Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 11

Ho Bala Bibele ho ka o Thusa Jwang Hore o Mamelle Mathata?

Ho Bala Bibele ho ka o Thusa Jwang Hore o Mamelle Mathata?

‘Modimo o . . . fana ka mamello.’​—BAR. 15:5.

PINA YA 94 Re Ananela Lentswe la Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke mathata afe ao bahlanka ba Jehova ba ka bang le ona?

NA O na le mathata? Mohlomong ho na le motho e mong ka phuthehong ya o utlwisitseng bohloko. (Jak. 3:2) Kapa mohlomong batho bao o sebetsang le bona kapa bao o kenang sekolo le bona ba tshehisa ka wena hobane o sebeletsa Jehova. (1 Pet. 4:3, 4) Kapa mohlomong ba leloko ba leka ho o thibela ho ya dibokeng kapa ho bua le batho ba bang ka tumelo ya hao. (Mat. 10:35, 36) Haeba bothata bo le boima haholo o ka nna wa ikutlwa eka ho molemo ho kgaotsa ho sebeletsa Jehova. Empa o ka kgodiseha hore ho sa tsotellehe hore na o na le bothata bofe, Jehova o tla o fa bohlale le matla a ho mamella bothata boo.

2. Ho ya ka Baroma 15:4, ho bala Lentswe la Modimo ho ka re thusa jwang?

2 Jehova o entse bonnete ba hore ka Lentsweng la hae ho ngolwe ka moo batho ba sa phethahalang ba ileng ba mamella maemo a thata ka teng. Ebe lebaka ke lefe? Ke hore re ithute mohlaleng wa bona mme seo ke seo Jehova a ileng a susumelletsa moapostola Pauluse hore a se ngole. (Bala Baroma 15:4.) Ho bala ditlaleho tsena ho ka re kgothatsa mme ha etsa hore re be le tshepo. Le ha ho le jwalo e le hore re fumane molemo ha re bala Bibele ha re a lokela ho e bala feela. Re lokela ho dumella Mangolo hore a fetole tsela eo re nahanang ka yona le tsela eo re ikutlwang ka yona. Ke eng seo re ka se etsang haeba re batla keletso mabapi le bothata boo re nang le bona? Re ka etsa dintho tsena tse nne tse latelang: (1Rapela, (2Nahana, (3Nahanisisa, le (4Sebedisa seo o ithutileng sona. Re tla bona hore na re ka etsa dintho tsena tse nne jwang. * Ka mora moo re tla sebedisa mokgwa ona wa ho ithuta, ho ithuta dinthong tse ileng tsa etsahalla Morena Davida le moapostola Pauluse.

1. RAPELA

Pele o qala ho bala Bibele, kopa Jehova hore a o thuse hore o utlwisise seo o se balang (Sheba serapa sa 3)

3. Pele o qala ho bala Bibele ke eng eo o lokelang ho e etsa, hona hobaneng?

3 (1Rapela. Pele o qala ho bala Bibele, kopa Jehova hore a o thuse hore o bone hore na o ka ithuta eng ho seo o se balang. Ka mohlala, haeba o batla keletso mabapi le hore na o ka sebetsana jwang le bothata boo o nang le bona, kopa Jehova hore a o thuse hore o fumane melaomotheo ka Lentsweng la hae e ka o thusang.​—Bafil. 4:6, 7; Jak. 1:⁠5.

2. NAHANA

Nka hore o motho eo ho buuwang ka yena tlalehong eo ya Bibele (Sheba serapa sa 4)

4. Ke eng e ka o thusang hore o utlwisise tlaleho eo o e balang ka Bibeleng?

4 (2Nahana. Jehova o re file bokgoni bo ikgethang ba ho nahana. E le hore o utlwisise tlaleho eo o balang ka yona ka Bibeleng, leka ho nahana ka se etsahalang moo mme o inke o le motho eo o balang ka yena. Leka ho bona dintho tseo motho eo o balang ka yena a neng a di bona mme o leke ho ikutlwa ka tsela eo e ka nnang yaba o ne a ikutlwa ka yona.

3. NAHANISISA

Nahanisisa ka seo o se balang le hore na o ka se sebedisa jwang (Sheba serapa sa 5)

5. Ho nahanisisa ho bolela eng? Hona o ka etsang e le hore o nahanisise?

5 (3Nahanisisa. Ho nahanisisa ho bolela ho nahana ka hloko ka ntho eo o e balang le hore na o ka e sebedisa jwang bophelong ba hao. Ho o thusa hore o utlwisise dintho tseo o ileng wa ithuta tsona mme o di utlwisise haholwanyane. Ho bala Bibele o sa nahanisise ho tshwana le ha o shebile dintho tse tafoleng tse hlokahalang bakeng sa ho etsa bohobe empa o sa di sebedise. Le ha ho le jwalo ho nahanisisa ho tshwana le ha o di kopanya e le hore o etse bohobe. Ntho e ka o thusang hore o kgone ho nahanisisa ke hore o ipotse le ho araba dipotso tse kang tsena: ‘Motho eo ke balang ka yena mona o entse eng ho rarolla bothata boo a nang le bona? Jehova o ile a mo thusa jwang? Nka sebedisa seo ke ithutileng sona jwang ho mamella mathata ao ke nang le ona?’

4. SEBEDISA SEO O ITHUTILENG SONA

Etsa hore ntho eo o ithutileng yona e o thuse hore o etse diqeto tse bohlale, o be le kgotso e eketsehileng le hore e matlafatse tumelo ya hao (Sheba serapa sa 6)

6. Ke hobaneng ha re lokela ho sebedisa seo re ithutileng sona?

6 (4Sebedisa seo o ithutileng sona. Jesu o ile a re haeba re sa sebedise seo re ithutileng sona re tshwana le monna ya hahang ntlo ya hae hodima lehlabathe. O sebetsa ka thata empa o senya matla a hae. Hobaneng? Hobane ha ho ka ba le sefefo kapa pula ya na hampe ntlo eo e tla wa. (Mat. 7:24-27) Ka tsela e tshwanang, haeba re rapela, re nahana mme re nahanisisa empa re sa sebedise seo re ithutileng sona re tla be re senya matla a rona. Haeba re ba le mathata kapa re hloriswa tumelo ya rona e ke ke ya ba matla. Empa haeba re ithuta mme re sebedisa seo re ithutileng sona, seo se etsa hore re etse diqeto tse nepahetseng mme re ba le kgotso ebile tumelo ya rona e ba matla le ho feta. (Esa. 48:17, 18) Re nahanne ka dintlha tse nne tseo re buileng ka tsona, a re ke re boneng hore na re ka ithutang ho se ileng sa etsahalla Morena Davida.

O KA ITHUTA ENG HO MORENA DAVIDA?

7. Re tlo bua ka tlaleho efe e hlahang ka Bibeleng?

7 Na e mong wa lelapa kapa motswalle wa hao o kile a o utlwisa bohloko? Haeba ho jwalo o ka thuswa ke ho bala ka seo Morena Davida a ileng a se etsa ha mora wa hae Absalome a mo utlwisa bohloko mme a leka ho ba morena.​—2 Sam. 15:5-14, 31; 18:6-14.

8. Ke eng seo o ka se etsang e le hore Jehova a o thuse?

8 (1Rapela. O ntse o nahanne ka tlaleho eo o e badileng, bolella Jehova hore o ikutlwa jwang ka tsela eo o ileng wa tshwarwa hampe ka yona. (Pes. 6:6-9) Toba taba ebe o kopa Jehova hore a o thuse ho bona melaomotheo e ka o thusang ha o ntse o leka ho sebetsana le bothata boo.

9. Ho ile ha etsahalang pakeng tsa Davida le Absalome?

9 (2Nahana. Nahana ka dintho tse ileng tsa etsahala tlalehong ena le ka moo Morena Davida a ileng a ameha ka teng. Mora wa Davida e leng Absalome o ile a sebetsa ka thata hore batho ba tle ba mo rate. (2 Sam. 15:7) Nakong eo Absalome a neng a nahana hore ke nako e nepahetseng, o ile a romella dihlwela metseng yohle ya Iseraele ho ya etsa hore batho ba mo amohele e le morena wa bona. O ile a ba a etsa hore Akitofele e leng motswalle ya haufiufi wa Davida hape e le moeletsi wa hae a be le yena morerong ona wa hae o mobe. Absalome o ile a ipitsa morena mme a leka ho tshwara Davida le ho mo bolaya nakong eo Davida a neng a kula haholo. (Pes. 41:1-9) Davida o ile a tseba hore Absalome o ntse a etsang mme a baleha Jerusalema. Qetellong masole a Absalome a ile a lwana le masole a Davida. Masole ao a marabele a ile a hlolwa mme mora wa Davida e leng Absalome a bolawa.

10. Morena Davida a ka be a ile a etsang?

10 Nahana hore Davida o ile a ikutlwa jwang ha dintho tsena di ntse di mo etsahalla. O ne a rata Absalome mme a tshepa Akitofele. Le ha ho le jwalo, ka bobedi ba bona ba ile ba mo tswa tlaase. Ba ile ba mo utlwisa bohloko haholo mme ba leka le ho mo bolaya. Davida a ka be a ile a kgaotsa ho tshepa metswalle ya hae e meng mme a nahana hore le yona e se e tshehetsa Absalome. Davida a ka be a ile a inahana boyena feela mme a leka ho baleha naheng eo a le mong kapa a ka be a ile a nyahama. Empa Davida ha a a ka a etsa jwalo, ho e na le hoo o ile a hlola bothata bona bo boima. O ile a thuswa ke eng?

11. Davida o ile a etsang ha a ne a le boemong boo bo thata?

11 (3Nahanisisa. Ke melaomotheo efe eo o ka ithutang yona tlalehong ee? O ka araba potso ena, “Davida o ile a etsang ho rarolla bothata bona?” Davida ha a a ka a tshoha mme a etsa diqeto tse seng bohlale kapele feela. Ha a a ka a tshoha haholo hoo a sa tsebeng hore a etseng. Ho e na le hoo o ile a kopa hore Jehova a mo thuse. O ile a ba a kopa hore metswalle ya hae e mo thuse mme kapele feela o ile a etsa seo a neng a ikemiseditse ho se etsa. Le hoja Davida a ne a utlwile bohloko haholo, ha a a ka a hloya batho ba bang le ho kgaotsa ho ba tshepa. O ile a tswela pele a tshepa Jehova le metswalle ya hae.

12. Jehova o ile a etsang ho thusa Davida?

12 Jehova o ile a thusa Davida jwang? Ha o etsa dipatlisiso o tla hlokomela hore Jehova o ile a fa Davida matla ao a neng a a hloka ho mamella bothata boo. (Pes. 3:1-8; sehloohwana) Jehova o ile a hlohonolofatsa diqeto tseo Davida a ileng a di etsa. O ile a tshehetsa metswalle ya Davida e tshepahalang nakong eo e neng e lwana e sireletsa morena wa bona.

13. O ka etsisa Davida jwang ha motho e mong a o utlwisitse bohloko haholo? (Matheu 18:15-17)

13 (4Sebedisa seo o ithutileng sona. Ipotse, ‘Nka etsisa Davida jwang?’ O lokela ho lokisa bothata hanghang. Ho itshetlehile ka maemo, o ka sebedisa keletso ya Jesu e hlahang ho Matheu kgaolo ya 18. (Bala Matheu 18:​15-17.) Empa ha o a lokela ho etsa diqeto kapele o laolwa ke maikutlo. O ka kopa Jehova hore a o thuse hore o kgobe matshwafo mme a o fe bohlale ba ho sebetsana le bothata boo. O se ke wa kgaotsa ho tshepa metswalle ya hao. Ho e na le hoo ikemisetse ho amohela thuso ya bona. (Liprov. 17:17) Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore o mamele keletso eo Jehova a o fang yona ka Lentsweng la hae.​—Liprov. 3:5, 6.

O KA ITHUTA ENG HO PAULUSE?

14. Lengolo la 2 Timothea 1:12-16; 4:6-11, 17-22 le ka o kgothatsa maemong afe?

14 Na ba lelapa leno ba o hanyetsa hobane o sebeletsa Jehova? Kapa na o dula naheng eo mosebetsi o etswang ke bahlanka ba Jehova o thibetsweng? Haeba ho jwalo o ka nna wa kgothatswa ke ho bala 2 Timothea 1:12-16 le 4:6-11, 17-22. * Pauluse o ile a ngola ditemana tsena nakong eo a neng a le teronkong.

15. Ke eng seo o ka se kopang Jehova?

15 (1Rapela. Pele o ka bala ditemana tseo, bolella Jehova bothata ba hao mme o mo bolelle hore bo etsa hore o ikutlwe jwang. Toba taba ebe o kopa Jehova hore a o thuse hore o fumane melaomotheo ditlalehong tse buang ka se ileng sa etsahalla Pauluse, e tla o thusa hore na o lokela ho sebetsana le bothata boo jwang.

16. Ho ile ha etsahala eng ka Pauluse?

16 (2Nahana. A ko nahane ha o ne o le boemong ba Pauluse. O ne a le teronkong Roma mme a tlanngwe ka diketane. O kile a ba teronkong pele empa lekgetlong lena o a tseba hore jwang kapa jwang o tlo bolawa. E meng ya metswalle ya hae e mo lahlile mme o kgathetse.​—2 Tim. 1:15.

17. Pauluse a ka be a ile a etsang?

17 Pauluse a ka be a ile a hetla morao mme a nahana hore hoja a ile a etsa diqeto tse fapaneng a ka be a sa tshwarwa. A ka be a ile a kwatela banna ba seterekeng sa Asia ba ileng ba mo lahla mme a kgaotsa ho tshepa metswalle e meng ya hae. Empa Pauluse ha a a ka a etsa jwalo. Ke hobaneng ha a ne a kgodisehile hore metswalle ya hae e tla dula e mo tshepahalla le hore Jehova o tla mo putsa?

18. Pauluse o ile a etsang boemong boo bo thata?

18 (3Nahanisisa. Araba potso ena, “Pauluse o ile a rarolla bothata boo jwang?” Le hoja Pauluse a ne a tseba hore haufinyane o tlo shwa, ha a a ka a lebala hore ho bohlokwa hakae ho tlotlisa Jehova. Hape o ile a tswela pele a nahana ka hore a ka kgothatsa batho ba bang jwang. O ile a bontsha hore o tshepile Jehova ka hore a rapele ka mehla. (2 Tim. 1:3) Pauluse ha a a ka a dula a nahana ka batho ba ileng ba mo lahla. Ho e na le hoo, o ile a bontsha ka moo a ananelang metswalle ya hae e ileng ya mo tshehetsa le ho mo thusa. Ho feta moo Pauluse o ile a dula a ithuta Lentswe la Modimo. (2 Tim. 3:16, 17; 4:13) Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore o ne a kgodisehile hore Jehova le Jesu ba a mo rata. Ha ho mohla ba kileng ba mo lahla mme o ne a kgodisehile ka hore ba tla mo putsa ka lebaka la ho ba sebeletsa ka botshepehi.

19. Jehova o ile a thusa Pauluse jwang?

19 Jehova o ile a bolella Pauluse esale pele hore o ne a tla tlameha ho mamella mahloriso ka lebaka la ho ba Mokreste. (Lik. 21:11-13) Jehova o ile a thusa Pauluse jwang? O ile a arabela dithapelo tsa Pauluse mme ha nako e ntse e ya a mo fa matla. (2 Tim. 4:17) Jehova o ile a tiisetsa Pauluse hore o tla fumana moputso oo a ileng a o sebeletsa ka thata hore a o fumane. Jehova o ile a boela a susumetsa metswalle ya Pauluse e tshepahalang hore e mo thuse.

20. O ka etsisa tumelo eo Pauluse a ileng a e bontsha jwang Lengolong la Baroma 8:38, 39?

20 (4Sebedisa seo o ithutileng sona. Ipotse potso ena, ‘Nka etsisa Pauluse jwang?’ Jwalo ka Pauluse re lokela ho lebella hore le rona re tla hloriswa ka lebaka la tumelo ya rona. (Mar. 10:29, 30) E le hore re dule re tshepahalla Jehova le ha re na le mathata, re lokela ho rapela le ho ithuta Lentswe la Modimo ka mehla. Hape re lokela ho dula re hopola hore ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re lokelang ho e etsa ke ho tlotlisa Jehova. Re ka kgodiseha hore Jehova a ke ke a re lahla mme ha ho na motho ya ka etsang hore a kgaotse ho re rata.​—Bala Baroma 8:38, 39; Baheb. 13:5, 6.

ITHUTE MOHLALENG WA BATHO BA BANG BA HLAHANG KA BIBELENG

21. Ke eng se ileng sa thusa moradiwabo rona Aya le morabo rona Hector hore ba hlole mathata ao ba nang le ona?

21 Ho sa tsotellehe maemo ao re nang le ona, mehlala e hlahang ka Bibeleng e ka re thusa ho a mamella. Ka mohlala, moradiwabo rona Aya eo e leng pulamadiboho Japane o re tlaleho ya Jonase e mo thusitse hore a se ke a tshaba ho etsa bopaki ba phatlalatsa. Morabo rona Hector ya motjha ya dulang Indonesia eo batswadi ba hae ba sa sebeletseng Jehova, yena o re mohlala wa Ruthe o mo thusitse hore a batle ho ithuta ka Jehova le ho mo sebeletsa.

22. Ke eng se ka o thusang hore o fumane molemo ka ho shebella diterama tse thehilweng Bibeleng kapa ka ho bala buka ya “Etsisa Tumelo ea Bona”?

22 O ka fumana dintlha tse eketsehileng tse ka o matlafatsang tse buang ka batho ba hlahang ka Bibeleng hokae? O ka di fumana divideong, ditshwantshisong tsa Bibele tse balwang le bukeng ya “Etsisa Tumelo ea Bona”. * Pele o ka shebella kapa wa mamela le ho bala ditlaleho tsena tseo ho entsweng dipatlisiso ka tsona, kopa Jehova hore a o thuse hore o fumane dintlha tsa bohlokwa tseo o ka di sebedisang. Nahana o le boemong boo motho eo o balang ka yena a neng a le ho bona. Nahanisisa hore na bahlanka bana ba Jehova ba ile ba etsang le hore ba ile ba thuswa ke eng ho hlola mathata ao ba neng ba na le ona. Ebe o sebedisa seo o ithutileng sona bothateng boo o nang le bona. Leboha Jehova ka tsela eo a seng a ntse a o thusa ka yona. Ebe o a bontsha hore o ananela thuso eo ka ho batla ditsela tseo o ka kgothatsang batho ba bang le ho ba tshehetsa ka tsona.

23. Jehova o re tshepisa hore o tla re thusa jwang ho Esaia 41:10, 13?

23 Lefatsheng lena le buswang ke Satane ka dinako tse ding ho ka ba thata hoo re sa tsebeng hore re etseng. (2 Tim. 3:1) Empa ha re a lokela ho tshwenyeha kapa ho tshoha. Jehova o a tseba hore re na le mathata afe. O re tshepisa hore o tla re tshwara ka letsoho la hae le matla le letona ha re hloka thuso. (Bala Esaia 41:10, 13.) Re kgodisehile hore Jehova o tla re thusa mme Bibele e re thusa hore re be le matla ao re a hlokang hore re mamelle bothata le ha e le bofe.

PINA YA 96 Buka ya Modimo ke Letlotlo

^ par. 5 Ditlaleho tse ngata ka Bibeleng di bontsha hore Jehova o rata bahlanka ba hae mme o tla ba thusa ho mamella mathata le ha e le afe. Sehlooho sena se tlo bontsha ka moo o ka ithutang Bibele o le mong ka tsela e tla etsa hore ditlaleho tseo o di balang di o tswele molemo.

^ par. 2 Mokgwa ona wa ho ithuta ke o mong oo o ka o sebedisang. E le hore o fumane ditlhahiso tse ding tsa ka moo o ka ithutang Bibele ka teng o ka sheba buka ya Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova tlasa sehlooho se reng “Bibele” sehloohwaneng se reng “Ho Bala le ho Utloisisa Bibele.”

^ par. 14 Ditemana tsena di se ke tsa balwa ha ho ntse ho balwa Tora ya ho Lebela dibokeng.

^ par. 22 Sheba “Etsisa Tumelo ya Banna le Basadi ba ka Bibeleng” ho jw.org. (Eya ho DITHUTO TSA BIBELE > HO DUMELA HO MODIMO.)