Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 15

Ithute Mantsweng a Jesu a ho Qetela

Ithute Mantsweng a Jesu a ho Qetela

“Enwa ke Mora wa ka, ya ratwang, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.”​—MAT. 17:5.

PINA YA 17 “Ke a Batla”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Hlalosa boemo boo Jesu a neng a le ho bona ha a bua mantswe a hae a ho qetela.

E NE e le motshehare wa la 14 Nisane selemong sa 33. Ka mora hore Jesu a etselletswe ka mashano, a ahlolwe ka ho hloka toka ka hore o entse tlolo ya molao, o a tshehwa, o hloriswa ka sehlooho hape o kgokgothelwa thupeng. O kgokgothelwa ka dipekere maotong le matsohong. Ha a re o a bua feela le ha a re o a hema, o a opelwa. Empa jwale o lokela ho bua ka ha ho na le dintho tsa bohlokwa tseo a lokelang ho di bua.

2 A re hlahlobeng mantswe ao Jesu a ileng a a bua ha a ne a shwa thupeng mme re bone le hore na re ithutang ho ona. Ka mantswe a mang, re ka re ha re “mo mameleng.”​—Mat. 17:5.

“NTATE, O BA TSHWARELE”

3. Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ne a bua ka bo mang ha a ne a re: “Ntate o ba tshwarele”?

3 Jesu o ile a reng? Ha Jesu a ne a kgokgothelwa thupeng o ile a rapela a re: “Ntate, o ba tshwarele.” O ne a re Ntate wa hae a tshwarele bo mang? Mantswe ao a ileng a a bua ka mora moo, a re thusa hore re utlwisise taba ena ha a ne a re: “Ha ba tsebe seo ba se etsang.” (Luka 23:33, 34) Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ne a bua ka masole a Roma a ileng a mo kgokgothela ka dipekere matsohong le maotong. A ne a sa tsebe hore na hantle Jesu ke mang. E ka nna yaba o ne a boetse a bua ka batho ba bang ba ileng ba re a bolawe, bao ha morao ba ileng ba beha tumelo ho yena. (Lik. 2:36-38) Jesu ha a a ka a dumella hore ho tshwarwa hampe ho etse hore a se ke a tshwarela batho ba bang le ho ba kwatela. (1 Pet. 2:23) Ho e na le hoo, o ile a kopa Jehova hore a tshwarele batho bao ba mo bolaileng.

4. Re ithutang ho Jesu tabeng ya ho tshwarela bahanyetsi ba hae ka bolokolohi?

4 Re ka ithutang mantsweng a Jesu? Jwalo ka Jesu, le rona re lokela ho ikemisetsa ho tshwarela batho ba bang. (Bakol. 3:13) Batho ba bang ho akarelletsa le ditho tsa rona tsa malapa ba ka nna ba re hanyetsa hobane feela ba sa utlwisise tumelo ya rona kapa tsela eo re phelang ka yona. Ba ka nna ba bua mashano ka rona, ba re tlontlolla ka pela batho ba bang, ba senya dingolwa tsa rona kapa ba re tshosa ka hore ba tla re ntsha kotsi. Ho e na le hore re ba hloye, re ka kopa hore Jehova a thuse batho ba re hanyetsang hore ka letsatsing le leng ba tsebe nnete. (Mat. 5:44, 45) Ka dinako tse ding, re ka nna ra thatafallwa ke ho tswarela batho ba bang, haholo haeba ba re tshwere ka tsela e mpe. Empa haeba re dula re kwatile kapa re sa ba tshwarele, re tla ipakela mathata. Moradiwabo rona e mong o re: “Ke ile ka hlokomela hore ho tshwarela batho ha ho bolele hore ntho eo ba nkentseng yona e nepahetse kapa ke ba fa monyetla wa hore ba ntshware hampe. Empa e bontsha feela hore ha ke batle ho dula ke ba tshwere ka pelo.” (Pes. 37:8) Ha re etsa qeto ya ho tshwarela batho, re kgetha hore re se ke ra dumella dintho tse mpe tse etsahetseng di dule di re utlwisitse bohloko.​—Baef. 4:31, 32.

“O TLA BA LE NNA PARADEISING”

5. Jesu o ile a tshepisa leshodu le neng le kgokgothetswe haufi le yena eng, hona hobaneng?

5 Jesu o ile a reng? Mashodu a mabedi a ne a kgokgothetswe haufi le Jesu. Qalong mashodu ana a ne a mo bua hampe. (Mat. 27:44) Empa ha morao e mong wa bona o ile a tlohela ho mo bua hampe. O ile a hlokomela hore ha ho na “letho le tswileng tseleng” leo Jesu a le entseng. (Luka 23:40, 41) O ile a boela a bontsha hore o a dumela hore Jesu o tlo tsoswa le hore o tlo busa e le morena. O ile a re ho yena: “Jesu, o nkgopole ha o kena Mmusong wa hao.” (Luka 23:42) Ka nnete monna enwa o ile a bontsha tumelo e matla. Ha Jesu a mo araba o ile a re: “Ka nnete ke a o bolella kajeno, O tla ba le nna Paradeiseng.” (Luka 23:43) Hlokomela hore Jesu o ile a sebedisa maemedi “ke,” “o” le “nna” ho bontsha hore o ne a bua le yena ka ho toba. Jesu o ile a bua mantswe a neng a fa motho eo tshepo ka ha o ne a tseba hore Ntate wa hae o mohau.​—Pes. 103:8.

6. Re ithutang mantsweng ao Jesu a ileng a a bua ho leshodu?

6 Re ka ithutang mantsweng a Jesu? Jesu o tshwana le Ntate wa hae hantle. (Baheb. 1:3) Jehova o tla re tshwarela le ho re bontsha mohau haeba feela re swabela dintho tse mpe tseo re di entseng nakong e fetileng le haeba re dumela hore ka sehlabelo sa Jesu Kreste re ka tshwarelwa dibe. (1 Joh. 1:7) Batho ba bang bona ba thatafallwa ke ho dumela hore Jehova a ka ba tshwarela dibe tsa bona tseo ba di entseng nakong e fetileng. Haeba ka dinako tse ding o na le ho ikutlwa jwalo, o hopole hore nakwana feela pele Jesu a shwa, o ile a hauhela leshodu lane le neng le se le qadile ho bontsha tumelo ho yena. Jwale o se o ka inahanela hore na Jehova yena o re hauhela hakaakang ha re tshepahala ho yena, haholo ha re etsa boiteko bohle ba ho mamela melao ya hae.​—Pes. 51:1; 1 Joh. 2:1, 2.

‘BONA! MORA WA HAO! . . . BONA! MME WA HAO!’

7. Ho ya ka Johanne 19:26, 27, Jesu o ile a reng ho Maria le ho Johanne, hona ke hobaneng a ile a tjho jwalo?

7 Jesu o ile a reng? (Bala Johanne 19:26, 27.) Jesu o ne a tshwenyehile haholo ka mme wa hae eo e ka nnang yaba e ne e se e le mohlolohadi. Ho ka etsahala hore ebe banababo ba ne ba ka kgona ho mo thusa le ho mo hlokomela ka dintho tseo a di hlokang. Empa ke mang ya neng a tla mo thusa hore a dule a tshepahalla Jehova? Ha ho na bopaki ba hore banababo e ne e se e le barutuwa. Le ha ho le jwalo, Johanne e ne e le e mong wa baapostola ba tshepahalang ebile e le motswalle ya haufi wa Jesu. Jesu o ne a nka batho ba rapelang Jehova ha mmoho le yena e le lelapa labo. (Mat. 12:46-50) Ka hoo, ka ha Jesu o ne a rata Maria haholo a bile a batla ho etsa bonnete ba hore o tla sala a hlokometswe, o ile a kopa Johanne hore a tle a mo thuse ho tswela pele a sebeletsa Jehova. O ile a re ho mme wa hae: “Bona! Mora wa hao!” Yaba o re ho Johanne: ‘Bona! Mme wa hao!’ Ho tloha letsatsing leo ho ya pele, Johanne e ile ya ba mora wa Maria yaba o mo hlokomela jwalo ka ha eka ke mme wa hae. Jesu o ile a bontsha hore o rata Maria haholo le hore o bohlokwa ho yena ka ha o ile a mo hodisa ho tloha boseyeng mme o ne a eme haufi le yena pele a shwa.

8. Re ithutang mantsweng ao Jesu a ileng a a bua ho Maria le Johanne?

8 Re ka ithutang mantsweng a Jesu? Ka dinako tse ding, re ka ba metswalle le Bakrestemmoho le rona ho feta ba malapa a rona. Ditho tsa rona tsa malapa di ka nna tsa re hanyetsa kapa tsa re lahla empa jwalo ka ha Jesu a tshepisitse, haeba re le haufi le Jehova le mokgatlo wa Hae, dintho tse re lahlehetseng re tla di “fumana halekgolo.” Bakreste ba bangata ba tla tshwana le mora, moradi, mme kapa ntate ya lerato ho rona. (Mar. 10:29, 30) O ikutlwa jwang ka hore ebe o karolo ya lelapa lee la Bokreste le momahantsweng ke tumelo le lerato bakeng sa Jehova le Bakrestemmoho le rona?​—Bakol. 3:14; 1 Pet. 2:17.

“MODIMO WA KA, O NTLOHELETSENG?”

9. Re ithutang mantsweng a Jesu a hlahang ho Matheu 27:46?

9 Jesu o ile a reng? Nakwana pele Jesu a shwa o ile a re: “Modimo wa ka, o ntloheletseng?” (Mat. 27:46) Bibele ha e re hlalosetse hore na ke hobaneng ha Jesu a ile a bua mantswe ana. Empa a ko nahane hore na re ithutang mantsweng ana. Ntho e nngwe eo re e tsebang ke hore Jesu o ne a phethahatsa boprofeta bo hlahang ho Pesaleme ya 22:1 * ha a ne a bua mantswe ana. Hape mantswe ana a ne a bontsha ka ho hlaka hore Jehova o ne a sa beha ‘lekgwakgwa ho potoloha’ Mora eo wa hae. (Jobo 1:10) Jesu o ne a utlwisisa hore Ntate wa hae o ne a dumelletse dira tsa hae ho mo hloya le ho mo leka tumelo ho fihlela a shwa mme ha ho eso ka ho ba le motho ya kileng a lekwa jwalo ka yena. Ho ekelletsa moo, mantswe ana a paka hore ka nnete Jesu o ne a se na molato mme o ne a sa lokela ho bolawa.

10. Re ithutang mantsweng ao Jesu a ileng a a bolella Ntate wa hae?

10 Re ka ithutang mantsweng a Jesu? Thuto e nngwe eo re ithutang yona ke hore ha re a lokela ho lebella hore Jehova a re sireletse mathateng a ka nnang a re hlahela a lekang tumelo ya rona. Feela jwalo ka ha Jesu a ile a lekwa ho fihlela lefung, le rona re lokela ho ikemisetsa ho tshepahala ho fihlela re shwa ha ho hlokeha. (Mat. 16:24, 25) Le ha ho le jwalo, re kgodisehile hore Modimo a ke ke a dumela hore re lekwe ka dintho tseo a tsebang hore re ke ke ra kgona ho di mamella. (1 Bakor. 10:13) Thuto e nngwe eo re ithutang yona ke hore jwalo ka Jesu le rona re ka nna ra hloriswa re se na molato. (1 Pet. 2:19, 20) Batho ba re hanyetsa hobane re bolella batho molaetsa wa Bibele hape re se karolo ya lefatshe, eseng hobane ho na le ntho e fosahetseng eo re e entseng. (Joh. 17:14; 1 Pet. 4:15, 16) Jesu o ne a utlwisisa hore na ke hobaneng ha Jehova a ile a dumella hore a hloriswe. Le ha ho le jwalo, ho na le Bakreste ba sa utlwisiseng jwalo ka yena bao ka dinako tse ding ba ipotsang hore na ke hobaneng ha Jehova a dumelletse hore ba hlahelwe ke mathata. (Hab. 1:3) Modimo wa rona ya mohau le ya nang le mamello o a utlwisisa hore batho ba jwalo ha se hore ha ba na tumelo empa e le hore feela ba hloka hore a ba tshedise.​—2 Bakor. 1:3, 4.

“KE NYORILWE”

11. Ke hobaneng ha Jesu a ile a bua mantswe a hlahang ho Johanne 19:28?

11 Jesu o ile a reng? (Bala Johanne 19:28.) Ke hobaneng ha Jesu a ile a re: “Ke nyorilwe”? O ile a tjho jwalo e le hore a ka phethahatsa boprofeta bo hlahang ho Pesaleme ya 22:15, bo reng: “Matla a ka a omelletse feela jwalo ka lengeta, le leleme la ka le kgomaretswa mareneneng a ka.” Hape ho ka etsahala hore ka mora hore a fete mathateng ao ohle, ho akarelletsa le bohloko boo a ileng a bo utlwa ha a kgokgothelwa thupeng, o ne a nyorilwe haholo. O ne a hlile a hloka ho nwa metsi.

12. Re ka ithutang mantsweng a Jesu ha a ne a re, “Ke nyorilwe”?

12 Re ka ithutang mantsweng a Jesu? Haeba Jesu ha a a ka a nka ho bontsha hore na o ikutlwa jwang e le pontsho ya hore o a fokola, ho thweng jwale ka rona? E ka nna yaba ha re rate ho bolella batho ba bang ditlhoko tsa rona. Empa haeba re hloka thuso ha re a lokela ho tshaba ho kopa hore batho ba bang ba re thuse. Ka mohlala, haeba re se re tsofetse kapa re kula, ho ka nna ha etsahala hore re hloke ho kopa motswalle e mong wa rona hore a re felehetse ha re ilo reka dintho tseo re di hlokang kapa ha re ya ngakeng. Haeba re nyahame teng re ka nna ra hloka ho kopa moholo kapa Mokreste e mong ya nang le boiphihlelo hore a re mamele kapa a arolelane “lentswe le molemo” le rona ho re kgothatsa. (Liprov. 12:25) A re hopoleng hore bara le baradibabo rona ba a re rata ebile ba batla ho re thusa ha re na le “mahlomola.” (Liprov. 17:17) Empa re hopole hore ha ba tsebe hore na re ikutlwa jwang kapa re nahanang. Ba ke ke ba tseba ha re hloka thuso haeba re sa etse boiteko ba hore re ba bolelle.

“HO PHETHEHILE!”

13. Jesu o ile a phethahatsang ka lebaka la ho tshepahala ho fihlela lefung?

13 Jesu o ile a reng? Hoo e ka bang ka hora ya boraro motshehare ka la 14 Nisane, Jesu o ile a re: “Ho phethehile.” (Joh. 19:30) Nakwana e kgutshwanyane pele a shwa, Jesu o ne a phethile dintho tsohle tseo Jehova a neng a lebelletse hore a di etse. Jesu o phethahaditse dintho tse ngata ka ha o ile a tshepahala ho fihlela lefung. Ntho ya pele eo a e entseng ke ho paka hore Satane o leshano. Jesu o bontshitse hore motho ya phethahetseng a ka kgona ho tshepahala ka ho phethahetseng ho sa tsotellehe hore na Satane o etsang. Ntho ya bobedi ke hore Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le thekollo. Sehlabelo sa hae se entse hore batho ba sa phethahalang ba kgone ho ba metswalle ya Modimo le hore ba be le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng. Ya boraro ke hore Jesu o bontshitse hore Jehova ke yena feela ya loketseng ho busa, a ba a tlosa le qoso lebitsong la Ntate wa hae.

14. Hlalosa hore na re lokela ho ikemisetsa ho phela jwang letsatsi ka leng.

14 Re ka ithutang mantsweng a Jesu? Re lokela ho ikemisetsa ho tshepahala letsatsi le leng le le leng. Nahana ka seo Morabo rona Maxwell Friend eo e neng e le morupedi Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower a ileng a se bua. Ha a fana ka puo kopanong ya matjhaba e neng e bua ka botshepehi o ile a re: “O se ke wa emela hore e be hosane hore o etse ntho eo o neng o ka kgona ho e etsa kapa ho e bua letsatsing lena. Na o kgodisehile hore o tla bona la hosane? Letsatsi le leng le le leng o phele jwalo ka ha eka o na le monyetla wa ho qetela wa ho bontsha hore o batla ho phela ka ho sa feleng.” Ka hoo, le ha re ka shwa re tla kgona ho re, “Jehova, ke lekile ka hohle hore ke dule ke tshepahala le ho tshehetsa bobusi ba hao ebile ke bontshitse hore Satane o leshano.”

“KE BEHA MOYA WA KA MATSOHONG A HAO”

15. Ho ya ka Luka 23:46, Jesu o ne a kgodisehile ka eng?

15 Jesu o ile a reng? (Bala Luka 23:46.) Ka kgodiseho yohle Jesu o ile a re: “Ntate, ke beha moya wa ka matsohong a hao.” Jesu o ne a tseba hore bokamoso ba hae bo itshetlehile ka Jehova hape a kgodisehile hore Ntate wa hae o tla mo hopola.

16. Re ithutang mohlaleng wa mohlankana ya dilemo di 15 wa Paki?

16 Re ka ithutang mantsweng a Jesu? Dula o tshepahalla Jehova le haeba bophelo ba hao bo le kotsing. E le hore o etse jwalo o lokela hore o ‘tshepe Jehova ka pelo ya hao yohle.’ (Liprov. 3:5) Nahana ka mohlala wa mohlankana ya dilemo di 15 wa Paki ya neng a kula haholo, eo lebitso la hae e leng Joshua. O ile a hana ho amohela mefuta ya phekolo e neng e le kgahlanong le melao ya Modimo. Nakwana pele a hlokahala o ile a re ho mme wa hae: “Mme, ke mohopolong wa Jehova. . . . Ke kgodisehile hore o tlo ntsosa ha a tsosa bafu. O a tseba hore na ke ikutlwa jwang. Ke mo rata haholo.” * Kaofela ha rona re lokela ho ipotsa, ‘Haeba nka ba boemong bo lekang tumelo ya ka, na ke tla dula ke tshepahalla Jehova mme ke tshepe hore o tla nkgopola?’

17, 18. Re ithutile dithuto dife? (Sheba le lebokose le reng “ Re Ithutileng Mantsweng a Jesu a ho Qetela?”)

17 Re ithuta dithuto tsa bohlokwa haholo mantsweng a ho qetela a Jesu. A re hopotsa hore re lokela ho tshwarela batho ba bang re be re tshepe hore Jehova le yena o tla re tshwarela. Re a thaba hore ebe bara le baradibabo rona ba ikemiseditse ho re thusa empa re lokela ho kopa thuso ha re e hloka. Re a tseba hore Jehova o tla re thusa hore re mamelle bothata le ha e le bofe boo re ka bang le bona. Re boetse re bona bohlokwa ba hore letsatsi ka leng re tshepahale jwalo ka ha eka ha ho na letsatsi le hlahlamang. Re kgodisehile hore Jehova o tla re tsosa ha re ka shwa.

18 Ruri mantswe ao Jesu a ileng a a bua ha a le thupeng a re ruta dintho tse ngata. Ha re etsa dintho tseo re ithutileng tsona, re tla be re mamela mantswe ao Jehova a ileng a a bua ka Mora wa hae ha a re: “Mo mameleng.”​—Mat. 17:5.

PINA YA 126 Fadimehang, Emang le Tiile, Matlafalang

^ par. 5 Matheu 17:5 e re Jehova o batla hore re mamele Mora wa hae. Sehloohong sena re tlo bua ka dithuto tse mmalwa tseo re tlo ithuta tsona mantsweng ao Jesu a ileng a a bua ha a ne a kgokgothetswe thupeng.

^ par. 9 E le hore o bone mabaka a mang ao ka ona e ka nnang yaba Jesu o ile a qotsa mantswe a hlahang ho Pesaleme ya 22:1, sheba “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” makasineng ena.

^ par. 16 Sheba sehlooho se reng “Joshua’s Faith—A Victory for Children’s Rights” se hlahang ho Awake! ya January 22, 1995.