Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 7

Bohlooho bo Sebetsa Joang ka Phuthehong?

Bohlooho bo Sebetsa Joang ka Phuthehong?

“Kreste [ke] . . . hlooho ea phutheho . . . le mopholosi oa ’mele ona.”​—BAEF. 5:23.

PINA EA 137 Mohlala oa Basali ba Tšepahalang

SELELEKELA *

1. Ke lebaka lefe le leng leo ka lona lelapa la Jehova le momahaneng?

RE RATA ho ba litho tsa lelapa la Jehova. Ke hobane’ng ha lelapa lee labo rona le e-na le khotso ebile le momahane? Le leng la mabaka ke hore re leka kahohle kamoo re ka khonang ho hlompha tokisetso ea bohlooho eo Jehova a faneng ka eona. Ha e le hantle, ha re utloisisa bohlooho haholoanyane, re khona ho momahana le ho feta.

2. Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

2 Sehloohong sena re tl’o bua ka bohlooho re nahanne haholo ka phutheho. Har’a lipotso tse ling, re tl’o araba tsena: Baralib’abo rona ba bapala karolo efe? Na ke ’nete hore mor’abo e mong le e mong ke hlooho ea morali’abo rona e mong le e mong? Na matla ao baholo ba nang le ’ona holim’a bara le barali ba bo rona a tšoana le ao hlooho ea lelapa e nang le ’ona holim’a mosali oa hae le bana ba hae? Empa pele a re ke re hlokomeleng hore na re lokela ho nka baralib’abo rona joang.

RE LOKELA HO NKA BARALIB’ABO RONA JOANG?

3. Ke’ng e tla re thusa ho ananela ka ho teba mosebetsi oo baralib’abo rona ba o etsa’ng?

3 Re nka baralib’abo rona ba sebetsang ka thata ho hlokomela malapa a bona, ho bolela molaetsa oa ’muso le ho tšehetsa phutheho ba le bohlokoa haholo ho rona. Re tla ba nka ba le bohlokoa le ho feta ha re nahana ka hore na Jehova le Jesu ba ikutloa joang ka bona. Re boetse re tla ithuta hore na re lokela ho tšoara basali joang ha re hlahloba tsela eo moapostola Pauluse a neng a ba tšoara ka eona.

4. Bibele e bontša joang hore Jehova o nka basali le banna ba le bohlokoa?

4 Bibele e bontša hore Jehova o nka banna le basali ba le bohlokoa ka tsela e tšoanang ho eena. Mohlala, Bibele e bontša hore mehleng ea baapostola, Jehova o ile a fana ka moea o halalelang ho basali le banna ’me a ba fa matla a hore ba etse mehlolo e kang ho bua lipuo tse sa tšoaneng. (Lik. 2:​1-4, 15-18) Basali hammoho le banna ba tlotsitsoe ka moea o halalelang ’me ba na le tšepo ea ho ea busa le Kreste. (Bagal. 3:​26-29) Basali le banna ba tla fumana moputso oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. (Tšen. 7:​9, 10, 13-15) Hape banna le basali ba filoe mosebetsi oa ho bolela le ho ruta molaetsa oa Bibele. (Mat. 28:​19, 20) Ha e le hantle, buka ea Liketso e bua ka mosali ea bitsoang Prisilla eo monna oa hae e neng e le Akuila ’me ba ile ba hlakisetsa Apolose monna ea rutehileng haholo linnete tsa Mangolo.​—Lik. 18:​24-26.

5. Luka 10:​38, 39, 42 e re Jesu o ne a nka basali joang?

5 Jesu o ile a hlompha basali le ho ba siela seriti. Ha aa ka a latela mokhoa oa Bafarisi oa ho khella basali fatše le hore a se ke a bua le bona har’a batho, re se re sa re letho ka ho bua le bona ka Mangolo. Ho e-na le hoo, ha a ne a bua le barutuoa ba hae, o ile a kenyelletsa basali ha a ne a bua ka lintho tse tebileng tsa Mangolo. * (Bala Luka 10:​38, 39, 42.) O ile a boela a lumella basali hore ba tsamaee le eena maetong a hae a boboleli. (Luka 8:​1-3) Hape Jesu o ile a ba fa tlotla ea hore ba tsebise baapostola hore o tsositsoe bafung.​—Joh. 20:​16-18.

6. Moapostola Pauluse o ile a bontša joang hore o hlompha basali?

6 Ka ho khetheha, moapostola Pauluse o ile a hopotsa Timothea hore a hlomphe basali. O ile a re a nke “basali ba baholo joaloka bo-’mè” le hore a nke “basali ba bacha joaloka likhaitseli.” (1 Tim. 5:​1, 2) Pauluse o ile a thusa Timothea haholo feela hore e be Mokreste ea holileng tsebong empa o ile a boela a lumela hore ’mè oa Timothea le nkhono oa hae, ke bona bao pele ba ileng ba thusa Timothea hore a tsebe “lingoliloeng tse halalelang.” (2 Tim. 1:5; 3:​14, 15) Ka ho khetheha, lengolong leo Pauluse a ileng a le ngolla Baroma, o ile a bitsa baralib’abo rona ka mabitso. Pauluse o ne a hlokomela hore na baralib’abo rona ba etsa’ng ’me o ne a bontša kananelo mosebetsing oo ba o etsang.​—Bar. 16:​1-4, 6, 12; Bafil. 4:3.

7. Mothating oo re tl’o tšetšetha lipotso life?

Joalokaha lirapa tse fetileng li bontšitse, ha ho na lebaka la Mangolo le teng leo ka lona basali ba lokelang ho nkoa ba fokola ha ba bapisoa le banna. Baralib’abo rona ba ratehang le ba seatla se bulehileng ke letlotlo ’me baholo ba itšetleha ka bona e le hore phutheho e ka lula e e-na le khotso le bonngoe. Empa ho na le lipotso tseo re lokelang ho li araba. Mohlala: Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore morali’abo rona a roale hloohong ha a le liketsahalong tse itseng? Kaha ke barab’abo rona feela ba khethoang hore e be baholo le bahlanka ba sebeletsang, na taba ee e fana ka maikutlo a hore mor’abo rona e mong le e mong ke hlooho ea morali’abo rona e mong le e mong ka phuthehong?

NA MOR’ABO RONA E MONG LE E MONG KE HLOOHO EA MORALI’ABO RONA E MONG LE E MONG?

8. Ho ea ka Baefese 5:​23, na mor’abo rona e mong le e mong ke hlooho ea morali’abo rona e mong le e mong? Hlalosa.

8 Karabo e khutšoanyane feela ke che! Mor’abo rona ha se hlooho ea morali’abo rona e mong le e mong ka phuthehong, Kreste ke eena hlooho ea bona. (Bala Baefese 5:​23.) Ka lapeng, monna o na le matla holim’a mosali oa hae. Mora ea kolobelitsoeng ha se hlooho ea ’mè oa hae. (Baef. 6:​1, 2) Ka phuthehong, baholo ba na le matla a itseng holim’a bara le barali ba bo rona. (1 Bathes. 5:​12; Baheb. 13:​17) Morali’abo rona oa lesoha ea seng a sa lule le batsoali ba hae o tla tsoela pele ho ba hlompha hammoho le baholo. Leha ho le joalo, joaloka banna ka phuthehong, le eena hlooho ea hae ke Kreste.

Masoha a seng a sa lule le batsoali ba ’ona a tlas’a bohlooho ba Kreste (Sheba serapa 8)

9. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling baralib’abo rona ba tlameha ho roala hloohong?

9 Ke ’nete hore Jehova o khethile banna hore ba etelle pele ho ruteng le litabeng tsa borapeli ka phuthehong empa ha aa fa baralib’abo rona mosebetsi oo. (1 Tim. 2:​12) Hobane’ng? Lebaka ke le tšoanang le la hore ebe o khethile Jesu hore e be hlooho ea monna e le ho etsa hore ho be le tlhophiso ka phuthehong. Haeba ka mabaka a mang a itseng morali’abo rona a tlameha ho phetha mosebetsi oo ka tloaelo o tlamehang ho etsoa ke mor’abo rona, boemong boo Jehova o lebeletse hore a roale hloohong. * (1 Bakor. 11:​4-7) Jehova o kopa baralib’abo rona hore ba etse joalo e seng hobane a batla ho ba nyenyefatsa empa ho ba thusa hore ba hlomphe tokisetso ea bohlooho eo a faneng ka eona. Re nahanne ka lintlha tseo, hajoale a re ke re arabeng potso ena: Baholo le lihlooho tsa malapa ba na le matla a makae?

MATLA AO LIHLOOHO TSA MALAPA LE BAHOLO BA NANG LE ’ONA

10. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling moholo a ka ’na a batla ho etsa melao ka phuthehong?

10 Baholo ba rata Kreste hape ba boetse ba rata “linku” tseo Jehova le Jesu ba li behileng tlhokomelong ea bona. (Joh. 21:​15-17) A se na maikutlo a mabe, moholo a ka nahana hore ke ntate oa batho ba bang ka phuthehong. A ka ’na a nahana hore haeba hlooho ea lelapa e na le tokelo ea ho etsa melao e le ho sireletsa lelapa la eona, moholo le eena a ka etsa melao ka tšepo ea hore o tla sireletsa linku tsa Molimo. Hape bara le barali ba bo rona ba bang ba ka kopa baholo hore e be lihlooho tsa bona ka tsela e itseng ka hore ba ba kope hore ba ba etsetse liqeto. Empa na baholo ka phuthehong le lihlooho tsa malapa ba na le matla a tšoanang?

Baholo ba tsotella phutheho le ho e thusa hore e be le kamano e ntle le Jehova. Jehova o ba file boikarabelo ba hore ba boloke phutheho e hloekile (Sheba serapa 11 le 12)

11. Matla ao lihlooho tsa malapa le baholo ba nang le ’ona a tšoana joang?

11 Moapostola Pauluse o ile a bontša hore ho na le lintho tse tšoanang ka matla ao hlooho ea lelapa le moholo ba nang le ’ona. (1 Tim. 3:​4, 5) Mohlala, Jehova o batla hore litho tsa lelapa li hlomphe hlooho ea lelapa. (Bakol. 3:​20) O boetse o batla hore bahoeletsi ba hlomphe baholo. Jehova o lebelletse hore lihlooho tsa malapa hammoho le baholo ba etse bonnete ba hore batho ba tlhokomelong ea bona ba lula ba rata ho mo sebeletsa. Ba boetse ba etsa hore batho ba ikarabellang ho bona ba ikutloe ba ratoa. Hape joaloka lihlooho tsa malapa tse molemo, baholo ba etsa bonnete ba hore batho ba tlhokomelong ea bona ba fumana thuso nakong eo ba e hlokang. (Jak. 2:​15-17) Ho feta moo, Jehova o lebelletse hore baholo le lihlooho tsa malapa ba thuse batho ho mamela melao ea hae. Hape ha a batle ha ba “fetela ka ng’ane ho lintho tse ngoliloeng” ka Bibeleng.​—1 Bakor. 4:6.

Lihlooho tsa malapa li fuoe matla ke Jehova a hore li etelle malapa a tsona pele. Pele hlooho ea lelapa e nang le lerato e etsa liqeto, e tla buisana le mosali oa eona pele (Sheba serapa 13)

12-13. Joalokaha Baroma 7:2 e bontša, matla ao lihlooho tsa malapa le baholo ba nang le ’ona a fapana joang?

12 Leha ho le joalo, ho boetse ho na le lintho tsa bohlokoa tse sa tšoaneng ka matla ao lihlooho tsa malapa le baholo ba nang le ’ona. Mohlala, Jehova o khethile baholo hore ba sebetse joaloka baahloli hape o ba file boikarabelo ba hore ba tlose baetsalibe ba sa bakeng ka phuthehong.​—1 Bakor. 5:​11-13.

13 Ka lehlakoreng le leng, o file lihlooho tsa malapa matla a mang ao a sa a abelang baholo. Mohlala, o file hlooho ea lelapa matla a ho etsa melao le ho e kenya tšebetsong. (Bala Baroma 7:2.) Hlooho ea lelapa e na le tokelo ea ho etsetsa bana ba eona qeto ea hore na ba lokela ho fihla hae ka nako mang. E boetse e lokela ho fa bana kotlo haeba ba sa mamele molao oo. (Baef. 6:1) Ke ’nete hore monna ea ratang lelapa la hae o tla bua le mosali oa hae pele a etsa melao ea lelapa haholo joang ha eena le mosali oa hae e le “nama e le ’ngoe.” *​—Mat. 19:6.

HLOMPHA KRESTE KAHA KE EENA HLOOHO EA PHUTHEHO

Jesu a le tlas’a bohlooho ba Jehova o fana ka tataiso ho liphutheho (Sheba serapa sa 14)

14. (a) Ho latela Mareka 10:​45, ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe Jehova o khethile Jesu hore ebe hlooho ea phutheho? (b) Boikarabelo ba Sehlopha se Busang ke bofe? (Sheba lebokose le reng “ Mosebetsi oa Sehlopha se Busang.”)

14 A sebelisa sehlabelo sa thekollo, Jehova o rekile bophelo ba motho e mong le e mong ka phuthehong le ba motho e mong le e mong ea bontšang tumelo ho Jesu. (Bala Mareka 10:​45; Lik. 20:​28; 1 Bakor. 15:​21, 22) Kahoo, kannete ho loketse hore ebe o khethile Jesu ea ileng a fana ka bophelo ba hae hore e be thekollo hore e be hlooho ea phutheho. Kaha ke hlooho, Jesu o na le matla a ho etsa melao e laolang boitšoaro ba motho ka bomong, ba malapa esita le ba phutheho eohle. (Bagal. 6:2) Empa Jesu ha a etse melao feela. Oa re rata hape oa re tsotella kaofela ha rona.​—Baef. 5:29.

15-16. U ithutile’ng ho Morali’abo rona Marley le Mor’abo rona Benjamin?

15 Baralib’abo rona ba bontša hore ba hlompha Kreste ka ho latela tataiso e fanoang ke banna bao a ba khethileng hore ba ba hlokomele. Baralib’abo rona ba bangata ba lumellana le morali’abo rona Marley ea lulang Amerika tabeng ena. O re: “Ke ananela boemo ba ka joaloka mosali le morali’abo rona ka phuthehong. Nako le nako ke tlameha ho lula ke loanela ho ba le maikutlo a nepahetseng ka tokisetso ea Jehova ea bohlooho. Empa monna oa ka le barab’abo rona ka phuthehong ba entse hore ho be bonolo ho ’na ho etsa joalo hobane baa ntlhompha le ho ananela mosebetsi oo ke o etsang.”

16 Barab’abo rona ba bontša hore ba utloisisa tokisetso ea bohlooho ka hore ba hlomphe baralib’abo rona le ho ba siela seriti. Mor’abo rona Benjamin ea lulang Brithani o re: “Ke ithutile lintho tse ngata haholo likarabong tsa baralib’abo rona ha re le libokeng le lintlheng tseo ba nang le tsona tsa hore na re ka etsa’ng e le hore re be le lithuto tse hatelang pele boboleling. Ke lumela hore mosebetsi oo ba o etsang ke oa bohlokoa haholo.”

17. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha motso oa bohlooho?

17 Ha batho bohle ka phuthehong ebang ke banna, basali, lihlooho tsa malapa le baholo ba utloisisa ba bile ba hlompha motso oa bohlooho, phutheho eohle ea thaba hape e ba le khotso. Habohlokoa le ho feta re isa thoriso ho Ntate oa rona ea lerato Jehova.​—Pes. 150:6.

PINA EA 123 Lulang le Ikokobeletsa Molimo

^ ser. 5 Jehova o file baralib’abo rona boikarabelo bofe ka phuthehong? Na mor’abo rona e mong le e mong ke hlooho ea morali’abo rona e mong le e mong? Na baholo le lihlooho tsa malapa ba na le matla a tšoanang? Sehloohong sena re tl’o araba lipotso tsena re sebelisa mehlala e hlahang ka Bibeleng.

^ ser. 5 Sheba serapa sa 6 sehloohong se reng “Tšehetsa Basali ba Bakreste,” se ho Molula-Qhooa oa September 2020.

^ ser. 13 E le ho fumana hore na ke mang ea lokelang ho etsa qeto ea hore na lelapa le tla ea phuthehong efe, sheba serapa sa 17 ho ea ho sa 19 sehloohong se reng “Hlompha Batho Bohle ba ka Mokhatlong oa Jehova,” se ho Molula-Qhooa oa August 2020.

^ ser. 59 Ho fumana lintlha tse toma ka taba ena, bala buka ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo,” leq. 209-212.

^ ser. 64 E le hore u tsebe haholoanyane ka mosebetsi oa Sehlopha se Busang, bala Molula-Qhooa oa July 15, 2013 leq. 20-25.