Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 9

Barababo Rona ba Batjha, le ka Etsang Hore Batho ba Bang ba le Tshepe?

Barababo Rona ba Batjha, le ka Etsang Hore Batho ba Bang ba le Tshepe?

“O na le sehlopha sa bahlankana ba jwalo ka marothodi a phoka.”​—PES. 110:3.

PINA YA 39 Iketsetse Lebitso le Letle ho Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke eng seo re se tsebang ka barababo rona ba batjha?

BARABABO rona ba batjha, ho na le dintho tse ngata tseo le ka di etsang ka phuthehong. Bongata ba lona le na le matla ebile le mafolofolo. (Liprov. 20:29) Le etsa dintho tse ngata hore le thuse phutheho. Mohlomong o ka rata ho ba mohlanka ya sebeletsang. Le ha ho le jwalo, o ka nna wa utlwa eka batho ba bang ba nahana hore o monyane haholo ebile ha o no kgona ho etsa mesebetsi ya bohlokwa. Le hoja o le monyane, ho na le dintho tse ngata tseo o ka di etsang hona jwale e le hore bara le baradibabo rona ba o tshepe ba be ba o hlomphe.

2. Re tlo bua kang sehloohong see?

2 Sehloohong sena re tlo bua ka bophelo ba Morena Davida. Re tla boela re bue hanyane ka dintho tse ileng tsa etsahala bophelong ba marena a mabedi a Juda e leng Asa le Josafate. Re tla bua ka hore na banna bana ba bararo ba ile ba ba le mathata afe, ba ile ba a rarolla jwang le hore barababo rona ba batjha ba ka ithutang mohlaleng wa bona.

ITHUTE HO MORENA DAVIDA

3. Batjha ba ka thusa batho ba hodileng jwang ka phuthehong?

3 Ha Davida e ntse e le moshanyana, o ile a ithuta dintho tseo batho ba bang ba neng ba di nka e le tsa bohlokwa. Ho hlakile hore o ne a na le kamano e ntle le Jehova mme o ile a sebetsa ka thata hore a be le bokgoni ba ho letsa mmino ebile o ne a sebedisa bokgoni boo ho thusa Saule e leng morena ya kgethilweng ke Modimo. (1 Sam. 16:16, 23) Na lona barababo rona ba batjha le na le bokgoni boo le ka bo sebedisang ho thusa batho ba bang ka phuthehong? Bongata ba lona le na le bona. Ka mohlala, mohlomong le hlokometse hore batho ba bang ba hodileng ba a ananela ha le ba bontsha hore na ke jwang ba ka sebedisang dithabolete tsa bona le disebediswa tse ding tsa elektronike ha ba ithuta le ha ba le dibokeng. Ka ha le tseba ho sebedisa dintho tsena le ka thusa batho ba hodileng haholo.

Davida o ne a hlokomela mohlape wa ntate wa hae ebile a o sireletsa ha o ne o hlaselwa ke bere mme seo se ne se bontsha hore o na le boikarabelo ebile o a tshepahala (Sheba serapa sa 4)

4. Jwalo ka Davida, ke makgabane afe ao barababo rona ba batjha ba lokelang ho ba le ona? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

4 Letsatsi le letsatsi Davida o ne a phela ka tsela e bontshang hore o na le boikarabelo ebile o a tshepahala. Ka mohlala, ha a ntse a le motjha o ile a sebetsa ka thata ho hlokomela dinku tsa ntate wa hae mme mosebetsi oo o ile wa ba kotsi ho yena. Ha morao Davida o ile a re ho Morena Saule: “Mohlanka wa hao e bile modisa wa tsa ntatae hara mohlape, mme ho ile ha tla tau, le bere, mme e nngwe le e nngwe ya nka nku mohlapeng. Ka e sala morao yaba ke a e hlaba mme ke e pholosa molomong wa yona.” (1 Sam. 17:34, 35) Davida o ne a tseba hore ke boikarabelo ba hae hore a hlokomele dinku tseo mme ka sebete o ile a di lwanela. Barababo rona ba batjha ba ka etsisa Davida ka hore ba phethe mosebetsi o mong le o mong oo ba o fuwang ka mafolofolo.

5. Ho ya ka Pesaleme ya 25:14, ke ntho efe ya bohlokwa eo barababo rona ba batjha ba lokelang ho e etsa?

5 Ha Davida a sa le motjha o ile a ba le kamano e ntle le Jehova. Setswalle sa hae le Jehova e ne e le sona sa bohlokwa ho Davida ho feta sebete seo a neng a na le sona kapa bokgoni ba hae ba ho bapala harepa. Davida o ne a sa nke Jehova e le Modimo wa hae feela empa o ne a mo nka e le Motswalle wa hae ya haufiufi. (Bala Pesaleme ya 25:14.) Barababo rona ba batjha, ntho ya bohlokwa eo le lokelang ho e etsa ke hore le matlafatse kamano ya lona le Ntate wa lona ya lehodimong mme seo se ka etsa hore le fuwe mesebetsi e eketsehileng ka phuthehong.

6. Batho ba bang ba ne ba nahanang ka Davida?

6 Davida o ne a lokela ho hlola bothata ba hore batho ba bang ba ne ba nahana hore o monyane haholo ebile ha a na boikarabelo. Ka mohlala, ha Davida a ne a ithaopela ho lwantsha Goliathe, Morena Saule o ile a leka ho mo nyahamisa mme a re ho yena: “O sa le moshanyana.” (1 Sam. 17:31-33) Pele ho moo abuti wa Davida o ile a mo qosa ka hore ha a na boikarabelo. (1 Sam. 17:26-30) Le ha ho le jwalo, Jehova o ne a sa nke Davida a le monyane haholo kapa a se na boikarabelo hobane o ne a mo tseba hantle. Ka hoo, Davida o ile a kgona ho bolaya Goliathe hobane o ne a tshepile hore Motswalle wa hae Jehova o tla mo fa matla.​—1 Sam. 17:45, 48-51.

7. O ka ithutang ho se ileng sa etsahalla Davida?

7 O ka ithutang ho se ileng sa etsahalla Davida? O ka ithuta hore o lokela ho ba le mamello. Ho ka nka nako hore batho ba o tsebileng ho tloha ha o ntse o hola ba hlokomele hore o se o hodile. Le ha ho le jwalo, o ka kgodiseha hore Jehova yena o bona se fetang seo batho ba se bonang. O o tseba hantle ebile o a tseba le hore o kgona ho etsang. (1 Sam. 16:7) Ka hoo, matlafatsa kamano ya hao le Modimo. Davida o ile a kgona ho matlafatsa kamano ya hae le Jehova ka hore a shebe dintho tseo a di bopileng. Davida o ile a nahanisisa ka hore na dintho tseo di mo ruta eng ka Mmopi wa tsona. (Pes. 8:3, 4; 139:14; Bar. 1:20) Ntho e nngwe eo o ka e etsang ke hore o kope Jehova hore a o fe matla ao o a hlokang. Ka mohlala, na bana bao o kenang sekolo le bona ba tshehisa ka wena hobane feela o le Paki ya Jehova? Haeba ho jwalo, kopa Jehova hore a o thuse hore o mamelle bothata boo. Hape o sebedise keletso eo o e fumanang ka Lentsweng la hae, dingolweng tse thehilweng Bibeleng le divideong. Ka mehla ha o bona Jehova a o thusa hore o rarolle bothata boo o nang le bona, seo se tla etsa hore o mo tshepe le ho feta. Ho feta moo ha batho ba bang ba bona hore o tshepa Jehova, seo se tla etsa hore le bona ba o tshepe.

Barababo rona ba batjha ba ka thusa batho ba bang ka ditsela tse ngata (Sheba serapa sa 8 le 9)

8, 9. Ke eng e thusitseng Davida hore a lete ka mamello ho fihlela e ba morena, hona barababo rona ba batjha ba ka ithutang mohlaleng wa hae?

8 Nahana ka bothata bo bong boo Davida a ileng a ba le bona. Ka mora hore a tlotswe hore e be morena, o ile a lokela ho ema dilemo tse ngata pele e ka ba morena wa Juda. (1 Sam. 16:13; 2 Sam. 2:3, 4) Nakong eo yohle, ke eng e ileng ya mo thusa hore a lete ka mamello? Ho e na le hore a nyahamiswe ke seo, Davida o ile a sebedisa nako eo a nang le yona hore a etse seo a ka kgonang ho se etsa. Ka mohlala ha e ntse e le mophaphathehi naheng ya Bafilista, o ile a sebedisa nako eo a nang le yona ho lwantsha dira tsa Baiseraele. Ka ho etsa jwalo, o ne a sireletsa meedi ya motse wa Juda.​—1 Sam. 27:1-12.

9 Barababo rona ba batjha ba ka ithutang mohlaleng wa Davida? Etsang sohle seo le ka se kgonang ho sebeletsa Jehova le ho thusa Bakrestemmoho le lona. Nahana ka se ileng sa etsahalla morabo rona ya bitswang Ricardo. * Haesale a batla ho ba pulamadiboho ya ka mehla ho tloha a sa le motjha. Empa e ne e se nako e nepahetseng. Ho e na le hore a nyahame kapa a kwate, Ricardo o ile a eketsa nako eo a e qetang a le tshebeletsong ya tshimo. O re: “Ha ke sheba morao, ke a bona hore ho na le diphetoho tseo ke neng ke lokela ho di etsa. Ke ne ke etsa bonnete ba hore ke kgutlela ho motho e mong le e mong ya neng a bontsha hore o thabela ho ithuta Bibele ebile ke ne ke lokisetsa hantle. Sena se ile sa etsa hore ho be le motho eo ke ithutang Bibele le yena ka lekgetlo la pele. Ha ke ntse ke tswela pele ho ithuta Bibele le batho seo se ile sa etsa hore ke be sebete le ho feta.” Hona jwale Ricardo e se e le pulamadiboho ya ka mehla ebile ke mohlanka ya sebeletsang.

10. Ka lekgetlo le leng Davida o ile a etsang pele a etsa qeto ya bohlokwa?

10 Nahana ka ntho e nngwe hape e ileng ya etsahala bophelong ba Davida. Ha Davida le banna bao a neng a na le bona e ntse e le baphaphathehi, ba ile ba siya malapa a bona e le hore ba ye ntweng. Ha ba ntse ba le ntweng, dira tsa bona di ile tsa hlasela malapa a bona mme tsa a isa botlamuweng. Ka ha Davida o ile a lwana dintwa tse ngata, o ne a ka nna a nahana hore ho ka ba bonolo feela hore a pholose malapa a bona a botlamuweng. Ho e na le hore a etse jwalo, o ile a kopa hore Jehova a mo thuse. A thuswa ke moprista Abiathare, Davida o ile a botsa Jehova a re: “Na ke lelekise sehlopha see sa bafutuhi?” Jehova o ile a bolella Davida hore a ba lelekise mme a mo tshepisa hore o tla ba hlola. (1 Sam. 30:7-10) O ka ithutang tlalehong ee?

Barababo rona ba batjha ba lokela ho kopa dikeletso ho baholo (Sheba serapa sa 11)

11. Ke eng seo o ka se etsang pele o etsa diqeto?

11 Kopa keletso pele o ka etsa diqeto. Bua le batswadi ba hao. O ka boela wa fumana keletso e molemo ka hore o bue le baholo ba nang le boiphihlelo. Ka ha Jehova o tshepa banna bana bao a ba kgethileng le wena o ka ba tshepa. Jehova o ba nka e le “dimpho” tsa phutheho. (Baef. 4:8) Haeba o etsisa tumelo ya bona mme o mamela dikeletso tse bohlale tseo ba o fang tsona seo se tla o tswela molemo. Jwale a re boneng hore na re ka ithutang ho Morena Asa.

ITHUTE HO MORENA ASA

12. Morena Asa o ne a na le makgabane afe ha a ne a qala ho busa?

12 Ha Morena Asa a ntse a le motjha o ne a ikokobeditse ebile a le sebete. Ka mohlala, ka mora lefu la ntate wa hae Abija, Asa o ile a ba morena mme a fedisa borapedi ba ditshwantsho. O ile a boela “a re Bajuda ba batle Jehova Modimo wa baholoholo ba bona mme ba phethe molao le taelo.” (2 Likron. 14:​1-⁠7) Hape ha Zera wa Moethiopia a hlasela Juda ka masole a milione, ka bohlale Asa o ile a kopa Jehova a mo thuse a re: “Jehova, ha e le ka ho thusa, ha ho tsotellehe ho wena hore na ke ba bangata kapa ke ba se nang matla. Re thuse, Jehova Modimo wa rona, etswe re itshetlehile ka wena.” Mantswe ana ao Asa a a buileng a bontsha hantle hore o ne a kgodisehile hore Jehova o tla kgona ho mo pholosa a be a pholose le batho ba hae. Ka hoo Asa o ne a tshepile Ntate wa hae ya lehodimong mme ‘Jehova o ile a hlola Baethiopia.’​—2 Likron. 14:8-12.

13. Ha morao ho ile ha etsahalang ka Asa, hona hobaneng?

13 Ha ho pelaelo hore e ka ba ntho e tshosang ho lwantshana le masole a milione empa Asa o ile a atleha ho a hlola. Le ha ho le jwalo, ka maswabi ha Asa a ba le bothata bo neng bo sa mo tshose jwalo ka ba pele ha a a ka a kopa hore Jehova a mo thuse. Ha a ne a tshoswa ke Morena ya kgopo wa Iseraele e leng Baasha, Asa o ile a kopa thuso ho morena wa Syria. Qeto eo a ileng a e etsa e ile ya etsa hore ho be le ditlamorao tse bohloko. Jehova o ile a sebedisa moprofeta Hanani mme o ile a re ho Asa: “Ka hobane o itshetlehile ka morena wa Syria mme ha o a ka wa itshetleha ka Jehova Modimo wa hao, ka lebaka leo lebotho la sesole la morena wa Syria le phonyohile letsohong la hao.” Ha e le hantle ho tloha ka nako eo ho ya pele, Asa o ile a dula a lwantshwa. (2 Likron. 16:7, 9; 1 Mar. 15:32) Ka hoo re ithutang tlalehong ee?

14. O ka bontsha jwang hore o tshepa Jehova, hona ho ya ka 1 Timothea 4:12, ho tla etsahalang haeba o mo tshepa?

14 Dula o ikokobeditse mme o tswele pele o tshepa Jehova. Ha o ne o kolobetswa o ile wa bontsha hore o na le tumelo e matla ebile o tshepa Jehova. Ka hoo Jehova o ile a thaba mme o ile a o fa tlotla ya hore o be karolo ya lelapa la hae. Ntho ya bohlokwa eo o lokelang ho e etsa ke hore o dule o tshepa Jehova. Ho ka ba bonolo hore o tshepe Jehova ha o lokela ho etsa diqeto tsa bohlokwa bophelong ba hao empa na o tla mo tshepa le ha o etsa diqeto tse ding? Ke ha bohlokwa hore o tshepe Jehova ha o etsa diqeto tse akarelletsang hore na o tla kgetha boithabiso bofe, mosebetsi ofe le hore na ke dintho dife tseo o batlang ho di finyella bophelong. O se ke wa tshepa bohlale ba hao. Ho e na le hoo, batla melaomotheo ya Bibele e tla o thusa hore o etse qeto e nepahetseng mme o e sebedise. (Liprov. 3:5, 6) Haeba o etsa jwalo o tla thabisa Jehova mme le batho ba ka phuthehong ba tla o hlompha.​—Bala 1 Timothea 4:12.

ITHUTE HO MORENA JOSAFATE

15. Jwalo ka ha ho bontshitswe ho 2 Likronike 18:1-3; 19:2, ke diphoso dife tseo Morena Josafate a ileng a di etsa?

15 Ke nnete hore ka dinako tse ding o tla etsa diphoso ka ha ha o a phethahala jwalo ka batho ba bang bohle. Le ha ho le jwalo, seo ha se a lokela ho o thibela hore o etse sohle seo o ka se kgonang tshebeletsong ya Jehova. Nahana ka mohlala wa Morena Josafate ya neng a na le makgabane a matle. Ho tloha ha a ne a qala ho busa, “o ile a batla Modimo wa ntatae mme a tsamaya ka taelo ya hae.” O ile a boela a romela dikgosana tsa hae metseng ya Juda hore di rute batho ka Jehova. (2 Likron. 17:4, 7) Le hoja Josafate a ile a etsa dintho tseo, ka dinako tse ding o ile a etsa diqeto tse fosahetseng. Moemedi e mong wa Jehova o ile a kgalemela Josafate ka lebaka la qeto e nngwe e fosahetseng eo a ileng a e etsa. (Bala 2 Likronike 18:1-3; 19:2.) O ka ithutang tlalehong ee?

Barababo rona ba batjha ba sebetsang ka thata ebile ba tshepahala ba iketsetsa lebitso le letle (Sheba serapa sa 16)

16. Ke eng seo o ka ithutang sona ho se ileng sa etsahalla Rajeev?

16 Amohela keletso mme o e sebedise. Mohlomong jwalo ka batjha ba bang le wena o thatafallwa ke ho etsa hore tshebeletso ya Jehova e tle pele bophelong ba hao. O se ke wa nyahama. Nahana ka se ileng sa etsahalla morabo rona ya motjha e leng Rajeev. Ha a bua ka nako eo a neng a ntse a le monyane o re: “Ka dinako tse ding ke ne ke sa tsebe hore ke batla eng bophelong. Jwalo ka batjha ba bang ke ne ke rata dipapadi le ho ithabisa ho feta ho ya dibokeng le tshimong.” Ebe Rajeev o ile a thuswa ke eng? Moholo e mong ya neng a mo kgathalla o ile a mo fa keletso. Rajeev o re: “O ile a nthusa hore ke nahane ka molaomotheo o ho 1 Timothea 4:8.” Ka boikokobetso Rajeev o ile a sebedisa keletso eo mme a nahanisisa ka hore na ke eng e lokelang ho tla pele bophelong ba hae. O boetse o re: “Ke ile ka etsa qeto ya hore ho sebeletsa Jehova e be yona ntho e tlang pele bophelong ba ka.” Ho ile ha etsahalang ka mora moo? Rajeev hape o re: “Dilemo tse mmalwa ka mora hore ke fumane keletso eo, ke ile ka ba mohlanka ya sebeletsang.”

ETSA HORE NTATE WA HAO YA LEHODIMONG A BE MOTLOTLO KA WENA

17. Batho ba baholo ba ikutlwa jwang ka barababo rona ba batjha ba sebeletsang Jehova?

17 Barababo rona ba batjha, bara le baradibabo rona ba ka phuthehong bao le sebeletsang Jehova le bona ‘mahetla a bapile’ ba a le ananela haholo. (Sof. 3:9) Ba rata ka moo le etsang mosebetsi oo le o fuwang ka mafolofolo ka teng. Ba a le rata haholo.​—1 Joh. 2:14.

18. Jwalo ka ha Liproverbia 27:11 e bontsha, Jehova o ikutlwa jwang ka barababo rona ba batjha ba mo sebeletsang?

18 Barababo rona ba batjha, le ka mohla le se ke la lebala hore Jehova o a le rata ebile o a le tshepa. O ile a re matsatsing a ho qetela ho tla ba le lebotho la bahlankana le tla itlhahisa ka ho rata. (Pes. 110:1-3) O a tseba hore le a mo rata mme le batla ho mo sebeletsa ka hohle ka moo le ka kgonang ka teng. Ka hoo mamella batho ba bang mme o se ke wa iphella pelo. Ha o etsa diphoso amohela ha batho ba bang ba o kgalemela le ha ba o fa keletso, o nke hore ke Jehova ya o thusang. (Baheb. 12:6) Sebetsa ka thata hore o phethe mosebetsi le ha e le ofe oo o o fuwang. Ntho ya bohlokwa le ho feta ke hore nthong e nngwe le e nngwe eo o e etsang o etse hore Ntate wa hao ya lehodimong a be motlotlo ka wena.​—Bala Liproverbia 27:11.

PINA YA 135 Jehova ipiletsa ka mofuthu: “Mora wa ka, Hlalefa”

^ par. 5 Ha barababo rona ba ba le kamano e ntle le Jehova, ba batla ho mo sebeletsa haholwanyane. E le hore ba tshwanelehe ho ba bahlanka ba sebeletsang, ba lokela ho etsa hore batho ba bang ka phuthehong ba dule ba ba hlompha. Ebe barababo rona ba batjha ba ka etsa seo jwang?

^ par. 9 Mabitso a mang a fetotswe.