Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 7

Baholo ba ka Sebedisa Matla ao Modimo a ba Fileng ona Jwang ka Phuthehong?

Baholo ba ka Sebedisa Matla ao Modimo a ba Fileng ona Jwang ka Phuthehong?

“Kreste [ke] . . . hlooho ya phutheho . . . le mopholosi wa mmele ona.”​—BAEF. 5:23.

PINA YA 137 Basadi ba Tshepahalang, Baradibabo Rona ba Bakreste

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke lebaka lefe le leng leo ka lona lelapa la Jehova le momahaneng?

RE RATA ho ba ditho tsa lelapa la Jehova. Ke hobaneng ha lelapa lee labo rona le na le kgotso ebile le momahane? Le leng la mabaka ke hore re leka ka hohle ka moo re ka kgonang ho hlompha batho bao Jehova a ba fileng matla a itseng. Ha e le hantle, ha re utlwisisa tokisetso eo haholwanyane, re kgona ho momahana le ho feta.

2. Re tlo araba dipotso dife sehloohong see?

2 Sehloohong sena re tlo bua ka batho bao Modimo a ba fileng matla ka phuthehong. Hara dipotso tse ding, re tlo araba tsena: Baradibabo rona ba bapala karolo efe? Na ke nnete hore morabo rona e mong le e mong ke hlooho ya moradiwabo rona e mong le e mong? Na matla ao baholo ba nang le ona hodima bara le baradibabo rona a tshwana le ao monna eo e leng hlooho ya lelapa a nang le ona hodima mosadi wa hae le bana ba hae? Empa pele a re ke re hlokomeleng hore na re lokela ho nka baradibabo rona jwang.

RE LOKELA HO NKA BARADIBABO RONA JWANG?

3. Keng e tla re thusa ho ananela ka ho teba mosebetsi oo baradibabo rona ba o etsang?

3 Re nka baradibabo rona ba sebetsang ka thata ho hlokomela malapa a bona, ho bolela molaetsa wa Mmuso le ho tshehetsa phutheho ba le bohlokwa haholo ho rona. Re tla ba nka ba le bohlokwa le ho feta ha re nahana ka hore na Jehova le Jesu ba ikutlwa jwang ka bona. Re boetse re tla ithuta hore na re lokela ho tshwara basadi jwang ha re hlahloba tsela eo moapostola Pauluse a neng a ba tshwara ka yona.

4. Bibele e bontsha jwang hore Jehova o nka basadi ba le bohlokwa jwalo ka banna?

4 Bibele e bontsha hore Jehova o nka banna le basadi ba le bohlokwa ka tsela e tshwanang. Ka mohlala, Bibele e bontsha hore mehleng ya baapostola Jehova o ile a fana ka moya o halalelang ho basadi le banna mme a ba fa matla a hore ba etse mehlolo e kang ho bua dipuo tse sa tshwaneng. (Lik. 2:1-4, 15-18) Basadi ha mmoho le banna ba tlotsitswe ka moya o halalelang mme ba na le tshepo ya ho ya busa le Kreste. (Bagal. 3:26-29) Basadi le banna ba tla fumana moputso wa ho phela ka ho sa feleng lefatsheng. (Tšen. 7:9, 10, 13-15) Hape banna le basadi ba filwe mosebetsi wa ho bolela le ho ruta molaetsa wa Bibele. (Mat. 28:19, 20) Ha e le hantle, buka ya Liketso e bua ka mosadi ya bitswang Prisilla eo monna wa hae e neng e le Akuila mme ba ile ba hlakisetsa Apolose seo Mangolo a se rutang, e leng monna ya neng a rutehile haholo.​—Lik. 18:24-26.

5. Luka 10:38, 39, 42 e re Jesu o ne a nka basadi jwang?

5 Jesu o ile a hlompha basadi le ho ba siela seriti. Ha a a ka a latela mokgwa wa Bafarisi wa ho kgella basadi fatshe le hore a se ke a bua le bona hara batho, re se re sa re letho ka ho bua le bona ka Mangolo. Ho e na le hoo, ha a ne a bua le barutuwa ba hae, o ile a kenyelletsa basadi ha a ne a bua ka dintho tse tebileng tsa Mangolo. * (Bala Luka 10:38, 39, 42.) O ile a boela a dumella basadi hore ba tsamaye le yena maetong a hae a boboledi. (Luka 8:1-3) Hape Jesu o ile a ba fa tlotla ya hore ba tsebise baapostola hore o tsositswe bafung.​—Joh. 20:16-18.

6. Moapostola Pauluse o ile a bontsha jwang hore o hlompha basadi?

6 Ka ho kgetheha, moapostola Pauluse o ile a hopotsa Timothea hore a hlomphe basadi. Pauluse o ile a re a nke “basadi ba baholo jwalo ka bo mme” le hore a nke “basadi ba batjha jwalo ka dikgaitsedi.” (1 Tim. 5:1, 2) Pauluse o ile a thusa Timothea haholo feela hore e be Mokreste ya nang le tumelo e matla empa o ile a boela a dumela hore mme wa Timothea le nkgono wa hae, ke bona ba pele ba ileng ba thusa Timothea hore a tsebe “dingodilweng tse halalelang.” (2 Tim. 1:5; 3:14, 15) Lengolong leo a ileng a le ngolla Baroma, ka ho kgetheha Pauluse o ile a bitsa baradibabo rona ka mabitso. Pauluse o ne a hlokomela hore na baradibabo rona ba etsang mme o ne a bontsha kananelo mosebetsing oo ba o etsang.​—Bar. 16:1-4, 6, 12; Bafil. 4:3.

7. Re tlo araba dipotso dife?

7 Jwalo ka ha dirapa tse fetileng di bontshitse, ha ho na lebaka la Mangolo le bontshang hore basadi ba lokela ho nkwa ba fokola ha ba bapiswa le banna. Baradibabo rona ba ratehang le ba ratang ho fana ke letlotlo mme baholo ba itshetleha ka bona e le hore phutheho e ka dula e na le kgotso le bonngwe. Empa ho na le dipotso tseo re lokelang ho di araba. Ka mohlala: Ke hobaneng ha Jehova a lebelletse hore moradiwabo rona a rwale hloohong maemong a itseng? Ka ha ke barababo rona feela ba kgethwang hore e be baholo le bahlanka ba sebeletsang, na taba ee e fana ka maikutlo a hore morabo rona e mong le e mong ke hlooho ya moradiwabo rona e mong le e mong ka phuthehong?

NA MORABO RONA E MONG LE E MONG KE HLOOHO YA MORADIWABO RONA E MONG LE E MONG?

8. Ho ya ka Baefese 5:23, na morabo rona e mong le e mong ke hlooho ya moradiwabo rona e mong le e mong? Hlalosa.

8 Karabo e kgutshwanyane feela ke tjhe. Morabo rona ha se hlooho ya moradiwabo rona e mong le e mong ka phuthehong, Kreste ke yena hlooho ya phutheho. (Bala Baefese 5:23.) Ka lapeng, monna o na le matla hodima mosadi wa hae. Mora ya kolobeditsweng ha se hlooho ya mme wa hae. (Baef. 6:1, 2) Ka phuthehong baholo ba na le matla a itseng hodima bara le baradibabo rona. (1 Bathes. 5:12; Baheb. 13:17) Moradiwabo rona wa lesoha ya seng a sa dule le batswadi ba hae o dula a hlompha batswadi ba hae le baholo. Le ha ho le jwalo, jwalo ka banna ka phuthehong hlooho ya hae ke Jesu.

Masoha a seng a sa dule le batswadi ba ona a tlasa bolaodi ba Jesu (Sheba serapa sa 8)

9. Ke hobaneng ha ka dinako tse ding baradibabo rona ba tlameha ho rwala hloohong?

9 Ke nnete hore Jehova o kgethile banna hore ba etelle pele ho ruteng le ditabeng tsa borapedi ka phuthehong empa ha a fa baradibabo rona mosebetsi oo. (1 Tim. 2:12) Hobaneng? Lebaka ke le tshwanang le la hore ebe o kgethile Jesu hore e be hlooho ya monna e le ho etsa hore ho be le tlhophiso ka phuthehong. Haeba ka mabaka a mang a itseng moradiwabo rona a tlameha ho phetha mosebetsi oo ka tlwaelo o tlamehang ho etswa ke morabo rona, boemong boo Jehova o lebelletse hore a rwale hloohong. * (1 Bakor. 11:4-7) Jehova o kopa baradibabo rona hore ba etse jwalo eseng hobane a batla ho ba nyenyefatsa empa ho ba thusa hore ba hlomphe batho bao a ba fileng matla a itseng ka phuthehong. Re nahanne ka dintlha tseo, ha jwale a re ke re arabeng potso ena: Baholo le dihlooho tsa malapa ba na le matla a makae?

MATLA AO BAHOLO LE DIHLOOHO TSA MALAPA BA NANG LE ONA

10. Ke hobaneng ha ka dinako tse ding moholo a ka nna a batla ho etsa melao ka phuthehong?

10 Baholo ba rata Kreste hape ba boetse ba rata le “dinku” tsa Jehova le Jesu tse behilweng tlhokomelong ya bona. (Joh. 21:15-17) A se na maikutlo a mabe, moholo a ka nahana hore ke ntate wa batho ba bang ka phuthehong. A ka nna a nahana hore haeba hlooho ya lelapa e na le tokelo ya ho etsa melao e le ho sireletsa lelapa la yona, moholo le yena a ka etsa melao ka tshepo ya hore o tla sireletsa dinku tsa Modimo. Hape bara le baradibabo rona ba bang ba ka kopa baholo hore e be dihlooho tsa bona ka tsela e itseng ka hore ba ba kope hore ba ba etsetse diqeto. Empa na baholo ka phuthehong le dihlooho tsa malapa ba na le matla a tshwanang?

Baholo ba kgathalla phutheho le ho e thusa hore e be le kamano e ntle le Jehova. Jehova o ba file boikarabelo ba hore ba boloke phutheho e hlwekile (Sheba serapa 11 le 12)

11. Matla ao dihlooho tsa malapa le baholo ba nang le ona a tshwana jwang?

11 Moapostola Pauluse o ile a bontsha hore ho na le dintho tse tshwanang ka matla ao hlooho ya lelapa le moholo ba nang le ona. (1 Tim. 3:4, 5) Ka mohlala, Jehova o batla hore ditho tsa lelapa di hlomphe hlooho ya lelapa. (Bakol. 3:20) O boetse o batla hore bahweletsi ba hlomphe baholo. Jehova o lebelletse hore dihlooho tsa malapa ha mmoho le baholo ba etse bonnete ba hore batho ba tlhokomelong ya bona ba dula ba rata ho mo sebeletsa. Ba boetse ba etsa hore batho ba ikarabellang ho bona ba ikutlwe ba ratwa. Hape jwalo ka dihlooho tsa malapa tse molemo, baholo ba etsa bonnete ba hore batho ba tlhokomelong ya bona ba fumana thuso nakong eo ba e hlokang. (Jak. 2:15-17) Ho feta moo, Jehova o lebelletse hore baholo le dihlooho tsa malapa ba thuse batho ho mamela melao ya hae. Hape ha a batle ha ba “fetela ka nqane ho dintho tse ngodilweng” ka Bibeleng.​—1 Bakor. 4:6.

Dihlooho tsa malapa di fuwe matla ke Jehova a hore di etelle malapa a tsona pele. Pele morabo rona ya lerato eo e leng hlooho ya lelapa a etsa diqeto, o tla buisana le mosadi wa hae (Sheba serapa sa 13)

12, 13. Jwalo ka ha Baroma 7:2 e bontsha, matla ao dihlooho tsa malapa le baholo ba nang le ona a fapana jwang?

12 Le ha ho le jwalo, ho boetse ho na le dintho tsa bohlokwa tse sa tshwaneng ka matla ao baholo le dihlooho tsa malapa ba nang le ona. Ka mohlala, Jehova o kgethile baholo hore ba sebetse jwalo ka baahlodi hape o ba file boikarabelo ba hore ba tlose baetsadibe ba sa bakeng ka phuthehong.​—1 Bakor. 5:11-13.

13 Ka lehlakoreng le leng Jehova o file dihlooho tsa malapa matla a mang ao a sa a fang baholo. Ka mohlala, o file hlooho ya lelapa matla a ho etsa melao le ho etsa bonnete ba hore lelapa le mamela melao eo. (Bala Baroma 7:2.) Monna eo e leng hlooho ya lelapa o na le tokelo ya ho etsetsa bana ba hae qeto ya hore na ba lokela ho fihla hae ka nako mang. O boetse o lokela ho fa bana ba hae kotlo haeba ba sa mamele molao oo. (Baef. 6:1) Ke nnete hore monna ya ratang lelapa la hae o tla bua le mosadi wa hae pele a etsa melao ya lelapa hobane yena le mosadi wa hae ke “nama e le nngwe.” *​—Mat. 19:6.

HLOMPHA KRESTE KA HA KE YENA HLOOHO YA PHUTHEHO

Jesu a le tlasa bolaodi ba Jehova o fana ka tataiso ho diphutheho (Sheba serapa sa 14)

14. (a) Ho latela Mareka 10:45, ke hobaneng ha ho loketse hore ebe Jehova o kgethile Jesu hore e be hlooho ya phutheho? (b) Boikarabelo ba Sehlopha se Busang ke bofe? (Sheba lebokose le reng “ Mosebetsi wa Sehlopha se Busang.”)

14 A sebedisa sehlabelo sa thekollo, Jehova o rekile bophelo ba motho e mong le e mong ka phuthehong le ba motho e mong le e mong ya bontshang tumelo ho Jesu. (Bala Mareka 10:45; Lik. 20:28; 1 Bakor. 15:21, 22) Ka hoo, ka nnete ho loketse hore ebe o kgethile Jesu ya ileng a fana ka bophelo ba hae e le thekollo hore e be hlooho ya phutheho. Ka ha ke hlooho, Jesu o na le matla a ho etsa melao le ho etsa bonnete ba hore motho ka bomong, malapa esita le phutheho yohle ba mamela melao eo. (Bagal. 6:2) Empa Jesu ha a etse melao feela, o a re rata hape o kgathalla e mong le e mong wa rona.​—Baef. 5:29.

15, 16. O ithutang ho moradiwabo rona Marley le morabo rona Benjamin?

15 Baradibabo rona ba bontsha hore ba hlompha Kreste ka ho latela tataiso e fanwang ke banna bao a ba kgethileng hore ba ba hlokomele. Baradibabo rona ba bangata ba dumellana le moradiwabo rona Marley ya dulang United States tabeng ena. O re: “Ke ananela boemo ba ka jwalo ka mosadi le moradiwabo rona ka phuthehong. Nako le nako ke tlameha ho dula ke lwanela ho ba le maikutlo a nepahetseng ka taba ya hore Jehova o file monna wa ka le baholo matla a bolaodi. Empa monna wa ka le barababo rona ka phuthehong ba entse hore ho be bonolo ho nna ho etsa jwalo hobane ba a ntlhompha le ho ananela mosebetsi oo ke o etsang.”

16 Barababo rona ba bontsha hore ba utlwisisa tokisetso eo Modimo a e entseng ya hore ho be le batho ba nang le matla ka lapeng le ka phuthehong ka hore ba hlomphe baradibabo rona le ho ba siela seriti. Morabo rona Benjamin ya dulang England o re: “Ke ithutile dintho tse ngata haholo dikarabong tsa baradibabo rona ha re le dibokeng le dintlheng tseo ba nang le tsona tsa hore na re ka ithuta jwang le hore na re ka ntlafatsa tsela eo re rutang batho Bibele ka yona jwang. Ke dumela hore mosebetsi oo ba o etsang ke wa bohlokwa haholo.”

17. Ke hobaneng ha re lokela ho hlompha taba ya hore Jehova o file batho ba bang matla a bolaodi?

17 Ha batho bohle ka phuthehong ebang ke banna, basadi, dihlooho tsa malapa le baholo ba utlwisisa ba bile ba hlompha taba ya hore Jehova o file batho ba bang matla a bolaodi, phutheho yohle e a thaba hape e ba le kgotso. Ha bohlokwa le ho feta re isa thoriso ho Ntate wa rona ya lerato Jehova.​—Pes. 150:6.

PINA YA 123 Ikokobelletse Taolo ya Modimo ka Botshepehi

^ par. 5 Jehova o file baradibabo rona boikarabelo bofe ka phuthehong? Na morabo rona e mong le e mong ke hlooho ya moradiwabo rona e mong le e mong? Na baholo le dihlooho tsa malapa ba na le matla a tshwanang? Sehloohong sena re tlo araba dipotso tsena re sebedisa mehlala e hlahang ka Bibeleng.

^ par. 5 Sheba serapa sa 6 sehloohong se reng “Kgothatsa Baradibabo Rona ka Phuthehong,” se hlahileng ho Tora ya ho Lebela ya September 2020.

^ par. 9 Sheba lebokose le reng “ Moradiwabo Rona o Lokela ho Rwala Neng?

^ par. 13 E le ho fumana hore na ke mang ya lokelang ho etsa qeto ya hore na lelapa le tla ya phuthehong efe, sheba serapa sa 17 ho ya ho sa 19 sehloohong se reng “Hlompha Motho e Mong le e Mong ka Phuthehong,” se ho Tora ya ho Lebela ya August 2020.

^ par. 59 Ho fumana dintlha tse eketsehileng ka taba ena, bala buka ya Le Ipoloke Leratong la Molimo,” leq. 209-212.

^ par. 64 E le hore o tsebe haholwanyane ka mosebetsi wa Sehlopha se Busang, bala Molula-Qhooa wa July 15, 2013 leq. 20-25.