Ke hobaneng ha ho se na lenyalo le ha e le lefe le phethahetseng?

3 Lenyalo ke mpho e phethahetseng e tswang ho Modimo empa batho bona ha ba a phethahala. (1 Joh. 1:8) Ke ka hoo Lentswe la Modimo le lemosang banyalani hore ba tla ba le mathata ao Bibele e reng ke “matshwenyeho nameng” ya bona. (1 Bakor. 7:28) Re tlo bua ho se hokae ka a mang a mathata ao basadi ba bang le ona.

4. Ke hobaneng ha mosadi a ka nna a utlwa eka o theolwa seriti ha a ikokobelletsa monna wa hae?

4 Mohlomong ka lebaka la moo a tswang teng, mosadi a ka utlwa eka ho ikokobelletsa monna wa hae ho mo theola seriti. Moradiwabo rona Marisol ya dulang United States o re: “Moo ke holetseng teng, hangata basadi ba ne ba bolellwa hore ba tlameha ho lekana le banna ka ntho e nngwe le e nngwe. Ke a tseba hore Jehova o entse hore ho be le dihlooho tsa malapa le hore o file basadi boikarabelo bo hlomphehang. Empa ha se ntho e bonolo hore ke dule ke na le maikutlo a nepahetseng ka taba ya hore monna wa ka ke hlooho ya lelapa.”

5. Banna ba bang ba na le maikutlo afe a fosahetseng ka basadi?

5 Boemong bo bong, mosadi a ka nna a nyalwa ke monna ya nahanang hore basadi ha ba bohlokwa hakaalo. Moradiwabo rona Ivon ya dulang South America o re: “Sebakeng seo ke dulang ho sona, banna ba ja pele ebe basadi ba ja ka mora bona. Banana ba lebeletswe ho pheha le ho hlwekisa matlo ha bashanyana bona ba etsetswa dintho ke bomme ba bona le boausi ba bona hape ba bolellwa hore bona ke ‘bontate.’” Moradiwabo rona Yingling ya dulang Asia o re: “Puong ya rona ho na le maele a fanang ka maikutlo a hore basadi ha ba a lokela ho ruteha kapa hona ho ba le bokgoni bo itseng. Mosebetsi wa bona ke ho etsa mesebetsi yohle ya lapeng ebile ha ba a dumellwa ho bolella banna ba bona maikutlo a bona.” Monna ya susumetswang ke mokgwa ona o se nang lerato le o sa dumellaneng le Bibele, o sulafalletsa mosadi wa hae bophelo, o hloleha ho etsisa Jesu hape o kwatisa Jehova.​—Baef. 5:28, 29; 1 Pet. 3:7.

6. Basadi ba lokela ho etsang e le hore ba matlafatse setswalle sa bona le Jehova?

6 Jwalo ka ha ho hlalositswe sehloohong se fetileng, Jehova o lebelletse hore banna ba Bakreste ba hlokomele malapa a bona ka ditlhoko tsa bona le ho a thusa hore a be le kamano e ntle le yena. (1 Tim. 5:8) Le ha ho le jwalo, le haeba baradibabo rona ba phathahane haholo, ba lokela ho ipehela nako ya hore letsatsi le letsatsi ba bale Lentswe la Modimo le ho nahanisisa ka lona ba be ba rapele Jehova ho tswa botebong ba dipelo tsa bona. Taba ena e ka ba bothata. Basadi ke batho ba phathahaneng, ka hoo ba ka utlwa eka ha ba na matla le nako ya hore ba etse dintho tseo empa ke ha bohlokwa hore ba be le nako ya ho ithuta. Hobaneng? Hobane Jehova o batla hore motho e mong le e mong a matlafatse setswalle sa hae le yena.​—Lik. 17:27.

7. Mosadi o tla nolofalletswa ke eng hore a phethe boikarabelo boo a bo filweng?

7 Ke ntho e utlwahalang hore mosadi a ka nna a lokela ho sebetsa ka thata e le hore a hlomphe monna wa hae ya sa phethahalang. Le ha ho le jwalo, o tla nolofallwa ke hore a phethe boikarabelo boo Jehova a mo fileng bona haeba a utlwisisa a bile a dumela mabaka a Mangolo a hore na ke hobaneng ha a lokela ho hlompha monna wa hae.

KE HOBANENG HA BA KGETHA HO IKOKOBELLETSA BANNA BA BONA?

8. Ho ya ka Baefese 5:22-24, ke hobaneng ha mosadi wa Mokreste a kgetha ho ikokobelletsa monna wa hae?

8 Mosadi wa Mokreste o kgetha ho ikokobelletsa monna wa hae hobane ke Jehova ya reng a etse jwalo. (Bala Baefese 5:22-24.) Ka ha o a tseba hore Jehova o susumetswa ke lerato nthong e nngwe le e nngwe eo a e etsang, o a mo tshepa ha a re a etse ntho e itseng hobane e tlo mo tswela molemo.​—Deut. 6:24; 1 Joh. 5:3.

9. Ho etsahalang ha moradiwabo rona a ikokobelletsa monna wa hae?

9 Lefatshe le kgothalletsa basadi ho se mamele melao ya Jehova le ho nka ho ikokobelletsa banna e le ntho e ba theolang seriti. Batho ba fanang ka maikutlo ao ha ba tsebe Modimo wa rona ya lerato ho hang feela. Jehova a ke ke a fa baradi ba hae ba ratehang taelo e tla etsa hore ba ikutlwe ba theotswe seriti. Moradiwabo rona ya sebetsang ka thata hore a phethe boikarabelo boo Jehova a mo fileng bona, o etsa hore ho be le kgotso ka lapeng la hae. (Pes. 119:165) Sena se tla tswela yena, monna wa hae le bana ba bona molemo.

10. Re ka ithutang mantsweng a moradiwabo rona Carol?

10 Mosadi ya mamelang monna wa hae ya sa phethahalang o bontsha hore o rata Jehova le ho mo hlompha, e leng yena ya entseng hore banna e be dihlooho tsa malapa. Moradiwabo rona Carol ya dulang South America o re: “Ke a tseba hore monna wa ka o tla etsa diphoso empa ke boetse ke a tseba hore tsela eo ke itshwarang ka yona ha a entse diphoso e a bontsha hore na ke nka setswalle sa ka le Jehova se le bohlokwa hakae. Ka hona ke leka ho dula ke mamela monna wa ka hobane ke batla ho thabisa Jehova.”

11. Moradiwabo rona Aneese o thuswa ke eng hore a kgone ho tshwarela, hona re ka ithutang ho yena?

11 E ka ba bothata hore mosadi a mamele le ho hlompha monna wa hae haeba a utlwa eka ha a kgathalle maikutlo a hae kapa hona ho ela hloko dintho tse mo tshwenyang. Empa ela hloko hore na moradiwabo rona Aneese ya nyetsweng o reng ka taba ena. O re: “Ke leka hore ke se ke ka kwata. Ke a hopola hore kaofela ha rona re etsa diphoso. Sepheo sa ka ke ho ba motho ya tshwarelang ka bolokolohi jwalo ka Jehova. Ha ke tshwarela batho ba bang, ke ba le kgotso.” (Pes. 86:5) Mosadi ya tshwarelang, o tla nolofallwa ke hore a hlomphe monna wa hae.

RE KA ITHUTANG MEHLALENG E TLALEHILWENG KA BIBELENG?

12. Bibele e na le mehlala efe?

12 Batho ba bang ba ka nna ba nahana hore motho ya ikokobeditseng o a fokola. Empa taba eo ha se nnete ho hang. Bibele e na le mehlala ya batho ba bangata ba neng ba ikokobeditse ebile ba na le matla. Ela hloko hore na re ka ithutang mohlaleng wa Jesu, Abigaile le Maria.

13. Hlalosa hore na ke hobaneng ha Jesu a ikokobelletsa bolaodi ba Jehova.

13 Jesu o ikokobelletsa bolaodi ba Jehova, eseng hobane a haellwa ke bohlale kapa tsebo e itseng. Tsela e bonolo le e hlakileng eo a rutang ka yona e bontsha hore ke motho ya bohlale ka ho fetisisa. (Joh. 7:45, 46) Jehova o ile a ananela bokgoni ba Jesu haholo hoo a ileng a dumella Jesu hore a sebetse le yena ha a ne a bopa lehodimo le lefatshe. (Liprov. 8:30; Baheb. 1:2-4) Hape ka mora hore Jesu a tsoswe, Jehova o ile a mo fa “matla ohle lehodimong le lefatsheng.” (Mat. 28:18) Le hoja Jesu a na le bokgoni, o ntse a kopa tataiso ho Jehova. Hobaneng? Hobane o rata Ntate wa hae.​—Joh. 14:31.

14. (a) Banna ba ka ithutang tseleng eo Jehova a nkang basadi ka yona? (b) Ba ka ithutang hape ho Liproverbia 31?

14 Banna ba ka ithutang? Jehova ha a etsa hore mosadi a mamele monna wa hae hobane a nka basadi ba fokola ha ba bapiswa le banna. Jehova o hlakisitse taba eo ka hore yena ka boyena a kgethe basadi ha mmoho le banna hore ba ilo busa le Jesu. (Bagal. 3:​26-29) Jehova o bontshitse hore o tshepa Mora wa hae ka hore a mo fe matla. Ka tsela e tshwanang, monna ya bohlale o tla fa mosadi wa hae matla a itseng. Ha Bibele e hlalosa mosadi ya nang le bokgoni, e re o kgona ho hlokomela lelapa la hae, a reke le ho hlokomela thepa ya hae a be a etse mesebetsi ya kgwebo. (Bala Liproverbia 31:​15, 16, 18.) Ha se lekgoba le se nang tokelo ya ho ntsha maikutlo a lona. Ho e na le hoo, monna wa hae o a mo tshepa ebile o mamela maikutlo a hae. (Bala Liproverbia 31:11, 26, 27.) Ha monna a tshwara mosadi wa hae ka tsela e mosa le e nang le tlhompho, mosadi wa hae o tla thabela ho mo mamela.

Basadi ba nang le bokgoni ba ka ithutang mohlaleng wa Jesu wa ho ikokobelletsa bolaodi ba Jehova? (Sheba serapa sa 15)

15. Basadi ba ka ithutang mohlaleng wa Jesu?

15 Basadi ba ka ithutang? Le hoja Jesu a entse dintho tse ngata, ha a utlwe eka o itheola seriti ha a ikokobelletsa bolaodi ba Jehova. (1 Bakor. 15:28; Bafil. 2:5, 6) Ka tsela e tshwanang, mosadi ya nang le bokgoni ya latelang mohlala wa Jesu, a ke ke a utlwa a kgellwa fatshe ha a hlompha monna wa hae. O tla tshehetsa monna wa hae, eseng hobane feela a mo rata empa ntho ya bohlokwa e le hobane a rata Jehova ebile a mo hlompha.

Abigaile o ile a ya ho Davida ka mora hore a fe Davida le banna bao a neng a na le bona dijo. O ile a kgumama ka pela hae mme a mo kopa hore a se ke a etsa phoso e kgolo ya ho iphetetsa (Sheba serapa sa 16)

16. Ho ya ka 1 Samuele 25:3, 23-28, ke mathata afe ao Abigaile a ileng a ba le ona? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

16 Abigaile o ne a na le monna ya bitswang Nabale. Nabale o ne a itjhebile boyena, a ikgohomosa ebile a se na teboho. Ho ntse ho le jwalo, Abigaile ha a a ka a leka hore a qhale lenyalo la hae. A ka be a ile a thola yaba o tlohela Davida le banna ba hae hore ba bolaye monna wa hae. Ho e na le hoo, o ile a nka mehato e loketseng hore a sireletse Nabale ha mmoho le lelapa lohle la hae. O nahana hore Abigaile o ile a hloka ho ba le sebete ho le hokae hore a atamele banna ba 400 ba tshwereng dibetsa ha a ntse a behelana mabaka le Davida? O ne a bile a ikemiseditse ho jara phoso ya monna wa hae. (Bala 1 Samuele 25:3, 23-28.) Davida o ile a dumela hore Jehova o sebedisitse mosadi eo ya sebete hore a mo fe keletso e loketseng ho mo thusa hore a se ke a etsa phoso e tebileng.

17. Banna ba ka ithutang tlalehong ya Davida le Abigaile?

17 Banna ba ka ithutang? Abigaile e ne e le mosadi ya bohlale. Davida o ile a mamela keletso ya hae. Ka lebaka leo, o ile a qoba ho etsa phoso e neng e tla etsa hore a be le molato wa madi. Ka tsela e tshwanang, monna ya bohlale o mamela maikutlo a mosadi wa hae ka hloko pele a etsa diqeto tsa bohlokwa. Mohlomong ho utlwa maikutlo a mosadi wa hae ho tla mo thusa hore a qobe ho etsa diqeto tse fosahetseng.

18. Basadi ba ka ithutang mohlaleng wa Abigaile?

18 Basadi ba ka ithutang? Mosadi ya hlomphang Jehova a bile a mo rata a ka ba le tshusumetso e ntle haholo ho lelapa la hae le haeba monna wa hae a sa sebeletse Jehova kapa hona ho phela ka melao ya hae. A ke ke a qhala lenyalo la hae ntle ho mabaka a Mangolo. Ho e na le hoo, ka tlhompho le boikokobetso o tla leka ho susumelletsa monna wa hae hore a ithute ka Jehova. (1 Pet. 3:1,2) Empa le haeba monna wa hae a sa kgahlwe ke boitshwaro ba hae bo botle, Jehova o tla thaba ha a bona hore o mamela monna wa hae le hore o tshepahalla Jehova.

19. Ke maemong afe ao ho ona mosadi a ke keng a mamela monna wa hae?

19 Ho ntse ho le jwalo, mosadi wa Mokreste ya ikokobelletsang monna wa hae a ke ke a tshehetsa monna wa hae haeba a re a se ke a mamela melao le melaomotheo ya Bibele. Ka mohlala, a re re monna wa moradiwabo rona eo e seng Paki o mo bolella hore a bue leshano, a utswe kapa a etse ntho le ha e le efe e sa thabiseng Jehova. Bakreste bohle ho akarelletsa le baradibabo rona ba nyetsweng ba lokela ho hlompha Jehova Modimo pele ho mang kapa mang. Haeba ho thwe moradiwabo rona a se ke a mamela melaomotheo ya Bibele, o lokela ho hana mme a hlalose ka tsela e mosa a sa hlathe kwana le kwana hore na ke hobaneng ha a ke ke a etsa jwalo.​—Lik. 5:29.

Sheba serapa sa 20 *

20. Re tseba jwang hore Maria o ne a na le kamano e haufiufi le Jehova?

20 Maria o ne a na le kamano e haufiufi le Jehova. Ha ho pelaelo hore o ne a tseba Mangolo hantle. Ha a ntse a bua le Elizabetha mme wa Johanne Mokolobetsi, o ile a qotsa Mangolo a Seheberu ka makgetlo a fetang 20. (Luka 1:46-55) Na o kile wa nahana ka taba ya hore le hoja Josefa a ne a tshepisitse ho nyala Maria, lengeloi la Jehova ha le a ka la hlaha ho yena pele? Ka ho toba lengeloi le ile la bua le Maria la mo jwetsa hore o tla tswala Mora wa Modimo. (Luka 1:26-33) Jehova o ne a tseba Maria hantle mme o ne a kgodisehile hore o tla rata Mora wa hae le ho mo hlokomela. Ha ho pelaelo hore Maria o ile a tswela pele a na le kamano e haufi le Jehova esita le ka mora hore Jesu a shwe a be a ye lehodimong.​—Lik. 1:14.

21. Banna ba ka ithutang ho seo Bibele e se buang ka Maria?

21 Banna ba ka ithutang? Monna ya bohlale o a thaba ha mosadi wa hae a tseba Mangolo hantle. Ha a kwate kapa hona ho tshoswa ke mosadi wa hae. O a elellwa hore moradiwabo rona ya nang le tsebo e hlakileng ya Bibele le melaomotheo ya yona, a ka thusa lelapa la hae haholo. Nnete ke hore esita le haeba mosadi a rutehile ho feta monna wa hae, ke boikarabelo ba monna hore a etelle lelapa pele borapeding ba lelapa le ho le thusa hore le sebeletse Jehova.​—Baef. 6:4.

Basadi ba ka ithutang mohlaleng wa Maria mme wa Jesu ka ho ithuta le ho nahanisisa? (Sheba serapa sa 22) *

22. Basadi ba ka ithutang ho Maria?

22 Basadi ba ka ithutang? Mosadi o lokela ho ikokobelletsa monna wa hae. Le ha ho le jwalo, e ntse e le boikarabelo ba hae hore a dule a na le kamano e matla le Modimo. (Bagal. 6:5) Ka hoo, o lokela hore a iphe nako ya ho ithuta le ho nahanisisa. Ho etsa jwalo ho tla mo thusa hore a dule a rata Jehova le ho mo hlompha le hore a thabele ho ikokobelletsa monna wa hae.

23. Basadi ba ikokobeditseng ba tswela bona, malapa a bona le phutheho molemo jwang?

23 Basadi ba dulang ba ikokobelletsa banna ba bona hobane ba rata Jehova, ba tla thaba ba be ba kgotsofale ho feta batho ba sa hlompheng taba ya hore Jehova o entse hore banna e be dihlooho tsa malapa. Ba beha mohlala o motle haholo bakeng sa banna ba batjha le basadi ba batjha. Hape ba etsa hore ho be le lerato le kgotso malapeng a bona le ka phuthehong. (Tite 2:3-5) Mehleng ena basadi ba etsa karolo e kgolo haholo ya batho ba tshepahalang ba sebeletsang Jehova. (Pes. 68:11) Kaofela ha rona ebang re banna kapa re basadi, re na le boikarabelo ba bohlokwa haholo ka phuthehong. Sehlooho se latelang se tla hlalosa hore na re ka kgona ho phetha boikarabelo boo jwang.

PINA YA 131 “Seo Modimo a se Kopantseng Hammoho”

^ par. 5 Jehova o entse tokisetso ya hore mosadi ya nyetsweng a mamele le ho hlompha monna wa hae. Empa ha e le hantle taba eo e bolelang? Banna ba Bakreste le basadi ba ka ithuta dintho tse ngata mabapi le ho ikokobetsa mohlaleng wa Jesu le basadi ba bang bao dipale tsa bona di tlalehilweng ka Bibeleng.

^ par. 68 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ha Maria a ntse a bua le Elizabetha mme wa Johanne Mokolobetsi, o ile a kgona ho bua ditemana tsa Mangolo a Seheberu ka hlooho.

^ par. 70 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Mosadi wa Mokreste o behella nako ka thoko ya hore a ithute Bibele e le hore a dule a na le tumelo e matla.